Na Lipaki Tsa Jehova li Qhala Manyalo?
“HAEBA molekane e mong a tloha bolumeling boo a neng a le ho bona a ea ho bo bong, lenyalo le tla qhalana.” Sena ke seo batho ba bangata ba se buang. Ka linako tse ling, batho ba bang ba se bua ho molekane oa lenyalo ea khethang ho ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Empa na seo ke ’nete kamehla?
Hoa utloahala hore haeba motho ea lenyalong a qala ho rata bolumeli kapa a tlohela lintho tseo e leng khale a li lumela, seo se ka tšosa molekane e mong oa lenyalo. Se ka etsa hore a tšoenyehe, a soetsehe a be a halefe haholo.
Hangata ke mosali ea bonang pele hore ho hlokahala hore a tlohe bolumeling boo a neng a le ho bona a ee ho bo bong. Haeba mosali oa hao a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, seo se ka ama lenyalo la hao joang? Haeba u mosali ea ithutang Bibele le Lipaki Tsa Jehova, u ka etsa’ng hore molekane oa hao a se ke a tšoenyeha haholo?
Tsela eo Monna a Bonang Lintho ka Eona
Mark, ea lulang Australia, o ne a e-na le lilemo tse 12 a le lenyalong ha mosali oa hae a ne a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Mark o re: “Ke ne ke thabela lenyalo la ka ebile ke e-na le mosebetsi o khotsofatsang. Bophelo bo ne bo le monate. Eaba mosali oa ka o etsa qeto ea ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Kapele-pele feela ke ile ka utloa eka tsela eo ke phelang ka eona e tla fetoha. Qalong, ke ne ke sa khotsofalla hore ebe mosali oa ka o ne a se a rata Bibele, empa ha a mpolella hore o entse qeto ea ho kolobetsoa hore ebe e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ke ile ka tšoenyeha haholo.”
Mark o ile a qala ho ngongoreha ka hore na ebe lenyalo la hae le tla qhalana ka lebaka la bolumeli bo bocha ba mosali oa hae. O ile a nahana ho emisa thuto ea hae ea Bibele le ho mo thibela ho kopana le Lipaki ka tsela leha e le efe. Leha ho le joalo, ho e-na le hore a etse lintho ka lepotlapotla, Mark o ile a ema nakoana. Ho ile ha etsahala’ng ka lenyalo la hae?
Mark o re: “Hoa thabisa hore ebe lenyalo la rōna le matlafetse ho feta pele. Le ’nile la tsoela pele ho ntlafala ho tloha ha mosali oa ka a kolobetsoa hore ebe e mong oa Lipaki Tsa Jehova lilemong tse 15 tse fetileng.” Ke eng se ileng sa etsa hore lenyalo lee le atlehe? Mark o re: “Ke hopola hore lebaka le ka sehloohong ke hobane mosali oa ka o ne a sebelisa keletso e molemo ea Bibele. Kamehla o ne a leka ho ntlhompha.”
Keletso ea Basali ba Ileng ba Atleha
Haeba u mosali ea ithutang Bibele le Lipaki Tsa Jehova, ke eng seo u ka se etsang le ho se bua hore molekane oa hao a se ke a tšoenyeha haholo? Ak’u nahane ka se builoeng ke basali bana ba linaha tse fapa-fapaneng.
Sakiko oa Japane o re: “Ke qetile lilemo tse 31 ke le lenyalong ’me ke na le bara ba bararo. E se e le lilemo tse 22 ke le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ka linako tse ling ha ho bonolo ho lula le monna ea seng bolumeling bo le bong le ’na. Empa ke leka ka matla ho sebelisa keletso ea Bibele ea hore ke ‘potlakele ho utloa, ke liehe ho bua, ke liehe ho halefa.’ (Jakobo 1:19) Ke leka ho ba mosa ho monna oa ka le ho etsa lintho ka tsela eo a lakatsang hore li etsoe ka eona haeba seo se sa hohlane le melao-motheo ea Bibele. Sena se thusitse lenyalo la rōna hore le atlehe.”
Nadezhda oa Russia o re: “Ke na le lilemo tse 28 ke le lenyalong ’me e se e le lilemo tse 16 ke le Paki e kolobelitsoeng. Pele ke ithuta Bibele, ke ne ke sa nahane hore monna oa ka e lokela ho ba hlooho ea lelapa. Ke ne ke rata ho etsa liqeto tse ngata ke le mong. Leha ho le joalo, butle-butle ke ile ka hlokomela hore ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho entse hore lelapa la rōna le thabe ’me le be le khotso. (1 Bakorinthe 11:3) Hanyane ka hanyane ho ile ha e-ba bonolo hore ke ikokobetse ’me monna oa ka o bone liphetoho tsena tseo ke li entseng.”
Marli oa Brazil o re: “Ke na le barali ba babeli ’me e se e le lilemo tse 21 ke le lenyalong. Ke bile Paki e kolobelitsoeng lilemong tse 16 tse fetileng. Ke ithutile hore Jehova Molimo o lakatsa hore balekane ba lenyalo ba lule hammoho, ba se ke ba arohana. Joale ke leka hore ke be mosali ea molemo, ka ho bua le ho itšoara ka tsela e tla thabisa Jehova le monna oa ka.”
Larisa oa Russia o re: “Ha ke e-ba Paki ea Jehova lilemong tse 19 tse fetileng, ke ile ka hlokomela hore ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa e ne e le hore ke etse liphetoho bophelong ba ka. Monna oa ka o khona ho bona kamoo Bibele e nthusitseng hore ke fetohe motho ea molemo kateng ’me seo se entse hore ke mo rate le ho feta pele. Qalong, re ne re hohla-hohlana tabeng ea ho hōlisa bana, empa re ile ra lokisa bothata boo ba ho se utloisisane. Monna oa ka o lumella bana ba rōna hore ba tsamaee le ’na ha ke ea libokeng tsa bolumeli hobane oa hlokomela hore lintho tsohle tseo ba li rutoang ke tse ba tsoelang molemo.”
Valquíria oa Brazil o re: “Ke na le mora a le mong ’me ke se ke qetile lilemo tse 19 ke le lenyalong. Ke bile e mong oa Lipaki Tsa Jehova lilemong tse 13 tse fetileng. Pele, monna oa ka o ne a sa batle hore ke etse mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo phatlalatsa. Empa ke ithutile ho araba ka bonolo ha a bua ka lintho tseo a tšoenyehileng ka tsona le ho mo thusa hore a bone hore Bibele e entse hore ke be motho ea molemo. Hanyane ka hanyane monna oa ka o ile a utloisisa hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore ke etse mosebetsi oo oa boboleli. Hona joale, o ntšehetsa ka hohle-hohle mesebetsing e amanang le bolumeli ba ka. Ha ke il’o khanna lithuto tsa Bibele libakeng tse ka thōko tsa mahaeng, o mphelehetsa ka koloi ea hae ’me o nkemela ka ntle a sa fele pelo ho fihlela ke qetile.”
Tšusumetso e Molemo
Haeba molekane oa hao o ithuta le Lipaki Tsa Jehova, u se ke ua tšaba hore seo se tla qhala lenyalo la hao. Joalokaha banna le basali ba bangata likarolong tsohle tsa lefatše ba ile ba hlokomela, Bibele e etsa hore lenyalo le atlehe.
Monna e mong eo e neng e se e mong oa Lipaki Tsa Jehova o ile a re ka botšepehi: “Qalong ke ile ka utloa bohloko bo boholo ha mosali oa ka e e-ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova, empa hona joale ke rua molemo le hoja ho ne ho se bonolo hore ke mo lumelle.” E mong o ile a bua tjena ka mosali oa hae: “Botšepehi ba mosali oa ka, boikemisetso ba hae le bokhabane ba hae li ile tsa etsa hore ke rate Lipaki Tsa Jehova haholo. Bolumeli ba hae bo re thusitse haholo lenyalong la rōna. Rea nahanelana ’me re nka lenyalo la rōna e le la bophelo bohle.”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 13]
Lipaki Tsa Jehova li Talima Lenyalo Joang?
Lipaki Tsa Jehova li nka Bibele e le Lentsoe la Molimo le bululetsoeng. Kahoo li nka seo e se hlalosang ka lenyalo ka ho teba. Hlokomela hore na Bibele e re’ng ha e araba lipotso tse latelang:
▪ Na Lipaki Tsa Jehova li khothalletsa litho tsa bolumeli ba tsona hore li arohane le balekane ba lenyalo bao e seng Lipaki? Che. Moapostola Pauluse o ile a ngola hore: “Haeba mor’abo rōna leha e le ofe a e-na le mosali ea sa lumelang, ’me leha ho le joalo mosali eo a lumela ho lula le eena, a se ke a mo tlohela; le mosali ea nang le monna ea sa lumelang, ’me leha ho le joalo monna eo a lumela ho lula le eena, a se ke a tlohela monna oa hae.” (1 Bakorinthe 7:12, 13) Lipaki Tsa Jehova li latela taelo ena.
▪ Na mosali eo e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova o khothalletsoa hore a hlokomolohe maikutlo a monna oa hae haeba a se bolumeling bo le bong le eena? Che. Moapostola Petrose o ile a re: “Lōna basali, le ipehe tlas’a banna ba lōna, e le hore, haeba leha e le bafe ba sa mamele lentsoe, ba ka hapuoa ka ntle ho lentsoe ka boitšoaro ba basali ba bona, kahobane e bile lipaki tse boneng ka mahlo tsa boitšoaro ba lōna bo hloekileng hammoho le tlhompho e tebileng.”—1 Petrose 3:1, 2.
▪ Na Lipaki Tsa Jehova li ruta hore bolaoli ba monna ke bona bo phahameng ka ho fetisisa? Che. Moapostola Pauluse o ile a re: “Ke batla hore le tsebe hore hlooho ea monna e mong le e mong ke Kreste; hape hlooho ea mosali ke monna; hape hlooho ea Kreste ke Molimo.” (1 Bakorinthe 11:3) Mosali oa Mokreste o lokela ho hlompha monna oa hae hobane ke hlooho ea lelapa. Leha ho le joalo, bolaoli ba monna hase bona bo phahameng ka ho fetisisa. O ikarabella ho Molimo le ho Kreste. Ka lebaka leo, haeba monna a laela mosali oa hae hore a etse lintho tse tla etsa hore a tlōle molao oa Molimo, mosali oa Mokreste o tla “mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Liketso 5:29.
▪ Na Lipaki Tsa Jehova li ruta hore tlhalo ha ea lumelloa? Che. Jesu Kreste o ile a re: “Ke re ho lōna mang kapa mang ea hlalang mosali oa hae, haese ka lebaka la bohlola [boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate], ’me a nyala e mong oa feba.” (Matheu 19:9) Kahoo Lipaki Tsa Jehova li lumela seo Jesu a se boletseng ha a re bofebe e ka ba lebaka la ho hlalana. Empa li boetse li kholisehile hore batho ha baa lokela ho hlalana ka mabaka a sa utloahaleng. Li khothalletsa litho tsa bolumeli ba tsona hore li latele mantsoe a Jesu a reng: “Monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae ’me o tla khomarela mosali oa hae, ’me bao ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe. . . . Ka hona, seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.”—Matheu 19:5, 6.