Tseko e Khōlō—Ke Efe?
TSEKO e khōlō e talimaneng le e mong le e mong oa rōna ke efe? Na ke ho eketseha ha bophahamo ba leoatle le boemo bo sa tsitsang ba leholimo tse bakiloeng ke ho eketseha ha mofuthu oa lefatše? Na ke ho fokotseha ha ozone layer, ho lebisang boemong bo kotsi ba ho se sireletsoe ke letho mahlaseling a kotsi a letsatsi? Na ke sepenya sa baahi, se kopanyelletsang mathata a mang a lefatše, a kang bofutsana le tlōlo ea molao? Kapa ke tebello ea ho ripitloa ha limillione tse ngata ntoeng ea nuclear, eo ho eona baphonyohi leha e le bafe ba polao e sehlōhō ba tla bolaoa habohloko ke serame, tlala, kapa mahlaseli a bohale qetellong?
Ka mor’a ho buisana ka litseko tsena le tse ling, koranta Scientific American ea 1989 e ile ea fihlela qeto ena: “Ntle ho pelaelo, hore ntoa ea nuclear e ka ’na ea e-ba teng ho hlahisa kotsi e khōlō ka ho fetisisa ea ho . . . pholoha.” Kahoo, na ntoa ea nuclear ke eona tseko e khōlō e talimaneng le rōna?
Tseko e Khōlō
Ka baka la phetoho ea maemo a lipolotiki e bileng teng ho tloha ka 1989, ho ka ’na ha bonahala ho se na kotsi e khōlō ea hore ntoa ea nuclear e ka ’na ea e-ba teng. Leha ho le joalo, hafeela libetsa tsa nuclear li ntse li le teng, li tla ’ne li be le tšokelo e tebileng ho batho. Leha ho le joalo, boitsebiso bo ho 1990 Britannica Book of the Year bo supa taba e ’ngoe ea bohlokoa. Ho ea ka mohloli ona oa boitsebiso, baahi ba lefatše ba fetang limillione tse 230 ke ba sa lumeleng ho Molimo. Mehloli e meng e bontša hore batho ba bang ba limillione ba susumelitsoe ke lifilosofi tsa Bochabela tse lumellang pono ea hore ’Mōpi ha a eo. Ho feta moo, le hoja batho ba makholo a limillione ba lumela ho ’Mōpi, likhopolo tsa bona ka eena li fapana haholo. ’Me mabakeng a mangata, liketso tsa bona li tlisa thohako e khōlō ho Eo ba ipolelang hore baa mo rapela.—2 Petrose 2:1, 2.
Haeba Molimo o teng—joalokaha o fela o le teng—joale ruri tseko e khōlō kajeno e tlameha e be ea o ama. Ke hobane’ng ha o bōpile batho? Boikarabelo ba rōna mabapi le oona ke bofe? O tla arabela joang tseleng eo motho a senyang lefatše ka eona? ’Me o tla arabela joang phephetsong e bontšoang ke ho hana ha batho ba bangata hakaale ho lumela ho oona kapa ho ikokobeletsa thato ea oona? Ha e le hantle, tseko e khōlō e talimaneng le e mong le e mong oa rōna ke hore na re amohela kapa re hana bobusi ba Molimo, ‘oo lebitso la oona o ’notši e leng JEHOVA.’—Pesaleme ea 83:18, King James Version.
Tšimoloho ea Bokahohle
Ho hlakile hore, ho ba sa lumeleng ho Molimo, boikarabelo ba rōna mabapi le oona hase tseko. Empa mang le mang ea talimang pōpeho le botle ba lehae la rōna la lefatše ka botšepehi o tlameha ho lumela hore e tlameha e be Moqapi e moholo o teng. Ke ’nete hore ha ba leka ho hlalosa lintho tse makatsang tsa tlhaho tse re pota-potileng, bo-rasaense ba bangata ba behella Molimo ka thōko. Ka mohlala, ba bangata ba bolela hore bokahohle bo ile ba hōla ho fihla boholong ba bona ba hona joale ho tloha lethebanyaneng le lenyenyane ho feta ntlha ea sepele, tsohle li etsahetse “ka tlhaho,” ka kotsi, ho sa hlokahale hore ’Mōpi a be teng. Leha ho le joalo, ka mor’a ho hlalosa khopolo e ncha e tloaelehileng ea kamoo bokahohle bo qalileng ka teng, setsebi sa physics Hanbury Brown, bukeng ea hae The Wisdom of Science, oa lumela: “Ke nahana hore ho batho ba bangata seo se ne se tla bonahala se tšoana le ho qapa malepa ho fapana le ho fana ka tlhaloso.” Moprofesa Brown o etsa qeto ea hore “tšimoloho le morero oa lefatše” ke “liphiri tse khōlō” tseo ho bonahalang eka saense e sitoa ho li rarolla.
Bo-rasaense ba ile ba bontša hore likaroloana tseo ntho e ’ngoe le e ’ngoe e bōpiloeng ka tsona li amana haufi-ufi le matla le hore likaroloana tseo ntho e ’ngoe le e ’ngoe e bōpiloeng ka tsona li ka fetoloa matla ’me matla a ka fetoloa likaroloana tseo ntho e ’ngoe le e ’ngoe e bōpiloeng ka tsona. Joalokaha ho bonoa liqhomaneng tsa nuclear, likaroloana tse nyenyane tseo ntho e ’ngoe le e ’ngoe e bōpiloeng ka tsona li na le matla a maholo. Joale, mohloli oa matla ’ohle a teng linaleling tse limillione tse 100 000 molaleng oa rōna oa linaleli, esita le melaleng ea linaleli e fetang limillione tse 1 000 e etsang bokahohle bo bonahalang ke ofe?
Bibele e re: “Lelalang holimo, le talime! Ea entseng ntho tseo ke mang? O tsamaisa makhotla a tsona ka lenaneo, o li thonya kaofela ka mabitso a tsona ka matla a hae a maholo, matla a hae a sa sitoeng ke letho; ha ho le e ’ngoe ho tsona e hlokahalang.” Ke mang Eo? Bibele e fana ka karabelo: “Ke ’na Jehova, ke lona lebitso la ka, nke ke ka nea e mong khanya ea ka.”—Esaia 40:26; 42:5, 8.
Monahano oa hore lefatše hammoho le bokahohle bohle li simolohile ka kotsi o amoha ’Mōpi, Jehova Molimo, khanya e mo loketseng. (Tšenolo 4:11) O boetse o tlosa tšusumetso e matla ea ho tšoara lefatše ka tsela e nang le boikarabelo. Hoja batho ba ne ba hlokomela hore ba ikarabella ho Molimo bakeng sa seo ba se etsang pōpong ea oona, mohlomong ba ne ba tla ba hlokolosi haholoanyane litabeng tse kang tšilafalo, tšenyo ea ozone layer, le ho eketseha ha mofuthu oa lefatše.
Tšimoloho ea Bophelo
Hape nahana ka potso ena: Bophelo bo qalehile joang? Batho ba ’nile ba rutoa hore bophelo bo tlile ka ntle le ho kenella ha Molimo. Empa sena se hanyetsana le molao-motheo o pakiloeng oa saense. Ka nako e ’ngoe ho ne ho lumeloa hore likhola-bolokoe li tsoa bolokoeng ba khomo, libōkō li tsoa nameng e bolileng, ’me litoeba li tsoa seretseng. Esita le lekholong le fetileng la lilemo, bo-rasaense ba ne ba ruta hore lintho tse phelang tse nyenyane tse sa bonahaleng li tsoa linthong tse sa pheleng. Empa Redi, Pasteur, le bo-rasaense ba bang ba ile ba paka hore likhopolo tse tšoanang le tsena hase ’nete. The World Book Encyclopedia (khatiso ea 1990) e re: “Ka mor’a liteko tsa Pasteur, litsebi tse ngata tsa thuto ea saense ea bophelo li ile tsa amohela khopolo ea hore bophelo bohle bo tsoa bophelong bo seng bo ntse bo le teng.”
Leha ho le joalo, bo-rasaense ba ruta hore nakong ea khale haholo, lintho li ne li fapane. Ba bolela hore lintho tsa pele tse phelang tse nang le sele e le ’ngoe li ile tsa hlaha ka kotsi motsoakong o sa pheleng oo ba o bitsang sopho ea boholo-holo, e neng e e-na le lik’hemik’hale tse hlokahalang bakeng sa bophelo. Ho A Guided Tour of the Living Cell Christian de Duve o re: “Kotsi, kotsi e le ’ngoe, e entse tsohle, ho tloha sophong ea boholo-holo ho ea ho motho.”
Ha e bua ka Molimo, Bibele e re: “Seliba sa bophelo se ho uena.” (Pesaleme ea 36:9) Ka sebele polelo ena e tumellanong le se ileng sa hlokomeloa—hore bophelo bo ka hlaha feela bophelong bo seng bo ntse bo le teng. Leha ho le joalo, kaha saense e amoheloang ke batho ba bangata e khetha ho talima e ’ngoe ea limpho tsa Molimo tse babatsehang ka ho fetisisa, bophelo, e le ntho e ileng ea iketsahalla feela tjee, batho ba bangata ba ikutloa ba sa ikarabelle ho Molimo bakeng sa kamoo ba sebelisang bophelo ba bona ka teng. Kahoo, ba tlōla melao ea Molimo, baa hatellana, baa utsoetsana, baa bolaeana, ’me ba sebelisa chelete e ngata, nako, le botsebi ho qapa libetsa tse bolaeang le tse ripitlang ka katleho e tšosang.
Ho Lokisa Tseko
Ka ntle ho batho ba sa lumeleng ho Molimo le batho ba ratang likhopolo tsa morao-rao, ba bang ba bangata haholo ba latola bobusi ba Molimo. Ba bangata haholo kajeno ba bolela hore ba lumela ho Molimo, ’me ba fetang limillione tse 1 700 ba ipitsa Bakreste. Ka makholo a lilemo likereke tsa Bokreste-’mōtoana li ’nile tsa rorisa Molimo phatlalatsa litšebeletsong tsa tsona. Empa boholo ba batho bao ba limillione tse 1 700 ba hlile ba eme hokae tabeng ea bobusi ba Molimo?
Batho ka bomong le lichaba ba bontšitse ho se tsotelle ha bona bobusi boo ka ho ba khahlanong le litaelo tse tobileng tsa Molimo. Lichaba tse ipolelang hore ke tsa Bokreste li entse liketso tse se nang bomolimo tsa pefo, ho kopanyelletsa lintoa tse peli tse mpe ka ho fetisisa historing ea batho—’me baruti ba “Bokreste” ka mahlakoreng ka bobeli ba ile ba hlohonolofatsa lintoa tseo! Ka boikaketsi bo joalo, e bile baemeli ba bohata ba Molimo. Joalokaha Bibele e bolela: “Ka molomo ba bolela hore ba tseba Molimo, empa ba o latola ka liketso.”—Tite 1:16.
Leha ho le joalo, Molimo “o sitoa ho itatola.” (2 Timothea 2:13) Nako e tlameha ho fihla eo ka eona o tla rarolla likarolo tsohle tsa tseko ena ea bobusi tumellanong le morero oa oona o boletsoeng tjena: “Ba tla tseba hoba ke ’na Jehova.” (Ezekiele 38:23) Empa ke hobane’ng ha o nkile nako e telele hakaale? Qetellong tseko ena e tla rarolloa joang? ’Me u ka etsa liqeto tse nepahetseng tabeng ena ea bohlokoahali joang?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]
Cover background: U.S. Naval Observatory photo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
Background: U.S. Naval Observatory photo