Ho ba e Mong oa Bana ba Molimo
LILEMO tse ka bang 30 ka mor’a Ntoa ea Korea, Lekhotla la Khaso la Korea le ile la hlophisa letšolo la ho thusa batho hore ba fumane ba malapa a bona ba nyametseng nakong ea ntoa. Liphello tsa see e bile life? Batho ba fetang 11 000 ba ile ba boelanngoa le baratuoa ba bona—likeleli tsa keleketla, ba lla, ba hakana, ba etsa le lintho tse ling tse joalo. Korea Times e ile ea re: “Ha ho mohla Makorea a kileng a ntša meokho e mengata hakana ea thabo joalokaha eka ke ntho eo ba e rerileng.”
Naheng ea Brazil, ho ile ha lefuoa molato ka Cézar e sa le lesea. Lilemo tse ka bang leshome hamorao, ha a fumana ’mè oa hae ea mo tsoetseng o ile a thaba hoo a ileng a siea lelapa le ruileng le mo hōlisitseng a ea lula le eena.
Litho tsa lelapa li thaba hakaakang ha li boela li kopana ka mor’a ho arohana kapa ho lahlehelana! Bibele e hlalosa kamoo batho ba ileng ba arohanngoa ka sehlōhō le lelapa la Molimo. E boetse e re bolella hore hona joale ka thabo ba boela ho eena. Ho tlile joang hore see se etsahale? U ka ba le thabo eo joang?
Se Entseng Hore Lelapa la Molimo le Arohane
Mopesaleme ha a bua ka Jehova Molimo, ’Mōpi, o ile a re: “Mohloli oa bophelo o ho uena.” (Pesaleme ea 36:9) Jehova ke Ntate oa lelapa le leholo le leholimong le lefatšeng la litho tse tšepahalang. Bana ba hae ba leholimong ke ba moea, e leng mangeloi, ’me ba lefatšeng ke batho ba nama.
Ha Adama, motho eo e neng e le mora oa Molimo oa letsibolo a mo fetohela, joalokaha ho boletsoe sehloohong se fetileng, moloko oa batho o ile oa arohanngoa ka sehlōhō le Ntate le ’Mōpi oa oona ea lerato. (Luka 3:38) Lebaka ke hore ha Adama e e-ba lerabele o ile a itšenyeletsa a ba a senyeletsa le bana ba hae ba e-s’o hlahe hore ba be le monyetla oa ho ba bana ba Molimo. Ka mohlanka oa hae Moshe, Molimo o ile a hlalosa liphello tsa se ileng sa etsahala, a re: “Ba entse ka mokhoa o senyang; hase bana ba [Molimo], sekoli ke sa bona.” “Sekoli,” kapa boetsalibe, se ile sa arola batho ho Molimo, ea halalelang le ea se nang sekoli ho hang. (Deuteronoma 32:4, 5; Esaia 6:3) Kahoo, ka tsela e itseng moloko oa batho o ile oa lahleha, oa hloka ntate.—Baefese 2:12.
Ho totobatsa kamoo moloko oa batho o arohileng kateng ho Molimo, Bibele e re ba seng lelapeng la Molimo ke “lira.” (Baroma 5:8, 10) Kaha moloko oa batho o arohile ho Molimo, o bile mahlomoleng tlas’a puso e thata ea Satane le lefu le bakoang ke ho futsa sebe le sekoli. (Baroma 5:12; 1 Johanne 5:19) Na batho ba baetsalibe e ka ba litho tsa lelapa la Molimo? Na batho ba nang le sekoli e ka ba bana ba Molimo ka ho feletseng, joaloka Adama le Eva pele ba etsa sebe?
Ho Bokella Bana ba Arohileng ho Molimo
Ka lerato Jehova o ile a lokisetsa hore batho ba mo ratang ba baetsalibe ba rue molemo. (1 Bakorinthe 2:9) Moapostola Pauluse o re: “Molimo ka Kreste o ne a boelanya lefatše le eena, a sa ba balle litšito tsa bona.” (2 Bakorinthe 5:19) Joalokaha ho hlalositsoe sehloohong se fetileng, Jehova Molimo o ile a fana ka Jesu Kreste e le thekollo ea libe tsa rōna. (Matheu 20:28; Johanne 3:16) Ka kananelo, moapostola Johanne o ile a re: “Bonang hore na ke lerato la mofuta ofe leo Ntate a re fileng lona, e le hore re ka bitsoa bana ba Molimo.” (1 Johanne 3:1) Kahoo, ho ile ha lokisetsoa hore batho ba mamelang e boele e be litho tsa lelapa la Jehova.
Le hoja batho bohle ba tlisitsoeng lelapeng la Molimo e tla ba ngatana-’ngoe tlhokomelong ea Ntate oa bona ea leholimong, hlokomela hore Bibele e re ba bokelleloa lihlopheng tse peli, ha e re: “Ke ho ea ka ho khahloa ha [Molimo] hoo a ileng a ho rera ka ho eena bakeng sa tsamaiso tekanyong e feletseng ea linako tse behiloeng, e leng, ho bokella lintho tsohle hape ho Kreste, lintho tse maholimong le lintho tse lefatšeng.” (Baefese 1:9, 10) Ke hobane’ng ha Molimo a entse hore ho be ka tsela ee?
Ha e le hantle, hore ebe Jehova o arotse bana ba hae lihlopha tse peli ho etsa hore lelapa la hae le momahane. Ha ho thata ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha a entse joalo. Lelapa la Molimo le leholo hoo le ka tšoantšoang le sechaba. Sechabeng se seng le se seng, ho khethoa ba seng bakae hore ba buse e le hore ba bang bohle ba ka phela ka khotso. Ke ’nete hore ha ho puso ea motho e tlisitseng khotso ea ’nete, empa Molimo o lokisetsa hore lelapa la hae le be le puso e se nang sekoli. Sehlopheng sa pele, e leng “lintho tse maholimong,” ho na le bana ba Molimo bao Jehova a ba khethang hore ba hlome puso kapa ’Muso leholimong. “Ba tla busa e le marena holim’a lefatše” ba le leholimong.—Tšenolo 5:10.
Bana ba Molimo ba Lefatšeng
Jehova o boetse o bokella “lintho tse lefatšeng,” e leng batho ba limilione lefatšeng lohle hore qetellong e be bana ba hae ba lefatšeng. Kaha ke Ntate ea mosa, o ba ruta ka lerato la hae e le hore ba momahane le hoja ba tsoa lichabeng tse ngata. Esita le batho ba mabifi, ba ichebileng bobona, ba itšoereng hampe le ba sa mameleng Molimo ba khothalletsoa hore ba ‘boelane le Molimo.’—2 Bakorinthe 5:20.
Ho tla etsahala joang ka ba sa batleng ho boelana le Molimo ’me e be bana ba hae? E le hore ho be le khotso le bonngoe lelapeng la hae, Jehova o tla ba nkela khato e tiileng. Ho tla ba le ‘letsatsi la kahlolo le la timetso ea batho ba se nang bomolimo.’ (2 Petrose 3:7) Molimo o tla felisa batho ba mo fetohelang lefatšeng. Ba mo mamelang ba tla utloa le litsebeng!—Pesaleme ea 37:10, 11.
Ka mor’a moo, ho tla latela lilemo tse sekete tsa khotso, tseo ka tsona bohle ba amohelang lerato la Molimo ba tla beng ba khutlisetsoa bophelong bo se nang sekoli boo Adama a bo lahlileng. Esita le bafu ba tla tsosoa. (Johanne 5:28, 29; Tšenolo 20:6; 21:3, 4) Kahoo, Molimo o tla phethahatsa tšepiso ea hae e reng: “Pōpo [batho] le eona e tla lokolloa bokhobeng ba ho bola ’me e be le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.”—Baroma 8:21.
Ho Boelana le Ntate oa Hao
Cézar le Makorea a likete-kete a boletsoeng qalong ea sehlooho sena ba ile ba lokela ho etsa ho itseng e le hore ba khone ho kopana le ba malapa a bona. Batho bao ba Korea ba ile ba tlameha ho kena lenaneong leo, ’me Cézar o ile a siea batho ba mo hōlisitseng. Ka ho tšoanang, ho ka ’na ha hlokahala hore u nke khato e tiileng hore u boelanngoe le Ntate oa hao ea leholimong, Jehova Molimo, ’me u be setho sa lelapa la hae. U lokela ho etsa joang?
E le hore u atamele ho Molimo ’me e be Ntate oa hao, u lokela ho ithuta Lentsoe la hae Bibele, e le hore u ka ba le tumelo e matla ho eena le litšepisong tsa hae. U tla kholiseha hore seo Molimo a reng u se etse se molemong oa hao. Hape ho tla hlokahala hore u lumele hore Molimo a u khalemele a be a u laee, hobane Bibele e re ho Bakreste: “Molimo o sebetsana le lōna joalokaha a sebetsana le bara. Etsoe ke mora ofe eo ntat’ae a sa mo laeeng?”—Baheberu 12:7.
Ho etsa joalo ho tla fetola tsela eo u phelang ka eona. Bibele e re: “Le nchafale matleng a susumetsang likelello tsa lōna, [’me] le apare botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing.” (Baefese 4:23, 24) Joale, mamela keletso ena ea moapostola Petrose: “Joaloka bana ba mamelang, le se ke la hlola le lumella hore botho ba lōna bo ’ne bo susumetsoe ke litakatso tseo le neng le e-na le tsona ha le ne le hloka tsebo.”—1 Petrose 1:14, The New English Bible.
Ho Fumana Lelapa Leno la Sebele
Ha Cézar a fumana ’mè oa hae, thabo ea hae e ile ea khaphatseha ha a hlokomela hore o na le abuti le ausi. Ka ho tšoanang, ha u atamela ho Ntate oa hao ea leholimong, u tla fumana banab’eno ba bangata ka phuthehong ea Bakreste. Ha u ntse u sebelisana le bona, u ka ’na ua hlokomela hore le atamelana le ho feta banab’eno ba nama.—Liketso 28:14, 15; Baheberu 10:24, 25.
U khothalletsoa hore u boelane le Ntate oa hao oa sebele le banab’eno ba sebele. Thabo eo u tla ba le eona e ka ’na ea e-ba khōlō joaloka thabo ea Cézar le ea Makorea a likete-kete ha ba ne ba boelanngoa le ba malapa a bona.
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Cézar ha a le lilemo li 19 le ’mè oa hae
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Etsa lintho tse tla u atametsa ho Molimo