Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 12/1 maq. 5-7
  • U Lokela ho Rapela Molimo Ofe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Lokela ho Rapela Molimo Ofe?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Se Susumetsang Melimo Eohle ea Bohata
  • Litholoana tsa Borapeli bo Fosahetseng
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Sebeletsa Jehova Molimo?
  • Motsoalle oa Rōna e Moholo ka ho Fetisisa o Sebakeng sa Moea
    Tsoha!—1996
  • Ke Bo-mang ba Phelang Sebakeng sa Moea?
    Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong?
  • Molimo o Amohela Borapeli ba Bo-mang?
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • U Rapela Molimo Ofe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 12/1 maq. 5-7

U Lokela ho Rapela Molimo Ofe?

PELE, Molimo o le mong feela o lokelang ho rapeloa ke ofe? Bibele e arabela ka tsela e tobileng haholo. Buka ea Tšenolo ea bolela: “Morena [“Jehova,” NW], u loketsoe ke ho neoa khanya, le hlompho, le matla; hobane u hlolile lintho kaofela, ’me ke ka ho rata ha hao li leng teng, li bileng li bōpiloe.” (Tšenolo 4:11) E, Jehova, ’Mōpi, ke oona Molimo feela o tšoaneloang ke borapeli ba rōna. Hobane’ng? Re tla khutlela potsong eo haufinyane. Empa pele, a re buisaneng ka melimo e meng e rapeloang ke batho.

Se Susumetsang Melimo Eohle ea Bohata

Le hoja batho ba rapela melimo e mengata, ’nete ke hore borapeli bohle bo etsetsoang melimo eohle lichabeng tsohle—ka ntle ho borapeli bo etsetsoang Jehova, ’Mōpi—bo phetha morero oa molimo o le mong feela. Ka tsela efe? Bala mantsoe a moapostola Pauluse a neng a ea ho Bakreste ba Korinthe. Ho ne ho rapeloa melimo e mengata motseng oo, ho tloha ho Aphrodite molimo o hlephileng boitšoarong ho ea ho Aesculapius, molimo oa bona oa phekolo. Leha ho le joalo, Pauluse o ile a bontša hore ka ’nete ho ne ho e-na le matla a le mang feela a bolotsana a susumetsang melimo eo kaofela. O ile a ngola: “Lintho tsee bahedene ba li hlabelang aletareng, ba li hlabela bademona, e seng Molimo.” (1 Ba-Korinthe 10:20) E, Bakorinthe ba bahedene ba ne ba rapela bademona.

Bademona ba hlahile bofetoheling. Modemona oa pele le e moholo ka ho fetisisa oa bona ke sebōpuoa sa lengeloi se ileng sa khelosa Eva hore a tlōle molao oa Molimo morao koana tšimong ea Edene. (Genese 3:1-6; Johanne 8:44) Ka ho etsa joalo, sebōpuoa sena se ile sa fetohela bobusi ba ’Mōpi. Ka mor’a moo, se ile sa bitsoa Satane, ho bolelang “Mohanyetsi.” Hamorao, libōpuoa tse ling tsa moea li ile tsa ikopanya le sona bofetoheling. Le tsona li ile tsa fetoha bademona, ’me Satane o tsebahatsoa e le “morena oa bademona.” (Mattheu 12:24, 26) Bukeng ea Tšenolo, bademona bana ba bitsoa “mangeloi” a Satane. (Tšenolo 12:7) Kahoo ho rapela bademona ho tšoana le ho rapela Satane.

Satane o na le tšusumetso e matla. Moapostola Johanne o itse “lefatše lohle” le rapaletse ka tlas’a matla a hae, ’me Pauluse o ile a ’mitsa “molimo oa tsamaiso ena ea lintho.” (1 Johanne 5:19; 2 Ba-Korinthe 4:4, NW) Ka hona, ha e le hantle borapeli ba molimo ofe kapa ofe ka ntle ho Jehova ke borapeli ba Satane. Ha e le hantle, bo phetha merero ea Satane hobane pakane ea hae ke ho thetsa bana ba Adama le Eva hore ba fetohele Jehova. Kaha Satane o ‘thetsa lefatše kaofela,’ ka ho hlakileng o ’nile a atleha maemong a mangata haholo. (Tšenolo 12:9) Empa eseng maemong ’ohle. Ho sa ntsane ho e-na le ba limillione ba loanelang ho rapela Jehova. Hobane’ng?

Litholoana tsa Borapeli bo Fosahetseng

Tabeng ea pele, baa tseba hore borapeli ba melimo e meng ka ntle ho Jehova bo ba lefisa ho feta kamoo ba ka khonang ka teng. Ho epolloa ha lintho tsa khale Carthage ea boholo-holo Afrika Leboea ho sibollotse mabitla a bana. Ka har’a ’ona ho ile ha fumanoa masapo a bana bao ho neng ho etselitsoe molimo oa Bafenicia Baale mahlabelo ka bona. Ho etsa mahlabelo ka bana ke tefo e tšabehang eo baahi bao ba Carthage ba ileng ba e lefa bakeng sa borapeli ba Baale. Bok’hatholike ba mehleng e bohareng le bona bo ile ba laela hore bo fuoe tefo ha bo ne bo baka masisa-pelo a ke keng a lekanngoa Lintoeng tse tšollang mali tsa Bolumeli le Makhotleng a Otlang Bakhelohi a sehlōhō. Borapeli ba melimo ea Inca ba pele Columbus a fihla Amerika bo ne bo akarelletsa ho bolaoa ha ba likete litšebeletsong.

Mehleng ea kajeno, mefuta e fapaneng ea borapeli e ’nile ea ameha ho fenethoeng ho sa khetheng ha batho India, ’me bo tlatselitse mathateng a amang lefu kapa bophelo a lipolotiki Bochabela bo Hare le Ireland Leboea. Ho hloka tsebo, tumela-khoela, le tšabo le tsona li lokela ho thathamisoa e le karolo ea tefo eo motho a e lefang bakeng sa borapeli ba melimo ea hae e mengata.

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Sebeletsa Jehova Molimo?

Ka lehlakoreng le leng, borapeli ba Jehova bo tlisa melemo feela. Tabeng ea pele, ke “ea phelang ka mehla le mehla, ea bōpileng leholimo le tse ho lona, le lefatše le tse ho lona, le leoatle le tse ho lona.” (Tšenolo 10:6) Kahoo, re lokela ho mo rapela hobane ke ’Mōpi oa rōna.

Ho phaella moo, re lokela ho rapela Jehova Molimo hobane litšoaneleho tsa hae li re susumelletsa ho mo rapela. Moapostola Johanne o itse “Molimo o lerato.” (1 Johanne 4:8) Monna ea tšepahalang Jobo o itse “[Molimo] kelellong o bohlale, matleng o matla ho fetisa.” (Jobo 9:4) Moshe o ile a bina tjena ka eena: “Ke Lefika; mosebetsi oa hae o phethehile, hobane litsela tsa hae kaofela li lokile: ke Molimo o tšepehang, o se nang bokhopo; o lokile, o khabane.” (Deuteronoma 32:4) Ke mang ea ka tsila-tsilang ho sebeletsa Molimo o joalo?

Ho phaella moo, Bibele e re: “Boinehelo ba bomolimo bo molemo linthong tsohle, kaha bo na le tšepiso ea bophelo ba hona joale le bo tlang ho tla.” (1 Timothea 4:8, NW) Hona ke ’nete hakaakang! Jehova o batlela batho se molemo. O fane ka lefatše e le lehae le letle bakeng sa pōpo ea hae, ’me o lokiselitse nala ea lijo hore bophelo e ka ba bo thabisang. Ho sa tsotellehe bofetoheli ba motho, Molimo o tsoetse pele ho tšehetsa bophelo lefatšeng lena, oa fana ka litlhoko tsohle tsa lintho tse bonahalang tsa batho kaha “o chabisetsa ba babe le ba batle letsatsi la hae, ’me o nesetsa ba lokileng le ba khopo.”—Mattheu 5:45.

Empa “tšepiso ea bophelo ba hona joale” ha e felle moo. Ho sebeletsa Molimo hoa khotsofatsa ebile hoa nyakallisa. Ke sona seo re bōpetsoeng ho se etsa. ’Me Molimo o thusa ba o sebeletsang ka botšepehi ho atleha bophelong. Ka Bibele, o fana ka tataiso ho masoha, banyalani, bana—batho ba tsoang mefuteng eohle ea bophelo. O fana ka bohlale bo tšepahalang, bo sebetsang ho re thusa maemong ’ohle e le hore re ka rarolla mathata a ho phela re le batho ba sa phethahalang lefatšeng le tlas’a tšusumetso ea Satane. Haeba re rapela Molimo ka tsela e o khahlisang, re ka thabela “khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle.”—Ba-Filippi 4:7.

Hape, ho tšoaneloang ke ho hlokomeloa ke “tšepiso ea bophelo . . . bo tlang ho tla.” Jesu o bolelletse Nikodema oa Mofarisi: “Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Bophelo bo sa feleng! Ke molimo ofe ka ntle ho Jehova o ka tšepisang ntho e joalo o be o phethahatse tšepiso ea oona? Boemo ba ho qetela ba ba fumanang mpho eo e hlollang bo hlalosoa tjena ho Tšenolo: “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.” (Tšenolo 21:4, 5) Ka ’nete, litebello tsa bophelo bo tlang ho tla li lokela ho re etsa hore re batle ho sebeletsa Jehova!

Joale, re lokela ho rapela Molimo ofe? Jehova feela, ’Mōpi. Har’a melimo eohle, mantsoe ana a sebetsa ho eena feela: “E meholo, ea babatseha, mesebetsi ea hao, Morena [“Jehova,” NW] Molimo o matla ’ohle! Oho, Morena oa lichaba, litsela tsa hao li lokile hakakang, ke ’nete feela! Ea sa tl’o u tšaba ke ha e le mang, Morena [“Jehova,” NW]? Ea sa tl’o tlotlisa lebitso la hao ke mang? Hobane ea halalelang ke uena u ’notši. ’Me lichaba tsohle li tla tla, li khumame maotong a hao, kahobane likahlolo tsa hao li beiloe pepeneneng.” (Tšenolo 15:3, 4) Ba bohlale hakaakang batho ba elang hloko keletso ea mopesaleme: “Tloong, re khumameng, re inameng, re oe ka mangole pel’a Jehova, ’Mopi oa rōna”!—Pesaleme ea 95:6.

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Melimo e meng eo Satane a susumellelitseng batho hore ba e rapele

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Litebello tsa bophelo bo tlang ho tla li lokela ho re etsa hore re batle ho sebeletsa Jehova

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela