“U Lule U Lebetse Bosebeletsi Boo U Ileng Ua bo Amohela Moreneng”
“U lule u lebetse bosebeletsi boo u ileng ua bo amohela Moreneng, hore u bo phethahatse.”—BAKOL. 4:17.
1, 2. Ke boikarabelo bofe boo Bakreste ba nang le bona ka batho?
RE NA le boikarabelo bo boholo ka batho ba phelang tikolohong ea rōna. Liqeto tseo ba li etsang hona joale li tla bolela lefu kapa bophelo “matšoenyehong a maholo.” (Tšen. 7:14) Mongoli ea bululetsoeng oa buka ea Liproverbia o itse: “Lopolla ba isoang lefung; ’me e se eka u ka thiba ba thekesellang polaong.” Ka sebele mantsoe ao ke a bohlokoa! Ho hlōleha ho lemosa batho ka seo ba lokelang ho se khetha ho ka etsa hore re be le molato oa mali. Ha e le hantle, temana eona eo e tsoela pele: “Haeba u ka re: ‘Bonang! Re ne re sa tsebe sena,’ na ea lekanyang lipelo a ke ke a ho lemoha, ’me ea hlokomelang moea oa hao a tsebe ’me ka sebele a buseletse motho oa lefatše ho ea ka mosebetsi oa hae?” Ho hlakile hore bahlanka ba Jehova ba ke ke ba re ha ba “tsebe” kotsi e ka ’nang ea hlahela batho.—Liprov. 24:11, 12.
2 Bophelo ke ba bohlokoa ho Jehova. O khothalletsa bahlanka ba hae hore ba etse matsapa ’ohle ho pholosa bophelo ba batho ba bangata kamoo ba ka khonang. Mosebeletsi e mong le e mong oa Molimo o lokela ho bolella ba bang molaetsa o pholosang bophelo o fumanoang Lentsoeng la Molimo. Mosebetsi oa rōna o tšoana le oa molebeli ea fanang ka temoso ha a bona kotsi e ka ’nang ea hlaha. Ha re batle hore mali a batho ba kotsing ea ho timetsoa a be holim’a lihlooho tsa rōna. (Ezek. 33:1-7) Ka lebaka leo, ke habohlokoa hakaakang hore re phehelle boitekong ba rōna ba ho ‘bolela lentsoe’!—Bala 2 Timothea 4:1, 2, 5.
3. Sehlooho see le lihlooho tse peli tse latelang li tla tšohla litaba life?
3 Sehlooho sena se tla tšohla kamoo u ka hlōlang litšitiso kateng mosebetsing oa hao oa ho pholosa bophelo le kamoo u ka thusang batho ba bangata kateng. Sehlooho se latelang se tla bua ka hore na u ka ba le tsebo ea ho ruta linnete tsa bohlokoa joang. Sehlooho sa boraro se ithutoang se tla bua ka litholoana tse molemo tseo baboleli ba ’Muso ba li fumanang lefatšeng ka bophara. Leha ho le joalo, pele re tšohla se fuperoeng ke lihlooho tsena, ho ka ba molemo hore re hlahlobe mabaka a mang a hore na ke hobane’ng ha mehla ea rōna e le e mahlonoko hakana.
Ke Hobane’ng ha Batho ba Bangata ba se na Tšepo?
4, 5. Batho ba hlaheloa ke eng, ’me ka lebaka leo ba etsa’ng?
4 Liketsahalo tsa lefatše li bontša hore re phela ‘qetellong ea tsamaiso ea lintho’ le hore bofelo bo haufi haholo. Batho ba hlaheloa ke liketsahalo le maemo ao Jesu le barutuoa ba hae ba itseng li ne li tla etsahala “matsatsing a ho qetela.” Batho ba hlopshoa ke “bohloko ba mahlomola,” ho akarelletsa lintoa, likhaello tsa lijo, litšisinyeho tsa lefatše le litlokotsi tse ling. Ho hloka molao, boithati le maikutlo a ho se tšabe Molimo li atile. Esita le ho batho ba lekang ho latela melao ea Bibele, tsena ke “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.”—Mat. 24:3, 6-8, 12; 2 Tim. 3:1-5.
5 Leha ho le joalo, boholo ba batho ha bo hlokomele hore na liketsahalo tsa lefatše li hlile li bolela eng. Ka lebaka leo, ba bangata ba tšoenyehile ka tšireletseho ea bona le ea malapa a bona. Batho ba bangata ba utloisoa bohloko ke ho shoeloa ke baratuoa ba bona kapa litsietsi tse ba hlahelang. Ka lebaka la ho hloka tsebo e nepahetseng ea hore na ke hobane’ng ha lintho tseo li etsahala le hore na tharollo e tla tsoa hokae, batho bana ha ba na tšepo.—Baef. 2:12.
6. Ke hobane’ng ha “Babylona e Moholo” e hlōtsoe ho thusa balateli ba eona?
6 “Babylona e Moholo,” e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, ha ea tlisetsa batho matšeliso. Ho fapana le hoo, ka lebaka la ‘veine ea bohlola ba eona,’ e entse hore batho ba bangata ba thekesele litabeng tsa moea. Ho feta moo, ka ho itšoara joaloka seotsoa, bolumeli ba bohata bo thetsitse ebile bo laotse “marena a lefatše,” ka lithuto tsa bohata le ka liketso tsa ho sebelisana le meea e le hore matšoele a batho a tsoele pele a sebeletsa mebuso ea ’ona e le bahlanka ba se nang lentsoe. Kahoo, bolumeli ba bohata bo fumane matla bo bile bo susumetsa batho, empa ka nako e tšoanang bo lahlile ’nete ea bolumeli ka ho feletseng.—Tšen. 17:1, 2, 5; 18:23.
7. Batho ba bangata ba letetsoe ke eng, empa ba bang ba ka thusoa joang?
7 Jesu o rutile hore batho ba bangata ba tsamaea tseleng e pharaletseng e isang timetsong. (Mat. 7:13, 14) Batho ba bang ba tseleng eo e pharaletseng hobane ka boomo ba ikhethetse ho hana seo Bibele e se rutang, empa ba bang ba bangata ba tseleng eo hobane ba thetsitsoe, kapa hobane ba tlohetsoe ba le lefifing mabapi le hore na Jehova o hlile o batla hore ba etse eng. Mohlomong ba bang ba ne ba tla fetola tsela eo ba phelang ka eona haeba ba ne ba boleletsoe mabaka a utloahalang a Mangolo a hore ba etse joalo. Empa ba ntseng ba lutse Babylona e Moholo le ba tsoelang pele ho hana melao ea Bibele ba ke ke ba pholosoa “matšoenyehong a maholo.”—Tšen. 7:14.
Tsoelang Pele le Bolela le “sa Khaotse”
8, 9. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba etsa’ng ha ba ne ba hanyetsoa, hona hobane’ng?
8 Jesu o itse barutuoa ba hae ba ne ba tla bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ba be ba etse barutuoa. (Mat. 28:19, 20) Ka lebaka leo, kamehla maikutlo a Bakreste ba ’nete e ’nile ea e-ba hore ho etsa mosebetsi oa ho bolela ho bontša hore ba tšepahala ho Molimo ebile mosebetsi oo ke oa bohlokoa tumelong ea bona. Kahoo, balateli ba pele ba Jesu ba ile ba phehella ho bolela esita leha ba ne ba hanyetsoa. Ba ile ba itšetleha ka Jehova hore a ba fe matla, ba rapela hore a ba thuse ho tsoela pele ba ‘bolela lentsoe la hae ka sebete sohle.’ Jehova o ile a ba tšehetsa ka ho ba tlatsa ka moea o halalelang ’me ba ile ba bolela lentsoe la Molimo ka sebete.—Lik. 4:18, 29, 31.
9 Na balateli ba Jesu ba ile ba thekesela boikemisetsong ba bona ba ho bolela litaba tse molemo ha ba ne ba hanyetsoa ka mabifi? Che. Ba halefisitsoe ke ho bolela ha baapostola, baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ile ba tšoara baapostola, ba ba tšosa eaba baa ba shapa. Leha ho le joalo, baapostola ba ile “ba tsoela pele ba sa khaotse ho ruta le ho bolela litaba tse molemo mabapi le Kreste, Jesu.” Ba ile ba utloisisa ka ho hlaka hore ba ne ba lokela ho “mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Lik. 5:28, 29, 40-42.
10. Ke mathata afe ao Bakreste ba thulanang le ’ona kajeno, leha ho le joalo boitšoaro ba bona bo botle bo ka ’na ba hlahisa litholoana life?
10 Boholo ba bahlanka ba Molimo kajeno ha bo e-s’o mamelle ho otloa kapa ho kenngoa chankaneng ka lebaka la mosebetsi oa bona oa ho bolela. Leha ho le joalo, Bakreste bohle ba ’nete ba thulana le liteko le mathata a itseng. Ka mohlala, letsoalo la hao le koetlisitsoeng ke Bibele, le ka u susumelletsa hore u itšoare ka tsela e itseng e sa tloaelehang kapa e u khethollang ho batho ba bang. Basebetsi-’moho le uena, bao u kenang sekolo le bona, kapa baahelani ba ka ’na ba nahana hore u motho ea makatsang hobane ha u etsa liqeto u itšetleha ka melao-motheo ea Bibele. Leha ho le joalo, ha ua lokela ho nyahamisoa ke maikutlo ao a bona a seng matle. Lefatše le lefifing la moea, empa Bakreste ba lokela ho ‘khanya e le maseli.’ (Bafil. 2:15) Mohlomong batho ba bang ba tšepahalang ba ntseng ba u shebile ba tla bona mesebetsi ea hao e metle ’me ba tla e ananela ba be ba tlotlise Jehova ka lebaka la eona.—Bala Matheu 5:16.
11. (a) Batho ba bang ba ka ’na ba etsa’ng ha ba bolelloa litaba tse molemo? (b) Moapostola Pauluse o ile a thulana le khanyetso efe, ’me o ile a etsa’ng?
11 Ho hlokahala sebete hore re tsoele pele re bolela molaetsa oa ’Muso. Batho ba bang, esita le beng ka uena, ba ka ’na ba u soma kapa ba leka ho u nyahamisa ka tsela e itseng. (Mat. 10:36) Moapostola Pauluse o ile a otloa ka makhetlo a ’maloa ka lebaka la mosebetsi oa boboleli oo a neng a o etsa ka botšepehi. Hlokomela hore na o ile a etsa’ng ha a ne a hanyetsoa joalo: ‘Ka mor’a hore pele re utloe bohloko le ho nyelisoa, re ile ra iteta sebete ka Molimo oa rōna ho le bolella litaba tse molemo tsa Molimo ka ntoa e khōlō.’ (1 Bathes. 2:2) Ka sebele ho ne ho hlokahala hore Pauluse a be sebete e le hore a tsoele pele a bolela litaba tse molemo ka mor’a hore a tšoaroe, a hlobolisoe liaparo, a otloe ka melamu a be a lahleloe chankaneng. (Lik. 16:19-24) Ke eng e ileng ea mo fa sebete sa hore a tsoele pele? Ke takatso ea hae e matla ea ho phetha mosebetsi oa ho bolela oo Molimo a neng a mo file oona.—1 Bakor. 9:16.
12, 13. Ke mathata afe ao ba bang ba thulanang le ’ona, hona ba entse boiteko bofe ho a hlōla?
12 Ho boetse ho ka ba thata hore re lule re cheseha libakeng tseo re fumanang batho ka seoelo malapeng kapa moo batho ba bangata ba sa batleng molaetsa oa ’Muso. Re ka etsa’ng maemong a joalo? Ho ka ’na ha hlokahala hore re be sebete haholo e le hore re bue le batho maemong a sa reroang. Ho ka ’na ha boela ha hlokahala hore re fetole kemiso ea rōna kapa re sebetse haholo libakeng tseo re ka buang le batho ba bangata ho tsona.—Bapisa le Johanne 4:7-15; Liketso 16:13; 17:17.
13 Mathata a mang ao ba bangata ba tobanang le ’ona ke botsofali le ho fokolloa ke bophelo, e leng lintho tse ka ’nang tsa fokotsa seo ba neng ba ka ’na ba se etsa mosebetsing oa boboleli. Haeba u boemong bo joalo, u se ke ua nyahama. Jehova o tseba mathata a hao ’me o ananela seo u khonang ho se etsa. (Bala 2 Bakorinthe 8:12.) Ho sa tsotellehe hore na u thulana le bothata ba mofuta ofe—ebang ke khanyetso, ho iphapanya, kapa ho fokolloa ke bophelo—etsa sohle seo u ka se khonang tlas’a maemo ao ho bolella ba bang litaba tse molemo.—Liprov. 3:27; bapisa le Mareka 12:41-44.
‘U Lule U Lebetse Bosebeletsi ba Hao’
14. Moapostola Pauluse o ile a behela Bakreste-’moho le eena mohlala ofe, ’me o ile a fana ka keletso efe?
14 Mosebetsi oa boboleli e ne e le oa bohlokoa haholo ho moapostola Pauluse ’me o ile a khothalletsa balumeli-’moho le eena hore ba be le boikutlo bo tšoanang ka oona. (Lik. 20:20, 21; 1 Bakor. 11:1) Motho e mong eo Pauluse a ileng a mo khothatsa ka ho khetheha ke Mokreste oa lekholong la pele la lilemo ea bitsoang Arkipase. Ha Pauluse a ne a ngolla Bakolose, o ile a re: “U bolelle Arkipase: ‘U lule u lebetse bosebeletsi boo u ileng ua bo amohela Moreneng, hore u bo phethahatse.’” (Bakol. 4:17) Ha re tsebe hore na Arkipase e ne e le mang kapa hore na maemo a hae e ne e le afe, empa kamoo ho bonahalang kateng o ne a amohetse bosebeletsi. Haeba u Mokreste ea inehetseng, le uena u amohetse bosebeletsi. Na u lula u lebetse bosebeletsi e le hore u bo phethahatse?
15. Boinehelo ba Bokreste bo akarelletsa eng, ’me seo se hlahisa lipotso life?
15 Pele re kolobetsoa, re ile ra nehela bophelo ba rōna ho Jehova ka thapelo e tlohang botebong ba pelo. Sena se ne se bolela hore re ne re ikemiselitse ho etsa thato ea hae. Kahoo, hona joale re lokela ho ipotsa, ‘Na ho etsa thato ea Molimo ehlile ke eona ntho ea bohlokoahali bophelong ba ka?’ E ka ’na eaba re na le boikarabelo bo sa tšoaneng boo Jehova a lebeletseng hore re bo phethe—bo kang ba ho hlokomela malapa a rōna. (1 Tim. 5:8) Empa nako e ’ngoe ea rōna le matla re li sebelisetsa eng? Ntho e tlang pele bophelong ba rōna ke efe?—Bala 2 Bakorinthe 5:14, 15.
16, 17. Ke menyetla efe eo Bakreste ba bacha kapa ba se nang boikarabelo bo bongata ba ka ’nang ba nahana ka eona?
16 Na u mocha oa Mokreste ea seng a inehetse ’me a qetile kapa a le haufi le ho qeta thuto ea motheo ea sekolo? Ho ka etsahala hore ebe ha u e-s’o be le boikarabelo bo boima ba lelapa. Kahoo, u ikemiselitse ho etsa’ng ka bophelo ba hao? Ke liqeto life tse tla u thusa hore u fele u phethahatse tšepiso ea hao ea ho etsa thato ea Jehova? Ba bangata ba hlophisitse litaba tsa bona e le hore e ka ba bo-pula-maliboho, ’me ka ho etsa joalo ba fumane thabo e khōlō ba bile ba khotsofetse.—Pes. 110:3; Moek. 12:1.
17 Mohlomong u mocha ea seng a tiile. Ua sebetsa empa ha u na boikarabelo bo bongata haese feela hore u itlhokomele. Ha ho pelaelo hore u thabela ho etsa mesebetsi ea phutheho ha maemo a hao a lumela. Na mohlomong u ka thaba le ho feta moo? Na u kile ua nahana ka ho eketsa tšebeletso ea hao? (Pes. 34:8; Liprov. 10:22) Libakeng tse ling, ho sa na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa e le hore ho finyelloe motho e mong le e mong ka molaetsa oa ’nete o fanang ka bophelo. Na u ka fetola tsela eo u phelang ka eona, e le hore mohlomong u ka sebeletsa sebakeng se hlokang baboleli ba ’Muso haholo?—Bala 1 Timothea 6:6-8.
18. Banyalani ba bang ba bacha ba ile ba etsa liphetoho life, ’me seo se ile sa hlahisa litholoana life?
18 Nahana ka mohlala oa Kevin le Elena, ba United States.a Joalokaha e le ntho e tloaelehileng sebakeng sa habo bona ho batho ba bacha ba sa tsoa nyalana, ba ne ba ikutloa eka ba tlamehile ho reka ntlo. Bobeli ba bona ba ne ba sebetsa ka nako eohle ’me ba ne ba ka phela hamonate. Leha ho le joalo, kemiso ea bona ea mosebetsing le mesebetsi ea bona ea lelapa li ne li sa ba fe nako e lekaneng ea tšebeletso ea tšimo. Ba ile ba hlokomela hore ba ne ba qeta hoo e ka bang nako eohle ea bona le matla ba shebane le lintho tseo ba nang le tsona. Leha ho le joalo, ha Kevin le Elena ba hlokomela hore lelapa le leng la bo-pula-maliboho le ne le phela ka mokhoa o itekanetseng le bile le thabile, ba ile ba etsa qeto ea ho fetola lintho tse tlang pele bophelong ba bona. Ka mor’a hore ba kōpe Jehova ka thapelo hore a ba thuse, ba ile ba rekisa ntlo ea bona eaba ba il’o lula foleteng. Elena o ile a fokotsa lihora tseo a neng a li sebetsa mosebetsing eaba o nka bopula-maliboho. Ha Kevin a utloa liphihlelo tse monate tseo mosali oa hae a neng a e-ba le tsona tšebeletsong, o ile a tlohela mosebetsi oa hae oa nako eohle eaba o nka bopula-maliboho. Hamorao, ba ile ba fallela naheng e ’ngoe ea Amerika Boroa ho ea sebetsa moo baboleli ba ’Muso ba hlokoang ka bongata. Kevin o re: “Re ne re thabile kamehla lenyalong la rōna, empa eitse ha re sebeletsa ho eketsa tšebeletso eo re e etsetsang Molimo, thabo ea rōna e ile ea e-hloa mekoalaba.”—Bala Matheu 6:19-22.
19, 20. Ke hobane’ng ha mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo e le oona oa bohlokoa ka ho fetisisa kajeno?
19 Mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa o etsoang lefatšeng kajeno ke oa ho bolela litaba tse molemo. (Tšen. 14:6, 7) O thusa hore lebitso la Jehova le halaletsoe. (Mat. 6:9) Molaetsa oa Bibele o ntlafatsa bophelo ba batho ba likete ba o amohelang selemo le selemo, ’me sena se ka etsa hore ba bolokehe. Leha ho le joalo, moapostola Pauluse o ile a botsa: “Ba tla utloa joang ha ho se ea bolelang?” (Bar. 10:14, 15) E, ruri ba tla utloa joang? Ke hobane’ng ha u sa ikitlaelletse ho etsa sohle seo u ka se khonang e le hore u phethahatse tšebeletso ea hao?
20 Tsela e ’ngoe eo ka eona u ka thusang batho ho utloisisa hore na linako tsena tse mahlonoko li bohlokoa hakae le hore na liqeto tseo ba li etsang li tla ba hlahisetsa litholoana life ke ka ho ntlafatsa tsebo ea hao ea ho ruta. Sehloohong se latelang ho tla tšohloa hore na u ka etsa sena joang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a fetotsoe.
U ka Araba Joang?
• Bakreste ba na le boikarabelo bofe ka batho?
• Re lokela ho hlōla litšitiso joang mosebetsing oa rōna oa ho bolela?
• Re ka phethahatsa bosebeletsi boo re bo amohetseng joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Ho hlokahala sebete hore re bolele ha re thulana le khanyetso
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
U ka etsa’ng haeba u bolela libakeng tseo batho ba fumanoang seoelo malapeng?