Na Molimo o Amohela Borapeli bo Bong le bo Bong?
MOLIMO o bōpelletse motho le tlhoko ea moea—tlhoko ea ho rapela. Hase ntho e itlhahisitseng ka boeona. E ne e le karolo ea motho ho tloha tšimolohong.
Leha ho le joalo, ka masoabi moloko oa batho o hlahisitse litsela tse ngata tse fapaneng tsa borapeli, ’me ka kakaretso, ha lia etsa hore lelapa la motho e be le thabileng le le momahaneng. Ho e-na le hoo, lintoa tse tšollang mali li ntse li loanoa ka lebitso la bolumeli. Sena se phahamisa potso ea bohlokoa: Na tsela eo motho a rapelang Molimo ka eona ea tsotelleha?
Borapeli bo Belaetsang Mehleng ea Boholo-holo
Lichaba tsa boholo-holo tse neng li lula Bochabela bo Hare li fana ka mohlala oa histori o re thusang ho arabela potso eo. Ba bangata ba ne ba rapela molimo o bitsoang Baale. Ba ne ba boetse ba rapela balekane ba Baale ba basali, ba kang Asherah. Borapeli ba Asherah bo ne bo kopanyelletsa ho sebelisoa ha palo e halalelang eo ho neng ho lumeloa hore ke letšoao la likamano tsa botona le botšehali. Litsebi tsa thuto ea ho epolla lintho tsa khale tse sebetsang sebakeng seo, li epollotse litšoantšo tse ngata tsa basali ba sa aparang. The Encyclopedia of Religion e bolela hore litšoantšo tsena li “bontša molimotsana ea pepesitseng setho sa botšehali, ea hlahlabalitseng matsoele,” ’me “mohlomong o emela . . . Asherah.” ’Nete e salang ke hore hangata, borapeli ba Baale bo ne bo e-na le boitšoaro bo hlephileng haholo.
Ka lebaka leo, ha ho makatse ha borapeli ba Baale bo ne bo kopanyelletsa boitšoaro bo hlephileng ka ho fetelletseng ba botona le botšehali. (Numere 25:1-3) Sikeme, Mokanana, o ile a beta moroetsana Dina. Ho sa tsotellehe sena, o ne a talingoa e le motho ea hlomphehang ka ho fetisisa lelapeng labo. (Genese 34:1, 2, 19) Ho ba le likamano tsa botona le botšehali le mong ka motho ea haufi, banna ba robalang le banna le ho robala le liphoofolo li ne li atile. (Levitike 18:6, 22-24, 27) Lentsoe “bosodoma,” mokhoa oa banna ba robalang le banna, le nkiloe lebitsong la motse o kileng oa e-ba teng karolong eo ea lefatše. (Genese 19:4, 5, 28) Borapeli ba Baale bo ne bo boetse bo kopanyelletsa tšollo ea mali. Hase ho makatsang ha barapeli ba Baale ba ne ba akhela bana ba bona ba phela malakabeng a mollo e le sehlabelo ho melimo ea bona! (Jeremia 19:5) Mekhoa ena eohle e ne e amana le lithuto tsa bolumeli. Joang?
Bukeng ea hae ea Archaeology and the Old Testament, Dr. Merrill Unger oa hlalosa: “Bobatana, takatso e fetelletseng le ho lahla kherehloa ha litšōmo tsa Bakanana, ho hobe ho fetisa sebakeng leha e le sefe sa Bochabela bo Haufi nakong eo. ’Me libōpeho tse makatsang tsa melimo ea Bakanana, tsa hore e ne e se na mekhoa leha e le efe ea boitšoaro, e tlameha ebe li ile tsa hlahisa mekhoa e mebe ka ho fetisisa ho balateli ba inehetseng ho eona ’me tsa kopanyelletsa mekhoa e mengata ea mehleng eo ea boitšoaro bo hlephileng, joaloka botekatse bo halalelang, [le] mahlabelo a neng a etsoa ka bana.”
