Etsisa Jesu—Rapela Molimo ka Tsela eo a Batlang ho Rapeloa ka Eona
Ka lerato Molimo o mema batho ba ‘tsoang lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle’ hore ba mo rapele. (Tšen. 7:9, 10; 15:3, 4) Ba amohelang memo ena ba ka “bona thabo ea Jehova.” (Pes. 27:4; 90:17) Joaloka mopesaleme, ba phahamisa mantsoe ba rorisa Molimo, ba re: “A re khumameng ka pel’a Jehova Moetsi oa rōna.”—Pes. 95:6.
Borapeli Boo Jehova a Neng a bo Nka e le ba Bohlokoahali
Kaha ke Mora oa Molimo a le mong feela, Jesu o ne a e-na le monyetla o moholo oa hore a ithute hore na maikutlo a Ntate oa hae ke afe, le hore na melao le melao-motheo ea hae ke efe. Kahoo, ka sebete Jesu o ne a ka ruta ba bang hore na tsela e nepahetseng ea ho rapela Jehova ke efe. O ile a re: “Ke ’na tsela le ’nete le bophelo. Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka ’na.”—Joh. 1:14; 14:6.
Jesu o behile mohlala o phethahetseng oa ho ikokobelletsa Ntate oa hae. O ile a re: “Ha ke etse letho le itsoelang ho ’na; empa feela joalokaha Ntate a nthutile ke bua lintho tsena.” Eaba o phaella ka ho re: “Kamehla ke etsa lintho tse mo khahlisang.” (Joh. 8:28, 29) Jesu o ile a khahlisa Ntate oa hae ka litsela life?
Tsela e ’ngoe ke hore Jesu o ne a inehetse ho Ntate oa hae ka botlalo, ’me ena ke eona tsela e nepahetseng ea ho rapela Molimo. Jesu o ile a bontša hore o rata Ntate oa hae ka hore a Mo mamele le ka hore a etse thato ea Hae leha seo se ne se bolela hore o lokela ho itela. (Bafil. 2:7, 8) Ntho e neng e le ea bohlokoa borapeling ba Jesu e ne e le ho kopanela kamehla mosebetsing oa ho etsa barutuoa hoo balumeli le bao eseng balumeli ba neng ba bile ba mo bitsa Mosuoe. (Mat. 22:23, 24; Joh. 3:2) Ho feta moo, Jesu o ne a sebelisa nako ea hae e ngata le matla a hae ho thusa batho ba bang. Moea oa hae oa boitelo o ne o etsa hore a salloe ke nako e nyenyane haholo, empa o ne a thabela ho sebeletsa ba bang. (Mat. 14:13, 14; 20:28) Ho sa tsotellehe taba ea hore e ne e le motho ea maphathaphathe, kamehla Jesu o ne a ipha nako ea ho bua le Ntate oa hae ea leholimong ka thapelo. (Luka 6:12) Ka sebele, Molimo o ne a nka borapeli ba Jesu e le ba bohlokoa haholo!
Ntoa ea ho Khahlisa Molimo
Jehova o ile a bona boitšoaro ba Mora oa hae ’me a bolela hore Oa bo ananela. (Mat. 17:5) Leha ho le joalo, Satane Diabolose le eena o ile a hlokomela hore Jesu o ne a phela ka botšepehi. Kahoo, Satane o ne a batla ho hlasela Jesu ka ho khetheha. Hobane’ng? Hobane ho ne ho e-s’o be le motho ea kileng a mamela Molimo ka ho phethahetseng, e leng tsela eo Molimo a neng a e hloka le eo a neng a lokela ho rapeloa ka eona. Kahoo, Diabolose o ne a batla ho thibela Jesu hore a rapele Jehova ka tsela e neng e hlile e Mo lokela.—Tšen. 4:11.
E le ha a batla ho khelosa Jesu, Satane o ile a tla ho eena a mo tšepisa ntho e neng e ka ’na ea mo beha tekong. O ile a isa Jesu “thabeng e phahameng ka ho sa tloaelehang, a mo bontša mebuso eohle ea lefatše le khanya ea eona.” Eaba o re: “Lintho tsena tsohle ke tla u fa tsona haeba u ka itihela fatše ’me ua nketsetsa ketso ea borapeli.” Jesu o ile a re’ng? O ile a re: “Tloha, Satane! Etsoe ho ngoliloe, ‘Ke Jehova Molimo oa hao eo u tla mo rapela, ’me ke eena feela eo u tla mo etsetsa tšebeletso e halalelang.’” (Mat. 4:8-10) Ha e le hantle, Jesu o ile a hlokomela hore, ho khumamela Satane e ne e tla be e le ho rapela molimo oa setšoantšo, ho sa tsotellehe hore na seo se ne se ka ’na sa bonahala se le molemo hakae. O ne a sa ikemisetsa ho etsetsa motho ofe kapa ofe ketso ea borapeli leha e le ’ngoe feela haeba a sa e etsetse Jehova.
Rōna Satane a ka ’na a se ke a re tšepisa ho re fa mebuso eohle ea lefatše le khanya ea eona e le hore re mo rapele. Leha ho le joalo, o ntse a leka ho sitisa borapeli boo Bakreste ba tšepahalang ba bo etsetsang Molimo. Diabolose o batla hore re rapele motho e mong kapa ntho e ’ngoe e itseng.—2 Bakor. 4:4.
Kreste Jesu o ile a ipaka hore oa tšepahala esita le ho isa lefung. Ka ho lula a tšepahala ho Molimo, Jesu o ile a tlotlisa Jehova ka tsela eo ho seng motho e mong ea kileng a mo tlotlisa ka eona. Re le Bakreste ba ’nete kajeno, re leka ho loanela ho latela tsela e tšepahalang eo Jesu a ileng a phela ka eona ka hore re behe borapeli ba rōna ho ’Mōpi ka pele ho ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ka sebele, kamano e ntle le Molimo ke letlotlo la bohlokoa ka ho fetisisa leo re nang le lona.
Litlhohonolofatso Tse Tlisoang ke ho Rapela Molimo ka Tsela eo a e Amohelang
Ho ntšetsa pele “mofuta oa borapeli o hloekileng le o sa silafalang” ponong ea Molimo ho tlisa litlhohonolofatso tse ngata. (Jak. 1:27) Ka mohlala, re phela mehleng eo ho eona batho ba bangata e leng “baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla,” le “ba hlokang lerato la se molemo.” (2 Tim. 3:1-5) Leha ho le joalo, ka tlung ea Molimo re na le tokelo ea ho tloaelana le batho ba hloekileng, ba molemo ba loanelang ho boloka melao ea kamoo Molimo a lokelang ho rapeloa kateng. Na seo ha se khatholle?
Ha re lula re sa silafatsoa ke lefatše lena, re boetse re fumana tlhohonolofatso ea ho ba le letsoalo le hloekileng. Re batla ho lula re e-na le matsoalo a hloekileng ka hore re ikokobeletse melao-motheo ea Molimo e lokileng le ka hore re mamele melao ea Cesare e seng khahlanong le melao ea Molimo.—Mar. 12:17; Lik. 5:27-29.
Ho rapela Molimo ka moea oohle ho boetse ho tlisa litlhohonolofatso tsa mofuta o mong. Ha re shebana le ho etsa thato ea Molimo ho e-na le ho etsa ea rōna, bophelo ba rōna bo ba le morero bo bile boa khotsofatsa. Ho e-na le ho re: “A re jeng ’me re noeng, etsoe hosasane re tla shoa,” re na le tšepo ea sebele ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise.—1 Bakor. 15:32.
Buka ea Tšenolo e bua ka nako eo ka eona ba lulang ba hloekile ka pel’a Jehova ba tla tsoa “matšoenyehong a maholo.” Tlaleho eo e bolela hore “Ea lutseng teroneng o tla ala tente ea hae holim’a bona.” (Tšen. 7:13-15) Eo ea lutseng teroneng ke Jehova Molimo, Motho ea khanyang ka ho fetisisa bokahohleng. Ak’u nahane feela hore na e tla ba thabo e kaakang ha a u amohela u le moeti tenteng ea hae, a u sireletsa e le hore ho se ke ha e-ba le kotsi e u hlahelang! Ka tsela e itseng re ntse re ka fumana tšireletso ea hae le hona joale.
Ho feta moo, bohle ba rapelang Molimo ka tsela eo a e amohelang ba hlalosoa e le ba tataisetsoang “lilibeng tsa metsi a bophelo.” Liliba tsena tse khathollang li emela litokisetso tsohle tseo Jehova a li etsang hore re fumane bophelo bo sa feleng. Ka sebele, ka lebaka la thekollo ea Kreste, “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona.” (Tšen. 7:17) Batho ba tla thusoa hore e be ba phethahetseng, e leng se tla etsa hore ba lebeletseng ho phela ka ho sa feleng lefatšeng ba be le thabo e khaphatsehang. Esita le hona joale, barapeli ba Molimo ba thabileng ba hoeletsa ka thabo, ba bolella Jehova kananelo ea bona e tsoang botebong ba pelo ’me ba mo rapela hammoho le ba leholimong ba binang pina e reng: “Jehova Molimo, ea Matla ’Ohle, mesebetsi ea hao e meholo ’me ea hlolla. Morena oa bosafeleng, litsela tsa hao li lokile ’me ke tsa ’nete. Jehova, ka sebele ke mang ea ke keng a u tšaba, ’me a tlotlisa lebitso la hao, hobane ke uena feela ea tšepahalang? Etsoe lichaba kaofela li tla tla ’me li rapele ka pel’a hao, hobane melao-taelo ea hao e lokileng e bonahalitsoe.”—Tšen. 15:3, 4.
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Satane o tšepisa ho re fa eng e le hore re mo rapele?