“Emang le Tiile ’me le Bone Poloko ea Jehova”
“Jehova o ka lehlakoreng la ka; nke ke ka tšoha. Motho oa lefatše a ka nketsa’ng?”—PESALEME EA 118:6.
1. Moloko oa batho o tla tloha o bona liketsahalo life tse mahlonoko?
KAJENO moloko oa batho o tla tloha o bona liketsahalo tse mahlonoko ho feta leha e le neng pele. Ha Jesu a bolela esale pele ka mehla ea rōna o ile a lemosa balateli ba hae a re: “Ho tla ba le matšoenyeho a maholo ao a kang ’ona a e-s’o ka a e-ba teng ho tloha tšimolohong ea lefatše ho fihlela joale, che, leha e le hore a tla ba teng hape. Ha e le hantle, hoja matsatsi ao a se ke a khutsufatsoa, ha ho nama e neng e tla pholoha; empa ka lebaka la bakhethoa matsatsi ao a tla khutsufatsoa.”—Matheu 24:21, 22.
2. Mahlomola a maholo a thibetsoe ke eng?
2 Mabotho a leholimo a sa bonahaleng mahlong a batho, a thibetse matšoenyeho ao a maholo. Moapostola Johanne o ile a ba le tokelo ea ho bona lebaka la sena tšenolong eo Jesu a ileng a mo fa eona. Moapostola enoa ea hōlileng o ile a hlalosa taba ka tsela ena: “Ka bona mangeloi a mane a eme likhutlong tse ’nè tsa lefatše, a tšoere ka tieo meea e mene ea lefatše . . . Ka bona lengeloi le leng le nyoloha bochaba-tsatsi, le e-na le tiiso ea Molimo ea phelang; la hoeletsa ka lentsoe le phahameng mangeloi a mane . . . la re: ‘Le se ke la senya lefatše kapa leoatle kapa lifate, ho fihlela ka mor’a hore re tiise makhoba a Molimo oa rōna liphatleng tsa ’ona.’”—Tšenolo 7:1-3.
3. Matšoenyeho a maholo a tla qala ka ketsahalo efe?
3 Ho tiisoa ha ho qetela ha “makhoba a Molimo” a tlotsitsoeng ho se ho tla phethoa. Mangeloi a mane a se a le malala-a-laotsoe ho lokolla meea eo e mene ea timetso. Ke ketsahalo efe ea pele e tla etsahala ha a e lokolla? Lengeloi le araba potso eo le re: “Ka ho akheloa ka sekhahla Babylona motse o moholo o tla liheloa tlaase ka tsela eo, ’me le ka mohla a ke ke a fumanoa hape.” (Tšenolo 18:21) Ho tla ba le thabo e kaakang leholimong ha see se etsahala, ’me ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata o felisoa!—Tšenolo 19:1, 2.
4. Ke liketsahalo life tse larileng ka pele?
4 Lichaba tsohle tsa lefatše li tla be li ikentse khokanyan’a phiri khahlanong le batho ba Jehova. Na li tla khona ho felisa Bakreste bao ba tšepahalang? Ho ka bonahala eka ho tla ba joalo. Leha ho le joalo, makhotla a leholimo a latelang Kreste Jesu a tla etsa bonnete ba hore makhotla ana a batho aa timetsoa. (Tšenolo 19:19-21) Qetellong Diabolose le mangeloi a hae ba tla lahleloa mohohlong oa tšoantšetso, e leng boemo ba ho se sebetse. Ha ba sa tla hlola ba khona ho khelosa batho hobane ba tla tlangoa ka lilemo tse sekete. Khele! ho tla be ho re kokololo ho bongata bo boholo ba baphonyohi!—Tšenolo 7:9, 10, 14; 20:1-3.
5. Ba lulang ba tšepahala ho Jehova ba tla thabisoa ke eng?
5 Haufinyane re tla bona liketsahalo tsena tse hlollang. Kaofela ha tsona li amana le ho tlosoa ha qoso tokelong ea Jehova ea ho busa, e leng bobusi ba hae ba bokahohle. Nahana: Haeba re lula re tšepahala ho Jehova ’me re emela bobusi ba hae ka tieo, re tla ba le monyetla oa ho kopanela ho halaletsoeng ha lebitso la Jehova le ho phethahatsoeng ha morero oa hae. Ruri seo se tla re thabisa haholo.
6. Ka lebaka la liketsahalo tse tla tloha li etsahala, re tla nahanisisa ka eng?
6 Na re itokiselitse liketsahalo tseo tsa bohlokoa? Na re lumela hore Jehova o tla re pholosa? Na re kholisehile hore o tla re thusa ka nako e nepahetseng le ka tsela e molemohali? E le hore re arabele lipotso tsena tse re tobileng, re ka hopola seo moapostola Pauluse a se boleletseng Bakreste-’moho le eena ba Roma ha a re: “Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea, e le hore ka mamello ea rōna le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.” (Baroma 15:4) E ’ngoe ea lintho tse ngoletsoeng ho re laea, ho re tšelisa le ho re fa tšepo, ke tlaleho ea kamoo Jehova a ileng a lopolla Baiseraele tšoarong e sehlōhō ea Baegepeta ba bahatelli. Ho nahanisisa ka liketsahalo tseo tse thabisang ha Jehova a pholosa bara ba Iseraele ho ka re khothatsa haholo ha re ntse re lebeletse matšoenyeho a maholo a atamelang ka potlako.
Jehova o Pholosa Batho ba Hae
7. Ho bile le boemo bofe ba tsitsipano Egepeta ka 1513 B.C.E.?
7 Ke selemo sa 1513 B.C.E. Jehova o se a otlile Baegepeta ka likotlo tse robong. Ka mor’a kotlo ea borobong, Faro o leleka Moshe ka mantsoe ana: “Tloha ho ’na! U itebele! U se ke ua leka ho bona sefahleho sa ka hape, hobane letsatsing leo u tla bona sefahleho sa ka ka lona u tla shoa.” Moshe o araba ka ho re: “Ke tsela eo u buileng ka eona. Nke ke ka hlola ke leka ho bona sefahleho sa hao.”—Exoda 10:28, 29.
8. Baiseraele ba fuoa litaelo life e le hore ba pholohe, ’me phello e ba efe?
8 Joale Jehova o senolela Moshe hore o tla otla Faro le Baegepeta ka kotlo e ’ngoe hape, e leng ea ho qetela. Ka la 14 Abibe (Nisane), letsibolo le leng le le leng la Moegepeta le letsibolo le leng le le leng la phoofolo le tla shoa. Empa malapa a Baiseraele a tla sireletsoa haeba a latela ka hloko litaelo tseo Molimo a li fileng Moshe. Ba lokela ho qaphaletsa mali a konyana e tona likoseneng tse peli tsa menyako ea bona le karolong e ka holimo ea monyako matlong a bona le ho lula ka matlung. Ho etsahala eng bosiung boo? E-re Moshe a re bolelle: “Eitse har’a mp’a bosiu Jehova a otla letsibolo le leng le le leng naheng ea Egepeta.” Faro o nka bohato hang-hang. O bitsa Moshe le Arone ’me o re ho bona: “Tsohang, le tsoe har’a sechaba sa ka, . . . ’me le tsamaee, le sebeletse Jehova, feela joalokaha le boletse.” Eaba Baiseraele ba fetang limilione tse tharo baa tsamaea, ba e-na le “sehlopha se seholo se tsoakaneng” sa batho bao e seng Baiseraele.—Exoda 12:1-7, 29, 31, 37, 38.
9. Molimo o ntša Baiseraele Egepeta ka tsela efe, hona hobane’ng?
9 Tsela e khutšoanyane eo Baiseraele ba ka e nkang ke e sikang le Leoatle la Mediterranean e fetang naheng ea Bafilista. Empa sebaka seo ke sa lira. Kahoo, mohlomong Jehova o lebisa batho ba hae tseleng ea lefeella la Leoatle le Lefubelu e le hore ba qobe ntoa. Le hoja ba le limilione, ke letšoele le laolehileng. Bibele e re: “Bara ba Iseraele ba ile ba nyoloha naheng ea Egepeta ka tlhophiso ea ntoa.”—Exoda 13:17, 18.
‘Bonang Poloko ea Jehova’
10. Ke hobane’ng ha Molimo a bolella Baiseraele hore ba hlome liahelo ka pel’a Pihahirothe?
10 Joale ho etsahala ntho e makatsang. Jehova o re ho Moshe: “Bua le bara ba Iseraele, hore ba khutle ’me ba hlome liahelo ka pel’a Pihahirothe pakeng tsa Migdole le leoatle ka pel’a Baale-zefone.” Ha letšoele lena le ntse le latela litaelo tsena, le iphumana le qabeletsoe pakeng tsa lithaba le mochophoro oa Leoatle le Lefubelu. Ho bonahala ho se na moo le ka tsoang le teng. Leha ho le joalo, Jehova o tseba seo a se etsang. O re ho Moshe: “Ke tla tlohela pelo ea Faro hore e be manganga, ka sebele o tla ba lelekisa ’me ke tla itlotlisa ka Faro le mabotho ’ohle a hae a sesole; ’me ka sebele Baegepeta ba tla tseba hore ke ’na Jehova.”—Exoda 14:1-4.
11. (a) Faro o etsa’ng, Baiseraele bona ba etsa’ng? (b) Moshe o arabela joang lipelaelong tsa Baiseraele?
11 Kaha Faro o na le maikutlo a hore o entse phoso ka ho lumella Baiseraele ho tloha Egepeta, o ba jahella ka likoloi tsa ntoa tse khethiloeng tse 600. Ha lebotho la Baegepeta le hlahella, Baiseraele baa tšoha ’me ba hoeletsa Moshe ba re: “Na ke kahobane ho hang ho se na libaka tsa lepato Egepeta hore ebe u re tlisitse moo ho tla shoella lefeelleng?” Kaha Moshe o kholisehile hore Jehova o tla ba pholosa, o araba ka ho re: “Le se ke la tšoha. Emang le tiile ’me le bone poloko ea Jehova, eo a tla le etsetsa eona kajeno. . . . Jehova o tla le loanela, ’me le tla khutsa.”—Exoda 14:5-14.
12. Jehova o pholosa batho ba hae joang?
12 Joalokaha Moshe a boletse, Jehova o loanela Baiseraele a sebelisa lengeloi. Ka mohlolo le tlosa topallo ea leru e ’nileng ea etella sehlopha sa Baiseraele pele, le e beha ka mor’a sona. Le hoja topallo ena e tlisetsa Baegepeta lefifi, e khantšetsa Baiseraele. (Exoda 13:21, 22; 14:19, 20) Moshe o mamela taelo ea Molimo ’me o otlolla letsoho. Tlaleho ena e tsoela pele e re: “Eaba Jehova o qala ho khutlisetsa leoatle morao ka moea o matla oa bochabela bosiu bohle . . . Qetellong bara ba Iseraele ba tšela bohareng ba leoatle moo ho omileng, ha metsi e le lebota ho bona ka letsohong la bona le letona le le letšehali.” Baegepeta ba boela ba lelekisa Baiseraele, empa Jehova o ka lehlakoreng la batho ba hae. O ferekanya sehlopha sa Baegepeta, a nt’o re ho Moshe: “Otlolla letsoho holim’a leoatle, hore metsi a khutlele holim’a Baegepeta, likoloing tsa bona tsa ntoa le ho banna ba bona ba palameng lipere.” Mabotho a Faro a timetsoa ka ho feletseng hoo ho seng lesole le le leng le pholohang!—Exoda 14:21-28; Pesaleme ea 136:15.
Re Ithuta’ng Topollong ea Baiseraele?
13. Bara ba Iseraele ba ile ba etsa’ng ka mor’a ho lopolloa?
13 Baiseraele bao ba pholohileng ba ile ba ikutloa joang ka mor’a ho lopolloa ka mohlolo? Moshe le bara ba Iseraele ba ile ba ikutloa ba se ba tsanyaola pina e rorisang Jehova ba re: “E-re ke binele Jehova, kaha o phahame haholo. . . . Jehova o tla busa e le morena ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.” (Exoda 15:1, 18) Ka sebele, se ileng sa tla likelellong tsa bona hang-hang e bile ho tlotlisa Molimo. Bobusi ba Jehova bo ne bo totobalitsoe ketsahalang eo.
14. (a) Re ka ithuta eng ka Jehova ho se ileng sa etsahalla Baiseraele? (b) Temana ea selemo ea 2008 e re’ng?
14 Liketsahalo tsee tse hlollang li re ruta’ng, li re tšelisa joang ’me li re fa tšepo efe? Ka sebele re ithuta hore Jehova o khona ho sebetsana le teko efe kapa efe eo batho ba hae ba lokelang ho feta ho eona. O khona ho sebetsana le boemo bofe kapa bofe boo ba ka talimanang le bona. Leoatle le Lefubelu le ne le ke ke la thibela Baiseraele ho feta nakong eo Jehova a neng a fokisa moea o matla oa bochabela. ’Me o ile a khona ho etsa hore lona Leoatle leo le Lefubelu e be lebitla la Faro le mabotho a hae. Ha re nahana ka sena, re ka pheta mantsoe a mopesaleme ha a re: “Jehova o ka lehlakoreng la ka; nke ke ka tšoha. Motho oa lefatše a ka nketsa’ng?” (Pesaleme ea 118:6) Mantsoe a Pauluse a ho Baroma 8:31 le ’ona a ka re tšelisa: “Haeba Molimo a eme le rōna, ke mang ea tla ba khahlanong le rōna?” Ruri lipolelo tsena tse bululetsoeng li re fa sebete. Li etsa hore re khobe matšoafo ’me re be le tšepo. Kahoo, temana ea rōna ea selemo ea 2008 e loketse ha e re: “Emang le tiile ’me le bone poloko ea Jehova.”—Exoda 14:13.
15. Ho mamela ho ne ho le bohlokoa hakae e le hore Baiseraele ba pholohe Egepeta, ’me ke habohlokoa hakae kajeno?
15 Re ka ithuta eng hape phallong ea Baiseraele Egepeta? Hore re lokela ho mamela Jehova ho sa tsotellehe seo a batlang hore re se etse. Baiseraele ba ile ba boloka litaelo tsohle ha ba lokisetsa Paseka. Ba ile ba mamela taelo ea ho lula ka matlung a bona bosiung ba la 14 Nisane. Qetellong ha ba tloha Egepeta, ba ile ba lokela ho tsamaea “ka tlhophiso ea ntoa.” (Exoda 13:18) Kajeno ke habohlokoa haholo hore re latele tataiso eo re e fuoang ke “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45) Re lokela ho mamela lentsoe la Molimo ka hloko ha le re: “‘Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona,’ esere la ea ka ho le letona kapa la ea ka ho le letšehali.” (Esaia 30:21) Ha re ntse re atamela matšoenyeho a maholo, ho ka etsahala hore re fuoe litaelo tse qaqileng. Hore re sireletsehe leetong la rōna ho pholletsa le matsatsi ao a thata, ho tla itšetleha ka hore re tsamaisane le bahlanka ba bang ba Jehova ba tšepahalang.
16. Re ka ithuta’ng tseleng eo Molimo a ileng a nka bohato ka eona ho lopolla Baiseraele?
16 Hape hopola hore Jehova o ile a lebisa Baiseraele boemong boo ho bona ho neng ho bonahala ba qabeletsoe pakeng tsa lithaba le Leoatle le Lefubelu. Ka sebele ho ne ho bonahala eka hase bohato bo nepahetseng. Empa Jehova o ne a laola lintho tsohle, ’me sena se ile sa fella ka hore a rorisoe le hore batho ba hae ba pholohe. Ho ka etsahala hore kajeno re se ke ra utloisisa hore na ke hobane’ng ha mokhatlo o etsa lintho ka tsela e itseng, empa ka sebele re ka tšepa hore Jehova o re tataisa ka mocha oa hae o tšepahalang oa puisano. Ka linako tse ling lira tsa rōna li ka bonahala li atleha. Kaha ha re tsebe lintho tsohle, ho ka etsahala hore re se ke ra utloisisa sohle se amehang. Leha ho le joalo, Jehova o na le matla a ho nka bohato ka nako e loketseng, joalokaha a ile a bo nka morao koo molemong oa Baiseraele.—Liproverbia 3:5.
Tšepa Jehova
17. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha ka ho feletseng hore Molimo o tla re tataisa?
17 Na u ka nahana kamoo e tlamehang ebe Baiseraele ba ile ba ikutloa ba kholisehile kateng ha ba nahana ka topallo ea leru motšehare le topallo ea mollo bosiu? E ne e le bopaki ba hore “lengeloi la Molimo oa ’nete” le ne le ba tataisa leetong lena. (Exoda 13:21, 22; 14:19) Kajeno, re ka kholiseha hore Jehova o tataisa batho ba hae, oa ba sireletsa, ’me oa ba lopolla. Re ka nka ka botebo tšepiso ena: “[Jehova] a ke ke a tlohela ba tšepahalang ba hae. Ka sebele ba tla lebeloa ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Pesaleme ea 37:28) Le ka mohla re se ke ra lebala makhotla ao a matla a mangeloi a thusang bahlanka ba Molimo kajeno. Ha a re tšehelitse re ka ‘ema re tiile ’me re bone poloko ea Jehova.’—Exoda 14:13.
18. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re ‘apare lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo’?
18 Kaofela ha rōna re tla thusoa ke’ng ho ‘ema re tiile’ tseleng ea ’nete? Ke ho apara lihlomo tsa ntoa tsa moea tse hlalositsoeng ke Pauluse lengolong leo a le ngoletseng Baefese. Hlokomela hore Pauluse o re eletsa hore re ‘apare lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo.’ Na re apere lihlomo tse feletseng tsa ntoa tsa moea? Selemong sa 2008, ho ka ba molemo hore e mong le e mong a itlhahlobe e le hore a ka tiiseha hore lihlomo tsohle li malulong a tsona. Sera sa rōna, e leng Satane Diabolose se tseba mefokolo ea rōna, ’me se leka ho re tšoasa re sa lemohe kapa ho re hlasela moo re fokolang teng. Re “loana” le makhotla a moea a khopo. Ho ntse ho le joalo, re tla hlōla ka matla a Jehova!—Baefese 6:11-18; Liproverbia 27:11.
19. Haeba re mamella, re ka ba le tokelo ea ho etsa eng?
19 Jesu o itse ho balateli ba hae: “Le tla rua meea ea lōna ka ho mamella ha lōna.” (Luka 21:19) E se eka re ka ba har’a bao ka botšepehi ba mamellang bothata bofe kapa bofe boo ba talimanang le bona e le hore ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo re ka ba le tokelo ea ho ‘ema re tiile ’me re bone poloko ea Jehova.’
U ka Araba Joang?
• Ke liketsahalo life tse thabisang tse tla tloha li etsahala?
• Ke joang Jehova a ileng a sebelisa matla a hae a ho pholosa ka 1513 B.C.E.?
• U ikemiselitse ho etsa’ng?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 20]
Temana ea selemo ea 2008 e re: “Emang le tiile ’me le bone poloko ea Jehova.”—Exoda 14:13.
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
“Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea”
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Manganga a Faro a ile a tlisetsa Egepeta tlokotsi
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Baiseraele ba ile ba pholoha ha ba etsa sohle seo Jehova a se laetseng