Bobusi ba Jehova le ’Muso oa Molimo
“Jehova, boholo le matla le botle le bokhabane bo hlomphehang le ho hlompheha ke tsa hao . . . ’Muso ke oa hao, Jehova.”—1 LIKRONIKE 29:11.
1. Ke hobane’ng ha Jehova a e-na le tokelo ea ho ba ’Musi oa bokahohleng?
“JEHOVA o tiisitse terone ea hae ka thata maholimong; borena ba hae bo ’nile ba ba le taolo holim’a ntho e ’ngoe le e ’ngoe.” (Pesaleme ea 103:19) Ka mantsoe ao, mopesaleme o buile ka ’nete ea motheo mabapi le bobusi. Kaha Jehova Molimo ke ’Mōpi, o na le tokelo ea ho ba Morena ’Musi oa bokahohleng.
2. Daniele o hlalositse joang puso ea Jehova leholimong?
2 Ho hlakile hore, e le hore ’musi a sebelise matla a hae a puso o lokela ho ba le bafo. Qalong, Jehova o ne a busa libōpuoa tsa hae tsa moea tseo a li hlolileng—sa pele ebile Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši ea nt’o ba mabotho a mangeloi. (Bakolose 1:15-17) Lilemo tse ngata hamorao, moprofeta Daniele o ile a bontšoa hanyenyane feela pono ea se etsahalang leholimong. O ile a tlaleha a re: “Ka ’na ka talima ho fihlela literone li behoa ’me Moholo-holo oa Matsatsi a lula fatše. . . . Ho ne ho e-na le ba likete tse sekete ba ntseng ba mo sebeletsa, le ba likete tse leshome tse iphetileng ka makhetlo a likete tse leshome ba ntseng ba eme ka pel’a hae.” (Daniele 7:9, 10) Ka nako e telele haholo Jehova, e leng “Moholo-holo oa Matsatsi,” e ne e le eena ’Musi ea okametseng lelapa la hae le leholo le le laolehileng la bara ba moea, bao e neng e le “basebeletsi” ba etsang thato ea hae.—Pesaleme ea 103:20, 21.
3. Bobusi ba Jehova bo ile ba atolosetsoa bokahohleng boo re bo bonang joang?
3 Qetellong, Jehova o ile a atolosa puso ea hae ka ho bōpa bokahohle bo boholohali le bo rarahaneng, ho akarelletsa lefatše. (Jobo 38:4, 7) Ho motho ea shebeletseng a le lefatšeng, lihloliloeng tsa leholimo li sebetsa ka mokhoa o laolehileng le o nepahetseng hoo ho bonahalang eka ha ho hlokahale hore ho be le motho ea li laolang. Leha ho le joalo, mopesaleme o ile a re: “[Jehova] o ile a laela, ’me tsa bōptjoa. O li boloka li eme ka ho sa feleng, ho isa nakong e sa lekanyetsoang. O fane ka molao oa tsamaiso, ’me o ke ke oa feta.” (Pesaleme ea 148:5, 6) Kamehla Jehova o ’nile a sebelisa bobusi ba hae ka ho laela, ho tsamaisa le ho laola tsela eo lintho li sebetsang ka eona sebakeng sa moea le bokahohleng boo re bo bonang.—Nehemia 9:6.
4. Jehova o busa batho joang?
4 Ha Molimo a ne a bōpa batho ba pele ba babeli, o ile a sebelisa bobusi ba hae ka tsela e ’ngoe hape. Ho phaella tabeng ea ho fa batho ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e hlokang e le hore ba phele bophelo bo nang le morero le bo khotsofatsang, Jehova o ile a ba abela bolaoli ka ho ba fa matla a ho busa libōpuoa tse tlaasana tse lefatšeng. (Genese 1:26-28; 2:8, 9) Kahoo, ho hlakile hore bobusi ba Molimo ha bo molemo ebile ha bo mosa feela empa bo boetse bo hlompha bafo ba bona le ho ba siela seriti. Hafeela Adama le Eva ba ne ba ikokobelletsa bobusi ba Jehova, ba ne ba e-na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lehaeng la paradeise lefatšeng.—Genese 2:15-17.
5. Re ka hlalosa joang tsela eo Jehova a busang ka eona?
5 Re ka fihlela qeto efe ka see sohle? Taba ea pele, haesale Jehova a ntse a busa libōpuoa tsohle tsa hae. Taba ea bobeli, bobusi ba Molimo bo molemo bo bile bo siela batho seriti. Qetellong, ho mamela le ho tšehetsa bobusi ba Molimo ho tla re tlisetsa litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng. Hase feela Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo a ileng a susumelletseha hore a re: “Jehova, boholo le matla le botle le bokhabane bo hlomphehang le ho hlompheha ke tsa hao; kaha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e maholimong le e lefatšeng ke ea hao. ’Muso ke oa hao, Jehova, uena Eo hape u iphahamisang u le hlooho ka holim’a tsohle.”—1 Likronike 29:11.
Ke Hobane’ng ha ho Hlokahala ’Muso oa Molimo?
6. Bobusi ba Molimo le ’Muso oa Molimo li amana joang?
6 Kaha Jehova, ’Musi oa Bokahohle, esale a ntse a sebelisa matla a hae le bonatla, ke hobane’ng ha ho hlokahala ’Muso oa Molimo? Ka tloaelo, ’musi o busa ka boemeli boo a bo sebelisang ho laola bafo ba hae. Kahoo, ’Muso oa Molimo, ke tsela eo bobusi ba Molimo ba bokahohleng bo sebetsang ka eona ho libōpuoa tsa hae, ke boemeli boo a bo sebelisang ho phethahatsa bobusi ba hae.
7. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a qalisa tsela e ncha ea ho busa?
7 Jehova o ile a busa ka litsela tse sa tšoaneng ka linako tse fapa-fapaneng. O ile a qalisa tsela e ncha ea ho busa ka lebaka la boemo bo bocha bo neng bo hlahile. Sena se etsahetse ha mora oa Molimo oa moea oa lerabele, Satane, a ne a atleha ho susumetsa Adama le Eva hore ba fetohele bobusi ba Jehova. Borabele boo e ne e le ho hlasela bobusi ba Molimo. Ka tsela efe? Ha Satane a ne a bolella Eva hore ‘ka sebele a ke ke a shoa’ haeba a ne a ka ja tholoana e hanetsoeng, o ne a fana ka maikutlo a hore Jehova o ne a sa bue ’nete, ’me ka lebaka leo o ne a ke ke a tšeptjoa. Satane o ile a boela a re ho Eva: “Molimo oa tseba hore letsatsing leo ka lona le jang tsa sona mahlo a lōna a tla tutuboloha ’me le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe.” Satane o ne a fana ka maikutlo a hore Adama le Eva ba ne ba tla tsoella hamolemo haeba ba ne ba ka hlokomoloha taelo ea Molimo le ho ikela ka tsela ea bona. (Genese 3:1-6) Seo e ne e le ho phephetsa tokelo ea Molimo ea ho busa. Jehova o ne a tla etsa’ng?
8, 9. (a) ’Musi oa motho o ne a tla etsa joang ha ’muso oa hae o hlaseloa? (b) Jehova o ile a nka khato efe ka borabele ba Edene?
8 Re ne re ka lebella hore ’musi a etse joang ha ’muso oa hae o hlaseloa pepenene? Batho ba tsebang histori ba ka hopola tse ling tsa liketsahalo tse joalo. Ho e-na le ho hlokomoloha taba ena, ka tloaelo ’musi—esita le ea molemo—o ne a tla ahlola marabele ao, a phatlalatse hore a molato oa ho batla ho phethola ’muso. Ka mor’a moo ’musi eo a ka ’na a fa motho e mong matla a hore a tšoare marabele ao a be a tsosolose khotso. Ka ho tšoanang, Jehova o ile a bontša hore o ne a laola boemo ka botlalo ha a ne a nka khato kapele ’me a ahlola marabele. O ile a liha kahlolo ea hore Adama le Eva ha ba tšoaneloe ke mpho ea bophelo bo sa feleng, eaba O ba leleka serapeng sa Edene.—Genese 3:16-19, 22-24.
9 Ha Jehova a ne a ahlola Satane, o ile a senola tsela e ncha ea ho busa, e leng boemeli boo ka bona a neng a tla tsosolosa khotso le taolo ’musong oohle oa hae. Molimo o ile a re ho Satane: “Ke tla beha bora pakeng tsa hao le mosali le pakeng tsa peō ea hao le peō ea hae. E tla u khoba hlooho ’me uena u tla e loma serethe.” (Genese 3:15) Kahoo Jehova o ile a senola hore morero oa hae e ne e le ho fa “peō” matla a ho felisa Satane le mabotho a hae le ho paka hore O na le tokelo ea ho busa.—Pesaleme ea 2:7-9; 110:1, 2.
10. (a) “Peō” e ile ea e-ba mang? (b) Pauluse o ile a re’ng ka ho phethahala ha boprofeta ba pele?
10 Jesu Kreste, hammoho le sehlopha se ikhethang sa bao a neng a tla busa le bona ebile bona “peō” eo. Ha ba kopane, e ba ’Muso oa Molimo oa Bomesia. (Daniele 7:13, 14, 27; Matheu 19:28; Luka 12:32; 22:28-30) Leha ho le joalo, sena sohle ha sea ka sa senoloa hang-hang. Ha e le hantle, ho phethahala ha boprofeta boo ba pele ho ile ha lula e le “sephiri se halalelang seo ho lutsoeng ho khutsitsoe ka sona ka linako tse tšoarellang halelele.” (Baroma 16:25) Ka makholo a lilemo, banna ba tumelo ba ’nile ba labalabela nako eo ka eona ho neng ho tla senoloa “sephiri se halalelang” le nako eo ka eona ho neng ho tla phethahala boprofeta ba pele e le hore ho tlosoe qoso bobusing ba Jehova.—Baroma 8:19-21.
“Sephiri se Halalelang” se Senoloa Butle-butle
11. Jehova o ile a senolela Abrahama eng?
11 Ha nako e ntse e feta, butle-butle Jehova o ile a senola likarolo tse itseng tsa “sephiri se halalelang sa ’muso oa Molimo.” (Mareka 4:11) E mong oa bao Jehova a ileng a ba senolela boitsebiso bona ebile Abrahama, ea neng a bitsoa “motsoalle oa Jehova.” (Jakobo 2:23) Jehova o ile a tšepisa Abrahama hore O ne a tla mo “etsa sechaba se seholo.” Hamorao, Molimo o ile a boela a senolela Abrahama se latelang: “Marena a tla tsoa ho uena,” ’me “ka sebele lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa ka peō ea hao.”—Genese 12:2, 3; 17:6; 22:17, 18.
12. Peō ea Satane e ile ea iponahatsa joang ka mor’a Moroallo?
12 Mehleng ea Abrahama, ho ne ho se ho ntse ho e-na le batho ba neng ba leka ho busa le ho rena holim’a batho ba bang. Ka mohlala, mabapi le Nimrode, e leng setlohotloholoana sa Noe Bibele e re: “Ke eena oa pele oa ho ba matla lefatšeng. O ile a iponahatsa e le setsomi se matla se hanyetsang Jehova.” (Genese 10:8, 9) Ho hlakile hore Nimrode le babusi ba bang ba neng ba ipehile e ne e le linqaloka tsa Satane. Bona hammoho le batšehetsi ba bona ba ile ba fetoha peō ea Satane.—1 Johanne 5:19.
13. Jehova o ile a bolela eng esale pele a sebelisa Jakobo?
13 Jehova o ntse a phethahatsa morero oa hae ho sa tsotellehe matsapa ao Satane a a etsang a ho hlahisa babusi ba batho. Jehova o ile a senolela setloholo sa Abrahama e leng Jakobo se latelang: “Lere la borena le ke ke la sutha ho Juda, leha e le lere la molaoli pakeng tsa maoto a hae, ho fihlela Shilo a tla; ’me lichaba li tla mo mamela.” (Genese 49:10) Lentsoe “Shilo” le bolela “Eo e Leng ea Hae; Eo e Ruiloeng ke Eena.” Kahoo, mantsoe ana a boprofeta a ile a bontša hore ho ne ho tla hlaha ea neng a e-na le tokelo ea molao ea ho amohela “lere,” kapa bobusi, haesita le ho amohela “lere la molaoli,” kapa puso, bakeng sa ho laola “lichaba,” kapa moloko oohle oa batho. Ebe Eo e ne e tla ba mang?
“Ho Fihlela Shilo a Tla”
14. Ke selekane sefe seo Jehova a ileng a se etsa le Davida?
14 Har’a litloholo tsa Juda, motho oa pele eo Jehova a ileng a mo khetha hore e be morena oa sechaba sa hae e ne e le Davida oa molisana, mora oa Jese.a (1 Samuele 16:1-13) Ho sa tsotellehe libe le liphoso tseo Davida a ileng a li etsa, Jehova o ile a mo hauhela hobane o ne a tšepahala bobusing ba Jehova. Ha a tsoela pele ho hlakisa boprofeta ba pele bo boletsoeng Edene, Jehova o ile a etsa selekane le Davida, a re: “Ka sebele ke tla hlahisa peō ea hao ka mor’a hao, e tlang ho tsoa lithong tsa hao tse ka hare; ruri ke tla tiisa ’muso oa hae ka thata.” Seo se ne se sa tl’o ama feela Solomone, mora oa Davida le mohlahlami oa hae, hobane selekane se itse: “Ka sebele ke tla tiisa terone ea ’muso oa hae ka thata ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” Selekane seo sa Davida se ile sa hlakisa hore ka mor’a nako e itseng “peō” e tšepisitsoeng ea ’Muso e ne e tla tla ka lesika la Davida.—2 Samuele 7:12, 13.
15. Ke hobane’ng ha ho ne ho ka nkoa hore ’muso oa Juda o ne o tšoantšetsa ’Muso oa Molimo?
15 Lesika la marena le ile la qala ka Davida, ’me a ne a tlotsoa ka oli e halalelang ke moprista ea phahameng. Kahoo marena ana a ne a ka bitsoa batlotsuoa, kapa bo-mesia. (1 Samuele 16:13; 2 Samuele 2:4; 5:3; 1 Marena 1:39) Ho ne ho thoe a ne a lutse teroneng ea Jehova ebile a busa e le marena bakeng sa Jehova Jerusalema. (2 Likronike 9:8) Ka kutloisiso eo, ’muso oa Juda o ne o emela ’Muso oa Molimo, e leng tsela ea Jehova ea ho busa.
16. Puso ea marena a Juda e ile ea baka lintho life?
16 Ha morena hammoho le sechaba ba ne ba ikokobelletsa bobusi ba Jehova, O ne a ba sireletsa a bile a ba hlohonolofatsa. Puso ea Solomone ka ho khetheha e ne e le nako ea khotso le nala tseo ho seng tse neng li ka bapisoa le tsona, e ne e le boprofeta bo re fang leseli la kamoo ’Muso oa Molimo o tla busa kateng ha tšusumetso ea Satane e se e felisitsoe ka ho feletseng ’me ho tlositsoe qoso bobusing ba Jehova. (1 Marena 4:20, 25) Ka masoabi, marena a mangata a lesika la Davida a ile a hlōleha ho etsa seo Jehova a neng a batla hore a se etse, ’me sechaba se ile sa inehella borapeling ba litšoantšo le boitšoarong bo bobe. Qetellong, Jehova o ile a lumella hore ’muso oo o timetsoe ke Bababylona ka 607 B.C.E. Ho ile ha bonahala eka Satane o ne a hlōtse boitekong ba hae ba ho nyelisa bobusi ba Jehova.
17. Ke eng e bontšang hore Jehova o ne a ntse a busa ka ho feletseng ho sa tsotellehe ho lihuoa ha ’muso oa Davida?
17 Ho lihuoa ha ’muso oa Davida—le ho lihuoa ho etsahetseng pejana ha ’muso o ka leboea oa Iseraele—e ne e se bopaki ba hore Jehova o ne a se na tokelo ea ho busa kapa hore o ne a sa khone ho busa hantle, empa e ne e le bopaki ba litholoana tse soabisang tsa tšusumetso ea Satane le ho itokolla ha motho ho Molimo. (Liproverbia 16:25; Jeremia 10:23) Ho bontša hore o ne a ntse a busa, Jehova o ile a phatlalatsa ka moprofeta Ezekiele a re: “Rōla tuku, u rōle moqhaka. . . . Ke tla o senya, ke o senye, ke o senye. Le oona, ka sebele e ke ke ea e-ba oa motho e mong ho fihlela ho tla ea nang le tokelo ea molao, ’me ke tla mo fa eona.” (Ezekiele 21:26, 27) Mantsoe ao a bontša hore “peō” e tšepisitsoeng, e leng Ea “[neng a e-na] le tokelo ea molao,” e ne e le hona a tla tla.
18. Lengeloi Gabriele le ile la tsebisa Maria eng?
18 A re ke re eeng pele hoo e ka bang selemong sa 2 B.C.E. Lengeloi Gabriele le ile la romeloa ho Maria, moroetsana oa Nazaretha, e leng motse oa Galilea o Palestina ka leboea. Le ile la mo tsebisa: “Bona! u tla emola ka pōpelong ea hao u tsoale mora, ’me u tla mo reha lebitso la Jesu. O tla ba moholo ’me o tla bitsoa Mora oa Ea Phahameng ka ho Fetisisa; Jehova Molimo o tla mo fa terone ea ntat’ae Davida, ’me o tla busa e le morena oa ntlo ea Jakobo ka ho sa feleng, ’me ’muso oa hae o ke ke oa e-ba le bofelo.”—Luka 1:31-33.
19. Ho se ho atametse nako ea hore ho etsahale lintho life tse thahasellisang?
19 Qetellong, nako ea hore ho senoloe “sephiri se halalelang” e ne e atametse. Ea ka sehloohong oa “peō” e tšepisitsoeng o ne a tla tloha a hlaha. (Bagalata 4:4; 1 Timothea 3:16) Satane o ne a tla mo loma serethe. Empa “peō” eo, e ne e tla khoba Satane hlooho, e mo felise hammoho le mahlahana ’ohle a hae. Hape e ne e tla fana ka bopaki ba hore ka ’Muso oa Molimo, ho ne ho tla lokisoa tšenyo eohle e bakiloeng ke Satane ’me ho tlosoe qoso bobusing ba Jehova. (Baheberu 2:14; 1 Johanne 3:8) Jesu o ne a tla etsa see joang? O re sietse mohlala ofe oo re lokelang ho o latela? Re tla fumana likarabo tsa lipotso tsena sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Saule, e leng eena oa pele eo Molimo a ileng a mo khetha hore a buse Iseraele, e ne e le oa moloko oa Benjamine.—1 Samuele 9:15, 16; 10:1.
Na U ka Hlalosa?
• Ke eng e etsang hore Jehova e be eena ea nang le tokelo ea ho ba ’Musi oa bokahohleng?
• Ke hobane’ng ha Jehova a ile a rera ho hloma ’Muso?
• Jehova o ile a senola “sephiri se halalelang” butle-butle joang?
• Ke eng e bontšang hore Jehova o ne a ntse a busa ka ho feletseng ho sa tsotellehe ho lihuoa ha ’muso oa Davida?
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Jehova o ile a bolela eng esale pele a sebelisa Abrahama?
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ke hobane’ng ha ho lihuoa ha ’muso oa Davida e ne e se bopaki ba hore Jehova o ne a se na tokelo ea ho busa?