Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 1/1 maq. 3-4
  • U Rapela Molimo Ofe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Rapela Molimo Ofe?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Ata ha Melimo ea Bohata
  • Nyeoe E Ka Lekhotleng la Bokahohleng E U Amang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Na U Tla Ba Paki ea Molimo oa ’Nete?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Na ho na le Molimo a le Mong Feela oa ’Nete?
    Tsoha!—2006
  • U Lokela ho Rapela Molimo Ofe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 1/1 maq. 3-4

U Rapela Molimo Ofe?

HO FAPANA le liphoofolo, rōna batho re khona ho rapela. Ena ke karolo ea kaheho ea rōna ho tloha tlhahong. Re boetse re na le boikutlo ba boitšoaro, e leng letsoalo le re tataisang mabapi le hore na se nepahetseng le se fosahetseng ke sefe. Kaofela ha rōna re latela letsoalo leo ka litsela tse fapa-fapaneng, ’me ha ba etsa joalo, ba bangata ba talima ho molimo kapa ho melingoana e itseng bakeng sa tataiso.

Lekholong le le leng kapa a mabeli a lilemo a fetileng, bahlalefi ba bang ba lefatše ba ’nile ba pheha khang ka boteng ba Molimo o matla ’ohle le ’Mōpi. Ka 1844, Karl Marx o ile a phatlalatsa hore bolumeli ke “matekoane ho batho.” Hamorao, Charles Darwin o ile a hlahisa thuto ea ho iphetola ha lintho. Joale ho ile ha tla Phetohelo ea Bolshevik. Europe Bochabela, ho se lumele hore Molimo o teng e ile ea ba leano la molao la naha, ’me ho ile ha boleloa hore bolumeli bo ne bo tla fela le moloko oa 1917. Empa batho bao ba sa lumeleng hore Molimo o teng ba ne ba ke ke ba fetola tsela eo batho ba bōpiloeng ka eona. Sena se pakoa ke ho boea sekoele ha bolumeli Europe Bochabela nakong ena.

Leha ho le joalo, joalokaha Bibele e bolela, ho na le ba bangata ba “bitsoang melimo maholimong le lefatšeng—ho batho melimo e fela e le mengata, le marena a mangata.” (1 Ba-Korinthe 8:5) Ho theosa le lilemo batho ba ’nile ba rapela melimo e mengata-ngata. Ho ’nile ha ba le melimo ea kemolo, ea lerato, ea ntoa, le ea veine le boithabiso. Bolumeling ba Hindu feela, melimo e baloa ka limillione.

Melimo ea Boraro-bo-bong e ne e atile Babylona, Assyria, le Egepeta, haesitana le linaheng tsa Bobuddha. Bokreste-’mōtoana le bona bo na le Boraro-bo-bong ba bona bo “halalelang.” Bolumeli ba Islam, bo latola Boraro-bo-bong, ha bo na “molimo o mong ntle ho Allah.” Ho feta moo, esita le ba nyefolang khopolo ea hore ho na le Molimo o matla ’ohle o sa bonahaleng, ba na le melimo ea bona. Ka mohlala, ho Ba-Filippi 3:19, Bibele e bolela ka batho ba tšoasitsoeng ke ho lelekisa lintho tse bonahalang: “Bao molimo oa bona e leng mpa.”

Batho ba bangata ba rapela molimo kapa melimo ea sebaka kapa mokhatlo oa batho oo ho etsahetseng hore ba tsoalloe ho ’ona. Sena se phahamisa lipotso. Na mefuta eohle ea borapeli e lebisa sebakeng se le seng—joaloka litsela tse nyolohelang tlhōrōng ea thaba? Kapa na litsela tse ngata tse makatsang tsa bolumeli li lebisa tlokotsing—joaloka litsela tse eang selomong? Na ho na le litsela tse ngata tse loketseng tsa ho rapela kapa e ’ngoe feela? Na ho na le melimo e mengata e lokeloang ke thoriso kapa ho na le Molimo o le mong feela o Matla ’Ohle o loketsoeng ke boinehelo ba rōna bo ikhethang le borapeli?

Ho Ata ha Melimo ea Bohata

Lipotso tse ka holimo li hloka hore re li hlahlobisise. Hobane’ng? Hobane buka ea botsebi ea khale-khale e buang ka bolumeli, Bibele, e hlalosa kamoo molimo oa bohata, o sebetsa ka noha, o ileng oa thetsa baholo-holo ba rōna ba pele oa ba kenya tseleng e ileng ea fella ka tlokotsi. Re utloa liphello tse tepelletsang tsa maqiti a hae le kajeno. (Genese 3:1-13, 16-19; Pesaleme ea 51:5) Jesu, “Mor’a Molimo,” o ile a bua ka molimo oo oa mofetoheli e le “morena oa lefatše lena.” E mong oa baapostola ba Jesu o ile a ’mitsa “molimo oa lefatše lena.” (Johanne 1:34; 12:31; 16:11; 2 Ba-Korinthe 4:4) Ho Tšenolo khaolo 12, temana 9, o hlalosoa e le “noha ea khale, e bitsoang Diabolose le Satane, e thetsang lefatše kaofela.” ’Muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata o tlas’a taolo ea Satane.

Satane ke mothetsi e moholo. (1 Timothea 2:14) Ka mano o sebelisa takatso ea tlhaho ea motho ea ho rapela ka ho hlahisa melimo ea mefuta e mengata—meea ea baholo-holo ba shoeleng, melimo ea litšoantšo, litšoantšo tse ferefiloeng, le litšoantšo tsa Madonna. O boetse o ntšetsa pele borapeli ba melimo ea batho, joaloka babusi ba matla, balaoli ba sesole ba hlōlang, le likhalala tsa lifilimi le tsa lipapali. (Liketso 12:21-23) Re etsa hantle ho lula re itebetse, re ikemiselitse ho batla le ho rapela Molimo o le mong oa ’nete, oo ka sebele o seng “hole ho e mong le e mong oa rōna.”—Liketso 17:27.

Joale, Molimo ona o ikhethang oo re lokelang ho o rapela ke mang? Lilemong tse ka bang 3 000 tse fetileng, mopesaleme oa Bibele o ile a o hlalosa hore ke “Mookameli ea phahameng . . , Ea matla ’ohle . . , Molimo oa ka oo ke o tšepang,” ’me o ile a o bitsa ka lebitso la oona le hlomphehang—“Jehova.” (Pesaleme ea 91:1, 2) Pejana, Moshe o ne a itse ka oona: “Molimo oa rōna ke Jehova, Jehova a ’notši.” (Deuteronoma 6:4) ’Me moprofeta Esaia o ile a qotsa Molimo ka booona o re: “Ke ’na Jehova, ke lona lebitso la ka, nke ke ka nea e mong khanya ea ka, nke ke ka nea litšoantšo thoko e ntšoanelang.”—Esaia 42:8.

Jehova Molimo o rerile ho hlakola lebitso la hae thohako eohle eo molimo oa bohata Satane a le netileng ka eona. O ile a bontša kamoo a tla etsa sena ka teng selemong sa 1513 B.C.E., ha a sebelisa moprofeta oa hae Moshe ho lokolla sechaba sa Iseraele khatellong ea Baegepeta. Ketsahalong eo, Molimo o ile oa hokahanya lebitso la oona Jehova le mantsoe ana: “Ke tla ipaka ho ba seo ke tla ipaka ho ba sona.” (Exoda 3:14, 15, NW) O ne o tla iphetetsa ho Faro oa Egepeta, empa pele o ile oa bolella ’musi eo ea khopo hore: “Ke u tloheletse hona hoo, ke bonahatse matla a ka ka uena, le hore lebitso la ka le tume lefatšeng lohle.”—Exoda 9:16.

Boemo boa tšoana kajeno. Joaloka Faro oa boholo-holo, molimo oa lefatše lena, Satane, o phephetsa Jehova Molimo ’me ka mano o ntšetsa pele ntoa ea moea khahlanong le batho ba ratang ho loka le ’nete. (Ba-Efese 6:11, 12, 18) Molimo o boetse o rerile ho phahamisa lebitso la oona har’a khanyetso ea Satane. Leha ho le joalo, pele Jehova a bonahatsa matla a hae ka ho timetsa Satane le mesebetsi eohle ea hae, o romela barapeli ba hae hore ba phatlalatse lebitso la Hae lefatšeng lohle. Mosebetsi ona oa ho pakela lebitso la hae ke karolo ea bohlokoa ea borapeli ba ’nete.

Ka ho loketseng, Molimo ka booona o boletse hore barapeli bana e ne e tla ba lipaki tsa oona, Lipaki tsa Jehova, “sechaba seo ke iketselitseng sona se tla bolela lithoko tsa ka.” (Esaia 43:10-12, 21) Ba bolela lithoko tsa Jehova joang? Baa bolela ba bile ba ruta phatlalatsa le ka ntlo le ntlo, ba phatlalatsa litaba tse molemo tsa hore ’Muso oa Jehova, o busoang ke Mora oa oona, Jesu Kreste, o tla tlisa mahlohonolo a ka ho sa feleng ho batho ba utloang lefatšeng lena. Ka hona, ba rapela Molimo ‘ba sa phetse,’ joalokaha Bakreste ba ’nete ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba etsa. (Liketso 5:42; 20:20, 21) Na ba thabetse tlhohonolofatso ea Molimo ho see? Maqephe a latelang a tla arabela.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela