Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 6/1 maq. 9-11
  • Na Hoa Tsotelleha Hore na re Rapela Molimo Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Hoa Tsotelleha Hore na re Rapela Molimo Joang?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mohlala oa Boholo-holo
  • Baiseraele ba Kopanya Mefuta e sa Tšoaneng ea Borapeli
  • Kamoo Molimo a Neng a Ikutloa Kateng ka Borapeli bo Kopanetsoeng
  • Seo re Ithutang Sona
  • Na Molimo o Amohela Borapeli bo Bong le bo Bong?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Molimo o Amohela Borapeli ba Bo-mang?
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Borapeli ba ’Nete bo Tla Eketsa Thabo ea Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Tsela e Nepahetseng ea ho Rapela Molimo
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 6/1 maq. 9-11

Na Hoa Tsotelleha Hore na re Rapela Molimo Joang?

“KA TLHAHO batho ba rata bolumeli.” Moprofesa Alister Hardy o buile mantsoe ana bukeng ea The Spiritual Nature of Man. Liphuputso tse entsoeng haufinyane tjena ho bonahala li tšehetsa mantsoe ana. Ho fumanoe hore hoo e ka bang karolo ea 86 lekholong ea baahi ba lefatše e bolela hore e na le bolumeli bo itseng.

Liphuputsong tseo ho boetse ho fumanoe hore balumeli ba oela malumeling a maholo a 19 ’me ba ipolelang hore ke Bakreste ba oela malumeling a sa tšoaneng a 37 000, e leng palo e khōlō ka tsela e makatsang. Na see ha se etse hore u ipotse hore na ebe Molimo o amohela mefuta ee eohle e sa tšoaneng ea borapeli? Ha e le hantle, na hoa tsotelleha hore na re mo rapela joang?

Tabeng ena ea bohlokoa, ho hlakile hore re ke ke ra etsa qeto re itšetlehile ka maikutlo a rōna. Ka ho utloahalang, ho hlokahala hore re tsebe hore na Molimo o ikutloa joang ka taba ena. Ka lebaka leo, re lokela ho ea Lentsoeng la Molimo, Bibele. Hobane’ng? Hobane Jesu Kreste ha a rapela Molimo o ile a re: “Lentsoe la hao ke ’nete.” (Johanne 17:17) Moapostola Pauluse ea tšepahalang o ile a paka sena, a re: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho.”—2 Timothea 3:16.

Bibele e bontša hore hase mekhoa eohle ea borapeli e khahlisang Molimo. Re fumana mehlala ea nakong e fetileng e re bontšang borapeli boo Molimo a neng a bo amohela le boo a neng a sa bo amohele. Ka ho hlahloba mehlala e joalo ka hloko, re ka ithuta seo re lokelang ho se etsa le seo re sa lokelang ho se etsa e le hore Molimo a amohele borapeli ba rōna.

Mohlala oa Boholo-holo

Ka moprofeta Moshe, Jehova Molimo o ile a fa Baiseraele melao e ileng ea ba ruta kamoo ba ka rapelang Molimo ka tsela eo a e amohelang. Ha batho ba ne ba boloka melao ena e neng e tsejoa e le Molao oa Moshe, Molimo o ne a ba nka e le sechaba sa hae a bile a ba hlohonolofatsa. (Exoda 19:5, 6) Ho sa tsotellehe seo, sechaba sa Iseraele ha sea ka sa tšoarella borapeling boo Molimo a bo amohelang. Nako le nako, se ne se furalla Jehova ebe se etsa mekhoa ea bolumeli ea baahisani ba sona.

Mehleng ea moprofeta Ezekiele le moprofeta Jeremia lilemong tsa bo-600 B.C.E., Baiseraele ba bangata ha baa ka ba natsa Molao oa Molimo eaba ba tloaelana haholo le lichaba tseo ba neng ba ahisane le tsona. Baiseraele ba ile ba kopanela bolumeli le lichaba tse ling ha ba latela meetlo ea tsona ’me ba kopanela meketeng ea tsona. Baiseraele ba bangata ba ne ba re: “A re tšoaneng le lichaba, re tšoaneng le malapa a linaha tsena, ka ho sebeletsa patsi le lejoe.” (Ezekiele 20:32; Jeremia 2:28) Ba ne ba bolela hore ba rapela Jehova Molimo, empa ka nako e tšoanang ba ne ba rapela ‘litšoantšo tse nyonyehang,’ ba bile ba li etsetsa mahlabelo ka bara ba bona.—Ezekiele 23:37-39; Jeremia 19:3-5.

