Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 10/15 maq. 25-29
  • U Ikemiselitse ho Tela Eng e le Hore U Phele ka ho sa Feleng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Ikemiselitse ho Tela Eng e le Hore U Phele ka ho sa Feleng?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Kreste ha aa ka a Ikhahlisa”
  • Jehova o Batla se Molemohali ho Rōna
  • Sebelisa Nako ea Hao ka Bohlale
  • “Ke na le Lōna ka Matsatsi ’Ohle”
  • Ho se Hlole re Iphelela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Latela “Kreste”?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Re Tlameha ho Etsa Eng e le Hore re Pholosoe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Li Rupeletsoe ho Fana ka Bopaki bo Phethahetseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 10/15 maq. 25-29

U Ikemiselitse ho Tela Eng e le Hore U Phele ka ho sa Feleng?

“Motho o tla fana ka eng e le phapanyetsano bakeng sa moea oa hae?”​—MAT. 16:26.

1. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a hana khalemelo eo Petrose a ileng a mo fa eona?

MOAPOSTOLA Petrose o ne a sa lumele seo a se utloang. Moeta-pele oa hae ea ratehang, e leng Jesu Kreste, o ne a bolela “ka ho toba” hore O ne a tla tloha a utloa bohloko ’me ka mor’a moo a shoe! Ha Petrose a utloa seo​—ntle ho pelaelo e le ka sepheo se setle—​o ile a khalemela Jesu, a re: “Ikhauhele, Morena; ho hang u ke ke ua ba le qetello ena.” Jesu o ile a furalla Petrose eaba o sheba ka ho barutuoa ba bang. Ho ka etsahala hore ebe le bona ba ne ba e-na le maikutlo ana a fosahetseng. Eaba o re ho Petrose: “Suthela ka mor’a ka, Satane! U khopiso ho ’na, hobane u nahana menahano ea batho, eseng ea Molimo.”​—Mar. 8:32, 33; Mat. 16:21-23.

2. Jesu o ile a hlalosa se lebeletsoeng ho morutuoa oa ’nete joang?

2 E ka ’na eaba mantsoe a latelang a Jesu a ile a thusa Petrose ho bona hore na ke hobane’ng ha Jesu a ile a nyatsa khalemelo ea hae ka matla hakana. Jesu o ile “a bitsetsa bongata ho eena le barutuoa ba hae” ’me a re: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a ke a itatole ’me a nke thupa ea hae ea tlhokofatso a ntatele a sa khaotse. Etsoe mang kapa mang ea batlang ho pholosa moea oa hae o tla lahleheloa ke oona; empa mang kapa mang ea lahleheloang ke moea oa hae ka lebaka la ka le litaba tse molemo o tla o pholosa.” (Mar. 8:34, 35) Mona Jesu o ile a sebelisa lentsoe “moea” e le ha a bolela “bophelo.” Ho hlakile hore o ne a se haufi le ho tela bophelo ba hae feela, empa o ne a boetse a lebeletse hore ba mo latelang le bona ba ne ba tla tlameha ho ikemisetsa ho tela bophelo ba bona tšebeletsong ea Molimo. Haeba ba ne ba etsa joalo, ba ne ba tla fumana moputso o moholo.​—Bala Matheu 16:27.

3. (a) Jesu o ile a botsa bamameli ba hae lipotso life? (b) E ka ’na eaba potso ea Jesu ea bobeli e ile ea hopotsa bamameli ba hae eng?

3 Lekhetlong leo, Jesu o ile a botsa lipotso tse peli tse neng li etsa hore motho a inahane: “Ho na le molemo ofe ha motho a rua lefatše lohle ’me a lahleheloa ke moea oa hae?” a ba a re, “Ka sebele, ke eng seo motho a neng a tla fana ka sona e le phapanyetsano bakeng sa moea oa hae?” (Mar. 8:36, 37) Ho ea ka batho, karabo ea potso ea pele e totobetse. Ha ho thuse letho hore motho a rue lefatše kaofela haeba a lahleheloa ke bophelo ba hae, e leng moea oa hae. Matlotlo a molemo hafeela motho a phela hore a a thabele. Potso ea bobeli ea Jesu e reng: “Ka sebele, ke eng seo motho a neng a tla fana ka sona e le phapanyetsano bakeng sa moea oa hae?” e ka ’na eaba e ile ea hopotsa bamameli ba hae qoso eo Satane a ileng a e etsa mehleng ea Jobo ha a ne a re: “Motho o tla nehelana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona bakeng sa moea oa hae.” (Jobo 2:4) Mantsoe a Satane e ka ’na ea e-ba ’nete ho batho ba bang ba sa sebeletseng Jehova. Batho ba bangata ba ka etsa ntho leha e le efe, ba tlōla molao-motheo leha e le ofe oa boitšoaro, e le hore feela ba lule ba phela. Leha ho le joalo, Bakreste bona ba talima lintho ka tsela e fapaneng le eo.

4. Ke hobane’ng ha lipotso tsa Jesu li bolela ho hoholo ho Bakreste?

4 Rea tseba hore Jesu ha aa ka a tla lefatšeng e le hore a tl’o re fa bophelo bo botle ba ’mele, matlotlo le bophelo bo bolelele lefatšeng lena. O ile a tlela ho tla bula monyetla oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha, ’me re nka tšepo ea ho phela ka ho sa feleng e le ea bohlokoa haholo. (Joh. 3:16) Mokreste o ne a tla utloisisa hore potso ea pele ea Jesu e re, “Ho na le molemo ofe ha motho a rua lefatše lohle ’me a lahleheloa ke tšepo ea hae ea bophelo bo sa feleng?” Karabo ke hore, Ha ho na molemo oa letho. (1 Joh. 2:15-17) Se ka re thusang ho araba potso ea bobeli ea Jesu, ke hore re ipotse, ‘Ke ikemiselitse ho tela lintho tse kae hona joale e le hore joang kapa joang tšepo ea ka ea ho phela lefatšeng le lecha e tle e phethahale?’ Karabo ea rōna ea potso eo, e bontšoang ke tsela eo re phelang ka eona, e bontša hore na tšepo eo e matla hakae lipelong tsa rōna.​—Bapisa le Johanne 12:25.

5. Re ka fumana mpho ea bophelo bo sa feleng joang?

5 Ho hlakile hore Jesu o ne a sa bolele hore bophelo bo sa feleng bo ka fumanoa ka ho sebeletsoa. Bophelo​—esita le bona bophelo ba rōna bo bokhutšoanyane tsamaisong ena ea lintho—​ke mpho. Re ke ke ra bo reka kapa ra etsa ntho leha e le efe hore re bo fumane. Tsela feela eo re ka amohelang mpho ea bophelo bo sa feleng ka eona ke ka ho ‘beha tumelo ea rōna ho Kreste Jesu’ le ho Jehova, e leng “moputsi oa ba mo batlang ka tieo.” (Bagal. 2:16; Baheb. 11:6) Leha ho le joalo, tumelo e lokela ho bontšoa ka liketso, kaha “tumelo e se nang mesebetsi e shoele.” (Jak. 2:26) Kahoo, ha re nahanisisa ho ea pele ka potso ea Jesu, re lokela ho nahana ka botebo ka taba ea hore na re ikemiselitse ho tela lintho tse kae tsamaisong ena le hore na re ikemiselitse ho etsa eng tšebeletsong ea Jehova ho bontša hore tumelo ea rōna e hlile ea phela.

“Kreste ha aa ka a Ikhahlisa”

6. Ke eng e neng e tla pele bophelong ba Jesu?

6 Ho e-na le ho batla ho fumana seo lefatše la mehleng ea hae le neng le se tšepisa, Jesu o ile a tsepamisa kelello linthong tsa bohlokoa eaba o hana teko ea ho iphumanela maruo ka morero oa boikhabi. O ne a phela bophelo ba boitelo a bile a mamela Molimo. Ho e-na le ho ikhahlisa, o ile a re: ‘Kamehla ke etsa lintho tse khahlisang Molimo.’ (Joh. 8:29) Jesu o ne a ikemiselitse ho khahlisa Molimo hakae?

7, 8. (a) Jesu o ile a tela eng, ’me o ile a putsoa joang? (b) Ke potso efe eo re lokelang ho ipotsa eona?