Na Molimo o ile a amohela borapeli ba Bakanana? Le hanyenyane. O ile a ruta Baiseraele kamoo ba ka mo rapelang ka tsela e hloekileng. Mabapi le mekhoa e boletsoeng ka holimo, o ile a hlokomelisa: ‘Le se ke la itšela sesila ka efe le efe ea ntho tseo, hobane ke ka lintho tseo kaofela lichaba tsee ke eang ho li lelekisa pel’a lōna li itšetseng litšila. Ke ka tseo ba li entseng naha e silafetseng; joale, ke tla e otla ka manyala a eona, ’me e tla hlatsa baahi ba eona.’—Levitike 18:24, 25.
Borapeli bo Hloekileng Boa Silafala
Baiseraele ba bangata ha baa ka ba amohela pono ea Molimo ea borapeli bo hloekileng. Ho e-na le hoo, ba ile ba lumella borapeli ba Baale hore bo tsoele pele naheng ea bona. Ka potlako Baiseraele ba ile ba ekoa hore ba leke ho kopanya borapeli ba Jehova le ba Baale. Na Molimo o ile a amohela mofuta o kopakaneng tjee oa borapeli? Nahana ka se ileng sa etsahala nakong ea puso ea Morena Manase. O ile a etsetsa Baale lialetare, a chesa mora oa hae e le sehlabelo ’me a sebelisa boselamose. “Ho phaella moo, a etsa setšoantšo se betliloeng sa palo e halalelang [ʼashe·rahʹ ka Seheberu] eo a neng a e hlomme ka tlung eo ka eona Jehova a neng a itse . . . : ‘Tlung ena . . . ke tla beha lebitso la ka ka ho sa feleng.’”—2 Marena 21:3-7, NW.
Bafo ba Manase ba ile ba latela mohlala oa morena oa bona. Ha e le hantle, o ile “a ba khelosa hore ba etse bobe, le ho fetisa lichaba tseo Jehova a neng a li timelitse pel’a bana ba Iseraele.” (2 Marena 21:9) Ho e-na le hore a ele hloko litemoso tse neng li pheta-phetoa ke baprofeta ba Molimo, Manase o ile a bolaea hoo Jerusalema e ileng ea tlala mali a se nang molato. Le hoja Manase a ile a qetella a fetohile, mora oa hae ebile e le mohlahlami, Morena Amone, o ile a tsosolosa borapeli ba Baale.—2 Marena 21:16, 19, 20.
Ha nako e ntse e feta, matekatse a banna a ile a qala ho sebeletsa ka tempeleng. Molimo o ile a talima tšobotsi ee ea borapeli ba Baale joang? O ne a ile a lemosa ka Moshe: “U se ke ua hlahisa ka tlung ea Jehova, Molimo oa hao, moputso oa seotsoa, leha e le theko ea ntja [“mohlomong monna ea etsang bohlola le bashemane”], bakeng sa kano eo u itlamileng ka eona; hobane ntho tse peli tseo ke manyala pel’a Jehova, Molimo oa hao.”—Deuteronoma 23:17, 18, bapisa le NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe.
Setloholo sa Manase, Morena Josiase, o ile a hloekisa tempele ka ho tlosa borapeli bo litšila ba Baale. (2 Marena 23:6, 7) Empa lintho li ne li se li senyehile. Nakoana e seng kae ka mor’a lefu la Morena Josiase, borapeli ba litšoantšo bo ne bo boetse bo etsetsoa tempeleng ea Jehova. (Ezekiele 8:3, 5-17) Kahoo, Jehova o ile a etsa hore morena oa Babylona a ripitle Jerusalema le tempele ea eona. Tlaleho ena e soabisang ea histori ke bopaki ba hore mefuta e meng ea borapeli ha e amohelehe ho Molimo. Ho thoe’ng mehleng ee ea rōna?