‘Ela Lintho Hloko ka Tsela e Fetang e Tloaelehileng’
‘Ho hlokahala hore re ele hloko ka tsela e fetang e tloaelehileng lintho tseo re ileng ra li utloa, e le hore le ka mohla re se ke ra hoholeha.’—BAHEBERU 2:1.
1. Bontša kamoo litšitiso li ka bakang kotsi kateng.
LIKOTSI tsa likoloi li bolaea batho ba ka bang 37 000 selemo le selemo United States feela. Litsebi li bolela hore mafu a mangata hakana a ne a ka qojoa haeba baqhobi ba ne ba ka ba seli haholoanyane tseleng. Likelello tsa baqhobi ba bang li lelerisoa ke ho bala matšoao le mamatjana a liphatlalatso kapa ke ho sebelisa thelefono ea cellular. Ba bang bona ba ja ba ntse ba khanna. Maemong ana kaofela, litšitiso tsena li ka baka kotsi.
2, 3. Pauluse o ile a fa Bakreste ba Baheberu keletso efe, ’me ke hobane’ng ha keletso ea hae e ne e loketse?
2 Lilemong tse ka bang 2 000 pele ho qaptjoa koloi, moapostola Pauluse o ile a qoolla tšitiso e itseng e neng e le kotsi ho Bakreste ba bang ba Baheberu. Pauluse o ile a hatisa hore Jesu Kreste ea tsositsoeng o ne a filoe setulo se phahameng ho feta sa mangeloi ’ohle, etsoe o ne a lutse ka letsohong le letona la Molimo. Ka mor’a moo moapostola enoa o ile a re: “Ke ka lebaka leo ho hlokahalang hore re ele hloko ka tsela e fetang e tloaelehileng lintho tseo re ileng ra li utloa, e le hore le ka mohla re se ke ra hoholeha.”—Baheberu 2:1.
3 Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore Bakreste ba Baheberu ba “ele hloko ka tsela e fetang e tloaelehileng lintho tseo [ba] ileng [ba] li utloa” mabapi le Jesu? Hobane ho ne ho se ho fetile lilemo tse ka bang 30 Jesu a tlohile lefatšeng. Kaha Monghali oa bona o ne a le sieo, Bakreste ba bang ba Baheberu ba ne ba qala ho hoholehela thōko le tumelo ea ’nete. Likelello tsa bona li ne li lelerisoa ke tsamaiso ea bolumeli ea Sejuda, e leng tsela eo ba neng ba rapela ka eona nakong e fetileng.
Ho ne ho Hlokahala Hore ba Ele Lintho Hloko Haholo
4. Ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba Baheberu ba ne ba ka ’na ba ekeha hore ba khutlele tsamaisong ea bolumeli ea Sejuda?
4 Ke eng e neng e ka eka Mokreste hore a khutlele tsamaisong ea bolumeli ea Sejuda? Tsamaisong ea bolumeli tlas’a Molao, ho ne ho sebelisoa lintho tse bonahalang. Batho ba ne ba bona baprista hape ba fofonela lephoka la mahlabelo a chang. Leha ho le joalo, maemong a itseng, Bokreste bo ne bo fapane ka ho feletseng. Bakreste ba ne ba e-na le Moprista ea Phahameng, Jesu Kreste, empa ho ne ho fetile lilemo tse 30 a sa bonoe lefatšeng. (Baheberu 4:14) Ba ne ba e-na le tempele, empa sehalalelo sa eona e ne e le leholimo ka bolona. (Baheberu 9:24) Ho fapana le lebollo le neng le etsoa ’meleng tlas’a Molao, lebollo la Bakreste e ne e le “la pelo ka moea.” (Baroma 2:29) Kahoo, Bakreste ba Baheberu ba ne ba ka ’na ba qala ho bona Bokreste e se ntho ea sebele.
5. Pauluse o ile a bontša joang hore tsamaiso ea bolumeli e thehiloeng ke Jesu e ne e phahametse ea Molao?
5 Ho ne ho hlokahala hore Bakreste ba Baheberu ba hlokomele ntho e ’ngoe ea bohlokoa haholo ka tsamaiso ea bolumeli e thehiloeng ke Kreste. E ne e thehiloe haholo tumelong ho feta linthong tse bonahalang, empa e ne e phahametse Molao o neng o fanoe ka moprofeta Moshe. Pauluse o ile a ngola, a re: “Haeba mali a lipōli le a lipoho le molora oa khomo ea sethole o fafatsoang holim’a ba silafetseng o halaletsa ho isa tekanyong ea bohloeki ba nama, mali a Kreste, eo ka moea o sa feleng a ileng a inyehela ho Molimo a se na sekoli, a tla hloekisa matsoalo a rōna hakaakang mesebetsing e shoeleng e le hore re ka etsetsa Molimo ea phelang tšebeletso e halalelang?” (Baheberu 9:13, 14) Ha ho pelaelo hore tšoarelo e fumanoang ka tumelo sehlabelong sa thekollo sa Jesu Kreste e phahame ka litsela tse ngata ho feta e neng e fumanoa ka mahlabelo a neng a nyeheloa tlas’a Molao.—Baheberu 7:26-28.
6, 7. (a) Ke boemo bofe bo neng bo potlakisa hore Bakreste ba Baheberu ba “ele hloko ka tsela e fetang e tloaelehileng lintho tseo [ba] ileng [ba] li utloa”? (b) Ha Pauluse a ne a ngolla Baheberu lengolo, Jerusalema e ne e saletsoe ke nako e kae? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
6 Ho ne ho e-na le lebaka le leng leo ka lona ho neng ho hlokahala hore Bakreste ba Baheberu ba ele hloko ka ho fetisisa lintho tseo ba ileng ba li utloa mabapi le Jesu. O ne a boletse esale pele hore Jerusalema e tla timetsoa. Jesu o ile a re: “Matsatsi a tla u tlela ha lira tsa hao li tla haha thibello e nang le lithupa tse nchocho ho u likoloha ’me li tla u pota-pota li u bakele mahlomola ka mahlakoreng ’ohle, ’me li tla u tabanya fatše le bana ba hao ba ka hare ho uena, ’me li ke ke tsa tlohela lejoe holim’a lejoe ho uena, hobane ha ua ka ua lemoha nako ea ho hlahlojoa ha hao.”—Luka 19:43, 44.
7 See se ne se tla etsahala neng? Jesu ha aa ka a senola letsatsi le hora. Ho e-na le hoo, o ile a fana ka taelo ena: “Ha le bona Jerusalema e lika-likelitsoe ke mabotho a liahelong, joale le tsebe hore ho etsoa lesupi ha eona ho atametse. Joale ba leng Judea ba ke ba qale ho balehela lithabeng, ’me ba ka hare ho eona ba tlohe, ’me ba libakeng tse ka thōko ba se ke ba kena ka har’a eona.” (Luka 21:20, 21) Nakong ea lilemo tse 30 ka mor’a hore Jesu a bue mantsoe ana, Bakreste ba bang ba Jerusalema ha baa ka ba hlola ba nka hore metsotso e jele babeli, ’me likelello tsa bona li ile tsa lelera. Kamoo ho leng kateng, ba ile ba tšoana le mokhanni ea tlositseng mahlo tseleng. Ba ne ba tla tsoa kotsi haeba ba ne ba sa lokise monahano oa bona. Ho sa tsotellehe seo ba neng ba se nahana, timetso ea Jerusalema e ne e le haufi!a Re tšepa hore keletso ea Pauluse e ile ea tsosa Bakreste ba Jerusalema ba neng ba otsela moeeng.
Ho ‘Ela Lintho Hloko ka Tsela e Fetang e Tloaelehileng’ Kajeno
8. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re “ele hloko” linnete tsa Lentsoe la Molimo “ka tsela e fetang e tloaelehileng”?
8 Joaloka Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, ho hlokahala hore re “ele hloko” linnete tsa Lentsoe la Molimo “ka tsela e fetang e tloaelehileng.” Hobane’ng? Hobane le rōna re talimane le timetso haufinyane, eseng ea sechaba se le seng, empa ea tsamaiso eohle ea lintho. (Tšenolo 11:18; 16:14, 16) Ha e le hantle, ha re tsebe ka ho toba letsatsi le hora tseo ka tsona Jehova a tla nka khato. (Matheu 24:36) Leha ho le joalo, re lipaki tse boneng phethahatso ea boprofeta ba Bibele bo bontšang ka ho hlaka hore re phela “matsatsing a ho qetela.” (2 Timothea 3:1-5) Kahoo, re lokela ho alosa eng kapa eng e ka lelerisang likelello tsa rōna. Ho hlokahala hore re ele hloko Lentsoe la Molimo ’me re lule re elelloa hore metsotso e jele babeli. Ke feela ka ho etsa joalo moo re tla “atleha ho phonyoha lintho tsena tsohle tse reretsoeng hore li etsahale.”—Luka 21:36.
9, 10. (a) Re ka bontša joang hore re ela hloko litaba tsa moea? (b) Ke joang lentsoe la Molimo e leng ‘lebone la maoto a rōna’ le ‘leseli tseleng ea rōna’?
9 Linakong tsee tsa bohlokoa, re ka bontša joang hore re ‘ela hloko’ lintho tsa moea “ka tsela e fetang e tloaelehileng”? Tsela e ’ngoe ke ka ho ba teng kamehla libokeng le likopanong tse khōlō le tse nyenyane tsa Bokreste. Hape re lokela ho ba liithuti tse hloahloa tsa Bibele e le hore re atamele haufi le Mongoli oa eona, Jehova. (Jakobo 4:8) Haeba re ithuta Jehova ka thuto ea botho le ka liboka, re tla tšoana le mopesaleme ea ileng a re ho Molimo: “Lentsoe la hao ke lebone la leoto la ka, ke leseli tseleng ea ka.”—Pesaleme ea 119:105.
10 Bibele e sebeletsa e le ‘leseli tseleng ea rōna’ ha e re bolella ka merero ea Molimo ea ka moso. Hape ke ‘lebone la maoto a rōna.’ Ka mantsoe a mang, e ka re thusa ka bohato bo latelang boo re ka bo nkang ha re talimana le mathata a sithabetsang a bophelo. Ke ka lebaka leo e leng habohlokoa ho re re “ele hloko ka tsela e fetang e tloaelehileng” ha re bokana hore re lauoe le balumeli-’moho le rōna le ha re bala Lentsoe la Molimo ka borōna. Boitsebiso boo re ithutang bona bo tla re thusa ho etsa liqeto tse bohlale le tse molemo tse khahlisang Jehova le tse thabisang pelo ea hae. (Liproverbia 27:11; Esaia 48:17) Re ka etsa joang hore likelello tsa rōna li lule li le chatsi ka nako e telele ha re le libokeng le nakong ea thuto ea botho e le hore re rue molemo o moholo litokisetsong tsa Molimo tsa moea?
Ho Loantša Likelello Tse Lelerang Libokeng
11. Ke hobane’ng ha ka linako tse ling ho se bonolo ho ela lintho hloko ha re le libokeng tsa Bokreste?
11 Ka linako tse ling, ha ho bonolo ho ela lintho hloko ha re le libokeng tsa Bokreste. Kelello e ka lelera habonolo, mohlomong ka lebaka la ngoana ea llang kapa motho ea fihlang morao ea batlang setulo. Ka mor’a ho sebetsa letsatsi lohle, ho ka etsahala hore ebe re khathetse. Mohlomong motho ea buang sethaleng hase kheleke, ’me pele re hlokomela, likelello tsa rōna lia lelera—kapa mohlomong re robetse! Ka lebaka la boitsebiso ba bohlokoa bo fanoang, re lokela ho loanela hore likelello li se ke tsa lelera ha re le libokeng tsa phutheho. Empa see re ka se etsa joang?
12. Ke eng e ka re nolofalletsang ho ela hloko libokeng?
12 Hangata ho bonolo haholoanyane ho ela hloko ha re le libokeng haeba re lokiselitse hantle. Kahoo, ke hobane’ng ha u sa behelle ka thōko nako ea ho hlahloba seo ho tla buisanoa ka sona libokeng? Ho nka metsotso e seng mekae feela letsatsi ka leng ho bala le ho thuisa ka karolo ea likhaolo tse abetsoeng ’malo oa Bibele oa beke. Ka ho hlophisa lintho hantle, re ka fumana le nako ea ho lokisetsa Thuto ea Buka ea Phutheho le Thuto ea Molula-Qhooa. Ho sa tsotellehe hore na re khetha kemiso efe, ’nete ke hore: Ho lokisetsa ho tla re thusa ho ela hloko taba eo ho buisanoang ka eona libokeng tsa phutheho.
13. Ke eng e ka re thusang ho lula re tsepamisitse kelello tabeng eo ho buuoang ka eona libokeng?
13 Ntle le ho lokisetsa hantle, ba bang ba mamela ka hloko haholoanyane libokeng ha ba lulelletse pele Holong ea ’Muso. Ho sheba sebui mahlong, ho bala lengolo le baloang Bibeleng le ho ngola lintlha, ke litsela tse ling tsa hore likelello tsa rōna li se ke tsa lelera. Leha ho le joalo, ho lokisa pelo ke habohlokoa ho feta mekhoa eohle ea hore kelello e se ke ea eba. Ho hlokahala hore re ananele morero oa ho bokana ha rōna. Morero o ka sehloohong oa ho kopana le balumeli-’moho le rōna ke ho rapela Jehova. (Pesaleme ea 26:12; Luka 2:36, 37) Liboka ke tsela ea bohlokoa eo re feptjoang moeeng ka eona. (Matheu 24:45-47) Ho feta moo, li re fa monyetla oa ho ‘susumeletsana leratong le mesebetsing e metle.’—Baheberu 10:24, 25.
14. Ke eng e hlileng e etsang hore seboka se atlehe?
14 Ba bang ba ka ’na ba lekanya boleng ba seboka ka bokhoni ba libui ba ho ruta. Haeba libui li le hloahloa, ho ka ’na ha thoe e ne e le seboka se monate. Empa haeba ho bonahala ho sa rutoe ka katleho, re ka ’na ra ba le maikutlo a fapaneng. Ke ’nete hore ba lenaneong ba lokela ho etsa sohle se matleng a bona ho sebelisa tsebo ea ho ruta, haholo-holo ho finyella lipelo. (1 Timothea 4:16) Leha ho le joalo, rōna ba mametseng ha rea lokela ho nyatsa ntle ho mabaka. Le hoja bokhoni ba libui ba ho ruta e le ba bohlokoa, hase bona feela bo atlehisang seboka. Ha ho pelaelo hore re lokela ho ameha haholo ka hore na re mamela hantle hakae, eseng ka hore na sebui se beha puo ea sona hantle hakae. Ha re e-ea libokeng ’me re ela hloko se boleloang, re rapela Molimo tumellanong le thato ea hae. Sena ke sona se atlehisang seboka. Ha re chesehela ho tseba ka Molimo, re tla rua molemo libokeng, ho sa tsotellehe bokhoni ba sebui. (Liproverbia 2:1-5) Kahoo, a re ikemisetseng ka litsela tsohle hore re “ele hloko ka tsela e fetang e tloaelehileng” ha re le libokeng tsa rōna.
Rua Molemo o Feletseng Thutong ea Botho
15. Ho ithuta le ho thuisa li ka re thusa joang?
15 Re rua molemo o moholo ha re ‘ela hloko ka tsela e fetang e tloaelehileng’ nakong ea thuto ea botho le ea ho thuisa. Ho bala le ho nahanisisa ka Bibele le lingoliloeng tsa Bokreste ho tla re fa menyetla ea bohlokoa ea ho tebisetsa linnete tsa Lentsoe la Molimo ka lipelong tsa rōna. Sena se tla ba le phello e matla tseleng eo re nahanang ka eona le eo re etsang lintho ka eona. Ka sebele, se tla re thusa ho thabela ho etsa thato ea Jehova. (Pesaleme ea 1:2; 40:8) Kahoo, ho hlokahala hore re loanele hore likelello tsa rōna li se ke tsa lelera e le hore li re tsoele molemo ha re ithuta. Kelello e lelera habonolo. Litšitiso tse fokolang—ho lla ha thelefono kapa lerata le itseng li ka ’na tsa lelerisa likelello tsa rōna. Kapa mohlomong likelello tsa rōna ha li khone ho lula li le chatsi ka nako e telele. Re ka ’na ra lula ka morero o motle oa ho iphepa moeeng, empa kelello e ka ’na ea lelera ka mor’a nako e khutšoanyane feela. Ke joang re ka ‘elang hloko ka tsela e fetang e tloaelehileng’ nakong ea thuto ea botho ea Lentsoe la Molimo?
16. (a) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho etsa kemiso ea thuto ea botho? (b) U entse joang hore u be le nako ea ho ithuta Lentsoe la Molimo?
16 Ho molemo ho etsa kemiso le ho khetha maemo a loketseng haholo bakeng sa ho ithuta. Boholo ba rōna ha re na nako. Re ka ’na ra utloa eka liketsahalo tsa letsatsi le letsatsi tse etsahalang ka lepotlapotla li re hohola joaloka thupa e nkiloeng ke nōka e phallang ka potlako. Ka puo ea tšoantšetso, re lokela ho loana le nōka ena, ’me re batle sebakanyana sa ho ikhutsa. Re ke ke ra lebella hore monyetla oa ho ithuta o itlhahise. Ho e-na le hoo, re lokela ho laola boemo ka ho ipha nako ea ho ithuta. (Baefese 5:15, 16) Ba bang ba ipha nako e khutšoanyane hoseng ha mohlomong ho se na litšitiso tse ngata. Ba bang ba ba le monyetla o molemonyana mantsiboea. Taba ea bohlokoa ke hore re se ke ra hlokomoloha hore hoa hlokahala ho rua tsebo e nepahetseng ea Molimo le Mora oa hae. (Johanne 17:3) Kahoo, a re etseng kemiso ea nako ea thuto ea botho ’me re e khomarele.
17. Ho thuisa ke eng, hona ho ka re tsoela molemo joang?
17 Ho thuisa, e leng mokhoa oa ho nahanisisa ka seo re ithutileng sona, ke habohlokoa haholo. Ho re thusa ho kenya ka lipelong tsa rōna likhopolo tsa Molimo tseo re li balileng. Ho thuisa ho re thusa ho bona kamoo re ka sebelisang keletso ea Bibele kateng e le hore re be “baphethi ba lentsoe, eseng bautloi feela.” (Jakobo 1:22-25) Ho feta moo, ho thuisa ho re atametsa haufi haholo le Jehova, etsoe ho re thusa ho nahana ka litšoaneleho tsa hae le kamoo li totobatsoang kateng tabeng eo re ithutang eona.
18. Ho thuisa ka katleho ho hloka maemo afe?
18 E le hore re rue molemo o feletseng thutong ea botho le ho thuiseng, re lokela ho ntša litšitiso tsohle likelellong. E le hore re bulele boitsebiso bo bocha sebaka ha re thuisa, ho hlokahala hore re se ke ra touta ka litšitiso tsa bophelo ba mehleng ena. Ho thuisa ho nka nako ’me ho hloka hore motho a be boinotšing, empa ke ho khathollang hakaakang ho ja lijo tsa moea le ho noa metsi a ’nete a fumanoang Lentsoeng la Molimo!
19. (a) Tabeng ea thuto ea botho, ke eng e thusitseng ba bang hore likelello tsa bona li se ke tsa lelera? (b) Re tšoanetse ho ba le boikutlo bofe ka ho ithuta, hona ke melemo efe eo re ka e fumanang ha re etsa ntho ee ea bohlokoa?
19 Ho thoe’ng haeba kelello ea hao e lelera ka mor’a nako e khutšoanyane feela ea ho ithuta? Ba bang ba fumane hore ha ba ithuta, ba ka fokotsa ho lelera ha kelello ka hore ha ba qala, ba ithute ka nako e khutšoanyane ’me ka mor’a moo ba ’ne ba e eketse butle-butle. Pakane ea rōna e lokela ho ba ho ipha nako e lekaneng ea ho ithuta ho e-na le ho feta mohoalotso feela ha re ithuta. Ho hlokahala hore re hlaolele thahasello e matla tabeng eo re ithutang eona. Re ka tsoela pele ho etsa lipatlisiso ka lingoliloeng tse ngata tse lokiselitsoeng ke sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene. Ho na le molemo o moholo oa ho nyarela ‘linthong tse tebileng tsa Molimo.’ (1 Bakorinthe 2:10) Ha re etsa joalo, re nolofalloa ho eketsa tsebo ea rōna ka Molimo hape re hōlisa matla a rōna a temoho. (Baheberu 5:14) Ntho e ’ngoe hape, haeba re liithuti tse khothetseng tsa Lentsoe la Molimo, re tla ‘tšoaneleha ka ho lekaneng ho ruta ba bang.’—2 Timothea 2:2.
20. Ke joang re ka hōlisang kamano e haufi le Jehova Molimo ra ba ra e boloka?
20 Ho ba teng libokeng tsa Bokreste le ho ba le thuto ea botho li tla re thusa haholo ho hōlisa le ho boloka kamano e haufi le Jehova. Ho hlakile hore sena ke se ileng sa etsahalla mopesaleme ea ileng a re ho Molimo: “Molao oa hao ke o rata hakaakang! Ke nahanisisa ka oona letsatsi lohle.” (Pesaleme ea 119:97) Ka lebaka lena, a re lekeng ka hohle ho ba teng kamehla libokeng le likopanong tse khōlō le tse nyenyane. Hape, e se eka re ka reka nako bakeng sa ho ithuta Bibele le ho thuisa. Ka tsela ena re tla putsoa haholo bakeng sa hore ebe re ‘etse hloko’ Lentsoe la Molimo “ka tsela e fetang e tloaelehileng.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho ka etsahala hore ebe lengolo le neng le e-ea ho Baheberu le ne le ngotsoe ka 61 C.E. Haeba ho joalo, ho ne ho setse lilemo tse ka bang hlano feela pele Jerusalema e lika-liketsoa ke mabotho a liahelong a Cestius Gallus. Kapele feela mabotho ao a ile a tloha, a fa Bakreste ba falimehileng monyetla oa hore ba balehe. Lilemo tse ’nè hamorao, Jerusalema e ile ea timetsoa ke mabotho a Roma a tlas’a Molaoli Titus.
Na U sa Hopola?
• Ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba Baheberu ba ne ba hoholehela thōko le tumelo ea ’nete?
• Re ka lula ka likelello tse chatsi joang libokeng tsa Bokreste?
• Ke’ng e tla re thusa ho rua molemo thutong ea botho ea Bibele le ho thuiseng?
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Bakreste ba Baheberu ba ne ba lokela ho falimehela timetso e haufi ea Jerusalema
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Batsoali ba ka thusa bana ba bona hore ba rue molemo libokeng tsa Bokreste