Ke Ile ka Boloka Tšepiso ea ka
KE HLAHETSE Rio de Janeiro Brazil nakong ea moketjana oa boithabiso o neng o entsoe ka Sontaha se etellang Laboraro la Molora pele, ka 1930. Ba neng ba le teng ke batho ba phahameng ba Rio—lingaka, balaoli ba sesole, le bo-rakhoebo ba ruileng. Ka baka la tumela-khoela, kaofela ha bona ba ile ba akhela lireng tsa khauta le litaemane ka metsing a neng a sebelisoa bakeng sa ho ntlhatsoa ka lekhetlo la pele, ba lumela hore sena se tla thusa ngoana enoa oa moshanyana hore e be morui a be a tume. Ka mor’a nako e ka etsang selemo le halofo, ke ile ka fumana khau ea ho ba lesea le letle haholo sebakeng sa Rio tlholisanong e neng e tšehetsoa ke makasine o itseng.
Nakoana ka mor’a moo ’mè o ile a kula hampe. Ha lingaka li felloa ke tšepo ea hore o tla fola, ntate o ile a mo siea le bana. Ntate o ile a lefa molato ka ’na, kahoo ke ile ka lula le lelapa le ruileng Guarujá, sehleke-hlekeng sa Santo Amaro, seterekeng sa São Paulo. Ke ile ka hōlela moo ke sa hopole lelapa leso la pele. Leha ho le joalo, nakong ea phomolo ea sekolo eo ka eona ke ileng ka ea Rio de Janeiro—e leng bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 450 ho tloha Guarujá moo ke neng ke lula teng—ho ile ha etsahala ntho e ileng ea fetola bophelo ba ka.
Ho Kopana ka Tšohanyetso
Ke ne ke ee ke bapale le lithaka tsa ka tsa bashemane karolong e ’ngoe ea Rio e bitsoang Jardim da Glória. Kaha batsoali ba nkhōlisitseng ba ne ba mpha chelete e ngata, ke ne ke rekela sehlopha sohle ice cream, kahoo ke ne ke tumme haholo. Moshemane e mong, ea bitsoang Alberto, o ile a mpotsa hore na ke tsoa kae. Ha ke mo bolella, o ile a re: “Ke na le ngoan’eso ea lulang seterekeng sa São Paulo, empa ha kea ka ka mo tseba le ka mohla. Lebitso la hae ke Cézar. Ntate o ile a mo fa lelapa le leng moo, ’me hona joale ’mè o lla letsatsi le leng le le leng hobane ha a na tšepo ea ho ’mona hape.”
O ile a phaella: “Haeba u ka kopana le moshemane ea ka bang lilemo li leshome São Paulo ea bitsoang Cézar, o mo bolelle hore u kopane le ngoan’abo le hore ’mè oa hae o batla ho ’mona.”
Ke ile ka mo tšepisa: “Nke ke ka lebala, etsoe lebitso la hae le tšoana le la ka.”
Ho Fetoha ha Maemo
Alberto o ile a bolella ’mè oa hae ka puisano ea rōna, ’me o ne a batla ho kopana le ’na. Ka Sontaha se latelang ha re kopana le Alberto hape Jardim da Glória, o ile a re: “’Mè o batla ho u bona. Ke nahana hore o batla ho romela molaetsa u eang ho ngoan’eso ea leng São Paulo ka uena.”
Hang-hang Alberto o ile a nkisa ho ’mè oa hae ea neng a lutse bencheng serapeng sa lifate. O ile a ’nyakurela ka hloko. Eaba oa nkopa ’me a qala ho lla. O ile a mpotsa: “Batsoali ba hao ke bo-mang?”
Ke ile ka mo arabela: “Garibaldi Benzi le Nair. ’Me lebitso la ka ke Cézar Benzi.”
O ile a kōpa ho kopana le ’mè, ea ileng a batla a akheha ha a utloa hore na ho etsahetse’ng. Hamorao bo-’mè bana ba babeli ba ile ba kopana ’me ba buisana ka taba ea ka nako e telele. Ka mor’a moo Alberto o ile a re ho ’na: “’Mè oa ka ke eena ’mè oa hao oa sebele, ’me u ngoan’eso!”
’Mè o ne a folile, ’me o ne a hōlisa moholoane oa ka le khaitseli ea ka a le mong. Ha ke se ke kholisehile hore ke fumane lelapa leso la sebele, ke ile ka kōpa hore ke lule le lona, e leng se ileng sa nyahamisa ’mè ea nkholisitseng. Leha ho le joalo, ke ne ke na le takatso e matla ea ho lula le moholoane oa ka le khaitseli. Hape ke ne ke utloela ’mè bohloko, o bile mahlomoleng a sa tsebe hore na ke shoele kapa kea phela. Kahoo ke ile ka tiea qetong ea ka le hoja ho ne ho bolela ho tloha lehaeng le mabotho-botho le Guarujá ho ea ntlong e leng karolong ea Rio de Janeiro eo mafutsana a lulang ho eona. Ke phetoho e kaakang! Joale ke ne ke tlameha ho sebetsa ka thata ha ke tsoa sekolong, kaha lelapa leso le ne le phela ka moputso oa ka.
Ke Etsa Tšepiso
Ha ke hōla, ke ile ka ithuta ho etsa mabenyane, ’me hamorao ka ithuta ho qapa mefuta e mecha ea mabenyane. Sehlopha seo ke neng ke sebetsa le sona se ne se boetse se sebetsana le lintho tse tsoang linaheng tse ling—bongata ba tsona e le tse sa lumelloang ka molao hore li ka kena ka har’a naha—e leng tse neng li ipaka e le tse kenyang chelete e ngata. Ka baka la chelete eo ke neng ke e fumana ka ntle le ho etsa boiteko bo bongata, ke ile ka thahasella meketjana ea boithabiso, ka ratana le basali ka ba ka kopanela likamano tsa botona le botšehali ka mokhoa o fetelletseng. Joale, ha ke le lilemo li 22, ke ile ka nyala Dalva, kharebe eo ke bileng le eona ho tloha ha ke kena sekolo. Ruri ke ne ke sa mo tšoanele. E ne e le mosali le ’mè oa sebele—a rutehile, a hlompha a bile a le mekhoa e metle.
Mantsiboeeng a mang, ka mor’a hore re be lenyalong ka lilemo tse supileng, ke ne ke le tseleng e eang hae ke tsoa moketjaneng oa boithabiso o hlaha ha ke qala ho nahana ka ho teba. Ke ile ka beha mabaka ka ho bontša hore ho latela mofuta oa bophelo oo ke neng ke o phela, le ka mohla ke ne nke ke ka khona ho ruta bana ba rōna ba bararo ba ntseng ba hōla boitšoaro bo loketseng. Kahoo ke ile ka ikemisetsa ho fetoha. Ha ke fihla hae, ke ile ka tsosa Dalva ka morero oa ho ’molella qeto eo ke e entseng.
“U bolela hore u ntsosa ka hora ea bobeli hoseng feela hore u mpolelle ntho eo e se nang kelello?” O ne a na le mabaka a mangata a ho se ntšepe. Empa ke ile ka tšepisa: “Lekhetlong lena ke hlile ke tiile. ’Me ke tla qala ka ho tlisa lebenkele la ka pel’a lelapa e le hore re ka ba le nako e eketsehileng re le ’moho joaloka lelapa.” Re ile re ea robala Dalva a ntse a na le pelaelonyana.
Letsatsing le latelang ke ile ka fumana mohaho oa mekato e ’meli ’me ka etsa litokisetso tsa ho fallisetsa lehae la rōna mokatong o ka holimo ’me lebenkele la ka mokatong o ka tlaase. Eaba ke ea ho metsoalle ea ka ea pele ho e lumelisa. Ke ne ke ikemiselitse ho boloka tšepiso ea ka. ’Na le Dalva re ile ra thabela bophelo ka lekhetlo la pele, ’me ’na ke ne ke qala ho thabela bophelo hammoho le bana ba ka.
Ke Ile ka Thusoa ho Boloka Tšepiso ea ka
Hoo e ka bang likhoeli tse tharo hamorao, Fabiano Lisowski o ile a nketela. O ntsebile ka nako e telele. Kahoo ha ke re ke batla hore a tsebe mosali oa ka, o ile a mpotsa: “Mosali oa hao ka molao?”
Ha Dalva a kena, ke ile ka mo tsebisa eena e le “moprista oa bolumeli bo itseng ba Bibele.” O ile a tšeha ’me a re hlalosetsa hore ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ke ne ke sa thahaselle bolumeli, empa Dalva o ne a rata Bibele. O ile a qala ho buisana le Dalva, empa ke ile ka khutsa, kaha ke ne ke sa utloisise letho ka litaba tseo ba neng ba li bua.
Fabiano o ile a re memela sebokeng sa Sontaha se latelang. O ile a makala ha ke mo tšepisa hore ke tla ea. Dalva o ile a nyakalla haholo. O ne a tseba hore ke boloka litšepiso tsa ka le hore ha ke bolela hore ke tla ea sebokeng, o ne a ka lumela hore ke tla fela ke ee. Lintho tse peli tseo ke ithutileng tsona ka ho sebetsana le thepa e sa lumelloang ka molao hore e kene ka har’a naha: U lokela ho boloka tšepiso, ’me u ke ke oa fihla morao taetsanong.
Ke ne ke beha sethunya lebanteng ka linako tsohle, empa ha ke ea sebokeng, ke ile ka siea sethunya hae. Batho ba ne ba na le moea oa ho amohela baeti ka mofuthu ba bile ba na le mekhoa e metle, kahoo ke ile ka tšepisa ho tla hape ka Sontaha se latelang. Ho tloha ka nako eo ho ea pele re ile ra kopanela libokeng Holong ea ’Muso ka mehla, ’me le ka mohla ha kea ka ka boela ka nka sethunya.
Fabiano o ile a lokisetsa ho re etela mantsiboea a Laboraro le leng le le leng, a e-na le mosali oa hae le ’mè oa hae. Ka ho tseba hore ha ke lumele boteng ba Molimo, o ne a bua le Dalva haholo. Ka baka la ho ikutloa ke qheletsoe ka thōko, ke ile ka qala ho bua le eena ka lintho tse ling, ’me ka tlhompho o ile a qala ho lebisa tlhokomelo e eketsehileng ho ’na. Ke ile ka lemoha hore o na le buka, “Let God Be True,” empa o ne a le lesisitheho ho mpontša eona. Qetellong, ke ile ka ’motsa: “Buka eo ke ea’ng?”
O ile a arabela a maketse: “Ea ho ithuta.”
Ke ile ka arabela: “Haeba ke ea ho ithuta, e re re bone hore na e bua ka’ng.”
Bohle ba ile ba makala ’me ba ne ba sa tsebe seo ba lokelang ho se lebella. Leha ho le joalo, thuto e ile ea qalisoa, ’me ke ile ka mamela ka hloko. Dalva o ne a thabile, ’me esita le bana ba rōna ba bararo ba ne ba thabela litlhaloso tsa Fabiano.
Ha thuto e ntse e tsoela pele, mosali oa Fabiano o ile a hlokomela hore ke tsuba koae ke sa khaotse, ’me o ile a re: “U bonahala u tsuba haholo.”
Ke ile ka mo hlalosetsa: “Ke tsubile ho tloha ha ke kena sekolo. ’Me ha ke ithuta ho qapa mefuta e mecha ea mabenyane, ke ile ka tsuba ke sa khaotse.”
Ka bohlale o ile a re: “Batho ba bangata ba leka ho khaotsa ho tsuba empa ha ba khone.”
Ke ile ka arabela ka potlako: “Nka khaotsa neng kapa neng ha ke batla.”
O ile a arabela: “U nahana joalo.”
Ke ile ka ’molella: “E le hore u ka kholoa, kea khaotsa kajeno.” Ke ile ka etsa joalo, ’me le ka mohla ha ke e-s’o tsube ho tloha ka nako eo.
Likhoeling tse seng kae tse qalang tsa thuto ea rōna, ha hoa ka ha ba bonolo. Metsoalle ea ka ea pele e ile ea tla ho ’na ea hlahisa menyetla ea likhoebo tse se nang botumo bo botle, le basali bao ke neng ke ea le bona meketjaneng ea boithabiso ba ile ba tla lelapeng la rōna ba mpatla. Empa ke ne ke ikemiselitse ho fetola bophelo ba ka, ’me ka mosa o sa tšoanelang oa Jehova, ke ile ka khona ho etsa joalo. Qalong khoebo ea ka e ile ea theoha, ’me re ile ra lokela ho theola boemo ba rōna ba bophelo. Empa hoa thabisa hore ebe Dalva e ne e le mohloli oa ka mehla oa khothatso.
Ka mor’a likhoeli tse hlano tsa ho ithuta Bibele, lipelaelo tsa ka tsohle li ne li tlositsoe. Ke ne ke kholisehile hore Jehova ke Molimo oa ’nete le hore Bibele ke lentsoe la hae le ngotsoeng. Kahoo ka January 12, 1962, ’na le Dalva re ne re le har’a batho ba 1 269 ba ileng ba kolobetsoa kopanong ea pele ea São Paulo, e neng e tšoaretsoe Ibirapuera Park. E bile pono e hlollang hakaakang ho bona batho ba 48 000 ba le teng kopanong!
Ho Ruta Bana ba Rōna
Kopano eo e ile ea hatisa ka ho ’na boikarabelo ba ho ruta le ho koetlisa bana ba rōna. Kahoo hang-hang re ile ra lokisetsa thuto ea ka mehla ea lehae ea Bibele ka Laboraro mantsiboea. Esita le kajeno, Laboraro e ntse e le mantsiboea ao thuto ea lelapa e tšoaroang ka ’ona. Leha ho le joalo, hona joale ’na le Dalva re ithuta re le babeli feela, kaha bana bohle ba rōna ba lenyalong.
Thuto ea rōna le bana e ne e akarelletsa puisano ea mathata a tloaelehileng a bacha ba mehleng ea rōna, a joaloka mekhoa ea ho apara le ho itlhopha le boitšoaro bo loketseng pakeng tsa batho ba batona le ba batšehali. Hape, haeba ngoana e mong a na le karolo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, re ne re buisana ka eona ka Laboraro mantsiboea.
Ho phaella moo, re ile ra bontša bana ba rōna botle ba pōpo ea Jehova ka ho ba isa lirapeng tsa polokelo ea liphoofolo le libakeng tse ling. Re ne re ba thusa hore ba ananele hore liphoofolo le linonyana li bōpiloe ke Jehova e le hore motho a ka nyakalla le hore haufinyane re tla ba le thabo ea ho li bona, li sa koalloa, empa re tla li bona li le ka ntle, moo re ka khonang ho li phaphatha le ho li pholla.
Nakong eo ka eona bana ba neng ba sa le banyenyane haholo, re ile ra maneha kemiso ea ho bala limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! le libuka tse ling tsa Mokhatlo oa Watch Tower ka phaposing ea polokelo ea lijo. Kaofela ha bona ba ne ba etsa sohle seo ba ka khonang ho se etsa ho tsamaisana le kemiso ena e le hore ba ka re bolella hore na ke’ng seo ba ithutileng sona. Ka tieo re ka bolela hore ho koetlisa bana ba rōna ka tsela ena ho ile ha re tlisetsa mahlohonolo a enneng. Ngoana e mong le e mong ho ba bararo bana o ile a kolobetsoa pele a e-ba le lilemo tse 13.
Cézar, e leng ngoan’a ho fela, e bile eena oa pele oa ho bontša takatso ea ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng. Ha a le lilemo li robong, molebeli ea tsamaeang o ile a mo bitsetsa sethaleng ka tšohanyetso, o ile a ’motsa hore na o batla ho ba eng ha a hōla. Cézar o ile a arabela: “Ho ba setho sa lelapa la Bethele, molebeli oa potoloho kapa moromuoa.”
Cézar e ile ea e-ba mosebeletsi oa pula-maliboho oa nako e tletseng ha a le lilemo li 17. Ka nako e tšoanang o ne a ntse a ithuta mosebetsi oa khatiso, kahoo a itokisetsa ho sebetsa ofising ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower e Brazil. Kapele ka mor’a moo o ile a memeloa Bethele, ’me o ile a sebeletsa teng ka lilemo tse ’nè. Eaba oa nyala, ’me eena le mosali oa hae e ile ea e-ba bo-pula-maliboho ba khethehileng; ba ile ba tsoela pele ho fihlela mora oa bona oa pele a hlaha. Hona joale Cézar o sebeletsa joaloka moholo oa Mokreste, ’me mosali oa hae ke pula-maliboho oa ka mehla. Mora oa bona o ile a kolobetsoa ka 1990, ha a le lilemo li 11.
Sandra, e mong oa bana ba rōna ba banana, o ile a kenela tšebeletso ea bopula-maliboho ka 1981. Selemong se latelang o ile a nyaloa ke Sílvio Chagas, eo e neng e le setho sa lelapa la Bethele. Ba ile ba sebeletsa hammoho joaloka bo-pula-maliboho ba khethehileng ka lilemo tse robeli ’me hona joale ba mosebetsing oa potoloho, ba etela liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova. Morali oa rōna Solange, eo e leng lefahla le Sandra, le monna oa hae ba ile ba sebeletsa joaloka bo-pula-maliboho ba khethehileng ka lilemo tse tharo. Mora oa bona, Hornan o sa tsoa kolobetsoa. Monna oa Solange ke moholo oa Mokreste.
’Na le Dalva re ikutloa hore tsoelo-pele ea moea ea bana ba rōna e susumelitsoe haholo-holo ke thuto ea ka mehla ea lelapa e tšoaroang ka Laboraro mantsiboea, e ileng ea qalisa lilemong tse 30 tse fetileng. Ntho e ’ngoe e ileng ea re thusa ho ba hōlisa e bile ho amohela balebeli ba tsamaeang le basebeletsi ba bang ba nako e tletseng lehaeng la rōna joalo-joalo. Baena bana ba Bakreste le bo-khaitseli ba ile ba thusa bana ba rōna hore ba ipeele pakane ea tšebeletso ea nako e tletseng.
Tlhohonolofatso ea Botho
’Na le Dalva re ile ra nka karolo liketsahalong tsa bohlokoa tse ngata ho tloha ka letsatsi lela le leholo ka 1962, ha re kolobetsoa. Nkile ka sebeletsa joaloka motšoareli oa molebeli oa potoloho ka nako e itseng, ’me re kile ra thabela tokelo ea ho etela liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova. Ke bile ka ba le karolo kahong ea Holo ea rōna ea Kopano e Duque de Caxias, e leng mosebetsi o ileng oa etsoa ka lilemo tse hlano. ’Me hangata ke ile ka hlaha ka pel’a balaoli ba ’muso, lingaka, le sesole, ho akarelletsa le motlatsi oa ’musisi oa naha. Morero oa ho ea ho bona e ne e le oa ho hira mabala a lipapali bakeng sa likopano le ho hlalosa boemo ba rōna ba ho se nke lehlakore, esita le lebaka leo ka lona Lipaki tsa Jehova li sa amoheleng litšelo tsa mali.
Ha ke hetla morao ’me ke nahana ka mahlohonolo ’ohle a hlollang ao ke a fumaneng ho tloha bosiung bola ba bohlokoa ha ke tsosa Dalva ka morero oa mo bolella ka tšepiso ea ka, ke ka tieo nka bolelang hore lehlohonolo le fetang ’ohle ke la ho ba mohoeletsi oa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. ’Na le Dalva re kholisehile hore mokhoa oo Jehova Molimo a re etelletseng pele ka oona ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng ruri ke “Tsela” e isang bophelong bo thabileng hona joale ’me qetellong ho bo sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo. (Liketso 9:2; 19:9)—Joalokaha ho boletse Cézar A. Guimarães.
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Cézar Guimarães le lelapa la hae kajeno