Borapeli ba Baale—Ntoa Maikutlong a Baiseraele
Ka nako e ka etsang lilemo tse sekete, ntoa e ile ea loana maikutlong a sechaba sa Iseraele. Tšabo e bakoang ke tumela-khoela le litšebeletso tsa borapeli tseo ho tsona ho etsoang likamano tsa botona le botšehali e ne e le khahlanong le tumelo le botšepehi. Ntoa ena ea bophelo le lefu e ne e etsa hore borapeli ba Baale bo qothisane lehlokoa le borapeli ba Jehova.
NA SECHABA sa Iseraele ka botšepehi se ne se tla khomarela Molimo oa ’nete ea se ntšitseng Egepeta? (Exoda 20:2, 3) Kapa na se ne se tla mo furalla se ee ho Baale, molimo eo Bakanana ba mo ratang haholo, ea ileng a tšepisa hore o tla etsa hore naha e behe litholoana tse ngata?
Ntoa ena ea moea, e ileng ea loana lilemong tse likete tse fetileng, ke ea bohlokoa ho rōna. Hobane’ng? Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Lintho tsena li ile tsa tsoela pele ho ba hlahela e le mehlala, ’me li ile tsa ngoloa hore e be temoso ho rōna bao bofelo ba litsamaiso tsa lintho bo ba fihletseng.” (1 Bakorinthe 10:11) Temoso e ka sehloohong ea ntoa ena e tummeng historing e tla ba le moelelo o moholoanyane haeba re utloisisa hore na Baale e ne e le mang, le hore na borapeli ba Baale bo ne bo akarelletsa eng.
Baale e ne e le Mang?
Baiseraele ba ile ba e-ba le kamano le Baale ha ba ne ba fihla Kanana, hoo e ka bang selemong sa 1473 B.C.E. Ba ile ba hlokomela hore Bakanana ba ne ba rapela melimo e mengata haholo e neng e sa fapana le melimo ea Egepeta, le hoja e ne e e-na le mabitso a sa tšoaneng le libōpeho tse itseng tse sa tšoaneng. Leha ho le joalo, Bibele e qoolla Baale e le molimo oa Bakanana ea ka sehloohong, ’me se fumanoeng ke baepolli ba lintho tsa khale se tiisa ho hlahella ha hae. (Baahloli 2:11) Le hoja Baale e ne e se molimo ea phahameng ka ho fetisisa melimong ea sechaba, e ne e le molimo oa bohlokoa haholo ho Bakanana. Ba ne ba lumela hore o na le matla a ho laola pula, moea le maru le hore ke eena feela ea neng a ka lopolla sechaba—hammoho le liphoofolo tsa sona le lijalo—ho nyopeng kapa esita le ho shoeng. Kantle ho tšireletso ea Baale, Mot, molimo oa Bakanana ea ratang ho iphetetsa, o ne a tla fela a ba tlisetse bomalimabe.
Borapeli ba Baale bo ne bo susumetsoa ke litšebeletso tsa borapeli tseo ho tsona ho etsoang likamano tsa botona le botšehali. Esita le lintho tse sebelisoang bolumeling tse amanang le Baale, joaloka litšiea tse halalelang le lipalo tse halalelang, li ne li e-na le moelelo oa likamano tsa botona le botšehali. Hoa bonahala hore litšiea tse halalelang—mafika kapa majoe a betliloeng ao sebōpeho sa ’ona e leng sa setho sa botona—li ne li emela Baale, lehlakore la botona la likamano tsa botona le botšehali. Ka lehlakoreng le leng, lipalo tse halalelang e ne e le lintho tse etsoang ka lehong kapa lifate, tse neng li emela Asherah, molekane oa Baale le lehlakore la botšehali.—1 Marena 18:19.
Botekatse ba tempele le mahlabelo a bana e ne e le likarolo tse ling tse hlaheletseng tsa borapeli ba Baale. (1 Marena 14:23, 24; 2 Likronike 28:2, 3) Buka ea The Bible and Archaeology e re: “Litempeleng tsa Bakanana ho ne ho e-na le matekatse a banna le a basali (banna le basali ‘ba halalelang’) ’me ho ne ho etsoa mefuta eohle ea likamano tsa botona le botšehali tse feteletseng. [Bakanana] ba ne ba lumela hore ka tsela e itseng mekete ena e ne e atlehisa lijalo le mehlape.” Bonyane seo e ne e le ho lokafatsa bolumeli, le hoja ntle ho pelaelo boitšoaro bo bobe joalo bo ne bo ipiletsa litakatsong tsa nama tsa barapeli. Joale, Baale o ile a khelosa lipelo tsa Baiseraele joang?
Ke Hobane’ng ha bo ne bo Khahleha Hakaale?
Mohlomong Baiseraele ba bangata ba ne ba khetha ho ba litho tsa bolumeli bo neng bo sa ba hloke lintho tse ngata. Ka ho rapela Baale ba ne ba lokoloha ho bolokeng Molao, o kang Sabatha le lithibelong tse ngata tsa boitšoaro. (Levitike 18:2-30; Deuteronoma 5:1-3) Ho ka etsahala hore ebe ho atleha ha Bakanana linthong tse bonahalang ho ile ha kholisa ba bang hore ho hlokahala hore Baale a khahlisoe.
Litempelana tsa Bakanana, tse tsebahalang e le libaka tse phahameng tse leng merung ea lehong e matsoapong a lithaba, e tlameha ebe e ne e le tikoloho e khahlehang bakeng sa litšebeletso tsa kemolo tse neng li tšoareloa moo. Kapele, Baiseraele ba ne ba sa khotsofalla ho ea libakeng tse halalelang tsa Bakanana khafetsa; ba ile ba ikahela tsa bona. “Le bona ba ’na ba ikahela libaka tse phahameng le litšiea tse halalelang le lipalo tse halalelang holim’a leralla le leng le le leng le phahameng le tlas’a sefate se seng le se seng se behang haholo.”—1 Marena 14:23, NW; Hosea 4:13.
Empa taba ea pele le ea bohlokoa ke hore borapeli ba Baale bo ne bo ipiletsa nameng. (Bagalata 5:19-21) Mekhoa ea nama e ne e e-na le tšusumetso e fetang ea takatso ea lijalo tse ngata le mehlape. Likamano tsa botona le botšehali li ne li tlotlisoa. Sena se pakoa ke liemahale tse nyenyane tse ngata tse epolotsoeng, tse bontšang likamano tsa botona le botšehali tse fetelelitsoeng, tse tšoantšetsang ho tsosa takatso ea botona le botšehali. Ho keteka, ho tantša le ’mino li ne li susumelletsa boitšoarong bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali.
Re ka inahanela boemo ba sebele mathoasong a lehlabula. Tikolohong ea tlhaho e hlollang, e aparetsoeng ke ho keteka le eo ho eona barapeli ba tahiloeng ke veine, ba tantšang. Melutsoane ea bona e reretsoe ho tsosa Baale ho se sebetseng ha hae nakong ea lehlabula e le hore naha e hlohonolofatsoe ka pula. Ba tantša ho potoloha litšiea tseo sebōpeho sa tsona e leng sa setho sa botona, le lipalo tse halalelang. Mokhoa oo ba sisinyehang ka oona, haholo-holo matekatse a tempele, o tsosa takatso ea botona le botšehali ebile ke oa nama. Ba susumetsoa ke ’mino le bamameli. ’Me ho ka etsahala hore ha tantši ena e loela, batho ba tantšang ba ea likamoreng tsa ntlo ea Baale hore ba e’o ba le likamano tsa boitšoaro bo litšila.—Numere 25:1, 2; bapisa le Exoda 32:6, 17-19; Amose 2:8.
Ba ne ba Tsamaea ka Pono, Eseng ka Tumelo
Ha borapeli bo joalo bo sekametseng nameng bo ne bo khahla ba bangata, tšabo le eona e ne e susumelletsa Baiseraele borapeling ba Baale. Kaha Baiseraele ba ne ba feletsoe ke tumelo ho Jehova, tšabo ea bafu, tšabo ea bokamoso le ho haptjoa ke lintho tsa sephiri li ile tsa etsa hore ba sebelisane le meea, hoo le hona ho ileng ha etsa hore ba kenelle litšebeletsong tse litšila ka ho feletseng. The International Standard Bible Encyclopedia e hlalosa kamoo Bakanana ba neng ba hlompha meea ea batho ba shoeleng kateng e le karolo ea borapeli ba baholo-holo, e re: “Mekete . . . e ne e ketekeloa setšeng sa mabitla a lelapa kapa liphupung ka ho tahoa ha neano le ho kopanela likamanong tsa botona le botšehali (tseo mohlomong li kopanyelletsang likamano tsa botona le botšehali le mong ka motho ea haufi) tseo ho neng ho nahanoa hore bafu ba kopanela ho tsona.” Ho kopanela mekhoeng e joalo e litšila ea tšebelisano le meea ho ile ha arohanya Baiseraele le Molimo oa bona, Jehova haholoanyane.—Deuteronoma 18:9-12.
Litšoantšo tse rapeloang—le lineano tse amanang le tsona—li ile tsa boela tsa khahla Baiseraele ba neng ba rata ho tsamaea ka pono eseng ka tumelo. (2 Bakorinthe 5:7) Esita le ka mor’a ho bona mehlolo e hlollang ka letsoho la Jehova le sa bonahaleng, Baiseraele ba bangata ba neng ba tlohile Egepeta ba ile ba ikutloa hore ho hlokahala hore ba mo hopotsoe ka ntho e bonahalang. (Exoda 32:1-4) Litloholo tse ling tsa bona ka ho tšoanang li ne li rata ho rapela ntho e itseng e bonahalang, e kang litšoantšo tsa Baale.—1 Marena 12:25-30.
Ke Mang ea Ileng a Hlōla?
Ntoa e ile ea loana lipelong tsa Baiseraele ka makholo a lilemo, ho tloha nakong eo ka eona ba neng ba fihla mahoatateng a Moabe pejana ba kena Naheng e Tšepisitsoeng ho fihlela nakong eo ba ileng ba isoa Babylona ka eona. Ho ile ha bonahala boemo bo feto-fetoha. Ka linako tse ling, bongata ba Baiseraele bo ile ba lula bo tšepahala ho Jehova, empa bo ne bo retelehela ho Baale khafetsa. Lebaka le ka sehloohong la sena e ne e le ho tloaelana ha bona le lichaba tsa bahetene tse ba potolohileng.
Ka mor’a hore lebotho la bona la ntoa le hlōloe, Bakanana ba ile ba loana ka mekhoa e poteletseng haholoanyane. Ba ne ba lula haufi le Baiseraele ’me ba khothalletsa batho ba ba hapileng ho iketsetsa melimo ea naha eo. Baahloli ba sebete ba joaloka Gideone le Samuele ba ile ba hana mokhoa ona. Samuele o ile a khothatsa sechaba ka matla: “Lahlang melimo esele . . . , ’me le lebise lipelo tsa lōna ho Jehova ka mokhoa o sa kheloheng ’me le sebeletse eena feela.” Ka nako e itseng Baiseraele ba ile ba ela hloko khothatso ea Samuele, ’me ba “lahla bo-Baale le litšoantšo tsa Ashtorethe ’me ba qala ho sebeletsa Jehova feela.”—1 Samuele 7:3, 4, NW; Baahloli 6:25-27.
Ka mor’a puso ea Saule le Davida, Solomone lilemong tsa hae tsa botsofali o ile a qala ho etsetsa melimo esele mahlabelo. (1 Marena 11:4-8) Marena a mang a Iseraele le Juda a ile a etsa se tšoanang ’me a inehela ho Baale. Leha ho le joalo, baprofeta ba tšepahalang le marena, ba kang Elija, Elisha le Josiase, ba ile ba etella pele ntoeng e khahlanong le borapeli ba Baale. (2 Likronike 34:1-5) Ho feta moo, ho pholletsa le nako ena ea histori ea Baiseraele, ho ne ho e-na le batho ba ileng ba lula ba tšepahala ho Jehova. Esita le mehleng ea Akabe le Jezebele, ha borapeli ba Baale bo ne bo le sehlohlolong, ba likete tse supileng ba ile ba hana ho ‘khumamela Baale.’—1 Marena 19:18.
Qetellong, ka mor’a hore Bajuda ba khutle botlamuoeng Babylona, ha ho sa buuoa ka borapeli ba Baale hape. Joaloka bao ho buuoang ka bona ho Esdrase 6:21, bohle ba ile ba ‘hlobohana le litšila tsa lichaba tsa lefatše ho batla Jehova, Molimo oa Iseraele.’
Litemoso Tse Tsoang Borapeling ba Baale
Le hoja borapeli ba Baale e le khale bo felile, bolumeli boo ba Bakanana le mokhatlo oa batho ba kajeno li na le ntho e le ’ngoe eo li tšoanang ka eona—ho tlotlisa likamano tsa botona le botšehali. Ho bonahala khoheli ea boitšoaro bo bobe e tletse hohle. (Baefese 2:2) Pauluse oa lemosa: “Re loana le matla a sa bonahaleng a laolang lefatše lena le lefifi, le makhotla a moea a tsoang hona ntlo-khōlō ea bobe.”—Baefese 6:12, Phillips.
“Matla a sa bonahaleng” ana a Satane a khothalletsa boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali e le hore a etse batho makhoba ka tsela ea moea. (Johanne 8:34) Mokhatlong oa batho ba kajeno o lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ho inehela litakatsong tsa likamano tsa botona le botšehali ka ho feletseng ha ho etsoe e le tšebeletso ea kemolo empa, ho e-na le hoo, ho etsoa e le tsela ea ho ikhotsofatsa kapa ho iketsetsa borata. ’Me ho phatlalatsoa ha likhopolo tse kotsi ho susumetsa ka tsela e tšoanang. Ka boithabiso, ’mino le papatso, likelello tsa batho li foqoa melaetsa ea likamano tsa botona le botšehali. Bahlanka ba Molimo ha baa lokoloha tlhaselong ena. Ha e le hantle, bongata ba batho ba khaoloang phuthehong ea Bokreste ke ba inehetseng mekhoeng e joalo. Ke feela ka ho tsoela pele ho hana litšusumetso tse joalo Mokreste a ka lulang a hloekile.—Baroma 12:9.
Bacha ba Lipaki ka ho khetheha ba pepeselitsoe kotsing, kaha lintho tse ngata tseo ba ka ’nang ba utloisisa hore lia khahleha li hlahisoa li e-na le khoheli ea likamano tsa botona le botšehali. Ho hobe le ho feta, ba tlameha ho hanela tšusumetso ea bacha ba bang ba ba susumetsang. (Bapisa le Liproverbia 1:10-15.) Ka mohlala, ba bangata ba kene mathateng ha ba le liphathing tse khōlō. Joaloka borapeling ba Baale mehleng ea boholo-holo, ’mino, ho tantša le khoheli ea botona le botšehali li etsa motsoako o kopanyang hlooho.—2 Timothea 2:22.
Mopesaleme o ile a botsa: “Mohlankana o tla hloekisa metsamao ea hae joang?” O ile a araba: “Ke ha a e ela hloko ka ho e bapisa le lentsoe la [Jehova].” (Pesaleme ea 119:9) Joalokaha Molao oa Molimo o laetse Baiseraele ho qoba kamano e haufi le Bakanana, ka ho tšoanang Bibele e re lemosa ka likotsi tsa litloaelano tse bontšang ho se hlalefe. (1 Bakorinthe 15:32, 33) Mocha oa Mokreste o bontša hore o hōlile tsebong ha a hana ho etsa lintho tse ipiletsang nameng empa e le tseo a tsebang hore li kotsi boitšoarong. Joaloka Elija ea tšepahalang, re ke ke ra lumella ho feto-fetoha ha maikutlo a ratoang ho re etsetsa liqeto.—1 Marena 18:21; bapisa le Matheu 7:13, 14.
Temoso e ’ngoe e amana le ho felloa ke tumelo, “sebe se re tšoasang habonolo.” (Baheberu 12:1) Ho bonahala eka Baiseraele ba bangata ba ne ba ntse ba lumela ho Jehova, empa ba ne ba tšepile Baale e le molimo ea neng a tla sireletsa lijalo tsa bona le ho ba fa seo ba se hlokang letsatsi le leng le le leng. Mohlomong ba ile ba ba le maikutlo a hore tempele ea Jehova e Jerusalema e hōle haholo le hore ha ho bohlale ho boloka melao ea hae. Borapeli ba Baale bo ne bo sa hloke nako e ngata le boiteko ’me ho le bonolo ho mo sebeletsa—ba ne ba bile ba ka etsetsa Baale mahlabelo ba le ka holim’a marulelo a bona. (Jeremia 32:29) Mohlomong, ba ile ba khelohela borapeling ba Baale ka hore feela ba kopanele litšebeletsong tse ling kapa esita le ka ho etsetsa Baale linyehelo ka lebitso la Jehova.
Re ka lahleheloa ke tumelo joang ’me ra suthela hōle le Molimo ea phelang? (Baheberu 3:12) Hanyane ka hanyane re ka lahleheloa ke kananelo eo re neng re e-na le eona pele bakeng sa liboka le likopano. Boikutlo bo joalo bo bontša ho hloka tšepo tokisetsong ea Jehova ea ‘lijo tsa moea ka nako e tšoanetseng.’ (Matheu 24:45-47) Ha re se re fokola joalo, re ka ’na ra khoehlisa ‘ho tšoareng ha rōna lentsoe la bophelo’ kapa esita le ho ba le pelo e sa fellang, mohlomong ra inehela telekisong ea lintho tse bonahalang kapa boitšoarong bo bobe.—Bafilippi 2:16; bapisa le Pesaleme ea 119:113.
Ho Tšoarella ka Tieo Botšepehing ba Rōna
Ha ho pelaelo, kajeno ntoa ea loana maikutlong. Na re tla lula re tšepahala ho Jehova kapa re tla khelosoa ke boitšoaro bo bobe ba lefatše lee? Ka masoabi, feela joalokaha Baiseraele ba ile ba hoheloa ke mekhoa ea Bakanana e manyala, kajeno banna le basali ba Bakreste ba bang ba hohetsoe hore ba etse liketso tse hlabisang lihlong.—Bapisa le Liproverbia 7:7, 21-23.
Ho hlōloa ho joalo moeeng ho ka qojoa haeba, joaloka Moshe, re ‘tsoela pele re tiile joalokaha eka re bona Ea sa bonahaleng.’ (Baheberu 11:27) Ke ’nete hore re lokela ho ‘loana ntoa e thata bakeng sa tumelo.’ (Jude 3) Empa ka ho lula re tšepahala ho Molimo oa rōna le melao-motheong ea hae, re ka lebella nako eo ka eona borapeli ba bohata bo tla fella ruri. Joalokaha borapeli ba Jehova bo ile ba hlōla borapeli ba Baale, ka ho tšoanang, re ka tiiseha hore haufinyane “lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.”—Esaia 11:9, NW.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Masupi a litšiea tse halalelang tse neng li sebelisoa borapeling ba Baale, Gezere
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 28]
Musée du Louvre, Paris