7 Ka lekhetlo le leng, Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: ‘Mor’a motho ha aa ka a tlela ho sebeletsoa, empa ho sebeletsa le ho fana ka moea oa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.’ (Mat. 20:28) Pejana, ha Jesu a ne a qala ho lemosa balateli ba hae hore o ne a tla tloha a “fana ka moea oa hae,” Petrose o ile a mo khothalletsa hore a ikhauhele. Leha ho le joalo, Jesu ha aa ka a thekesela. Ka boithatelo o ile a tela moea oa hae, e leng bophelo ba hae bo phethahetseng ba nama, molemong oa batho. Ka lebaka la bophelo ba hae ba boitelo, bokamoso ba Jesu bo ne bo sireletsehile. O ile a tsosoa a ba a “phahamisetsoa ka letsohong le letona la Molimo.” (Lik. 2:32, 33) Kahoo, o ile a re behela mohlala o babatsehang.

8 Moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste ba Roma hore ‘ba se ke ba ikhahlisa’ a ba a ba hopotsa hore “le eena Kreste ha aa ka a ikhahlisa.” (Bar. 15:1-3) Kahoo, ebe rōna re ikemiselitse ho itela hakae e le ha re etsisa Kreste?

Jehova o Batla se Molemohali ho Rōna

9. Ke sefe seo Mokreste a hlileng a se etsang ha a inehela ho Molimo?

9 Iseraele ea boholo-holo, Molao oa Moshe o ne o boletse ka ho hlaka hore makhoba a Baheberu a ne a lokela ho lokolloa ka selemo sa bosupa sa bohlanka kapa selemong sa Jubile. Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le ntho e ’ngoe eo a neng a ka e khetha. Haeba lekhoba le ne le rata mong’a lona, le ne le ka ikhethela ho lula lelapeng la mong’a lona e le lekhoba bophelo bohle ba lona. (Bala Deuteronoma 15:12, 16, 17.) Ha re inehela ho Molimo re khetha se tšoanang. Ka boithatelo re lumela hore re tla etsa thato ea Molimo, re se ke ra latela litakatso tsa rōna. Ha re etsa joalo, re bontša hore re rata Jehova haholo le hore takatso ea rōna ke hore re mo sebeletse ka ho sa feleng.

10. Ke ka tsela efe re leng thepa ea Jehova, ’me seo se lokela ho ama menahano ea rōna le liketso tsa rōna joang?

10 Haeba hona joale u ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, u bolela litaba tse molemo ’me u ba teng libokeng tsa Bokreste, rea u babatsa. Re tšepa hore haufinyane u tla susumelletseha hore u inehele ho Jehova ’me u botse potso ena eo Moethiopia a ileng a e botsa Filipi: “Ke eng se nthibelang ho kolobetsoa?” (Lik. 8:35, 36) Joale kamano ea hao le Molimo e tla tšoana le ea Bakreste bao Pauluse a ileng a ba ngolla a re: “Ha le ba lōna, kaha le ile la rekoa ka theko.” (1 Bakor. 6:19, 20) Ho sa tsotellehe hore na re na le tšepo ea ho phela leholimong kapa lefatšeng, haeba re inehetse ho Jehova, ke Mong’a rōna. Kahoo, ke habohlokoa hakaakang hore re hatelle litakatso tsa boikhabi re be re ‘khaotse ho ba makhoba a batho’! (1 Bakor. 7:23) Ke tlotla e kaakang ho ba mohlanka ea tšepahalang eo Jehova a ka mo sebelisang kamoo a ratang kateng!

11. Joalokaha mahlabelo a neng a etsoa Molaong oa Moshe a bontša, ke sehlabelo sefe seo Bakreste ba khothalletsoang ho se nyehela, ’me seo se hlile se bolela’ng?

11 Pauluse o ile a eletsa balumeli-’moho le eena a re: “Le hlahise ’mele ea lōna e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Molimo, e le tšebeletso e halalelang ka matla a lōna a ho nahana.” (Bar. 12:1) E ka ’na eaba mantsoe ao a ile a hopotsa Bakreste ba Bajuda ka mahlabelo ao e neng e le karolo ea bohlokoa ea borapeli ba bona pele e e-ba balateli ba Jesu. Ba ne ba tseba hore Molaong oa Moshe, liphoofolo tse neng li nyeheloa aletareng ea Jehova e ne e lokela ho ba tse boemong bo botle ka ho fetisisa. Phoofolo ea boemo bo tlaase ho boo e ne e sa amohelehe. (Mal. 1:8, 13) Boemo boa tšoana ha re hlahisa ’mele ea rōna “e le sehlabelo se phelang.” Re fa Jehova se molemohali, ha re mo fe feela se setseng ka mor’a hore re khotsofatse litakatso tsohle tsa rōna. Ha re inehela ho Molimo, re mo fa “meea” ea rōna, bophelo ba rōna—ho akarelletsa matla a rōna, matlotlo a rōna le bokhoni ba rōna re sa itšiele letho. (Bakol. 3:23) Re ka etsa see joang bophelong ba rōna?

Sebelisa Nako ea Hao ka Bohlale

12, 13. Tsela e ’ngoe eo re ka fang Jehova se molemohali ka eona ke efe?

12 Tsela e ’ngoe eo re ka fang Jehova se molemohali ka eona ke ka ho sebelisa nako ea rōna ka bohlale. (Bala Baefese 5:15, 16.) Seo se hloka boitšoaro. Litšusumetso tsa lefatše le ho se phethahale hoo re ho futsitseng li etsa hore re batle ho sebelisa nako ea rōna molemong oa ho ithabisa kapa molemong oa rōna feela. Ke ’nete hore “ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe,” ho akarelletsa ho ikhatholla hamonate le ho sebetsa e le hore re phethahatse boikarabelo ba rōna ba Bokreste. (Moek. 3:1) Leha ho le joalo, ho hlokahala hore Mokreste ea inehetseng a lekanyetse lintho hantle a be a sebelise nako ea hae ka bohlale.

13 Ha Pauluse a ne a etetse Athene, o ile a hlokomela hore “Baathene bohle le basele ba etetseng moo ka nakoana ba ne ba sa sebelisetse nako ea bona ea phomolo letho haese ho bolela ho hong kapa ho mamela ho hong ho hocha.” (Lik. 17:21) Kajeno, batho ba bangata ba senya nako ea bona ka tsela e tšoanang. Lintho tsa kajeno tse bakang tšitiso li akarelletsa ho shebella thelevishene, ho bapala lipapali tsa video le ho phenya Inthanete. Ho na le lintho tse ngata tse ka re sitisang le tse ka re jellang nako. Haeba re li lumella, re ka ’na ra hlokomoloha lintho tseo re li hlokang moeeng. Re ka ba ra nahana hore re phathahane hoo re ke keng ra ela hloko “lintho tsa bohlokoa haholo”​—e leng litaba tse amanang le ho sebeletsa Jehova.​—Bafil. 1:9, 10.

14. Ke lipotso life tseo re lokelang ho nahanisisa ka tsona?

14 Ka lebaka leo, joaloka mohlanka ea inehetseng oa Jehova, ipotse, ‘Na kemiso ea ka ea letsatsi le letsatsi e akarelletsa nako ea ho bala Bibele, ea ho thuisa le ea ho rapela?’ (Pes. 77:12; 119:97; 1 Bathes. 5:17) ‘Na ke ipehela nako ea ho lokisetsa liboka tsa Bokreste? Na ke khothatsa ba bang ka ho fana ka litlhaloso libokeng?’ (Pes. 122:1; Baheb. 2:12) Lentsoe la Molimo le bolela hore Pauluse le Barnabase ba ne ba qeta “nako e telele ba bua ka sebete ka matla a tsoang ho Jehova.” (Lik. 14:3) Na u ka lokisa maemo a hao e le hore u qete nako e eketsehileng, ’me mohlomong “nako e telele,” mosebetsing oa boboleli, mohlomong u le pula-maliboho?​—Bala Baheberu 13:15.

15. Baholo ba sebelisa nako ea bona ka bohlale joang?

15 Ha moapostola Pauluse le Barnabase ba ne ba etetse phutheho ea Bokreste ea Antioke, ba ile “ba qeta nako e telele le barutuoa” e le hore ba ba khothatse. (Lik. 14:28) Ka ho tšoanang, kajeno baholo ba lerato ba sebelisa boholo ba nako ea bona ba matlafatsa batho ba bang. Ho phaella tšebeletsong ea bona ea tšimo, baholo ba sebetsa ka thata ho lisa mohlape, ho batla linku tse lahlehileng, ho thusa ba kulang le ho etsa mesebetsi e meng e mengata ka phuthehong. Haeba u mor’abo rōna ea kolobelitsoeng, na maemo a hao a u lumella hore u hahamalle litokelo tsee tse eketsehileng tsa tšebeletso?

16. Litsela tse ling tseo ‘re ka sebetsang se molemo ho ba amanang le rōna tumelong’ ka tsona ke life?

16 Ba bangata ba thabisitsoe ke ho phallela ba lahlehetsoeng ke lintho tse itseng ka lebaka la likoluoa tsa tlhaho kapa tse bakiloeng ke batho. Ka mohlala, morali e mong oabo rōna ea ka bang lilemo li 65 ea sebetsang Bethele o ile a nka maeto a malelele ka makhetlo a mangata e le hore a ithaopele ho sebetsa mosebetsing oa liphallelo. Ke hobane’ng ha a ile a sebelisa nako ea hae ea phomolo ka tsela eo? O re: “Le hoja ke se na tsebo e khethehileng, e ne e le tlotla ho etsa eng kapa eng e hlokahalang. Ke ile ka khothala haholo ha ke bona tumelo e matla ea bara le baralib’eso ba neng ba senyehetsoe ke lintho tsa bona tse ngata.” Ho feta moo, ba likete lefatšeng ka bophara ba thusa ho haha Liholo Tsa ’Muso le Liholo Tsa Kopano. Ka ho etsa mesebetsi ea mofuta ona, ntle ho boithati ‘re sebetsa se molemo ho ba amanang le rōna tumelong.’​—Bagal. 6:10.

“Ke na le Lōna ka Matsatsi ’Ohle”

17. Ke eng eo uena u ka fanang ka eona e le phapanyetsano bakeng sa bophelo bo sa feleng?

17 Batho ba ikarotseng ho Molimo ba tla tloha ba felisoa. Ha re tsebe hantle hore na seo se tla etsahala neng. Leha ho le joalo, rea tseba hore “nako e setseng e fokotsehile” le hore “boemo ba lefatše lena boa fetoha.” (Bala 1 Bakorinthe 7:29-31.) Sena se bontša bohlokoa ba potso ea Jesu e reng: “Ka sebele, ke eng seo motho a neng a tla fana ka sona e le phapanyetsano bakeng sa moea oa hae?” Ha ho pelaelo hore re tla ikitlaelletsa ho etsa sohle seo Jehova a reng re se etse e le hore re fumane “bophelo ba sebele.” (1 Tim. 6:19) Ka sebele, ke habohlokoa hore re mamele keletso ea Jesu ea hore re ‘mo latele re sa khaotse’ le hore re “batle ’muso pele.”​—Mat. 6:31-33; 24:13.

18. Re ka kholiseha ka eng, hona hobane’ng?

18 Ke ’nete hore ho latela Jesu ha ho bonolo kamehla, ’me joalokaha Jesu a ile a lemosa, sena se entse hore ba bang ba shoe tsamaisong ena ea lintho. Leha ho le joalo, joaloka Jesu, re qoba teko ea hore re “ikhauhele.” Re lumela tšepiso eo a ileng a e fa balateli ba hae ba tlotsitsoeng ba lekholong la pele la lilemo ha a ne a re: “Ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” (Mat. 28:20) Kahoo, ka hohle kamoo re ka khonang, a re sebeliseng nako ea rōna le bokhoni ba rōna tšebeletsong e halalelang. Ha re ntse re etsa joalo, re bontša hore re kholisehile hore Jehova o tla re pholosa matšoenyehong a maholo kapa a re tsosetse ho phela lefatšeng le lecha. (Baheb. 6:10) Kahoo re tla be re bontšitse hore ka sebele re nka mpho ea bophelo e le ea bohlokoa.

U ka Araba Joang?

• Jesu o ile a bontša joang hore o ne a e-na le boikemisetso bo ikhethang ba ho sebeletsa Molimo le batho?

• Ke hobane’ng ha motho a lokela ho itatola, ’me see se etsoa joang?

• Iseraele ea boholo-holo, ke mahlabelo a mofuta ofe feela a neng a amoheleha ho Jehova, ’me see se re behela mohlala joang kajeno?

• Re ka sebelisa nako ea rōna ka bohlale ka litsela life?

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

Kamehla Jesu o ne a etsa lintho tse neng li khahlisa Molimo

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Baiseraele ba nang le kananelo ba ne ba fana ka se molemohali ho tšehetsa borapeli ba ’nete

[Litšoantšo tse leqepheng la 29]

Re khahlisa Molimo ka ho sebelisa nako ea rōna ka bohlale

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela