Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 5/1 maq. 8-9
  • Lerato la Molimo le Bonahala Leratong la ’Mè

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lerato la Molimo le Bonahala Leratong la ’Mè
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lerato le Simolohile Hokae?
  • U Ikutloa Joang?
  • Seo Lerato (Agape)—Le Seng Sona le Seo le Leng Sona
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • “Le ’Ne le Ratane”
    Atamela ho Jehova
  • Le Matlafatsoe ke Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Rata Molimo ea U Ratang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 5/1 maq. 8-9

Lerato la Molimo le Bonahala Leratong la ’Mè

“Na mosali a ka lebala ngoana oa hae ea anyang hoo a ke keng a hauhela mora oa mpa ea hae? Esita le basali bana ba ka lebala, leha ho le joalo ’na nke ke ka u lebala.”—ESAIA 49:15.

LESEA le khatholohile hamonate matsohong a ’mè oa lona ha a ntse a le anyesa. Ena ke pono e ntle e bontšang bonolo le lerato. Pam o re: “Ha ke ne ke qala ho sika lesea la ka, ke ile ka ikutloa ke le rata ke bile ke na le boikarabelo ba ho le hlokomela.”

Le hoja ho totobetse hore ’mè o lokela ho ikutloa joalo ka lesea la hae, lipatlisiso li tiisitse hore lerato la ’mè le ama khōlo ea ngoana haholo. Tokomane e hatisitsoeng ke ba Lenaneo la Mafu a Kelello la Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo e re: “Lipatlisiso li bontšitse hore bana ba lahliloeng kherehloa le ba sa luleng le bo-’m’a bona ha baa thaba ebile ba imeloa kelellong, ka linako tse ling ho fihlela boemong ba ho tlala tšabo.” Tokomane eona ena e bua ka phuputso e bontšang hore bana ba ratoang le ba tsotelloang ho tloha boseeng ho ka etsahala hore ba be bohlale ho feta bana ba hlokomolohiloeng.

Ha Alan Schore, e leng moprofesa oa phekolo ea mafu a kelello Sekolong sa Bongaka sa UCLA se United States a bua ka bohlokoa ba lerato la ’mè o re: “Kamano eo ngoana a bang le eona le ’mè oa hae qalong ke motheo oa ka ho sa feleng o tla mo thusa hore a khone ho sebelisana le batho hamorao bophelong.”

Ka masoabi ho tetebela maikutlo, ho kula, kapa mathata a mang a ka ’na a etsa hore ’mè a hlokomolohe ngoana oa hae kapa esita le ho “lebala ngoana oa hae ea anyang.” (Esaia 49:15) Empa boemo bo joalo ke mokhelo. Ha e le hantle, ho bonahala ka tlhaho bo-’mè ba rata bana ba bona. Bafuputsi ba fumane hore nakong ea pelehi, bo-’mè ba ba le hormone e ngata e bitsoang oxytocin, e bakang mahlaba a pelehi ’me hamorao e etsa hore ’mele o hlahise lebese. Hormone eona ena e hlahisoang ke ’mele ea bo-ntate le ea bo-’mè, ho boetse ho lumeloa hore e phetha karolo e itseng ea ho susumetsa motho hore a be le lerato le qenehelo.

Lerato le Simolohile Hokae?

Ba khothalletsang batho hore ba lumele khopolong ea ho iphetola ha lintho ba ruta hore lerato le se nang boithati, le kang le pakeng tsa ’mè le ngoana oa hae, le bile teng ka tsietsi ’me se entseng hore le lule le le teng ke hobane le tsoela ba le bontšang molemo. Ka mohlala, Mothering Magazine e fumanehang Inthaneteng e re: “Karolo ea pele ea boko ba rōna e ileng ea ba teng ho phaella ho e futsitsoeng lihahabing ke eona e hlahisang maikutlo. Ke eona karolo ena ea boko e etsang hore bo-’mè le masea a bona ba be le kamano e haufi.”

Ke ’nete hore liphuputso li bontšitse hore karolo ena ea boko e hlahisang maikutlo e phetha karolo e itseng tseleng eo re ikutloang ka eona. Leha ho le joalo, na u nahana hoa utloahala hore lerato leo ’mè a ratang lesea la hae ka lona le hlahisitsoe ke lehlomela la boko ba lihahabi le itlhahetseng ka tsietsi?

Nahana ka se rutoang ke Bibele. E re batho ba bōpiloe ka setšoantšo sa Molimo, ke hore, ba e-na le matla a ho bonahatsa litšobotsi tsa Molimo. (Genese 1:27) Tšobotsi ea Molimo e ka sehloohong ke lerato. Moapostola Johanne o ile a re: “Ea sa rateng ha a tsebe Molimo.” Hobane’ng? “Hobane Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Ka kōpo hlokomela hore temana ena ea Bibele ha e re Molimo o na le lerato. Ho e-na le hoo, e re Molimo ke lerato. Ke Mohloli oa lerato.

Bibele e hlalosa lerato ka tsela ena: “Lerato lea tiisetsa ’me le mosa. Lerato ha le boulele, ha le ithorise, ha le ikhohomose, ha le itšoare ka mokhoa o sa hlompheheng, ha le batle lithahasello tsa lona, ha le halefe. Ha le boloke tlaleho ea bobe. Ha le thabele ho se loke, empa le thabela ’nete. Le jara lintho tsohle, le lumela lintho tsohle, le tšepa lintho tsohle, le mamella lintho tsohle. Lerato ha le fele le ka mohla.” (1 Bakorinthe 13:4-8) Na hoa utloahala ho lumela hore litšobotsi tsee tse babatsehang li bile teng ka tsietsi?

U Ikutloa Joang?

Ha u ntse u bala tlhaloso ea lerato serapeng se fetileng, na pelo ea hao e ile ea labalabela hore ho be le motho ea u bontšang lerato la mofuta oo? Ke ha tlhaho hore u ikutloe joalo. Hobane’ng? Hobane “re bana ba Molimo.” (Liketso 17:29) Re bōpetsoe hore re bontšoe lerato le joalo ’me re le bontše. Re ka kholiseha hore Molimo o re rata ka lerato le tebileng. (Johanne 3:16; 1 Petrose 5:6, 7) Lengolo le qotsitsoeng qalong ea sehlooho sena le bolela hore lerato la Molimo ho rōna le matla le ho feta, le tšoarella ho feta leo ’mè a ratang lesea la hae ka lona!

Leha ho le joalo, e ka ’na eaba ua ipotsa: ‘Haeba Molimo o bohlale, o matla ebile o lerato, ke hobane’ng ha a sa felise mahlomola? Ke hobane’ng ha a lumella hore bana ba shoe, khatello e tsoele pele, ’me lefatše le senngoe ka lebaka la ho se hlokomeloe le meharo?’ Lipotso tsena li ntle ’me ho hlokahala hore li arajoe ka tsela e utloahalang.

Ho sa tsotellehe hore na batho ba belaellang boteng ba Molimo ba re’ng, re ka khona ho fumana likarabo tse khotsofatsang tsa lipotso tseo. Batho ba limilione linaheng tse makholo ba fumane likarabo tseo ka ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Bahatisi ba makasine ena ba kōpa hore le uena u etse joalo. Ha u ntse u tseba Molimo ka ho eketsehileng ka lebaka la ho ithuta Lentsoe la hae le pōpo ea hae, u tla lemoha hore o haufi ebile u ka khona ho mo tseba. Mohlomong u tla kholiseha hore Molimo ha a “hōle le e mong le e mong oa rōna.”—Liketso 17:27.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]

Lerato la Molimo ho rōna le tšoarella ho feta leo ’mè a ratang lesea la hae ka lona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela