Atamela ho Molimo
Na ho na le se ka re ‘Arohanyang le Lerato la Molimo’?
HA Ho motho ea sa batleng ho ratoa. Ha e le hantle, rea thaba ha re ratoa ke lelapa le metsoalle. Leha ho le joalo, ka masoabi likamano tsa batho li ka senyeha habonolo ebile ha lia tsitsa. Baratuoa ba rōna ba ka re utloisa bohloko, ba re lahla kherehloa kapa ba re khesa. Empa ho na le motho eo lerato la hae le sa feleng. Lerato leo Jehova Molimo a ratang barapeli ba hae ka lona le hlalosoa hamonate ho Baroma 8:38, 39.
Moapostola Pauluse o re: “Ke kholisehile.” O kholisehile ka eng? Ka hore ha ho ntho e ka khonang “ho re arohanya le lerato la Molimo.” Pauluse ha a bolele eena feela empa o bolela le rōna—ke hore, bohle ba sebeletsang Molimo ka botšepehi. Ha Pauluse a hatisa taba ena, o thathamisa lintho tse ’maloa tse ke keng tsa thibela Jehova ho rata bahlanka ba hae.
“Leha e le lefu kapa bophelo.” Jehova ha a khaotse ho rata bahlanka ba hae ha ba e-shoa. Ho bontša hore Molimo oa ba rata, o lula a ba hopola ’me o tla ba tsosa bafung lefatšeng le lecha la ho loka le tlang. (Johanne 5:28, 29; Tšenolo 21:3, 4) Ka nako e tšoanang, lerato leo Molimo a ratang barapeli ba hae ba tšepahalang ka lona ha le fetohe ho sa tsotellehe hore na ba hlaheloa ke eng bophelong hona joale.
“Kapa mangeloi kapa mebuso.” Ho ka ba bonolo hore batho ba susumetsoe ke batho ba boholong kapa babusi, empa batho ba joalo ba ke ke ba susumetsa Jehova. Libōpuoa tse matla tsa moea, tse kang lengeloi le ileng la fetoha Satane, li ke ke tsa kholisa Molimo hore a khaotse ho rata barapeli ba hae. (Tšenolo 12:10) Le mebuso e ka ’nang ea hanyetsa Bakreste ba ’nete e ke ke ea fetola tsela eo Molimo a talimang bahlanka ba hae ka eona.—1 Bakorinthe 4:13.
“Kapa lintho tse teng hona joale kapa lintho tse tlang ho tla.” Lerato la Molimo ha le tape ha nako e ntse e feta. Ha ho letho le ka etsahallang bahlanka ba hae hona joale kapa nakong e tlang le ka etsang hore Molimo a khaotse ho ba rata.
“Kapa matla.” Pauluse o buile ka makhotla a leholimo le a lefatše—“mangeloi” le “mebuso”—empa joale o bua ka “matla.” Lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng mona le na le meelelo e sa tšoaneng. Ho sa tsotellehe hore na moelelo o nepahetseng ke ofe, ho na le ntho e le ’ngoe eo re tiisehang ka eona: Ha ho na matla leholimong kapa lefatšeng a ka etsang hore Jehova a khaotse ho rata batho ba hae.
“Kapa bophahamo kapa botebo.” Jehova o rata batho ba hae ho sa tsotellehe maemo ao ba leng ho ’ona.
“Kapa pōpo leha e le efe e ’ngoe.” Ka mantsoe ana a akarelletsang lintho tsohle tse bōpiloeng, Pauluse o bolela hore ha ho letho ho hang le ka etsang hore Jehova a khaotse ho rata barapeli ba tšepahalang.
Ho fapana le lerato la batho, le ka tapang kapa la fela, lerato la Molimo bakeng sa ba lulang ba talima ho eena ka tumelo ha le tape, ke la ka ho sa feleng. Ka sebele ho tseba sena ho re susumelletsa ho atamela haufi le Jehova le ho leka ka hohle ho bontša hore rea mo rata.