Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 1/1 maq. 18-21
  • O Ile a Emela Borapeli ba ’Nete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • O Ile a Emela Borapeli ba ’Nete
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ntoa ea Nako e Telele e Fihla Sehlohlolong
  • Ba Ile ba ‘Qeaqea’ Joang?
  • Teko ea Bohlokoa
  • Karabo
  • O Ile a Emela Borapeli ba ’Nete
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • Elija o Phahamisa Molimo oa ’Nete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Baiseraele Thabeng ea Karmele
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Na U Tla Tšepahala Joaloka Elia?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 1/1 maq. 18-21

Bontša Tumelo e Tšoanang le ea Bona

O Ile a Emela Borapeli ba ’Nete

ELIA o ne a shebile letšoele ha le ntse le nyoloha butle Thabeng ea Karmele. Le hoja e ne e le hoseng-seng, ho ne ho totobetse hore batho bao ba futsanehile ba bile ba lapile. Ba ne ba sohlokiloe ke komello ea lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng.

Har’a bona ho ne ho e-na le baprofeta ba 450 ba Baale ba tsamaeang ba ikonka, ba tletseng boikhohomoso le ba nenang Elia, moprofeta oa Jehova. Mofumahali Jezebele o ne a bolaile bahlanka ba bangata ba Jehova, empa monna enoa o ile a hanyetsa borapeli ba Baale ka matla. Empa potso ke hore na, o ne a tla bo hanyetsa halelele hakae. Mohlomong baprista bao ba ne ba nahana hore kaha o ne a le mong too! o ne a ke ke a o besa oa tuka. (1 Marena 18:3, 19, 20) Morena Akabe le eena o ne a le teng, a palame kariki ea hae ea borena. Le eena o ne a hloile Elia.

Moprofeta enoa ea mong feela o ne a le haufi le ho bona mehlolo. Ha Elia a ntse a shebeletse joalo, pitsa e ne e ntse e sutsa bakeng sa tlhōlisano e e-s’o kang e bonoa pakeng tsa botle le bobe. O ile a ikutloa joang ha letsatsi leo le chaba? Kaha e ne e le “motho ea nang le maikutlo a joaloka a rōna,” tšabo e ne e ke ke ea mo pota ka thōko. (Jakobo 5:17) Ka hona, re kholisehile hore ha Elia a ntse a pota-potiloe ke batho bao ba se nang tumelo, hammoho le morena oa bona ea koenehileng, le baprista bao ba babolai, o ne a ikutloa eka o mong too!—1 Marena 18:22.

Leha ho le joalo, ho ne ho tlile joang hore Iseraele e be maqakabetsing ao? Hona ke eng eo u ka ithutang eona tlalehong ee kajeno? Bibele e re khothalletsa hore re ithute ho bahlanka ba tšepahalang ba Molimo re be re “etsise tumelo ea bona.” (Baheberu 13:7) Joale, ak’u nahane ka mohlala oa Elia.

Ntoa ea Nako e Telele e Fihla Sehlohlolong

Ka nako e telele, Elia o ne a shebeletse ho se letho leo a ka le etsang ha borapeli ba Jehova, e leng eona ntho e neng e le ntle haholo ka naha ea habo le ka sechaba sa habo, bo hlokomolohuoa bo bile ho hatakeloa. Ha e le hantle, Iseraele e ne e bile ntoeng ka nako e telele, e leng ntoa pakeng tsa bolumeli ba ’nete le ba bohata, pakeng tsa borapeli ba Jehova Molimo le borapeli ba litšoantšo ba lichaba tse haufi. Mehleng ea Elia, ntoa eo e ne e se e le matla haholo.

Morena Akabe o ne a nyetse Jezebele, morali oa morena oa Sidone. Jezebele o ne a ikemiselitse ho jala borapeli ba Baale naheng ea Iseraele le ho felisa borapeli ba Jehova. Kapele feela o ile a hula Akabe ka nko. Akabe o ile a hahela Baale tempele le aletare ’me ea hla ea e-ba eena ea ka pele-pele borapeling ba molimo enoa oa bohetene. O ile a halefisa Jehova haholo.—1 Marena 16:30-33.a

Ke eng e neng e etsa hore borapeli ba Baale bo nyonyehe hakaalo? Bo ile ba khelosa Baiseraele, ba etsa hore ba bangata ba furalle Molimo oa ’nete. Hape e ne e le bolumeli bo litšila le bo sehlōhō. Bo ne bo e-na le matekatse a tempele a banna le a basali, bo e-na le mekete e tletseng boitšoaro bo hlephileng, bo bile bo etsa bana mahlabelo. Ka lebaka la lintho tsena, Jehova o ile a romela Elia ho Akabe ho mo tsebisa ka komello e neng e tla ba teng ho fihlela moprofeta oa Molimo a re e fele. (1 Marena 17:1) Ho ile ha feta lilemo tse ’maloa pele Elia a khutlela ho Akabe ’me a mo bolella hore a bokelle sechaba le baprofeta ba Baale Thabeng ea Karmele.

Leha ho le joalo, ntoa ee e re ama joang kajeno? Ba bang ba ka ’na ba nahana hore ha ho kamoo borapeli ba Baale bo re amang kateng, hobane ha rea pota-potoa ke litempele le lialetare tsa Baale. Empa tlaleho ena hase histori feela tjee. (Baroma 15:4) Lentsoe “Baale” le bolela “mong’a” kapa “monghali.” Jehova o ile a bolella sechaba sa hae hore se lokela ho khetha hore e be eena “baale” oa sona kapa monghali eo e leng monna oa sona. (Esaia 54:5) Na ua lumela hore kajeno batho ba ntse ba sebeletsa benghali ba bangata ho e-na le Molimo ea Matla ’Ohle? Ka sebele, batho ba khetha hore na mong’a bona ke mang ka ho lelekisa chelete, mosebetsi, monyaka oa ho kopanela liphate, kapa o mong oa melimo e mengata e rapeloang ho e-na le Jehova. (Matheu 6:24; Baroma 6:16) Kahoo, ka tsela e itseng, litšobotsi tse ka sehloohong tse neng li khetholla borapeli ba Baale li ntse li le ngata le kajeno. Ntoa eo ea boholo-holo pakeng tsa Jehova le Baale e ka re thusa hore re khethe ka bohlale hore na ke mang eo re tla mo sebeletsa.

Ba Ile ba ‘Qeaqea’ Joang?

Ha u akhela mahlo u le tlhōrōng ea Thaba ea Karmele eo ho eona ho fokang moea o mongata, u bona boholo ba Iseraele—ho tloha khohlong e tlaase ea molapo o phoroselang ea Kishone ho ea Leoatleng le Leholo le haufi (Leoatle la Mediterranean) ho ea fihla lithabeng tsa Lebanone tse hōjana ka leboea.b Empa ha letsatsi la kajeno la bohlokoa le chaba, boemo bo ne bo sa jese litheohelang. Naha ena e kileng ea nona eo Jehova a neng a e file litloholo tsa Abrahama e ne e bonahala e le thokoa. E ne e se e le naha e sengangata ka lebaka la ho tlaboloa ke letsatsi habohloko, e se e sentsoe ke ho hloka kelello ha sechaba sa Molimo! Ha batho bao ba khobokana, Elia o ile a ba atamela ’me a re: “Le tla ’ne le qeaqee halelele hakae pakeng tsa maikutlo a mabeli a fapaneng? Haeba Jehova ke Molimo oa ’nete, mo lateleng; empa haeba Baale ke eena, mo lateleng.”—1 Marena 18:21.

Elia o ne a bolela’ng ha a re batho ba ne ba ‘qeaqea pakeng tsa maikutlo a mabeli a fapaneng’? Batho bao ba ne ba sa hlokomele hore ba ne ba lokela ho khetha pakeng tsa ho rapela Jehova le ho rapela Baale. Ba ne ba nahana hore ba ka ba rapela ka bobeli—hore ba ka thabisa Baale ka mekete ea bona e nyonyehang ba be ba kōpe mohau ho Jehova Molimo. Mohlomong ba ne ba nahana hore Baale o ne a tla hlohonolofatsa lijalo tsa bona le mehlape ea bona, ’me “Jehova oa mabotho” eena a ba sireletse ntoeng. (1 Samuele 17:45) Ba ne ba lebetse ’nete ea bohlokoa—eo le kajeno ba bangata ba ntseng ba sa e tsebe—e leng hore Jehova ha a arolelane borapeli le mang kapa mang. O batla hore re inehele ho eena a ’notši, ebile seo se mo loketse. Ho hang ha a batle hore re mo rapele re be re rapele lintho tse ling. Seo sea nyonyeha ho eena!—Exoda 20:5.

Kahoo, Baiseraele bao ba ne ba ‘qeaqea’ joaloka motho ea lekang ho tsamaea litseleng tse peli ka nako e le ’ngoe. Kajeno batho ba bangata ba etsa phoso e tšoanang, ba lumella “bo-baale” ba bang hore ba kenelle bophelong ba bona, ebe ha ba sa rapela Molimo! Boipiletso ba Elia ba hore ba khaotse ho qeaqea bo ka re thusa hore re boele re hlahlobe borapeli ba rōna le hore na ke lintho life tse tlang pele bophelong ba rōna.

Teko ea Bohlokoa

Ka mor’a moo Elia o ile a re ho etsoe teko. E ne e le bonolo haholo. Baprista ba Baale ba ne ba lokela ho haha aletare ba be ba behe sehlabelo holim’a eona; ba ntan’o rapela molimo oa bona hore a hotetse mollo. Elia le eena o ne a tla etsa se tšoanang. O ile a re: “Molimo oa ’nete ea arabelang ka mollo ke eena Molimo oa ’nete.” Elia o ne a tseba hantle hore na Molimo oa ’nete ke mang. Tumelo ea hae e ne e le matla hoo a sa kang a tsilatsila hore a re baprofeta bao ba Baale ebe bona ba qalang. O ile a ba fa monyetla ka ho re ba ikhethele poho ea sehlabelo ’me e be bona ba rapelang Baale pele.c—1 Marena 18:24, 25.

Mehleng ea rōna mehlolo ha e sa le eo. Leha ho le joalo, Jehova ha aa fetoha. Re ka mo tšepa joalokaha Elia a ne a mo tšepile. Ka mohlala, ha ba bang ba sa lumellane le seo Bibele e se rutang, ha rea lokela ho tšaba ho ba lumella hore ba bue. Joaloka Elia, re ka kōpa Molimo oa ’nete hore a rarolle khang eo. Re etsa sena ka ho se itšetlehe ka bohlale ba rōna, empa ka ho itšetleha ka Lentsoe la hae le bululetsoeng, le etselitsoeng “ho otlolla lintho.”—2 Timothea 3:16.

Baprofeta ba Baale ba ile ba lokisa sehlabelo sa bona eaba ba hoeletsa molimo oa bona. Ba ile ba hooa ka ho pheta-pheta ba re: “Baale, re arabe!” Ba ile ba etsa sena ka metsotso, ’me metsotso ea fetoha lihora. Bibele e re: “Empa ho ne ho se na lentsoe, ’me ho ne ho se na ea arabang.” Motšehare o moholo Elia o ile a qala ho ba soma, ka ho phoqa a re mohlomong Baale o ne a phathahane hoo a sitoang ho ba araba, a re o ne a le ntloaneng a ithusa, kapa o ne a robetse ’me ho hlokahala hore a tsosoe. Elia o ile a re ho balotsana bao: “Hoeletsang ka mantsoe a phahameng.” Ho hlakile hore o ne a bona hore borapeli ba Baale ke ba bohata e le kannete, ’me o ne a batla hore batho ba Molimo ba iponele bopaki ba seo.—1 Marena 18:26, 27.

Ha ba utloa seo, baprista ba Baale ba ferekana le ho feta, “ba hoeletsa ka mantsoe a phahameng ’me ba itšeha ka lithipa tse sehang ka nģa tse peli le ka marumo ho ea ka tloaelo ea bona, ho fihlela ba entse hore ba tšolohe mali.” Empa ha hoa thusa! “Ho ne ho se na lentsoe, ho ne ho se na ea arabang, ’me ho sa eloe hloko.” (1 Marena 18:28, 29) Ka sebele, Baale o ne a le sieo. E ne e mpa e le ntho feela e qapiloeng ke Satane e le leraba la ho khelosa batho ho Jehova. Le kajeno, ho khetha monghali e mong ntle ho Jehova ho fella ka masoabi, esita le lihlong.—Pesaleme ea 25:3; 115:4-8.

Karabo

Ha le e-ea malikelong, e ile ea e-ba nako ea hore Elia a etse sehlabelo. O ile a lokisa aletare ea Jehova eo ho se nang pelaelo ea hore e ne e qhaqhiloe ke lira tsa borapeli ba ’nete. O ile a sebelisa majoe a 12, mohlomong a hopotsa ba bangata sechabeng seo sa Iseraele sa meloko e leshome hore ba ne ba ntse ba tlameha ho boloka Molao o ileng oa fuoa meloko e 12. Ka mor’a moo o ile a lokisa sehlabelo sa hae eaba o tšela ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka metsi ho fihlela e re tee!, mohlomong e le metsi a tsoang Leoatleng la Mediterranean le neng le le haufi. O bile a cheka foro ho pota-pota aletare ka hohle, ’me le eona a e tlatsa metsi. Feela joalokaha a ile a etsa sohle se neng se ka thusa baprofeta ba Baale, o ile a etsa sohle se neng se ka sitisa Jehova—ho bontša kamoo a neng a tšepile Molimo oa hae kateng.—1 Marena 18:30-35.

Ha tsohle li se li lokile, Elia o ile a rapela. Thapelo ea Elia e ne e hlakile ebile e le bonolo, ’me e bontša hore na o ne a nka lintho life e le tsa bohlokoa. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore o ne a batla hore ho tsebahale hore Jehova, eseng Baale, ke “Molimo Iseraele.” Hape, o ne a batla hore bohle ba tsebe hore eena e ne e le mohlanka oa Jehova; thoriso eohle le tlotla li ne li lokela ho isoa ho Molimo. Qetellong, o ile a bontša hore o ne a ntse a rata sechaba sa habo, etsoe o ne a labalabela ho bona ha Jehova a ‘khutlisa lipelo tsa sona.’ (1 Marena 18:36, 37) Ho sa tsotellehe masisa-pelo ao ba neng ba a bakile ka ho se tšepahale ha bona, Elia o ne a ntse a ba rata. Ha re rapela Molimo, na re ka bontša hore le rōna re amehile ka lebitso la Molimo, re ikokobelitse ’me re qenehela ba bang ba hlokang thuso?

Pele Elia a rapela, mohlomong letšoele le ne le ipotsa hore na ho ne ho tla bonahala Jehova e le molimo oa bohata joaloka Baale. Leha ho le joalo, ka mor’a thapelo eo, ho ne ho se ho sa hlokahale hore le ipotse. Bibele e re: “Eaba mollo oa Jehova oa theoha ’me o chesa nyehelo ea secheso le likotoana tsa patsi le majoe le lerōle, ’me oa nyeka metsi a neng a le ka forong.” (1 Marena 18:38) E bile karabo e hlollang hakaakang! Ebe batho ba ile ba ikutloa joang?

Kaofela ha bona ba ile ba hooa ba re: “Jehova ke Molimo oa ’nete! Jehova ke Molimo oa ’nete!” (1 Marena 18:39) Qetellong ba ile ba bona seo e leng ’nete. Empa ba ne ba ntse ba e-s’o bontše tumelo. Ha e le hantle, ho lumela hore Jehova ke Molimo oa ’nete ka mor’a ho bona mollo o theoha leholimong ka mor’a thapelo, ha ho bontše hakaalo hore motho o na le tumelo. Kahoo, Elia o ile a batla hore ba bontše tumelo ka tsela e ’ngoe hape. O ile a re ba etse seo ba neng ba lokela hore ebe ba se entse lilemong tse ngata tse fetileng—e leng ho boloka Molao oa Jehova. Molao oa Molimo o ne o re baprofeta ba bohata le barapeli ba litšoantšo ba bolaoe. (Deuteronoma 13:5-9) Baprista bao ba Baale e ne e le lira tse khōlō tsa Jehova Molimo tse neng li hanyetsa merero ea hae ka boomo. Na li ne li lokela ho hauheloa? Na bana ba se nang molato ba ileng ba chesoa ba ntse ba phela e le mahlabelo a Baale ba ile ba hauheloa? (Liproverbia 21:13; Jeremia 19:5) Che, banna bao ba ne ba se ba ke ke ba hlola ba hauheloa. Kahoo, Elia o ile a laela hore ba bolaoe, ’me ba ile ba fela ba bolaoa.—1 Marena 18:40.

Bahlahlobisisi ba bang ba kajeno ba nyatsa tsela eo teko ena ea Thabeng ea Karmele e ileng ea fella ka eona. Ba bang ba ka ’na ba tšoha hore batho ba chesehelang bolumeli ka ho feteletseng ba tla e sebelisa ho emela liketso tsa bona tse mabifi ha ba sa mamelle malumeli a mang. ’Me ho soabisang ke hore kajeno ho na le batho ba bangata ba mabifi ba chesehelang bolumeli ka ho feteletseng. Leha ho le joalo, Elia o ne a sa chesehele bolumeli ka ho feteletseng. O ne a phethahatsa kahlolo e lokileng ea Jehova. Ntle ho moo, Bakreste ba ’nete baa tseba hore ba ke ke ba etsisa Elia eaba le bona ba se ba bolaea ba khopo. Ka mor’a hore Mesia a tle, molao o sebetsang ho barutuoa ba Jesu o fumanoa mantsoeng ao Kreste a ileng a a bolella Petrose, a reng: “Khutlisetsa sabole ea hao sebakeng sa eona, kaha bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.” (Matheu 26:52) Jehova o tla sebelisa Mora oa hae ho phethahatsa toka ea Hae nakong e tlang.

Boikarabelo ba Mokreste oa ’nete ke ho phela bophelo bo bontšang hore o na le tumelo. (Johanne 3:16) Tsela e ’ngoe ea ho etsa sena ke ka ho etsisa banna ba tšepahalang ba kang Elia. O ile a rapela Jehova a ’notši a ba a khothalletsa ba bang ho etsa joalo. Ka sebete o ile a pepesa bolumeli ba bolotsana boo Satane a neng a bo sebelisa e le leraba ho khelosa batho ho Jehova. Hape o ile a tšepa hore Jehova o tla lokisa litaba ho e-na le ho tšepa matla a hae le thato ea hae. Ka sebele, Elia o ile a emela borapeli ba ’nete. E se eka e mong le e mong oa rōna a ka bontša tumelo e tšoanang le ea hae!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ha u batla ho tseba tse ling tsa lintho tse ileng tsa etsahala pakeng tsa Elia le Akabe, bona sehlooho se reng “Na U na le Tumelo e Kang ea Elia?” Molula-Qhooeng oa April 1, 1992.

b Ka ho tloaelehileng Karmele ea tlokoma e talana, kahobane ha meea e mongobo e tsoang leoatleng e ntse e nyoloha matsoapong a eona, pula e atisa ho na ’me ho ba le phoka e ngata. Kahobane ho ne ho thoe Baale ke eena ea tlisang pula, ho totobetse hore thaba ena e ne e le sebaka sa bohlokoa ho barapeli ba Baale. Kahoo, thaba ea Karmele eo ho eona letsatsi le baletseng e ne e le sebaka se setle sa ho pepesa borapeli ba Baale hore ke ba bohata.

c Elia o ile a re ho bona: “Le se ke la . . . hotetsa” sehlabelo. Litsebi tse ling li bolela hore ka linako tse ling barapeli ba joalo ba litšoantšo ba ne ba sebelisa lialetare tse nang le mokoti o patehileng ka fatše ho tle ho bonahale eka mollo o hotelitsoe ka tsela ea mohlolo.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 20]

Ho khetha monghali e mong ntle ho Jehova ho fella ka masoabi

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

“Jehova ke Molimo oa ’nete!”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela