Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 4/1 maq. 22-26
  • Jehova O Re Lebetse

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova O Re Lebetse
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Takatso ea ho Tseba
  • Ho Sebelisa Seo Ke Ithutileng Sona
  • Ho Sebeletsa Linakong tse Thata
  • Ho Sebeletsa Brazil
  • Tlas’a Thibelo
  • Gileade le Kamorao
  • Keketseho e Tsoelang Pele
  • Jehova o Hlohonolofalitse Boikemisetso ba ka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ho Tšehetsoa ke Tšepo ea ka ho Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Mamello e Tsoala Katleho
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ho Tiisetsa Hoa Thabisa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 4/1 maq. 22-26

Jehova O Re Lebetse

Kamoo ho boletseng Erich Kattner

ICHU! Buka ea nkotla hloohong. Ke ne ke qala ho bona Bibele, ’me e ne e le letsohong la moprista oa K’hatholike. Hobane’ng? Ka lebaka la potso eo ke ileng ka e botsa.

Moprista eo o ne a ruta katekisima le bolumeli ’me o ne a leka ho khothaletsa rōna bashemane hore re nkele boprista. Boitekong ba hae ba ho etsa sena, a sebelisa lengolo la 1 Ba-Thessalonika 4:17, moo e buang ka ‘ba nkeloang marung ho ea khahlanyetsa Morena sebakeng.’

Kamehla ke ne ke e-na le lipotso tse ngata, kahoo ka botsa: “Ke hobane’ng ha u re baprista ba ea leholimong ka ho toba, ha, joalokaha Thuto e bolela, Jesu a ile a ea liheleng?” (Liketso 2:31) Ke nakong eo ha Bibele e nkotla hloohong.

Takatso ea ho Tseba

Empa ke ne ke batla likarabelo ka tieo. Ke ne ke hlile ke sekametse ho rapeleng Molimo, leha ke sa le moshanyana. Ke ne ke tloaetse ho kena kerekeng efe le efe eo ke fetang ho eona ho ea rapela. Empa ke ne ke sa khotsofala. Kamehla ke ne ke halefisoa ke lintho tseo ke li bonang, tse kang borapeli ba litšoantšo bo fosahetseng haholo bo etsoang ke batho ba bang kapa boitšoaro ba baprista ba bang.

Ha ke ne ke le lilemo tse ka bang robeli feela, ka bala buka ea ka ea pele. E ne e e-na le sehlooho se reng The Christianization of Brazil. Ke ne ke tšohile e bile ke maketse. Ho ’na e ne e tšoana le pale ea polao, ho bolaoa ha Maindia ka lebitso la bolumeli. Ho ithuta ka lintho tse joalo ho ne ho lekane ho fetola kelello ea ka ka lintho tse ngata.

Tsena tsohle li etsahetse morao koana ka bo-1920. Ke hlahetse Vienna, Austria, ka la 19 Phato, 1919, ke le ngoana ea mong feela oa batsoali ba ka. Ha ke le lilemo li tšeletseng, ntate, setsebi sa motlakase, a fumana mosebetsi Czechoslovakia ka leboea, karolong e buang Sejeremane ea Sudetenland. Kahoo lelapa leso la fallela moo, ’me la qetella le falletse motsaneng o bitsoang Warnsdorf.

Ke ile ka nyahama haholo ke Kereke e K’hatholike. Ka letsatsi le leng, ke halefile haholo ka lebaka la tšoaro eo ke e fumaneng hape ho moprista, ke ile ka lla ha ke le tseleng e eang hae ke tsoa sekolong. Ha ke ntse ke tsamaea har’a masimo a mang, ke ile ka nahana hore ho ne ho se bonolo hore e be Molimo o teng, ha ho talingoa lintho tse ngata tse sothehileng tseo ke li boneng le ho li rutoa.

Joale pina ea linonyana ea hlaha, ’me ka hlokomela le lipalesa, lirurubele, le botle bohle ba pōpo. ’Me ha re etlo ho ’na hore e tlameha e be ho na le Molimo o lerato empa hore ba bitsoang ka hore ke batho ba Molimo mohlomong e ne e se bona ho hang. ’Me mohlomong Molimo o tetse batho. Ke ka nako eo ke neng ke qala ho etsa thapelo ea sebele le e tlohang botebong ba pelo, ke kōpa Molimo hore o nthuse ho mo tseba haeba o tla ke o boele o thahaselle batho. E ne e le ka 1928.

Ka nako e ka etsang khoeli hamorao ’mè a etela Vienna kopanong ea lelapa; e ne e le letsatsi la tsoalo la ’mè oa hae la bo60. Mono a bona le malome oa hae, Richard Tautz, eo ka nako eo a neng a phela Maribor, Yugoslavia. E ne e sa tsoa ba e mong oa Liithuti tsa Bibele, kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li bitsoa kateng nakong eo. ’Mè a khutlela hae a thabile haholo ka linnete tsa Bibele tse ncha tseo a ithutileng tsona. Seo a ileng a mphetela sona se ne se utloahala. Ho ne ho bonahala hore letsoho la Jehova lea sebetsa.—Pesaleme ea 121:5.

Ho Sebelisa Seo Ke Ithutileng Sona

Hamorao, Liithuti tsa Bibele tsa tla li e-tsoa Jeremane, ’me boboleli ba tsoela pele tikolohong ea rōna. Likhoeli tse seng kae hamorao, liboka tsa kamehla tsa qala ho tšoaroa motsaneng o haufi Jeremane, ’me re ne re tsamaea lik’hilomithara tse seng kae ho tšela moeli ho ea ho tsona. Ke nakong ena moo ke ileng ka kopana le Otto Estelmann, eo ke ileng ka sebetsa le eena haufi-ufi lilemong tsa morao.

Ka 1932 lelapa leso la fallela Bratislava, motse-moholo oa Slovakia, lik’hilomithara tse ka bang 72 ho tloha Vienna. Kaha ho ne ho se na Lipaki moo ka nako eo, ke ile ka etsa qeto ea hore ke tlameha ho ba mafolo-folo mosebetsing oa boboleli. Kahoo ka khetha tšimo eo ke nahanang hore ke e thata haholo, matlo a hirisoang ao boholo ba oona ho lulang malapa a liofisiri tsa ’muso. Ka nako eo ho ne ho buuoa lipuo tse ’nè Bratislava: Slovak, Seczech, Sejeremane le Sehungari.

Ke nkile likarete tseo ho tsona ho ngotsoeng puisano ka bokhutšoanyane ka lipuo tse ’ne, ke ne ke tsamaea ke le mong ke letsa litšepe menyakong ea matlo ana a hirisoang. Ka linako tse ling, ntate, eo ka nako eo e neng e e-so ho be Paki, o ne a ee a eme ka mose oane ho seterata, a nchebelletse ’me a sisinya hlooho. Ka pele-pele kamor’a moo le eena a emela Jehova ka tieo.

Ka la 15 Tlhakola, 1935, sebokeng se khethehileng le molebeli ea tsamaeang heso, ’na, hammoho le ba bang, ra kolobetsoa ka bateng. Ke ile ka feta sekolong sa khoebo selemong seo ’me ka tšepisoa mosebetsi o khahlang, empa ka nako e tšoanang ka memeloa ho ea sebetsa ofising ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower Prague, Czechoslovakia. Kamor’a hore re buisane le batsoali ba ka ka tieo, ra isa taba eo ho Jehova ka thapelo. Kahoo, pele ke e-ba le lilemo li 16, ka kenela tšebeletso ea nako e tletseng ka la 1 Phupjane, 1935.

Ho Sebeletsa Linakong tse Thata

Ofising ea Mokhatlo Prague, ka ithuta ho sebelisa mechine e hatisang le mokhoa oa ho etsa maqephe. Re ne re etsetsa baena ba rōna ba Jeremane lipampitšana, ba neng ba thibetsoe ke Hitler, hape re boetse re hlahisa Molula-Qhooa ka lipuo tse ’maloa. Leha ho le joalo, tsena e ne e le linako tse thata bakeng sa mosebetsi oa rōna Europe, ’me qetellong ba boholong ba koala lekala la rōna ka Tšitoe 1938.

Ka khutlela hae Bratislava, moo puso e neng e le matsohong a ba lumellanang le Manazi, ’me ka sebetsa ka sekhukhu ka likhoeli tse peli ke bolela ka ntlo le ntlo. Ho e ka bang nakong eona ena Ofisi e bohareng ea Europe ea Mokhatlo oa Watch Tower Bern, Switzerland, ea ngolla hore haeba ke utloisisa ho sebeletsa ke le pula-maliboho hohle lefatšeng, ke lokela ho ea Bern.

Ka amohela memo eo ’me ka tloha lapeng. E ne e le lekhetlo la ho qetela ke bona ntate, ’me ho ne ho tla nkuka lilemo tse 30 pele ke bona ’mè hape. Empa Jehova o ile a re lebela ka boraro ba rōna kaofela hore re fete mathata a mangata a ileng a latela. Ka mohlala, ke ile ka ithuta hamorao hore Hlinka Guarda (mofuta oa ma-SS oa Slovakia) e tummeng ka bokhopo e ne e ntšetse morao letsatsing leo ke tlohang Bratislava. ’Me ha ke le leetong, ha baemeli ba Nazi ba tseba hore ke e mong oa Lipaki tsa Jehova, ba leka ho etsa hore ke tšoaroe meeling ea Yugoslavia le Italy. Empa Jehova a ’na a ntebela.—Pesaleme ea 48:14; 61:3.

Ha ke le Bern ka ithuta hore ke ne ke lokela ho romeloa Shanghai, Chaena, empa hamorao kabelo eo ea fetoleloa Brazil. Ka sebeletsa lekaleng le Bern ho fihlela ke fumana tumello ea ho ea lula Brazil. Ka nako ena mathata a ne a ntse a eketseha Europe. Ho ne ho koaloa meeli, kahoo ka Phato 1939 Mokhatlo oa nkhothaletsa ho ea France. Sekepe sa bahoebi sa Brazil Siqueira Campos se ne se tloha Le Havre, France, ka la 31 Phato ’me ke ne ke lokela ho kena ho sona. Sekepe sa tsamaea lihora tse ’ne feela pele Ntoa ea II ea Lefatše e qhoma.

Baeti ba ka bang leshome le metso e ’meli bao ke neng ke tsamaea le bona re kene karolong ea “second class,” hamorao ke ile ka tseba hore kaofela e ne e le baemeli ba Nazi. Ba ne ba sa rate ha ke bolela ho hang. Ba ile ba leka ho ntša sekepeng ka makhetlo a ’maloa. Vigo, Spain, motsamaisi ea nang le botsoalle a ntemosa hore ke se ke ka atamela lebopong la leoatle ha re le moo. Lisbon, Portugal, baemeli ba Nazi ba fetola nako ea ho tsamaea ea sekepe ’me ba bea e fosahetseng lematjaneng la tlhokomeliso e le hore nka sala moo ke tsielehile. Empa hape Jehova o ne a ntebetse. (Pesaleme ea 121:3) Ka fihla Santos, Brazil, mantsiboeeng a la 24 Loetse, 1939. Letsatsing le hlahlamang ka leba São Paulo, moo ofisi ea Mokhatlo e neng e le hona teng.

Ho Sebeletsa Brazil

Ka Loetse 1939 ho ne ho e-na le Lipaki tse 127 feela Brazil, eo ka nako eo e neng e e-na le baahi ba limillione tse ka bang 41. Kamor’a nako e ka etsang beke ke le São Paulo, ka leba kabelong ea ka ea bopula-maliboho seterekeng se ka boroa, Rio Grande do Sul. Ke ne ke lokela ho ea lula le Lipaki tse buang Sejeremane tsa lesika la Sepolishe tse phelang libakeng tse ka ntle.

Leeto la terene la nka matsatsi a mane. Seporo se ne se fella Giruá, e batlang e tšoana le motse o ka Bophirimela oa mehleng ea pejana oa Amerika e ka Leboea. Ho tloha Giruá ke ne ke ntse ke lokela ho tsamaea lik’hilomithara tse 32 ho kenella hare likhoeng ho ea fihla moo Lipaki li neng li phela teng. Teraka e tsamaisang thepa ea nkuka, ’me ea ntšiea tseleng e lerōle. Ka tsamaea ka maoto sebaka sa k’hilomithara le halofo har’a moru o hloekileng, ka tšela molatsoana o monyenyane, ’me ka qetella ke fihlile.

Ka lebaka la bohole ba sebaka sena, tšebeletso ea ka ea bopula-maliboho e ne e itšetlehile haholo-holo ka nako ea ha ho e-na le motho e mong ea ka tsamaeang le ’na ka koloi e huloang ke lipere. Ho fihla moo batho ba leng teng, u ne u lokela ho tsamaea matsatsi a ’maloa, u robala har’a lepoqo ho qoba linoha kapa tlas’a koloana ha pula e ena. Re bile ra bolela le metseng e kang Cruz Alta.

Ka 1940 Mokhatlo oa boetse oa nkabela Pôrto Alegre, motse-moholo oa setereke sa Rio Grande do Sul. Mono ka kopana le motsoalle oa ka oa bongoaneng Otto Estelmann, eo le eena a neng a abetsoe ho sebetsa Brazil. Ba boholong moo ho ne ho bonahala e le ba lumellanang le Manazi. Re ile ra tšoaroa ’me ra fuoa boikhethelo ba ho saena pampiri ea ho latola tumelo ea rōna kapa ho tsamaea mantsiboeeng ao ho ea teronkong e moeling oa Uruguay. Re ne re le tereneng mantsiboeeng ao.

Tlas’a Thibelo

Moeling mono re ile ra qeta lilemo tse ka bang peli re sa lumelloe ho tsoela kantle ho ntlo. Empa Jehova a boetse a re thusa. Bahoebi ba bang ba Bajode ba fana ka thuso. Ka baka leo, ho e-na le ho bolokoa litlamong, ke ne ke lumelletsoe ho etsa mosebetsi oa boipheliso, empa re ne re lebetsoe ka thata-thata. Re ne re sa khone ho kopana le ofisi ea lekala ea Mokhatlo.

Leha ho le joalo, ka letsatsi le leng ha re le seterateng ra kopana le moena oa pula-maliboho ea tsoang Europe ea neng a abetsoe Uruguay. Ho ile ha etsahala feela tjee hore a etele moeling. Ebile kopano e thabisang hakaakang! O ile a re fa Bibele ea Sejeremane le Molula-Qhooa oa Senyesemane. Ke nakong eo ke hlileng ka qala ho ithuta Senyesemane.

Joale, ka la 22 Phato, 1942, Brazil ea phatlalatsa ntoa ho Jeremane le Italy, ho ileng ha bolela ho fetoha ha boemo ba rōna. Re ile ra khutlisetsoa Pôrto Alegre, ’me kamor’a ho botsoa lipotso, ka lokolloa. Kamorao ho moo, ka kopana le Lipaki tse ling tse nyenyane tseo ke neng ke li tseba pele koana likhoeng moo ke neng ke abetsoe ho ea sebetsa teng pele. Kahoo ke ile ka khona ho kopana le ofisi ea lekala, ’me ka boetse ka qala bopula-maliboho. Ba bane ho bacha bana ba kopanela le ’na mosebetsing oa bopula-maliboho, ’me ra fumana batho ba amohelang molaetsa oa ’Muso, ba bang ba bona ba ntse ba bolela.

Babusi ba bacha ba ne ba re hauhela, kahoo ka 1943 ra lokisetsa kopano e nyenyane ea pele Pôrto Alegre. Ba bileng teng kaofela ba bile 50, hoo e ka bang halofo ea bona e ne e le mapolesa a sa aparang seaparo. Selemo hamorao, ka 1944, ra lokisetsa kopano e ’ngoe. Kamorao ho moo ka bitsetsoa ho ea sebeletsa ofising ea lekala ea Mokhatlo, e neng e tlositsoe São Paulo ho ea Rio de Janeiro.

Gileade le Kamorao

Ka 1950 ke ile ka memeloa ho ba teng sehlopheng sa bo16 sa Sekolo sa Gileade sa Bibele sa Watchtower South Lansing, New York. Hoba ke se fete ka Tlhakola 1951, ka amohela kabelo ea nakoana ke le pula-maliboho ea khethehileng Phuthehong ea South Bronx, New York, empa hamorao ka khutlela Brazil.

Ka nako e ka etsang selemo le halofo ke ile ka sebeletsa ke le moemeli ea tsamaeang oa Mokhatlo, ke le molebeli oa setereke hape ke le molebeli oa potoloho. Joale, ka Tlhakola 1953, ka bitsetsoa ofising ea lekala Rio de Janeiro ’me ka abeloa mosebetsi oa bofetoleli. Hamorao, ho tloha ka Loetse 1961 ho ea ho Loetse 1963, ke bile le tokelo ea ho sebetsa kabelong e khethehileng ea bofetoleli ntlo-khōlōng ea Mokhatlo e Brooklyn, New York. Ha ke le moo ka kopana le banyalani ba bang bao ke ileng ka ba tseba Brazil. Monna eo o ile a lumela ho ithuta le ’na ha ba ntse ba lula hoteleng ’me a kholiseha ke ’nete.

Likhoeli tse seng kae hamorao, ha re le Brazil, ka kopana le eena hape. Empa a se a batla a sa ameha haholo. Eaba ke re ho eena: “Bona, Paul, u setsebi meahong. Empa ha re re mohlomong ke ne ke le setsebi meahong ’me ke u bolella hore marulelo a haufi le ho u oela holimo. U ne u tla etsa joang? Joale, joaloka ‘setsebi’ sa Bibele, ke u bolella hore ntle le hore u nke bohato ka seo u se tsebang, u khathatsong.”

Ka nako e khutšoaane o ile a kolobetsoa ’me o ’nile a sebeletsa e le moholo oa Mokreste ka lilemo tse ’maloa. O ne a boetse a sebelisoa haholo khahong ea lekala le lecha le leholo Cesário Lange, São Paulo, moo ba 480 ba rōna hona joale re sebetsang teng ho sebeletsa litlhokahalo tsa moea tsa Lipaki tse eketsehang Brazil.

Keketseho e Tsoelang Pele

Ka 1945 re ile ra eteloa ka lekhetlo la pele ke mookameli oa Mokhatlo oa Watch Tower, Nathan H. Knorr, hammoho le eo e neng e le motlatsi oa mookameli, Frederick Franz. Kopano e ile ea lokisetsoa lebaleng la boikoetliso la Pacaembu Motseng oa São Paulo, ’me ka sebeletsa ke le mofetoleli oa baena bana ba etileng. Tlhoro ea ba bileng teng e ne e le 765.

Ke hopola Moena Knorr a shebile lebala le leng le leholo la lipapali le haufi le moo ’me a ipotsa hore na re tla ke re le tlale. Koana, re ho entse ka Tšitoe 1973, ha ba 94 586 ba ne ba tletse Lebaleng la Lipapali la Pacaembu Kopanong ea “Tlholo ea Bomolimo.” Hona ho ile ha tlatseletsoa ka Phato 1985 Kopanong ea “Baboloki ba Botšepehi” Lebaleng la Lipapali la Morumbi. Motseng oa São Paulo, moo ho ne ho le teng ba 162 941. ’Me, ka nako e tšoanang, ba bang ba 86 410 ba bile teng lebaleng la lipapali Rio de Janeiro. Hamorao, liboka tse ling tse 23 li ile tsa phahamisa lenane leo la likopano tsa “Baboloki ba Botšepehi” Brazil hore e be la ba 389 387!

Ka lilemo tsena, ke bile le tokelo ea ho fetolela bakeng sa libui tse etileng tse tsoang ntlo-khōlō e Brooklyn, New York. Haufinyane tjena e mong oa bona, ha re ntse re tsamaea le eena ’me a hlokomela batho ba bangata bao ke ileng ka ithuta le bona lilemong tse fetileng ba e-tla ho ’na ’me ba ntumelisa, ka ho soasoa a re: “Ha ke e-so ho bone lesooa le nang le bana ba bangata hakana.”

Lintlha tse khōlō tsa sebele bophelong ba ka hape e bile likopano tsa machaba tseo ke khonneng ho ba ho tsona linaheng tse ling. Kopanong ea Nuremberg ka 1969, ke ile ka bona ’mè ka lekhetlo la pele kamor’a lilemo tse 30. O shoele a tšepahala ka 1973. Ntate o ne a sa lumelloe ho tsoa ka hare ho naha ho ea kopanong eo, ’me ha ho mohla ke ileng ka ’mona hape hoba ke tlohe hae. Ka 1978 ke ile ka ba le tokelo ea ho fana ka puo ea phatlalatsa kopanong ea machaba Vienna, Austria, kopano ea pele e khōlō eo ke bileng ho eona motseng oo ke tsoaletsoeng ho oona.

Ka lilemo tsena tse ngata ke le Brazil, ke bone hore Jehova ke eena Ea ‘melisang.’ (1 Ba-Korinthe 3:7) Ka 1948 re ile ra feta lenane la bahoeletsi ba 1 000. Kamorao ho moo, palo ea bahoeletsi ea qhomela ho 12 992 ka 1958 le ho ea ho 60 139 ka 1970. Ho e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba 127 bao re bileng le bona ka Loetse 1939, ho ne ho e-na le ba 196 948 ka Phato 1986. Ka sebele, ‘e monyenyane o fetohile sechaba se sengata’ le naheng ena.—Esaia 60:22.

Empa le baahi ba Brazil ba eketsehile, ho tloha ho ba limillione tse 41 ka 1939 ho ea ho ba fetang limillione tse 135 hona joale. Kahoo re ntse re e-na le tšimo e nammeng bakeng sa tšebeletso. E bile thabo e khōlō ho ’na hore ke hle ke amehe keketsehong e babatsehang eo Jehova a faneng ka eona, ’me e bile e hlollang hakaakang! Kahoo nka khothaletsa mang le mang ea batlang ho sebeletsa Jehova ka nako e tletseng hore: Tsoela pele! U se ke ua tšoha se ka ’nang sa hlaha hamorao hobane “[Jehova] o tla u lebela ha u e-ea le ha u khutla.”—Pesaleme ea 121:7, 8, TLP.

Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 26]

“Kea u bolella hore ntle le hore u nke bohato ka seo u se tsebang, u khathatsong”

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

N. H. Knorr oa bua ’me Erich Kattner oa fetolela São Paulo, Brazil, ka 1945

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela