Molimo o Talima Borapeli ba Bokreste-’mōtoana Joang?
JESU KRESTE o ile a re: “Hase e mong le e mong ea reng ho ’na, ‘Morena, Morena,’ ea tla kena ’musong oa maholimo, empa ea etsang thato ea Ntate ea leng maholimong o tla kena. Ba bangata ba tla re ho ’na letsatsing leo, ‘Morena, Morena, na ha rea ka ra . . . etsa mesebetsi e matla e mengata ka lebitso la hao?’ ’Me leha ho le joalo ka nako eo ka sebele ke tla ba bolella: Ha kea ka ka le tseba le ka mohla! Tlohang ho ’na, lōna basebetsi ba ho se ee ka molao.”—Matheu 7:21-23.
Ka Lentsoe la hae le khethehileng, Bibele e Halalelang, Molimo o hlakisitse seo thato ea hae e leng sona. Na likereke tsa Bokreste-’mōtoana li etsa thato ea Molimo? Kapa na ke bao Jesu a ba bitsang “basebetsi ba ho se ee ka molao”?
Tšollo ea Mali
Bosiung bo etellang pele lefu la Monghali oa hae, Petrose o ile a batla a qala ntoa ea libetsa le sehlopha sa masole a neng a rometsoe ho tla tšoara Jesu. (Johanne 18:3, 10) Empa Jesu o ile a etsa hore ho boele ho be le khutso ’me a lemosa Petrose: “Bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.” (Matheu 26:52) Temoso ena e hlakileng e boetse e phetoa hape ho Tšenolo 13:10. Na likereke tsa Bokreste-’mōtoana li etse hloko temoso eo? Kapa na li na le karolo boikarabelong ba lintoa tse sa khaotseng likarolong tse sa tšoaneng tsa lefatše?
Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, likete tse makholo tsa batho ba Serbia le ba Croatia li ile tsa bolaoa lebitsong la bolumeli. The New Encyclopædia Britannica ea tlaleha: “Croatia, puso ea moo ea bofascista e ile ea hloma leano la ‘tlhoekiso ea morabe’ le ileng la ba la fetela ka ’nģane le ho mekhoa ea Nazi. . . . Ho ile ha phatlalatsoa hore karolo ea boraro ea batho ba Serbia e tla lelekoa naheng, karolo e ’ngoe ea boraro e sokolleloe ho Roma e K’hatholike, ’me karolo e ’ngoe ea boraro e bolaoe. . . . Ka mor’a ntoa, tšehetso e leeme ea baruti ba K’hatholike mekhoeng ena e ile ea senya maqhaama a bona le ’muso hampe haholo.” Palo e ngata haholo ea batho e ile ea qobelloa hore e sokolohele Bok’hatholikeng kapa e shoe; ba bang ba likete ha baa ka ba fuoa le monyetla oa ho khetha. Metse eohle—banna, basali le bana—ba ne ba qobelloa ka likerekeng tsa bona tsa Orthodox ’me ba bolaoa. Ho thoe’ng ka mabotho a bohanyetsi a Makomonisi? Na le ’ona a ile a fumana tšehetso ea bolumeli?
Buka ea History of Yugoslavia ea tlaleha: “Baprista ba bang ba ile ba kopanela ntoeng, ka lehlakoreng la mabotho a baitseki.” Buka ea Yugoslavia and the New Communism ea bolela: “Mabotho a Bolekane a ile a ba a kopanyelletsa baprista ba likereke tsa Orthodox le tsa Roma e K’hatholike tse Serbia.” Phapang ea bolumeli e tsoela pele ho rotetsa hlaha ntoeng ea Balkans.
’Me ho thoe’ng ka Rwanda? Mongoli-kakaretso oa Catholic Institute for International Relations, Ian Linden, o ile a lumela sena se latelang koranteng ea The Month: “Lipatlisiso tse etsoang ke African Rights London, li fana ka mohlala o le mong kapa e ’meli ea baeta-pele ba moo ba Kereke e K’hatholike, ea Chache le ea Baptiste ba kopanyelletsoang ba sa elelloe kapa ka taelo lipolaong tsa mabotho a hlometseng. . . . Ha ho na pelaelo le e nyenyane ea hore palo e khōlō ea Bakreste ba hlahelletseng lipharisheng e ile ea ameha lipolaeanong.” Ka masoabi, ho loana ho lipakeng tsa bao ho thoe’ng ke Bakreste ho tsoela pele ho nama Afrika bohareng.
Bohlola le Bofebe
Ho latela Lentsoe la Molimo, ho na le tokisetso e le ’ngoe feela e hlomphehang bakeng sa likamano tsa botona le botšehali, ’me ke ka hare ho tlamo ea lenyalo. Bibele ea bolela: “Lenyalo a le hlomphehe har’a bohle, le liphate tsa lenyalo li hloke litšila, kaha Molimo o tla ahlola lihlola le bafebi.” (Baheberu 13:4) Na baeta-pele ba bolumeli ba tšehetsa thuto ee ea Molimo?
Ka 1989, Kereke ea Chache e Australia e ile ea lokolla tokomane e lumeletsoeng ka molao litabeng tsa botona le botšehali e neng e bontša hore likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo ha li phoso haeba baratani ba se ba inehetse e mong ho e mong. Haufinyane tjena, moeta-pele oa Kereke ea Chache e Scotland o ile a bolela: “Kereke ha ea lokela ho nka litaba tsa lerato e le tse tletseng boetsalibe le tse phoso. Kereke e tlameha ho amohela hore bofebe bo bakoa ke liphatsa tsa rōna tsa lefutso.”
Afrika Boroa, baruti ba bangata ba ntšitse maikutlo a bona a emelang banna ba robalang le banna. Ka mohlala, ka 1990, makasine ea Afrika Boroa, You, e ile ea qotsa mosebeletsi ea tsebahalang oa Chache ha a re: “Mangolo ha a tlame kamehla. . . . Ke lumela hore ho tla ba le phetoho boikutlong le leanong la kereke malebana le banna ba robalang le banna ba bang.”—Bona phapang ho Baroma 1:26, 27.
Ho ea ka 1994 Britannica Book of the Year, litaba tsa likamano tsa botona le botšehali li fetohile tseko e ka sehloohong likerekeng tsa Amerika, haholo-holo linthong tse kang “ho behoa litulong tsa boruti ha banna ba tsebahalang ba robala le banna ba bang le basali ba tsebahalang ba robala le basali ba bang, kutloisiso ea bolumeli ka litokelo tsa banna ba robalang le banna ba bang, ho hlohonolofatsa ‘lenyalo la monna ea nyalang monna e mong,’ le ho lumelloa ka molao kapa ho nyatsuoa ha tsela ea bophelo e amanang le banna ba robalang le banna ba bang.” Lihlopha tse ngata tsa likereke tse hlahelletseng li lumellana le baruti ba futuhileng bakeng sa tokoloho e khōloanyane likamanong tsa botona le botšehali. Ho ea ka 1995 Britannica Book of the Year, babishopo ba Episcopal ba 55 ba ile ba saenela phatlalatso e neng e “tiisa ho amoheloa ha ho behoa ha banna ba robalang le banna litulong tsa boruti le tsa ho sebeletsa.”
Baruti ba bang ba emela banna ba robalang le banna, ba bolela hore ha ho mohla Jesu a kileng a ho tsoa. Empa na ka sebele ho joalo? Jesu Kreste o ile a bolela hore Lentsoe la Molimo ke ’nete. (Johanne 17:17) Hoo ho bolela hore o ne a lumellana le pono ea Molimo tabeng ea banna ba robalang le banna, joalokaha ho hlalositsoe ho Levitike 18:22, e balehang tjena: “U se ke ua robala le monna, joalo ka ha ho robaloa le mosali: ke ntho e manyala.” Ho feta moo, Jesu o ile a thathamisa bohlola le bofebe har’a ‘lintho tse khopo tse tsoang ka hare ’me li silafatsa motho.’ (Mareka 7:21-23) Lentsoe la Segerike bakeng sa bohlola ke polelo e pharaletseng ho feta la bofebe. Le hlalosa mefuta eohle ea ho kopanela liphate ka ntle ho lenyalo la molao, ho kopanyelletsa le banna ba robalang le banna. (Jude 7) Jesu Kreste o ile a ba a hlokomelisa balateli ba hae hore ba se lumelle moruti ea ipolelang hore ke Mokreste, ea nyenyefatsang ho teba ha bohlola.—Tšenolo 1:1; 2:14, 20.
Ha baeta-pele ba bolumeli ba futuha bakeng sa ho beha banna ba robalang le banna le Basali ba Robalang le Basali litulong tsa boruti, see se hlahisa phello efe ho litho tsa likereke tsa bona, haholo-holo bacha? Na ha ho fane ka tšusumetso ea ho ba le likamano tsa botona le botšehali ka ntle ho lenyalo? Ka ho fapaneng, Lentsoe la Molimo le phehella Bakreste ho ‘balehela bohlola.’ (1 Bakorinthe 6:18) Haeba molumeli-’moho a oela sebeng se joalo, ho fanoa ka thuso e lerato ka sepheo sa ho etsa hore motho eo a fumane kamohelo ea Molimo hape. (Jakobo 5:16, 19, 20) Ho thoe’ng haeba thuso ee e hanoa? Bibele e bolela hore ntle le hore ba joalo ba bake, ‘ha ba na ho rua ’muso oa Molimo.’—1 Bakorinthe 6:9, 10.
“Ba Hanela ho Nyala”
Ka lebaka la “ho ata ha bohlola,” Bibele e bolela hore “ho molemo ho kena lenyalong ho e-na le ho chesoa ke takatso.” (1 Bakorinthe 7:2, 9) Ho sa tsotellehe keletso ena e bohlale, baruti ba bangata ba lebelloa hore ba lule e le masoha, ke hore, ba sa nyala. Bukeng ea hae ea The Vatican Papers, Nino Lo Bello oa hlalosa: “Kano ea ho ba lesoha ha e rojoe, haeba moprista, moitlami oa monna, kapa oa mosali a kopanela likamano tsa botona le botšehali. . . . Tšoarelo tabeng ea ho kopanela likamano tsa botona le botšehali e ka fumanoa ka ho ipolela ka pelo eohle, athe habonolo feela, lenyalo la moprista leha e le ofe le ke ke la amoheloa ke Kereke.” Thuto ee e hlahisitse litholoana tse ntle kapa tse mpe?—Matheu 7:15-19.
Ha ho pelaelo, baprista ba bangata ba phela bophelo bo hloekileng boitšoarong, empa palo e khōlō ha e joalo. Ho ea ka 1992 Britannica Book of the Year, “Kereke ea Roma e K’hatholike e tlalehiloe e lefile lidolara tse limilione tse 300 [liranta tse limilione tse 1 100] bakeng sa ho lokisa linyeoe tsa baruti ba hleka-hlekileng ka likamano tsa botona le botšehali.” Hamorao, khatiso ea 1994 e ile ea re: “Ho shoa ha baruti ba bangata ka lebaka la AIDS ho ile ha pepesa hore ho na le baprista ba banna ba robalang le banna le ho bontša hore ho ne ho e-na le palo e tlōlisang ea . . . banna ba robalang le banna ba huletsoeng bopristeng.” Hase feela Bibele e reng ho “hanela ho nyala” ke ‘thuto ea bademona.’ (1 Timothea 4:1-3) Bukeng ea hae ea Vicars of Christ, Peter de Rosa oa ngola: “Ponong ea bo-rahistori ba bang, ho ka etsahala hore ebe [bosoha ba baprista] bo sentse boitšoaro ho feta tsamaiso leha e le efe ka Bophirimela, ho kopanyelletsoa le botekatse. . . . Hangata haholo [e] ’nile ea e-ba letheba lebitsong la Bokreste. . . . Bosoha bo qobelloang kamehla bo tsoetse boikaketsi har’a baruti. . . . Moprista a ka oela boitšoarong bo bobe ka makhetlo a sekete empa molao oa lekhotla la kereke o mo hanela hore a hle a nyale.”
Ka mor’a ho hlahloba pono ea Molimo ka borapeli ba Baale, ha ho thata ho lemoha kamoo e tlamehang ebe o talima likereke tse arohaneng tsa Bokreste-’mōtoana. Buka ea ho qetela ea Bibele e kopanya mefuta eohle ea borapeli ba bohata tlas’a lebitso “Babylona e Moholo, ’mè oa liotsoa le oa lintho tse nyonyehang tsa lefatše.” Bibele ea phaella, “Ho eena ho ile ha fumanoa mali a baprofeta le a bahalaleli le a bohle ba bolailoeng ka mabifi lefatšeng.”—Tšenolo 17:5; 18:24.
Kahoo, Molimo o khothaletsa bohle ba batlang ho ba barapeli ba hae ba ’nete: ‘Tsoang ho eena, batho ba ka, haeba le sa batle ho kopanela le eena libeng tsa hae, le haeba le sa batle ho amohela karolo ea likotlo tsa hae. . . . Likotlo tsa hae li tla tla ka letsatsi le le leng, lefu le ho siama le tlala, ’me o tla chesoa ka ho feletseng ka mollo, hobane Jehova Molimo, ea mo ahlotseng, o matla.’—Tšenolo 18:4, 8.
Joale potso ea phahama: Ha motho a tsoile bolumeling ba bohata, o lokela ho ea kae? Ke mofuta ofe oa borapeli oo Molimo a o amohelang?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 5]
BORAPELI Ba LITŠOANTŠO
Borapeli ba Baale bo ne bo akareletsa tšebeliso ea litšoantšo. Baiseraele ba ile ba leka ho kopanya borapeli ba Jehova le ba Baale. Ba bile ba tlisa litšoantšo ka tempeleng ea Jehova. Pono ea Molimo ka borapeli ba litšoantšo e ile ea hlaka ha a timetsa Jerusalema le tempele ea teng.
Likereke tse ngata tsa Bokreste-’mōtoana li tletse litšoantšo tse rapeloang, ebang ke sefapano, litšoantšo tsa bahalaleli kapa liemahale tsa Maria. Ho feta moo, ba bangata ba kenang kereke ba rutoa ho inama, ho khumama kapa ho etsa pontšo ea sefapano ka pel’a litšoantšo tsena. Ho fapana le moo, Bakreste ba ’nete ba laeloa hore ba “balehele borapeli ba litšoantšo.” (1 Bakorinthe 10:14) Ha ba leke ho rapela Molimo ka thuso ea litšoantšo tse bonahalang.—Johanne 4:24.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Musée du Louvre, Paris
[Lebokose le leqepheng la 7]
“MOETA-PELE Oa Kereke O Lokela Ho Hloka Molato”
POLELO ena e hlaha ho Tite 1:7, ho latela Today’s English Version. King James Version e na le mantsoe ana: “Mobishopo o tlameha ho se be molato.” Lentsoe “mobishopo” le tsoa lentsoeng la Segerike le bolelang “molebeli.” Ka lebaka leo, banna ba khethetsoeng ho nka ketello-pele phuthehong ea Bokreste ba ’nete ba tlameha ho phela tumellanong le litekanyetso tsa motheo tsa Bibele. Haeba ba sa etse joalo, ba lokela ho tlosoa boemong ba bona ba bolebeli kaha ha e sa le “mehlala ho mohlape.” (1 Petrose 5:2, 3) Likereke tsa Bokreste-’mōtoana li nka tlhokahalo ee ka botebo hakae?
Bukeng ea hae ea I Care About Your Marriage, Dr. Everett Worthington o bua ka patlisiso e ileng ea etsoa ho baruti ba 100 sebakeng sa Virginia, U.S.A. Ba etsang karolo e ka holimo ho 40 lekholong ba ile ba lumela hore ba kile ba kopanela mofuteng o itseng oa boitšoaro o tsosang litakatso tsa botona le botšehali le motho eo e seng molekane oa bona oa lenyalo. Ba bangata ba bona ba ne ba entse bofebe.
Christianity Today e hlokometse: “Lilemong tse leshome tse fetileng, ka makhetlo-khetlo kereke e ’nile ea sisinngoa ke ho utulloa ha boitšoaro bo bobe bo entsoeng ke ba bang ba baeta-pele ba hlomphehang ka ho fetisisa ba eona.” Sehlooho se reng “Lebaka Leo Baruti ba Febang ba sa Lokelang ho Khutlisetsoa,” se ile sa hanyetsa mokhoa o tloaelehileng Bokreste-’mōtoaneng oa hore ka potlako ba khutlisetse baeta-pele ba kereke litulong tsa bona ka mor’a hore ebe ba “fumanoe ba le molato oa sebe sa likamano tsa botona le botšehali.”