Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 8/1 maq. 6-8
  • Haufinyane—Lefatše e Tla ba Paradeise!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Haufinyane—Lefatše e Tla ba Paradeise!
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’Muso oa Sebele
  • “Ho Felisa ba Senyang Lefatše”
  • Lefatše la Paradeise
  • Mabaka a Hore re Lumele
  • ’Muso oa Molimo ke eng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Seo Jesu a se Rutileng ka ’Muso oa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • ’Muso oa Molimo Ke’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 8/1 maq. 6-8

Haufinyane​—Lefatše e Tla ba Paradeise!

“Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le halaletsoe; ’Muso oa hao o tle. Thato ea hao e etsoe lefatšeng joaloka leholimong.”​—Matheu 6:9, 10, Bibele​—Phetolelo e Ncha [BPN].

THAPELO ena e tsebahalang e le Thapelo ea Morena, e fana ka tšepo molokong oa batho. Ka tsela efe?

Joalokaha Thapelo ea Morena e bontša, ’Muso oa Molimo o tla etsa hore thato ea Molimo e etsoe lefatšeng joalokaha ka sebele e etsoa leholimong. Thato ea Molimo ke ho etsa lefatše Paradeise. (Tšenolo 21:1-5) Ha e le hantle ’Muso oa Molimo ke eng, hona o tla etsa lefatše Paradeise joang?

’Muso oa Sebele

’Muso oa Molimo ke ’muso oa sebele. Hore ’muso leha e le ofe o sebetse, ho hlokahala hore o be le babusi, melao le bafo. Na ’Muso oa Molimo o na le lintho tseo? Ela hloko hore Bibele e araba lipotso tse tharo tse latelang joang:

Ke bo-mang ba tla busa ’Musong oa Molimo? (Esaia 33:22) Jehova Molimo o khethile Mora oa hae, Jesu Kreste hore a buse ’Musong oo. (Matheu 28:18) Tlas’a tataiso ea Jehova, Jesu o khethile sehlopha sa batho bao palo ea bona e lekanyelitsoeng ba tsoang “molokong o mong le o mong le lelemeng le leng le le leng le bathong ba bang le ba bang le sechabeng se seng le se seng” ba tla busa le eena e le “marena holim’a lefatše.”​—Tšenolo 5:9, 10.

’Muso oa Molimo o behetse bafo ba oona melao efe? E meng ea melao eo kapa litaelo e hloka hore batho ba etse ho hong. Jesu o ile a bolela molao oa bohlokoa ka ho fetisisa melaong ena, ha a re: “‘U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.’ Ena ke eona taelo e khōlō le ea pele. Ea bobeli, e joaloka eona, ke ena, ‘U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.’”​—Matheu 22:37-39.

Melao e meng e hloka hore bafo ba ’Muso oa Molimo ba qobe liketso tse itseng. Ka mohlala, Bibele e re: “Le se ke la ithetsa! Ha ho motho ea itšoereng hampe, kapa ea rapelang litšoantšo kapa ea sa tšepahaleng lenyalong kapa ea boitšoaro bo feteletseng kapa ea itšoarang joaloka mosodoma ea tla ba le seabo ’musong oa Molimo. Ebile motho ea utsoang kapa ea meharo kapa letahoa kapa ea rohakanang le ea qhekellang ba bang a ke ke a ba le seabo.”​—1 Bakorinthe 6:9, 10, Contemporary English Version.

Ke bo-mang bao e leng bafo ba ’Muso oa Molimo ? Jesu o ile a tšoantša bafo ba ’Muso oa Molimo le linku. O itse: “Li tla mamela lentsoe la ka, e tla ba mohlape o le mong, molisa a be mong.” (Johanne 10:16) Hore motho e be mofo oa ’Muso oa Molimo, ha aa lokela ho bolela feela hore o latela Jesu, Molisa ea Khabane, empa hape o lokela ho phetha litaelo tsa hae. Jesu o itse: “Hase e mong le e mong ea reng ho ’na, ‘Morena, Morena,’ ea tla kena ’musong oa maholimo, empa ho tla kena ea etsang thato ea Ntate ea maholimong.”​—Matheu 7:21.

Ka lebaka leo, bafo ba ’Muso oa Molimo ba sebelisa lebitso la Molimo, Jehova, ’me ba le hlompha feela joalokaha Jesu a ne a le sebelisa a bile a le hlompha. (Johanne 17:26) Ba mamela taelo ea Jesu ea ho ruta ba bang “litaba tsena tse molemo tsa ’muso.” (Matheu 24:14; 28:19, 20) Ba ratana e le kannete.​—Johanne 13:35.

“Ho Felisa ba Senyang Lefatše”

Maemo a teng lefatšeng kajeno a bontša hore ’Muso oa Molimo o tla tloha o tlisa liphetoho tse khōlō. Re tseba joang? Lilemong tse fetileng tse likete tse peli, Jesu o ile a bua ka pontšo e litšobotsi li ngata e neng e tla bontša hore “’muso oa Molimo o haufi.” (Luka 21:31) Joalokaha sehlooho se etellang sena pele se bontša, hona joale litšobotsi tsa pontšo eo li bonahala ka ho hlaka lefatšeng ka bophara.

Ke’ng se tla latela? Jesu o re: “Nakong eo ho tla ba le matšoenyeho a maholo ao a kang ’ona a e-s’o ka a e-ba teng ho tloha tšimolohong ea lefatše ho fihlela joale, che, leha e le hore a tla ba teng hape.” (Matheu 24:21) Ena hase tlokotsi e tla etsoa ke motho. Ho e-na le moo, ke khato eo Molimo a tla e nka “ho felisa ba senyang lefatše.” (Tšenolo 11:18) Batho ba khopo, bao liketso tsa bona tse bontšang hore ba ichebile bobona li sentseng lefatše, “ba tla felisoa lefatšeng.” Empa ba sa tšoauoeng phoso, e leng ba sebeletsang Molimo ka tsela eo a e ratang “ba tla sala ho lona.”​—Liproverbia 2:21, 22.

Jehova Molimo o na le mabaka a utloahalang a hore a nke bohato boo bo matla. Hobane’ng? Nahana ka papiso ena: Ak’u nahane u se u e-na le matlo a hirisoang. Bahiri ba bang baa itlhompha ba bile baa nahanela; ba lefa rente ebile ba hlokomela matlo a bona hantle. Leha ho le joalo, bahiri ba bang ba morusu ebile ba ichebile bobona; ba hana ho lefa rente ebile ba senya mehaho. Le hoja u ba khalemela khafetsa, ba tsoela pele ka mekhoa ea bona e mebe. U ne u tla etsa’ng? Kaha ke uena mong’a matlo ana, ka sebele u ne u tla leleka bahiri bana ba babe.

Ka ho tšoanang, kaha Jehova Molimo ke ’Mōpi oa lefatše le lintho tsohle tse ho lona, o na le matla a ho etsa qeto ea hore na ke bo-mang bao a tla ba lumella ho aha lefatšeng. (Tšenolo 4:11) Jehova o boletse hore morero oa hae ke hore a felise batho ba khopo ba sa etseng thato ea hae le ba kena-kenanang le litokelo tsa ba bang.​—Pesaleme ea 37:9–11.

Lefatše la Paradeise

Haufinyane ’Muso oa Molimo o tlas’a Jesu Kreste o tla busa lefatše. Jesu o itse maemo ana a macha ke ‘nchafalo ea tsohle.’ (Matheu 19:28, Bibele ea Sesotho) Ho tla ba joang ka nako eo? Hlokomela litšepiso tsena tsa Bibele tse latelang:

Pesaleme ea 46:9. “O felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše.”

Esaia 35:1. “Lefeella le sebaka se se nang metsi li tla thaba, le thota ea lehoatata e tla thaba ’me e thunye joaloka safrone.”

Esaia 65:21–23. “Bakhethoa ba ka ba tla sebelisa mosebetsi oa matsoho a bona ka botlalo. Ba ke ke ba sehlela lefeela, kapa ba tsoalla pherekano.”

Johanne 5:28, 29. “Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la [Jesu] ’me ba tsoe.”

Tšenolo 21:4. “[Molimo] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.”

Mabaka a Hore re Lumele

Na u lumela litšepiso tsa Bibele? Bibele e boletse esale pele hore ba bangata ba ke ke ba li lumela. E re: “Matsatsing a ho qetela ho tla tla basomi . . . ba tsoela pele ho ea ka litakatso tsa bona ba re: ‘Ho kae ho ba teng hoo ho tšepisitsoeng ha hae? Ka sebele, ho tloha letsatsing la ha baholo-holo ba rōna ba robala lefung, lintho tsohle li tsoela pele hantle feela joaloka ho tloha tšimolohong ea pōpo.’” (2 Petrose 3:3, 4) Empa basomi bao ba fositse haholo. Hlokomela mabaka a mane feela a hore u lumele se boleloang ke Bibele:

(1) Nakong e fetileng Molimo o ’nile a nka bohato khahlanong le batho ba khopo. Mohlala o ikhethang oa sena ke Moroallo oa mehleng ea Noe.​—2 Petrose 3:5-7.

(2) Lentsoe la Molimo le profetile ka nepo maemo a teng lefatšeng kajeno.

(3) Lintho tsohle ha li ‘tsoele pele hantle feela joaloka ho tloha tšimolohong ea pōpo.’ Ho feta leha e le neng pele lefatše la rōna ha le e-s’o ka le e-ba le mathata a makana a ho senyeha ha likamano pakeng tsa batho, boitšoaro le tikoloho.

(4) Hona joale “litaba tsena tse molemo tsa ’muso” li boleloa lefatšeng lohle, e leng se bontšang hore haufinyane “bofelo bo tla tla.”​—Matheu 24:14.

Lipaki Tsa Jehova li u kōpa hore u ithute Lentsoe la Molimo, Bibele le tsona e le hore u ka ithuta se eketsehileng mabapi le tšepo ea bophelo bo sa feleng tlas’a ’Muso oa Molimo. (Johanne 17:3) Ka sebele moloko oa batho o letetsoe ke bokamoso bo babatsehang. Re lebeletse linako tse monate! Na u tla ba teng?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]

Ba reng lintho li tla tsoela pele ka tsela e tšoanang le eo esaleng li le ka eona ba fositse haholo

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Na u tla phela moo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela