Re U Lome Tsebe?
Ke hobane’ng ha Bajuda ba ne ba qhalakane hohle mehleng ea Jesu?
Ha Jesu a ne a bolella sehlopha sa batho ba neng ba mo mametse hore ba ke ke ba khona ho ea moo a eang teng, Bajuda ba ile ba ipotsa: “Monna enoa o rera ho ea hokae . . . ? Ha a rere ho ea ho Bajuda ba qhalakaneng har’a Bagerike . . . na ha ho joalo?” (Johanne 7:32-36) Nakoana ka mor’a moo, baromuoa ba Bakreste ba ile ba bolela litaba tse molemo har’a Bajuda ba qhalakaneng libakeng tse sikileng le Leoatle la Mediterranean.—Liketso 2:5-11; 9:2; 13:5, 13, 14; 14:1; 16:1-3; 17:1; 18:12, 19; 28:16, 17.
Bajuda ba ile ba qhalakana ka lebaka la hore lichaba tse ba hapileng li ile tsa ba tlosa naheng ea habo bona tsa ba isa kholehong—sechaba sa pele ke Baassyria, ka 740 B.C.E., ea ntan’o ba Bababylona, ka 607 B.C.E. Ke masala a seng makae feela a baholehuoa a ileng a khutlela naheng ea Iseraele. (Esaia 10:21, 22) Ba bang ba ile ba itulela moo ba neng ba qhalakanyelitsoe teng.
Ka lebaka leo, lekholong la bohlano la lilemo B.C.E., ho ne ho e-na le metse ea Bajuda literekeng tse 127 tsa ’Muso oa Persia. (Esthere 1:1; 3:8) Kaha Bajuda ba ile ba etsa boiteko ba ho sokollela batho bolumeling ba Sejuda, ka mor’a nako batho ba bangata ba ile ba e-ba le tsebo e itseng ka Jehova le ka Molao oo a ileng a o fa Bajuda. (Matheu 23:15) Bajuda ba tsoang linaheng tse ngata ba ne ba le teng Jerusalema Moketeng oa Pentekonta ea 33 C.E., oo ho oona ba ileng ba utloa litaba tse molemo tse buang ka Jesu. Kahoo, ho hasana ha Bajuda ho pholletsa le ’Muso oa Roma ho ile ha etsa hore Bokreste bo name kapele.
Morena Solomone o ne a e-na le khauta e kae?
Mangolo a bolela hore Morena Hirame oa Tyre o ile a romella Solomone lithane tse ’nè tsa khauta, mofumahali oa Sheba a mo fa e lekanang le eona ’me likepe tsa Solomone li ne li tlisa lithane tse fetang 15 tsa khauta e tsoang Ofire. Tlaleho e re: “Boima ba khauta e tlileng ho Solomone ka selemo ea e-ba litalenta tsa khauta tse makholo a tšeletseng le mashome a tšeletseng a metso e tšeletseng,” kapa lithane tse fetang tse 25. (1 Marena 9:14, 28; 10:10, 14) Na taba ee u oa e kholoa? Meliko ea khauta ea marena e ne e le mekae mehleng eo?
Mantsoe a boholo-holo a ngotsoeng, ao litsebi li a nkang e le boitsebiso bo nepahetseng, a bontša hore Faro Thutmose III oa Egepeta (lilemong tsa bo-1000 B.C.E.) o ile a fana ka lithane tse ka bang 13,5 tsa khauta bakeng sa tempele ea Amun-Ra e Karnak. Lilemong tsa bo-700 B.C.E., Morena Tiglathe-pilesere III oa Assyria, o ile a fuoa lithane tse fetang tse ’nè tsa khauta e le sethabathaba se tsoang Tyre ’me Sargone II a fana ka khauta e lekanang le eo e le mpho ea melimo ea Babylona. Ho tlalehoa hore selemo le selemo Morena Philip II oa Macedonia (359-336 B.C.E.) o ne a rafa lithane tse fetang 28 tsa khauta merafong ea Pangaeum, Thrace.
Ho boleloa hore ha Alexandere e Moholo (336-323 B.C.E.), mora oa Philip, a hapa motse oa Persia o bitsoang Susa, o ile a nka lithane tse ka bang 1 180 tsa khauta moo le lithane tse ka bang 7 000 Persia eohle. Kahoo ha ho bapisoa le litlaleho tsena, Bibele ha e feteletse litaba ha e bua ka khauta ea Morena Solomone.