Baepolli ba lintho tsa khale ba re mofuta ona oa borapeli ke ho rapela melimo e sa tšoaneng ka nako e le ’ngoe. Kapa ba re ke bolumeli bo tloaelehileng. Kajeno, batho ba bangata ba nahana hore kaha batho ba na le litumelo tse sa tšoaneng, re lokela ho amohela lintho tsohle, ho akarelletsa le bolumeli. Kahoo, ha ba nahane hore ho phoso ho rapela Molimo ka tsela leha e le efe eo ba e ratang. Na ho hlile ho joalo? Na e mpa feela e le taba ea ho mamellana le ho amohela likhopolo tse ncha? Nahana ka lintho tse ling tse neng li etsoa bolumeling bo tloaelehileng tseo Baiseraele ba sa tšepahaleng ba neng ba kopanela ho tsona, ’me u hlokomele hore na li ile tsa ba le liphello life.

Baiseraele ba Kopanya Mefuta e sa Tšoaneng ea Borapeli

Libaka tseo ho tsona Baiseraele ba neng ba kopanya mefuta e sa tšoaneng ea borapeli li ne li bitsoa ‘libaka tse phahameng,’ kapa libaka tsa borapeli tse nang le lialetare, tseo ho chesetsoang libano ho tsona, tse nang le litšiea tse halalelang tsa lejoe, le lipalo tse halalelang tseo mohlomong e neng e le liemahale tsa lehong tsa Ashera, molimotsana oa tsoalo oa Bakanana. Libaka tsena li ne li le ngata Juda. Marena a Bobeli 23:5, 8 e bua ka ‘libaka tse phahameng metseng ea Juda le libaka tse potolohileng Jerusalema, . . . ho tloha Geba [e moeling o ka leboea] ho ea fihla Beerseba [e moeling o ka boroa].’

Libakeng tsena tse phahameng, Baiseraele ba ne ba etsetsa “Baale mosi oa sehlabelo, le letsatsi le khoeli le lihlopha tsa linaleli tsa zodiake le makhotla ’ohle a maholimo.” Ba ne ba e-na le matlo a “matekatse a banna a tempele . . . ka tlung ea Jehova” ’me ba nyehela bana ba bona “mollong ho Moloke.”—2 Marena 23:4-10.

Baepolli ba lintho tsa khale ba fumane litšoantšo tse nyenyane tsa letsopa Jerusalema le Juda, haholo-holo lithakong tsa moo e neng e le malapeng. Bongata ba tsona e ne e le litšoantšo tsa mosali ea tsotseng ea nang le matsoele a maholo. Litsebi li re litšoantšo tsena ke tsa molimotsana oa tsoalo ea bitsoang Ashtorethe le ea bitsoang Ashera. Ho lumeloa hore litšoantšo tsena e ne e le “pitsa e neng e thusa batho hore ba emole ’me ba be le bana.”

Baiseraele ba ne ba ikutloa joang ka libaka tsee tseo ba neng ba kopanya mefuta e sa tšoaneng ea borapeli ho tsona? Moprofesa Ephraim Stern oa Hebrew University o ile a re ho ka etsahala hore ebe bongata ba libaka tsena tse phahameng li ne li “nehetsoe ho Yahweh [Jehova].” Ho bonahala hore mantsoe a ngotsoeng a fumanoang libakeng tsena tse epolotsoeng a tšehetsa maikutlo ana. Ka mohlala, a mang a re, “Ke u boka ka Yahweh oa Samaria le ka ashera ea hae,” ’me a mang a re, “Ke u boka ka Yahweh oa Temane le ka ashera ea hae!”

Mehlala ena e bontša kamoo Baiseraele ba ileng ba kopanya borapeli bo hloekileng ba Jehova Molimo le meetlo e hlabisang lihlong ea bahetene. Ka lebaka la sena, boitšoaro ba bona bo ile ba hlepha ’me borapeli ba bona ba silafala. Molimo o ne a ikutloa joang ka borapeli boo?

Kamoo Molimo a Neng a Ikutloa Kateng ka Borapeli bo Kopanetsoeng

Molimo o ile a bontša hore mofuta oa borapeli ba Baiseraele bo litšila oa mo halefisa ’me oa o nyatsa ha a re ka moprofeta oa hae Ezekiele: “Libakeng tsohle tsa lōna tsa bolulo metse e tla ripitloa ’me libaka tse phahameng e tla ba lesupi, e le hore e ka ba tse ripitliloeng le lialetare tsa lōna e be lesupi ’me li robehe le litšoantšo tsa lōna tse rapeloang tse nyonyehang li felisoe ’me liluloana tsa lōna tsa libano li heletsoe ’me mesebetsi ea lōna e hlakoloe.” (Ezekiele 6:6) Ha ho pelaelo hore ho hang Jehova o ne a sa amohele borapeli bo joalo a bile a bo nena.

Jehova Molimo o ile a bolela esale pele kamoo timetso ena e neng e tla etsahala kateng, a re: “Bonang! [ke romela] . . . Nebukadrezare morena oa Babylona, mohlanka oa ka, ’me ke tla ba tlisa khahlanong le naha ena le khahlanong le baahi ba eona le khahlanong le lichaba tsena tsohle tse potolohileng; ke tla ba nehela timetso . . . Naha ena eohle e tla fetoha sebaka se ripitliloeng.” (Jeremia 25:9-11) Joalokaha ho boletsoe, ka 607 B.C.E., Bababylona ba ile ba futuhela Jerusalema ’me ba ripitla motse oo le tempele ea oona.

Ha Moprofesa Stern eo ho qotsitsoeng mantsoe a hae lirapeng tse fetileng a bua ka timetso ea Jerusalema, o bolela hore mesaletsa e fumanoeng ha ho epolloa lintho tsa khale “e lumellana ka ho hlaka le se ka Bibeleng (2 Marena 25:8; 2 Likronike 36:18-19) moo ho hlalosoang ho timetsoa, ho chesoa le ho oa ha matlo le marako.” O tsoela pele o re: “Bopaki bo fumanoeng linthong tse epolotsoeng ba se etsahetseng Jerusalema . . . bo ka nkoa e le bo har’a bo hlollang ka ho fetisisa bo fumanoeng sebakeng leha e le sefe se boletsoeng ka Bibeleng.”

Seo re Ithutang Sona

Thuto ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore Molimo ha a amohele borapeli bo lekang ho kopanya lithuto tsa Bibele le lithuto, meetlo kapa litloaelo tsa malumeli a mang tse sa thehoang Bibeleng. Ena ke thuto eo moapostola Pauluse a ileng a e ela hloko. O ile a hōla e le Mofarisi oa Mojuda, ea rutiloeng le ho koetlisoa ho latela molao oa bolumeli boo. Ha qetellong a ithuta a bile a amohela hore Jesu e ne e le Mesia ea tšepisitsoeng, o ile a etsa joang? O ile a re: “Lintho tseo e neng e le maruo ho ’na, ke li nkile e le tahlehelo ka lebaka la Kreste.” O ile a tlohela mokhoa oo a neng a phela ka oona pele eaba o fetoha molateli oa Kreste ea inehetseng.—Bafilipi 3:5-7.

Pauluse e ne e le moromuoa libakeng tse sa tšoaneng, ’me a tseba mekhoa ea bolumeli le melao ea boitšoaro ea batho ba sa tšoaneng. Ke ka lebaka leo a ileng a ngolla Bakreste ba Korinthe, a re: “Leseli le na le karolo efe le lefifi? Ho ekelletsa moo, ho na le tumellano efe pakeng tsa Kreste le Beliale? Kapa motho ea tšepahalang o na le kabelo efe le ea sa lumelang? ’Me tempele ea Molimo e na le tumellano efe le litšoantšo tse rapeloang? . . . ‘Ka hona tsoang har’a bona, ’me le ikarole,’ ho bolela Jehova, ‘le khaotse ho ama ntho e sa hloekang’; ‘’me ke tla le amohela.’”—2 Bakorinthe 6:14-17.

Kaha rea hlokomela hore Molimo oa tsotella hore na re mo rapela joang, re ka ipotsa lipotso tsena: ‘Molimo o amohela borapeli bo joang? Nka atamela ho Molimo joang? Nka etsa eng hore ke rapele Molimo ka tsela eo a e amohelang?’

Lipaki Tsa Jehova li thabela ho u thusa hore u fumane likarabo tsa lipotso tsena le tse ling tse mabapi le Bibele. Re u khothalletsa hore u buisane le Lipaki Holong ea ’Muso kapa u ngolle bahatisi ba makasine ena u kōpe thuto ea Bibele e sa lefelloeng e tla tšoaroa ka nako eo u e ratang le sebakeng seo u se ratang.

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Sebaka sa Boholo-holo sa Borapeli ba Litšoantšo, Tel Arad, Iseraele

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Garo Nalbandian

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Litšoantšo Tsa Ashtorethe Tse Fumanoeng Malapeng a Boholo-holo a Bajuda

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Photograph © Israel Museum, Jerusalem; courtesy of Israel Antiquities Authority

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela