“Le ka Mohla U se ke Ua Lebala Mosebetsi oa Ntlo le Ntlo”
Joalokaha ho boletse Jacob Neufeld
“Ho sa tsotellehe se etsahalang, le ka mohla u se ke ua lebala mosebetsi oa ntlo le ntlo.” Ha mantsoe ao a sa ntse a luma ka litsebeng tsa ka, ke ile ka tsamaea leeto la lik’hilomithara tse hlano ho ea motsaneng o haufinyane. Ha ke fihla moo, ke ne ke tšaba ho kena ntlong ea pele. Ka mor’a ho tsilatsila, ke ile ka ea ka morung ’me ka rapela Molimo ka matla hore a mphe sebete sa ho bolela. Qetellong, ka khona ho khutlela ntlong ea pele eaba ke buisana le mong’a ntlo.
HO TLILE joang hore ke be motsaneng oo o lehoatateng la Paraguay moo ke neng ke leka ho bolela evangeli ke le mong? E-re ke qale qalong. Ke hlahile ka November 1923, ke hlahela motsaneng oa Kronstalʹ o Ukraine sebakeng sa bolumeli ba Mamennone a Jeremane. Ho ella qetellong ea lilemo tsa bo-1700 Mamennone a ne a falletse Ukraine a tloha Jeremane ’me a fuoa menyetla e mengata, ho akarelletsa le bolokolohi ba ho sebeletsa Molimo (le hoja a ne a sa lumelloa ho sokolla batho), a lumeletsoe ho ba le ’muso o ikemetseng ’me a sa tlangoe ho ea sesoleng.
Ha Mokha oa Makomonisi o busa, menyetla eo kaofela e ile ea fela. Ho ella qetellong ea lilemo tsa bo-1920, mapolasi a maholo a Mamennone a ile a laoloa ke ’muso. Batho ba ne ba bolaisoa tlala ho fihlela ba inehela ’musong, ’me motho ofe kapa ofe ea neng a hanyetsa ’muso o ne a tšoaroa ka sehlōhō. Ka bo-1930, KGB (Komiti ea Tšireletso ea Naha ea Soviet Union) e ile ea nka banna ba bangata, hangata e ba nka bosiu, ho fihlela ho se ho setse banna ba seng bakae feela metsaneng e mengata. Ke tsela eo Ntate a ileng a nkoa ka eona ka 1938 ha ke le lilemo li 14, ’me ha kea ka ka hlola ke mo bona kapa ke utloela ka eena. Ka mor’a lilemo tse peli, abuti le eena o ile a nkoa.
Ka 1941, masole a Hitler a ile a hapa Ukraine. Sena se ile sa re lokolla pusong ea Bokomonisi. Leha ho le joalo, malapa a robeli a Bajuda a motsaneng oa heso a ile a nyamela ka tšohanyetso. Liketsahalo tsena kaofela li ile tsa etsa hore ke ipotse lipotso tse ngata. Ke hobane’ng ha lintho tsee li ne li etsahala?
Botšepehi Boa Mpholosa
Ka 1943 masole a Jeremane a ile a ikhula, a tsamaea le boholo ba malapa a Majeremane, ho akarelletsa le litho tse neng li setse tsa lelapa leso, e le hore a tšehetse ntoa. Ka nako ena, ke ne ke se ke ngolisitsoe sesoleng sa Majeremane sa SS (Schutzstaffel, e leng balebeli ba ka sehloohong ba Hitler) Romania. Nakong ena ho ile ha etsahala ntho e ileng ea fetola bophelo ba ka haholo.
Molaoli oa lebotho leo ke neng ke le ho lona o ne a batla ho bona hore na kea tšepahala. O ile a re ke ise junifomo ea hae dry clean. O ne a kentse chelete ka pokothong e ’ngoe, ’me ka e fumana. Ha ke e khutlisa a re o ne a sa kenya letho ka pokothong. Ke ile ka mo tiisetsa hore e tsoa ka pokothong ea hae. Nakoana ka mor’a moo, ke ile ka etsoa motlatsi oa hae eaba ke ikarabella litabeng tsa ho boloka lirekoto, ho abela balebeli mosebetsi le ho hlokomela chelete ea lebotho la rōna.
Mantsiboeeng a mang lebotho la Russia la hapa sehlopha sohle la siea ’na feela; ke ne ke setse ke qetela mosebetsi oo molaoli a neng a mphile oona. Haeba ke hopola hantle ke ’na feela ea sa kang a tšoaroa, hobane ke ne ke ile ka tšepahala ’me ka fuoa mosebetsi oo o khethehileng. Ntle ho moo, le ’na nka be ke tšoeroe.
Eaba ka 1944, ke sa lebella ke fuoa matsatsi a phomolo a nako e sa lekanyetsoang. Ke ile ka etela ’Mè hae. Ha ke ntse ke emetse hore ke bitsoe mosebetsing, ka ithutela ho ba ’meselara, ’me koetliso eo ea ntsoela molemo hamorao. Ka April 1945 mabotho a Amerika a ile a fihla motseng oa heso o pel’a Magdeburg. Ka mor’a khoeli ntoa e ile ea lala. Re ne re ntse re phela. Ho ne ho bonahala eka lintho li tla re tsamaela hantle.
Ka letsatsi le leng ka June, re ile ra utloa seboholi sa motse se phatlalatsa tsebiso e reng, “Mabotho a Amerika a tsamaile maobane bosiu, ’me mabotho a Russia a tla fihla kajeno ka 11:00 hoseng.” Re ile ra nyahama ha re hlokomela hore re tla boela re hatelloa ke Makomonisi. Hang-hang, ’na le motsoala ra rera ho baleha. Lehlabula le ne le le hare ha re fihla sebakeng se laoloang ke Maamerika. Eaba ka November re khutlela sebakeng se laoloang ke Marussia ’me ra balehisa ba habo rōna ka sekhukhu le hoja ho ne ho le thata ’me re behile bophelo ba rōna kotsing.
“U Mamele ka Hloko ’me U Bapise”
Re ile ra lula sebakeng seo ka nako eo e neng e le Jeremane Bophirimela. Ka mor’a nako e itseng, ka rata ho bala Bibele. Ke ne ke ea ka morung ka Lisontaha ebe ke bala Bibele, empa seo ke neng ke se bala se ne se ’makatsa ebile e le litaba tsa khale. Ke ne ke boetse ke kena litlelase tsa thuto ea bolumeli ha ke ntse ke lokisetsa ho kolobetsoa hore ke be Momennone. Ke ile ka tšoha ha ke bala katekisima ’me ke fumana polelo e reng: “Ntate ke Molimo, Mora ke Molimo, le Moea o Halalelang ke Molimo,” ’me e lateloa ke potso e reng: “Na ho na le Melimo e meraro?” Ka tlaase ho ne ho ngotsoe karabo e reng: “Che, bana ba bararo ke motho a le mong.” Ke ile ka botsa moruti hore na seo se ka etsahala joang. O ile a araba ka ho re, “Mohlankana, motho ha aa lokela ho nahana haholo ka litaba tsena; ba bang ba fapane hlooho ka lebaka la ho nahana haholo ka tsona.” Hona hoo ka etsa qeto ea ho tlohela ho kolobetsoa.
Ka mor’a matsatsi a itseng, ke ile ka utloa motho eo ke sa mo tsebeng a bua le motsoala oa ka. Ke ile ka thahasella moqoqo oo, ’me ka botsa lipotso tse seng kae. Le hoja ke ne ke sa mo tsebe ka nako eo, lebitso la hae e ne e le Erich Nikolaizig, ea neng a bile kampong ea mahloriso ea Wewelsburg. O ile a mpotsa hore na ke batla ho tseba Bibele. Ha ke lumela, o ile a nkholisa hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a tla nthuta eona e tla tiisoa ke Bibele ea ka.
Ka mor’a hore Erich a nketele ka makhetlo a seng makae, o ile a ’memela kopanong ea Lipaki Tsa Jehova, eo ke lumelang hore e ne e le e ’ngoe ea likopano tsa pele tse ileng tsa tšoaroa ka mor’a ntoa. Ke ne ke thabile haholo ’me ka ngola temana e ’ngoe le e ’ngoe eo libui li neng li e bala kapa li e bolela. Kapele ke ile ka hlokomela hore ho ithuta seo Bibele e se rutang ho jarisa motho boikarabelo bo itseng, eaba ke etsa qeto ea ho khaotsa ho ithuta. Hape ke ne ke thatafalloa ho utloisisa hore ho na le bolumeli bo le bong feela ba ’nete. Ha Erich a bona hore ke ikemiselitse ho khutlela kerekeng ea ka, o ile a mpha keletso ena, “U mamele ka hloko, ’me u bapise.”
Ke ile ka ea ho baruti ba ka ka makhetlo a mabeli feela eaba kea hlokomela hore ha ba tsebe seo ba se buang le hore ho hang ha ba bue ’nete. Ke ile ka ngolla baruti ba ’maloa ka ba botsa lipotso tsa Bibele. E mong o ile a araba a re, “Ha u na tokelo ea ho phenyekolla Bibele hobane ha ua tsoaloa la bobeli.”
Kharebe ea ka e ile ea nqobella ho etsa qeto e boima. O ne a kena kereke ea Mamennone a reng a tsoetsoe la bobeli. Ka lebaka la khatello ea lelapa labo, le neng le hloile Lipaki Tsa Jehova, o ile a mpolella hore ha ke sa tlohele bolumeli bona bo bocha, ke lebale ka eena. Nakong ena ke ne ke se ke hlaketsoe ke ’nete hoo ke neng ke tseba hore ho na le qeto e le ’ngoe feela e nepahetseng eo nka e etsang—Ke ile ka mo tlohela.
Ka mor’a nakoana Erich o ile a boela a nketela. O ile a re ho lokiselitsoe kolobetso bekeng e latelang eaba o mpotsa hore na nka rata ho kolobetsoa. Ke ne ke fihletse qeto ea hore Lipaki Tsa Jehova li ruta ’nete, ’me ke batla ho sebeletsa Jehova Molimo. Kahoo ka lumela eaba ke kolobetsoa ka bateng ka May 1948.
Kapele ka mor’a hore ke kolobetsoe, lelapa leso le ile la etsa qeto ea ho fallela Paraguay, Amerika Boroa, eaba ’Mè o nkōpa hore ke tsamaee le bona. Ke ne ke le leqe kaha ke ne ke batla ho tsoela pele ho ithuta Bibele le ho koetlisoa. Ha ke etetse ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Wiesbaden, ke ile ka kopana le August Peters. O ile a nkhopotsa hore ke na le boikarabelo ba ho hlokomela lelapa leso. A boela a nkeletsa a re: “Ho sa tsotellehe se etsahalang, le ka mohla u se ke ua lebala mosebetsi oa ntlo le ntlo. Haeba u o lebala, u tla itšoanela le litho tsa malumeli a ipitsang hore ke a Bokreste.” Ho fihlela kajeno, kea bona hore keletso eo ke ea bohlokoa le hore ke lokela ho bolela evangeli “ka ntlo le ntlo.”—Liketso 20:20, 21.
Ba ne ba Mpitsa Moprofeta oa Bohata Paraguay
Kapele ka mor’a hore ke kopane le August Peters, ’na le lelapa leso re ile ra palama sekepe se eang Amerika Boroa. Re ile ra fihla Gran Chaco, Paraguay, e leng sebaka se seng sa Mamennone. Ka mor’a libeke tse peli re fihlile, ke ile ka nka leeto lane le boima ho ea motseng o haufi ho ea bolela evangeli ke le mong. Kapele batho ba ile ba bolellana hore ho na le “moprofeta oa bohata” har’a batho ba sa tsoa fihla.
Joale koetliso eo ke ileng ka e fumana ea ho ba ’meselara e ile ea ntsoela molemo nakong ena. Malapa a bajaki a ne a hloka matlo, ’me a ne a hahoa ka litene tsa seretse le setoroi ebe a ruleloa ka joang. Likhoeling tse tšeletseng tse latelang, ke ne ke batloa ka mona le ka mona ’me ka ba le menyetla e mengata ea ho bolela evangeli. Batho ba ne ba le mosa, empa hang ha matlo a bona a fela, ba ne ba thaba ha ke tsamaea kaha ba ne ba se ba sa hloke thuso ea ka.
Nakong eona eo, likepe li ne li tlisa baphaphathehi ba eketsehileng ba Mamennone ba tsoang Jeremane. E mong oa bona e ne e le moroetsana ea bitsoang Katerina Schellenberg, ea neng a kile a kopana le Lipaki ka nako e khutšoanyane ’me a hlokometse hang-hang hore li ruta ’nete. Le hoja a ne a e-s’o kolobetsoe, o ile a bolela hore ke Paki ea Jehova ha a le ka sekepeng. Ka lebaka leo, o ile a haneloa hore a fetele sebakeng sa Jeremane. O ile a sala a le mong Asunción, motse-moholo oa Paraguay, eaba o sebetsa malapeng, o ithuta Sepanishe, o fumana Lipaki, ’me oa kolobetsoa. Ka October 1950, ke ile ka nyala moroetsana eo ea sebete. O ntšehelitse ka tsela e hlollang maemong ’ohle ao re fetileng ho ’ona ho theosa le lilemo.
Ka nako e khutšoanyane feela ke ile ka ba le chelete e lekaneng hore ke reke kariki le lipere tse peli, ’me ka li sebelisa mosebetsing oa ho bolela evangeli, ke lula ke hopotse keletso ea Mor’abo rōna Peters. Ka nako eo, khaitseli ea ka, eo le eena e neng e se e le Paki, o ile a tla lula le rōna. Hangata re ne re tsoha ka 4:00 hoseng, re tsamaea lihora tse ’nè, re etsa mosebetsi oa ho bolela evangeli ka lihora tse peli kapa tse tharo, ebe re khutlela hae.
Ke ile ka bala ka har’a lingoliloeng tsa rōna hore ho ne ho e-ba le lipuo tsa phatlalatsa, kahoo ka etsa litokisetso tsa hore e be teng. Ho ne ho se mohla nkileng ka ea sebokeng ha ke le Jeremane, ka hona ke ile ka nahana feela hore na e lokela ho fanoa joang eaba ke bua ka ’Muso oa Molimo. Batho ba robeli ba ile ba tla sebokeng seo, ’me baruti ba Kereke ea Mamennone ba utloa bohloko. Ba ile ba kena letšolong la ho amoha batho lingoliloeng tsohle tsa Bibele tseo re ba fileng tsona, ’me ba ba laela hore ba se ke ba hlola ba re lumelisa.
Ka mor’a moo ke ile ka bitsoa ntlo-khōlō ea liofisi tsa tsamaiso ea motse ’me motsamaisi le baruti ba babeli ba tsoang Canada ba ntlhoma lipotso ka nako e telele. Qetellong, e mong oa bona o ile a re, “Mohlankana, u ka lumela seo u batlang ho se lumela, empa u tlameha ho tšepisa hore ha u n’o bolella mang kapa mang seo u se lumelang.” Ke ne nke ke ka ba tšepisa seo. Kahoo ba ile ba nteleka motseng hobane ba sa batle “moprofeta oa bohata” har’a “balumeli ba tšepahalang.” Ha ke hana ba ile ba ntšepisa hore ba tla lefella lelapa lohle litšenyehelo tsa lipalangoang. Ke ile ka ema ke tiile ’me ka hana ho tsamaea.
Lehlabuleng leo la 1953, ka ea kopanong Asunción. Eaba ke buisana le Nathan Knorr, oa ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e Brooklyn, New York. O ile a nkhothalletsa ho fallela motse-moholo ’me ke sebetse le sehlopha se senyenyane sa baromuoa se leng moo, haholo-holo kaha mosebetsi oa rōna oa ho bolela evangeli sebakeng sa Mamennone o sa hlahisa litholoana tse kaalo.
Re Etelletsa ’Muso oa Molimo Pele
Ka nako eo ho ne ho e-na le Lipaki tse ka bang 35 feela Paraguay. Ke ile ka bua le mosali oa ka, ’me le hoja a ne a sa rate ho fallela motseng o moholo, o ne a ikemiselitse hore a qalise bocha. Ka 1954, ’na le Katerina ra haha ntlo ea litene—re e haha re le babeli feela ha ho se na seo re se etsang. Ho ne ho se mohla re lofang liboka, ’me re ne re ruta batho Bibele mafelo-beke a mang le a mang.
O mong oa mesebetsi eo re neng re e etsa e ne e le ho tsamaea le molebeli oa potoloho, e leng moholo ea etelang liphutheho, e le hore re mo tolokele ha a etela libakeng tsa Paraguay tsa batho ba buang Sejeremane. Kaha ke ne ke sa tsebe Sepanishe hantle, ho bile thata haholo ho toloka puo ea Sepanishe ka Sejeremane ka lekhetlo la pele.
Ka lebaka la ho kula ha mosali oa ka re ile ra fallela Canada ka 1957. Eaba ka 1963, re fallela United States. Hohle moo re bileng teng, kamehla re ne re leka ho etelletsa mosebetsi oa ’Muso oa Molimo pele bophelong ba rōna. (Matheu 6:33) Ke leboha Jehova Molimo haholo hore ebe o ile a mpha monyetla oa ho ithuta ’nete ea Lentsoe la hae Bibele ke sa ntse ke le mohlankana. Thuto ea Bibele eo ke e fumaneng e nthusitse ka litsela tse ngata haholo bophelong ba ka!
E bile tlotla e khōlō hore ebe ke rutile batho ba bang linnete tse babatsehang tsa Bibele tse nkhothalitseng haholo. Ke thaba ka ho fetisisa hore ebe bana bohle ba ka le litloholo ba ruile molemo ka ho rutoa Bibele ho tloha bonyenyaneng. Kaofela ha bona ba latela keletso ea Mor’abo rōna Peters, eo khale koana a ileng a re ho ’na, “Ho sa tsotellehe se etsahalang, le ka mohla u se ke ua lebala mosebetsi oa ntlo le ntlo.”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 22]
Ke thaba ka ho fetisisa ha ke bona hore bana bohle ba ka le litloholo ba ruile molemo ka ho rutoa Bibele ho tloha bonyenyaneng
[Litšoantšo tse leqepheng la 20, 21]
’Na le Katerina nakoana pele ho lechato la rōna ka 1950
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Re na le ngoana oa rōna oa letsibolo lapeng ha rōna Paraguay ka 1952
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ke na le lelapa la ka kajeno
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Photo by Keith Trammel © 2000
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 19]
Photo by Keith Trammel © 2000