Atamela ho Molimo
Molisa ea Tsotellang
‘NA MOLIMO oa ntsotella?’ Haeba u kile ua ipotsa potso eo, ha u mong. Boholo ba rōna re kile ra ba le mathata, ’me ka linako tse ling re ka ’na ra ipotsa hore na ’Mōpi oa lintho tsohle oa re tsotella kapa che. Ho hlokahala hore re tsebe hore na Jehova Molimo oa re tsotella re le batho ka bomong. Jesu, e leng eena ea tsebang Jehova hantle, ha a le lefatšeng o ile a etsa papiso e re thusang ho fumana karabo e khothatsang.
Ha Jesu a sebelisa bophelo ba molisa papisong ea hae, o itse: “Haeba motho ea itseng a e-ba le linku tse lekholo ’me e ’ngoe ea tsona e hlahlathela, na a ke ke a tlohela tse mashome a robong a metso e robong lithabeng ’me a tsoe ho ea batla e hlahlathelang? Haeba ho etsahala hore a e fumane, ka sebele kea le bolella, o e thabela haholo ho feta tse mashome a robong a metso e robong tse sa hlahlathelang. Ka ho tšoanang hase ntho e lakatsehang ho Ntate ea leholimong hore e mong oa ba banyenyane bana a timele.” (Matheu 18:12-14) A re boneng kamoo Jesu mona a hlalosang kameho e mofuthu ea Jehova bakeng sa morapeli e mong le e mong oa Hae.
Molisa o ne a ikutloa a tlameha ho hlokomela nku e ’ngoe le e ’ngoe. Haeba nku e kheloha, o ne a tla tseba hore na ke efe e sieo. O ne a tseba nku ka ’ngoe ka lebitso leo a e rehileng lona. (Johanne 10:3) Molisa ea tsotellang o ne a ke ke a phomola ho fihlela nku e khelohileng e khutlela mohlapeng. Ka hore a tsoe a e’o batla nku e khelohileng, o ne a tla be a sa behe tse 99 kotsing. Hangata balisa ba ne ba lula hammoho, ba fulisa mehlape ea bona hammoho.a Ka hona, molisa ea neng a il’o batla nku e lahlehileng o ne a ka siea tse ling ka nakoana li ntse li hlokometsoe ke balisa ba bang. Molisa o ne a tla thaba ha a fumana nku e lahlehileng e sa tsoa kotsi. O ne a tla jara nku ena e tšohileng, a e khutlisetse mohlapeng moo e neng e tla sireletseha.—Luka 15:5, 6.
Ha Jesu a hlalosa papiso ena o ile a re Molimo ha a batle ha “e mong oa ba banyenyane bana a [timela].” Pelenyana, Jesu o ne a ile a lemosa barutuoa ba hae hore ba se ke ba khopisa “e mong oa ba banyenyane bana ba behang tumelo ho [eena].” (Matheu 18:6) Joale, papiso ea Jesu e re ruta eng ka Jehova? Ke Molisa ea tsotellang nku e ’ngoe le e ’ngoe ea hae haholo, ho akarelletsa le “ba banyenyane”—bao ho batho ba ka ’nang ba bonahala e se ba bohlokoa hakaalo. Ka sebele, mahlong a Molimo morapeli e mong le e mong oa hae oa ikhetha ebile ke oa bohlokoa.
Haeba u lakatsa ho kholiseha hore u motho oa bohlokoa ho Molimo, u lokela ho ithuta ka ho eketsehileng ka Molisa e Moholo, Jehova Molimo, le kamoo u ka atamelang ho eena. Ka ho etsa joalo, u ka ’na ua kholiseha joaloka moapostola Petrose, eo ho se nang pelaelo ea hore o ile a utloa ha Jesu a pheta papiso ea nku e lahlehileng. Hamorao Petrose o ile a re: “[Lahlelang] matšoenyeho ’ohle a lōna ho [Molimo], hobane oa le tsotella.”—1 Petrose 5:7.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho ne ho se thata ho arola mehlape kaha nku e ’ngoe le e ’ngoe e ne e latela molisa oa eona ha e utloa tsela e khethehileng eo a neng a e bitsa ka eona.—Johanne 10:4.