Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 3/1 leq. 11
  • Batho ba Hlasetsoeng ka Mabifi Baa Sireletsoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batho ba Hlasetsoeng ka Mabifi Baa Sireletsoa
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlhōlo Lekhotleng la Europe la Litokelo Tsa Botho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Ho Loanela Bolokolohi ba Borapeli
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • ‘Ho Sireletsa le ho Theha Litaba tse Molemo ka Molao’
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Baboleli ba ’Muso ba Isa Linyeoe Tsa Bona Khotla
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 3/1 leq. 11

Batho ba Hlasetsoeng ka Mabifi Baa Sireletsoa

KA LA 3 May, 2007, Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho le Strasbourg, Fora, le ile la e-ba ntsoe-leng ha le phatlalatsa qeto e emelang Lipaki Tsa Jehova Rephabliking ea Georgia. Lekhotla lena le ile la fumana hore Lipaki li ne li tšoeroe ka sehlōhō ’me tokelo ea tsona ea ho rapela ka bolokolohi e hataketsoe. Hape Lekhotla le ile la nyatsa ’muso oa nakong e fetileng oa Georgia ha o sa ka oa ahlola ba neng ba tlōtse molao. Ho tlile joang hore Lekhotla le etse qeto ee?

Ka la 17 October, 1999, litho tse ka bang 120 tsa Phutheho ea Lipaki Tsa Jehova ea Gldani e motse-moholo Tbilisi, li ne li kopane ka khotso tšebeletsong ea borapeli. Mokhopi oa be o se o kena ka likhoka o etelletsoe pele ke Vasili Mkalavishvili, eo e kileng ea e-ba moruti oa Orthodox empa a se a tlositsoe boruting. Mokhopi oo o ne o nkile melamu le lifapano tsa tšepe eaba o hlasela Lipaki tseo, ’me oa ntša ba bangata likotsi, ’me ba bang ba tsoa likotsi tse mpe. Mosali e mong o ile a holofala leihlo ka lebaka la tlhaselo ena. Bonyane batho ba 16 ba ile ba tlameha ho okoa. Ha Lipaki tse ling li e-ea sepoleseng ho ea kōpa thuso, mookameli oa mapolesa o ile a re eena a ka be a ba shapile le ho feta! Motho e mong har’a mokhopi oo o ile a nka setšoantšo sa tlhaselo ena ka video, hamorao ea bontšoa lithelevisheneng, ’me ha totobala hore na ke bo-mang ba neng ba hlasetse Lipaki.a

Lipaki tse hlasetsoeng li ile tsa tlaleha seo mapoleseng, empa bahlaseli ba tsona ha baa ka ba nkeloa khato. Lefokisi le neng le lokela ho sebetsa taba ena le ile la re ke Moorthodox ’me le tla sitoa ho e sebetsa le se na leeme. Ho se nke khato ha ba boholong ho ile ha betefatsa bahlaseli bao hore ba hlasele Lipaki ka makhetlo a mang a fetang lekholo.

Kahoo, ka la 29 June, 2001, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa ipiletsa Lekhotleng la Europe la Litokelo Tsa Botho. b Lekhotla leo le ile la liha kahlolo ka la 3 May, 2007, ’me la hlalosa ka ho hlaka kamoo Lipaki li ileng tsa hlaseloa kateng la ba la nyatsa ba boholong ’Musong ha ba sa ka ba nkela ketso eo bohato. Lekhotla le ile la re: “Ba boholong . . . ba ne ba tlameha ho nka bohato hang-hang, ’me ba batlisise hore na seo ba se boleletsoeng ke ’nete kapa che.” Qetong ea Lekhotla ho ile ha thoe: “Hore ebe ba boholong ha baa ka ba nkela liketso tse joalo khato ho etsa hore sechaba se felloe ke tšepo boikarabelong ba ’Muso ba ho tiisa hore ho ba le toka le hore molao oa bolokoa.”

Lekhotla leo le ile la etsa qeto e reng: “Kaha ho hlasela baqosi ka la 17 October 1999 e ne e le ketso ea pele ea tlhaselo e khōlō ho Lipaki Tsa Jehova, hore ebe ba boholong ba ile ba iphapanyetsa ketso eo ho ile ha etsa hore bahlaseli bao ba betefale ho tsoela pele ka litlhaselo tsena Georgia eohle.”

Ka ho loketseng, batho ba hlasetsoeng ka mabifi ba ile ba sireletsoa, ’me ’muso oa Georgia oa laeloa hore o lefe litho tsa Phutheho ea Gldani litšenyehelo. Le hoja Lipaki Tsa Jehova tsa Georgia li thabisitsoe ke hore ho hlaseloa ha tsona ho batla ho ile moriting, li thabela hore ebe qeto ea Lekhotla e sirelelitse tokelo ea tsona ea ho kopana bakeng sa ho rapela ka khotso. Li leboha Jehova Molimo, Ntate oa tsona ea leholimong haholo, ea ileng a li tataisa le ho li sireletsa ka nako ena eohle.—Pesaleme ea 23:4.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a U ka fumana lintlha tse eketsehileng makasineng ea Awake! ea January 22, 2002, leqepheng la 18-24, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

b Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho ke lekala la Lekhotla la Europe ’me le etsa qeto moo ho tlōtsoeng melao ea Lekhotla la Europe la Tšireletso ea Litokelo Tsa Botho le Tokoloho ea Motheo. Georgia e ile ea e-ba setho sa lekhotla leo ka la 20 May, 1999, ’me ea itlama hore e tla etsa seo le se batlang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela