Ke Hobane’ng ha ho Lokisa Tseko ho Nkile Nako E Telele Hakaale?
LILEMONG tse ka bang 6 000 tse fetileng, ho ne ho se tseko ea letho mabapi le bobusi ba Molimo. Ha o phetha mesebetsi ea oona e hlollang ea pōpo, “Molimo oa bona tsohle tseo o li entseng hoba li molemo haholo.” (Genese 1:31) Eaba joale o kena nakong e telele ea “phomolo”; leha ho le joalo, hase hore o ne o khathetse ’meleng. Ho fapana le hoo, o ile oa phomola ka hore o ile oa khaotsa ho etsa mesebetsi ea oona ea pōpo lefatšeng, o kholisehile hore morero oa oona o molemo mabapi le mesebetsi ena o ne o tla atleha ka ho phethahetseng.—Genese 2:1-3; Esaia 55:11.
Morero oo e ne e le ofe? Jehova o ile a beha batho ba pele ba babeli sebakeng se bitsoang tšimo ea Edene. Boikarabelo ba bona ba ho qala e ne e le ho hlokomela lehae la bona la paradeise, ho kopanyelletsa le mefuta e mengata ea liphoofolo. Hape, ba ne ba lokela ho ba le bana le ho ba hōlisa. Ka mor’a nako, ha lelapa la bona le ntse le hōla, ba ne ba lokela ho atolosa Paradeise ho ea lipheletsong tsa lefatše ha ba mamela taelo ea Molimo ea hore ba ‘rene holim’a lefatše.’ Kahoo, qetellong lefatše e ne e tla ba lehae le hlollang, le tletseng lelapa le thabileng, le kopaneng le sebeletsang Ntate oa lona oa leholimo. Oo e ne e le morero oa Molimo oa qalehong.—Genese 1:27, 28; 2:8, 15, 20-22.
Na Adama le Eva ba ne ba tla kopanela ho phethahatseng morero ona o moholo ho fihlela o phethahala? Seo se ne se itšetlehile ka ho tsoela pele ha bona ba sebelisana le oona ka ho mamela ’Mōpi oa bona. Ho mamela ha bona e ne e sa lokela ho ba ho etsoang ka bofofu, ka ho se nahane. Ba ne ba fuoe boikhethelo, kaha Molimo o ne o batla hore ba o sebeletse ka lipelo tse nang le kananelo. E le khopotso e bonahalang ea bobusi ba oona bo lokileng, o ile oa fana ka teko e bonolo. Ba ne ba ka sebelisa tokisetso leha e le efe e teng tšimong ka ntle ho e le ’ngoe. Ho ne ho e-na le sefate sa litholoana seo mabapi le sona Molimo o ileng oa re: “Mohla u se jang, u tla shoa.”—Genese 2:16, 17.
Mantsoe ana a re bolella hore Adama le Eva ba ne ba sa bōpeloa ho tsofala le ho shoa. Lefu le ne le tla hlaha feela haeba ba ne ba ka tlōla taelo ena e bonolo. Hoja Adama le Eva ba ile ba lula ba ntse ba mamela Molimo, ba ka be ba ntse ba phela lefatšeng kajeno e le batsoali ba lelapa la lefatše lohle la bana ba phethahetseng.—Bona molao-motheo o boletsoeng ho Pesaleme ea 37:29.
Leha ho le joalo, se seng sa libōpuoa tsa Molimo tsa mangeloi, se seng se bitsoa Satane hona joale, se ile sa nyatsa tsela ea Molimo ea ho busa. Se ile sa susumelletsa Eva ho ja tholoana e thibetsoeng, ka mano sa hlahisa hore ka ho se be ka tlas’a bobusi ba Molimo, o ne a tla atleha. Leha ho le joalo, se neng se hlile se susumetsa Satane e ne e le takatso ea ho ba molimo oa lelapa le lebelletsoeng la batho.—Genese 3:1-5; Mattheu 4:8, 9; Johanne 8:44.
Kaha Jehova o ne a file batho ba babeli ba pele ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e hlokang, Eva o ne a lokela hore e be o ile a tšehetsa bobusi ba hae ’me a hana tlhahiso e thetsang ea Satane. Leha ho le joalo, ka masoabi o ile a tsoela pele ’me a tlōla molao oa Molimo. Ka mor’a moo, Adama o ile a khetha ho kopanela le mosali oa hae tseleng ea hae e booatla. Kahoo batho bao ba babeli ba iketsetsang thato ea bona, hammoho le Satane, ba ile ba fetohela Molimo, ’me tseko ea bobusi ba Molimo e ile ea phahama.—Genese 3:6.
Nako e Hlokahalang ea ho Lokisa Litseko tsa Bohlokoa
Jehova a ka be a ile a felisa marabele a mararo hona moo ka nako eona eo. Empa seo se ka be se sa ka sa lokisa lipotso tse phahamisitsoeng ke bofetoheli ba ’ona ka ho phethahetseng. Na motho o ne a ka ipusa ka katleho ka ntle ho Molimo? Na e ne e le toka ka lehlakoreng la Molimo ho batla boikokobetso bobusing ba oona? Ho feta moo, ka baka la boitšoaro ba batho ba babeli ba pele, na ho ne ho ka ba le batho bao ka ntle ho boithati ba ka khethang ho sebeletsa Molimo ka boikhethelo ba bona—esita leha ba lekoa ke Satane? (Jobo 1:7-11; 2:4) Ho ne ho tla nka nako ho arabela lipotso tsena. Hape, ho ne ho tla nka nako ho hlōla liphello tsa bofetoheli boo ba pele le ho phethahatsa morero oa Molimo oa ho etsa lefatše paradeise e ahiloeng ke moloko oa batho o se nang sebe. Re sa ntse re emetse tharollo ea ho qetela ea litseko tsena.
Tumellanong le molao oa oona, Molimo o ile oa amoha Adama le Eva tokelo ea ho phela ka ho sa feleng. Ba ne ba se ba sa tšoanelehe ho kopanela ho phethahatseng morero oa oona o moholo. Leha ho le joalo, pele ba e-shoa, ba ile ba lumelloa hore ba be le bana le hore ba ba hōlise. Ke ’nete, Adama le Eva ba ne ba ke ke ba hlola ba fetisetsa bophelo bo sehlahlo, bo se nang sebe ho bana ba bona. (Ba-Roma 5:12) Empa le hoja meloko e ileng ea latela e ile ea hlaha e sa phethahala ’me e ahloletsoe ho shoa, batho ba bangata ba ile ba e-ba le monyetla oa ho bontša moo ba emeng teng mabapi le tseko e khōlō ea bobusi.
Ho Rarolla Tseko
Molimo o tla rarolla litaba tsena tse mabapi le bobusi ba oona joang? Ka kutloisiso e itseng lipotso tse ileng tsa phahamisoa morao koana Edene hona joale li se li arabetsoe. Lilemo tse likete tsa histori ea batho li hlakisitse ka tsela e bohloko hore polelo ea Satane ea hore Eva o ne a tla atleha ka ho se be ka tlas’a puso ea Molimo e ne e le leshano. Puso ea batho e hlokomolohang Molimo e ’nile ea tsoela pele ho hlōleha. Joalokaha Bibele e bolela: ‘Batho ba rena holim’a ba bang ho ba etsa hampe.’—Moeklesia 8:9.
Ka lehlakoreng le leng, lintho tse ngata tse molemo li ’nile tsa pakoa ka lilemo tse telele haesale ho tloha ha Adama le Eva ba etsa sebe. Batho ba bangata ba bontšitse ho khomarela bobusi ba Jehova ho ke keng ha senngoa, ’me mohlala o hlahelletseng ka ho fetisisa ke “Mor’a motho,” Jesu Kreste ka boeena. (Mattheu 20:18; Ba-Heberu 11:1–12:3) Ba ileng ba latela melao ea Molimo le ho amohela bobusi ba oona ba fumane hore ka sebele ena ke eona tsela e molemohali. Ba latsoitse ’nete ea maele a reng: “Hlohonolo la Morena [“Jehova,” NW] le entša motho, ha ho masoabi ao le a tlisang.” (Liproverbia 10:22, BPN) Ho feta moo, ka baka la tokisetso ea tsoho, qetellong ba tla kopanela ho phethahetseng morero o moholo oa Molimo.—Johanne 5:28, 29.
Jehova ha aa lebala morero oa hae oa qalehong. Ba hanang bobusi ba hae ba ke ke ba lumelloa ho busa lefatše ka ho sa feleng, ’me Bibele e lemosa hore haufinyane Molimo o tla nka bohato khahlanong le bona. Rea bala: “Hobane bohale ba Molimo bo bonahala bo e-tsoa leholimong, ho otla nyefolo e ’ngoe le e ’ngoe.” (Ba-Roma 1:18) Ponahatso ena e tlang ea bohale ba Molimo, eo Bibele e e bitsang Harmagedone, ka ntle ho pelaelo e tla bonahatsa hore ka sebele o teng. Ke feela ba amohelang bobusi ba oona ba tla pholoha ketsahalo eo. “Ba lokileng ba tla aha lefatšeng; ba hloekileng ba tla le rua. Empa ba babe ba tla khaoloa holim’a lefatše.”—Liproverbia 2:21, 22.
Tseko e Khōlō le Uena
Ka baka la linnete tsena, e mong le e mong oa rōna—joaloka Adama le Eva—o tlameha ho etsa khetho. Na re tla leka ho phela ka ntle ho puso ea Molimo? Kapa na re tla ikokobeletsa bobusi ba oona? Hopola, ena ke tseko ea bohlokoa ka ho fetisisa eo u talimaneng le eona kajeno. Litseko tse ling, ho sa tsotellehe hore na li ka ’na tsa bonahala e le tsa bohlokoa hakae, li ama bophelo ba hao ba hona joale. Ena e ama bophelo bo sa feleng. Qeto eo u e etsang e tla ama bokamoso ba hao ba ka ho sa feleng.
U ka bontša joang hore u amohela bobusi ba Molimo? Ka ho ithuta Lentsoe la oona, Bibele, ka mafolo-folo, le ho batla ho mamela taelo ea oona hammoho le Bakreste ba bang ba ’nete. (Sofonia 2:2, 3) Haeba u etsa joalo, u tla ba le tebello e thabisang ea ho bona phethahatso ea morero o moholo oa Molimo. U tla atleha ho bona phethahatso ea tšepiso ena e hlollang: “Ho se ho se hokae, ’me molotsana o tla ba sieo . . . Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.” (Pesaleme ea 37:10, 11) Eo e tla ba phello e hlollang hakaakang bakeng sa bohle ba ikokobeletsang bobusi ba Molimo! Ke lebaka le matla hakaakang la ho etsa qeto ka bohlale tabeng ena ea bohlokoahali!