Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 12/1 maq. 9-12
  • Bohloeki—Ke Hobane’ng ha e le ba Bohlokoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bohloeki—Ke Hobane’ng ha e le ba Bohlokoa?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Habohlokoa Hore Malapa a Tšoarisane
  • Ho ba Batho ba Hloekileng ho Tlotlisa Molimo eo re mo Rapelang
  • “Le be Baetsisi ba Molimo”
  • Bohloeki ke ba Bohlokoa Hakae?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Bohloeki ha e le Hantle bo Bolela’ng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Ho Talimana le Phephetso ea Bohloeki
    Tsoha!—1988
  • Jehova o Rata Batho ba Hloekileng
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 12/1 maq. 9-12

Bohloeki​—Ke Hobane’ng ha e le ba Bohlokoa?

Joale e se e le lilemo tse likete batho ba tšoaroa ke mafu a seoa le a bolaeang. Batho ba bang ba ’nile ba nahana hore eo ke pontšo ea hore Molimo o halefile ’me o otla bafosi. Seo batho ba se lemohileng ka lilemo-lemo esita le phuputso eo ba e entseng ka hloko ka lilemo tse makholo-kholo e senotse hore hangata lisosa tse ka sehloohong tsa mafu ana ke liphoofotsoana tseo re phelang le tsona.

Bafuputsi ba tsa bophelo bo botle ba fumane hore likhoto, litoeba, maphele, lintsintsi le menoang, kaofela ha tsona ke lintho tse ka jalang mafu. Ba boetse ba fumane hore batho ba atisa ho ipitsetsa mafu ana a tšoaetsanoang ka lebaka feela la ho se hloeke. Ho bonahala ho itšetlehile ka bohloeki hore na motho a ka phela kapa a shoa.

Ho hlakile hore batho ba litso le maemo a sa tšoaneng ba talima bohloeki ka litsela tse sa tšoaneng. Libakeng tseo ho se nang lipompo tsa metsi kapa liphaephe tse tsamaisang likhoerekhoere, ho ka ’na ha e-ba thata haholo hore motho a phele ka bohloeki. Leha ho le joalo, Molimo o ile a fa Baiseraele melao e amanang le bohloeki le hoja ba ne ba tsamaea lefelleng​—ba le maemong a thata ka ho fetisisa ao ho leng boima hore motho a ka phela ka bohloeki ho ’ona!

Ke hobane’ng ha Molimo a nka bohloeki e le ba bohlokoa? Maikutlo a loketseng ka bohloeki ke afe? Ke mehato efe e bonolo eo uena le ba lelapa la hao le ka e nkang ho fokotsa mafu?

SEKOLO se tsoile ’me Maxa e monyenyane ea lulang Cameroon o fihla lapeng. O kena ka tlung eabo ea boemo bo tlaase a lapile a bile a nyoriloe, o pholla ntja eabo e mo thabetseng, o beha mokotla oa libuka tafoleng e ka phaposing ea ho jela ’me o lula fatše a tatetse hore a fuoe lijo.

’Mè oa hae ea ka kichineng, o utloa ha Max a kena ’me o mo tlisetsa poleiti ea raese e chesang ka linaoa. Empa o tiisa ka mahlong ha a bona mokotla oa Max tafoleng e hloekileng. Oa mo sheba ’me o bua lentsoe le le leng feela o re, “Maaaax!” Hang feela mora oa lemoha ’me ka potlako o tlosa mokotla ’me o tsoela ka ntle ho ea hlapa matsoho. O khutla kapelenyana hore a tl’o itšetla ka lijo tseo esaleng a li letetse. Ka ho soaba o buela tlaase ’me o re: “Ntšoarele hle, ’Mè, ke ne ke lebetse.”

’Mè ea hlokomelang lelapa la hae a ka etsa sohle se matleng a hae ho tiisa hore le phela hantle ebile le hloekile, empa ho hlokahala hore litho tsohle tsa lelapa li tšoarisane le eena. Joalokaha tlaleho ena ea Max e bontša, ntho e hlokahalang ke koetliso e tsoelang pele hobane ho hlokahala hore motho e be ea khothetseng e le hore ho hloeke ka lapeng ebile bana ba lokela ho lula ba ntse ba hopotsoa ka bohloeki.

’Mè oa Max oa tseba hore likokoana-hloko li ka kena lijong ka litsela tse sa tšoaneng. Kahoo hase feela hore pele a tšoara lijo o hlapa matsoho ka hloko empa o boetse o lula a koahetse lijo e le hore lintsintsi li se ka tsa jala likokoana-hloko. Ka ho tiisa hore lijo ha li siuoe li sa koaheloa le hore ntlo e makhethe ebile e hloekile, ha a khathatsoe ke likhoto, litoeba le maphele.

Lebaka le leng la bohlokoa leo ka lona ’mè oa Max a leng hlokolosi ke hobane o batla ho thabisa Molimo. O re: “Bibele e re batho ba Molimo ba lokela ho halalela hobane Molimo oa halalela.” (1 Petrose 1:16) O phaella ka ho re: “Ho halalela ho tšoana le ho hloeka. Kahoo ke batla hore lehae la ka le hloeke le hore ba lelapa la ka ba shebahale ba hloekile. Bonneteng seo sea khoneha hobane e mong le e mong ka lapeng oa ntšehetsa.”

Ke Habohlokoa Hore Malapa a Tšoarisane

Joalokaha ’mè oa Max a bolela, ho hlokahala hore litho tsohle tsa lelapa li phethe karolo e itseng hore lehae le lule le hloekile. Nako le nako, malapa a mang a lula fatše ho tšohla lintho tseo a lokelang ho li etsa le liphetoho tse ka etsoang ka tlung le jareteng. Sena se boetse se kopanya lelapa ebile se hopotsa setho ka seng kamoo se ka thusang litho tse ling tsa lelapa kateng. Ka mohlala, ’mè a ka ’na a hlalosetsa bana ba baholoanyane hore ba hlape matsoho ha ba tsoa ntloaneng le ha ba ile ba tšoara lintho tse kang chelete le pele ba e-ja. Ka lehlakoreng le leng bona ba tla etsa bonnete ba hore bana ba banyenyane ba nka taba ena ka botebo.

Bohle ka lapeng ba ka abeloa mesebetsi e fapa-fapaneng. Lelapa le ka ’na la etsa qeto ea ho hloekisa ntlo beke le beke ebe ho etsoa kemiso ea hore hang kapa habeli ka selemo ho hloekisoe ntlo eohle ka ho feletseng. Ho tla sebetsoa joang jareteng? Ha mohlokomeli oa lintho tsa tlhaho Stewart L. Udall, a bua ka United States, o itse: “Re phela lefatšeng leo botle ba lona bo ntseng bo nyamela, le ntseng le e-ba lebe le ho feta, leo libaka tse se nang letho li ntseng li fela ’me letsatsi le letsatsi tikoloho e ntseng e ameha hampe ka lebaka la tšilafalo le lerata le ho senyeha ha lintho.”

Na le moo u lulang ho joalo? Mehleng ea pele ho ne ho e-na le seboholi sa motse se letsang tšepe e le hore batho ba mamele ’me esita le kajeno metseng e meng ea Afrika Bohareng se ntse se le teng. Ka lentsoe le phefa, se hopotsa baahi hore ba hloekise motse, ba qhale likhoerekhoere, ba faole lifate, ba fothole lehola ’me ba bokelle lithōle ba be ba li qhale.

Ho qhala lithōle ke qaka ea lefatše ka bophara ’me mebuso e mengata ha e e-s’o fumane tharollo ea eona. Bo-masepala ba bang ba lieha ho lata lithōle, ebe li bokellana literateng. Ho ka ’na ha kōptjoa baahi ba motse hore ba tl’o thusa. Joalokaha Bakreste e le baahi ba molemo, ba ba har’a ba pele ba phallelang moo ’me ba mamela melao ea Cesare ba sa korotle. (Baroma 13:3, 5-7) Bakreste ba ’nete ba ikemiselitse ho etsa se fetang seo ho itsoeng ba se etse ntlheng ena. Ba rata tikoloho e hloekileng ebile ba ithaopela ho hloekisa, ho sa hlokahale hore seboholi sa motse se lule se ba hopotsa. Baa utloisisa hore bohloeki bo bontša hore motho o rutiloe hantle ebile o na le boikarabelo. Bo qala ka hore motho ka mong a hloeke bo ntan’o fetela lelapeng ka leng. Tsamaiso e ntle ea likhoerekhoere hammoho le ho hloekisa majarete li ka fella ka hore batho ba phele hantle ’meleng ebile li ka ntlafatsa tsela eo tikoloho ka kakaretso e shebahalang ka eona.

Ho ba Batho ba Hloekileng ho Tlotlisa Molimo eo re mo Rapelang

Ho hloeka le ho apara ka tsela e hlomphehang ke karolo ea borapeli ba rōna ebile seo se atisa ho khahla batho ba bang. Ha sehlopha sa bahlankana le baroetsana ba ka bang 15 se tsoa kopanong ea setereke ea Lipaki Tsa Jehova Toulouse, Fora, se ile sa kena reschorenteng e ’ngoe. Nkhono e mong le ntate-moholo ba neng ba lutse tafoleng e haufi le bona ba ne ba nahanne hore ba tl’o ba tlatsetsa lerata le ho ba bakela likhathatso. Leha ho le joalo, ba ile ba khahloa ke boitšoaro bo botle le puisano e monate ea bacha bao ba neng ba apere hantle. Ha sehlopha seo se le mothating oa ho tsamaea, banyalani bao ba ile ba se babatsa ka lebaka la boitšoaro ba sona bo botle ’me ba bolella e mong oa bahlankana bao hore matsatsing ana e se e le ka seoelo ho bonoang boitšoaro bo botle joalo.

Baeti ba tlileng liofising tsa lekala, litsing tsa khatiso le mehahong ea bolulo ea Lipaki Tsa Jehova ba atisa ho hlolloa ke bohloeki boo ba bo bonang moo. Baithaopi ba sebetsang ba bileng ba lulang libakeng tseo ba lokela ho apara liaparo tse hloekileng ba be ba hlape kamehla. Motho a ke ke a tlohela ho hlapa eaba o itlotsa ka litlolo tse thibelang monko oa mofufutso kapa a itšela ka lintho tse nkhang hamonate. Ha baithaopi bana ba sebetsang moo ka nako eohle ba bolella baahisani ba bona litaba tse molemo mantsiboea kapa mafelong a beke, ponahalo ea bona e makhethe e boetse e beha molaetsa oa bona ka botleng.

“Le be Baetsisi ba Molimo”

Bakreste ba khothalletsoa hore e “be baetsisi ba Molimo.” (Baefese 5:1) Moprofeta Esaia o ile a tlaleha pono eo ho eona mangeloi a neng a hlalosa ’Mōpi ka mantsoe a reng, “Oa halalela, oa halalela, oa halalela.” (Esaia 6:3) Tlhaloso ena e hatisa hore Molimo o hloka sekoli ebile o hloekile ka tsela e phahameng ka ho fetisisa. Ka lebaka leo, Molimo o batla hore bahlanka bohle ba hae ba halalele ba be ba hloeke. O re ho bona: “Le halalele, hobane kea halalela.”​—1 Petrose 1:16.

Bibele e khothalletsa Bakreste hore ba “apare ka mokhoa o tšoanelehang.” (1 Timothea 2:9, The New English Bible) Ha ho makatse hore ebe bukeng ea Tšenolo ho boleloa hore “line ea boleng bo botle, e khanyang, e hloekileng” e tšoantšetsa liketso tse lokileng tsa bao Molimo a ba talimang ba halalela. (Tšenolo 19:8) Ka lehlakoreng le leng, hangata ka Mangolong sebe se bapisoa le letheba kapa litšila.​—Liproverbia 15:26; Esaia 1:16; Jakobo 1:27.

Kajeno, batho ba limilione ba tlameha ho lula libakeng tseo ho lulang ho le thata hore motho a phele a hloekile ’meleng, boitšoarong le moeeng. Tharollo ea makhaola-khang ea bothata bona e tla fumaneha ha Molimo a “etsa hore lintho tsohle li be ncha.” (Tšenolo 21:5) Ha tšepiso eo e phethahatsoa, litšila le ho se hloeke ha mefuta eohle ha li sa tla hlola li e-ba teng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a fetotsoe.

[Lebokose le leqepheng la 10]

Molimo o Batla Hore Batho ba Hloeke

Ha Baiseraele ba le lefelleng, ba ile ba laeloa hore ba be hlokolosi haholo ka mantle. (Deuteronoma 23:12-14) E tlameha ebe oo e ne e le mosebetsi o boima kaha ba ne ba le bangata haholo, empa ha ho potang hore seo se ile sa ba thusa hore ba qobe mafu a kang feberu ea mala le k’holera.

Sechaba se ile sa laeloa hore se hlatsoe kapa se senye ntho leha e le efe e neng e ile ea thetsa setopo. Le hoja mohlomong Baiseraele ba ne ba sa utloisise hore na lebaka ke lefe, seo se ile sa ba thusa hore ba qobe ho tšoaetsoa maloetse kapa ho baka mafu a itseng.​—Levitike 11:32-38.

Baprista ba ne ba lokela ho hlapa maoto le matsoho pele ba phetha mesebetsi ea bona tabernakeleng. E tlameha ebe ho ne ho se bonolo hore ba tlatse beisine ea koporo ka metsi a neng a sebelisetsoa ho hlapa, empa ho hlapa e ne e le tlamo.​—Exoda 30:17-21.

[Lebokose le leqepheng la 11]

Likhopotso Tsa Ngaka

Metsi ke a bohlokoa haholo bophelong, empa metsi a nang le likokoana-hloko a ka baka maloetse a ba a bolaea batho. Dr. J. Mbangue Lobe, eo e leng mookameli oa lefapha la tsa bophelo bo botle koung ea Douala, Cameroon, o ile a fana ka likeletso tse molemo ha ho ne ho buisanoa le eena ka taba ena.

“Pheha metsi a nooang haeba u belaela hore ha aa hloeka.” Empa o ile a fana ka temoso e reng: “Ha ho phoso ho sebelisa lik’hemik’hale tse bolaeang likokoana-hloko kapa tse ling tse hloekisang metsi, empa haeba li ka sebelisoa hampe li ka ba kotsi. Ka linako tsohle sebelisa sesepa ha u hlapa matsoho pele u ja le ha u tsoa ntloaneng. Sesepa sa ho hlapa ha se turu, kahoo esita le mafutsana a ka khona ho se reka. Hlatsoa liaparo tsa hao khafetsa u sebelisa metsi a futhumetseng haeba u e-na le mathata a letlalo kapa mafu a letlalo.”

Ngaka eo e ile ea tsoela pele ka ho re: “Litho tsohle tsa lelapa li lokela ho tiisa hore li hloekile ebile lapeng ho makhethe. Hangata batho ha ba tsotelle matloana le matlo a polokelo ’me a qetella e le mahae a maphele le lintsintsi.” Ha a lemosa mabapi le ntho e ’ngoe ea bohlokoa eo a e hlokometseng ka bana, o re: “E-bang hlokolosi mabapi le ho tolla melatsoaneng e tikolohong ea habo lōna. E na le likokoana-hloko tse ngata tse kotsi. Bosiu bo bong le bo bong, hlapelang malapeng pele le il’o robala, itsukunyeng hantle le sebelisa borashe ’me le robale le ikoahetse ka lesira le thibelang menoang.” Morero oa likeletso tsena tsohle ke ho re thusa hore re nahane ka lintho tse amanang le bohloeki tseo re lokelang ho li etsa, re li etse, kahoo re qobe mathata a amanang le ho se hloeke.

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ho hlatsoa liaparo ho tla u thusa ho thibela mathata a letlalo le mafu a letlalo

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Bakreste ba ithaopela ho hloekisa moo ba lulang teng

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

’Mè ea hlokomelang lelapa la hae a ka etsa sohle se matleng a hae ho tiisa hore le phela hantle ebile le hloekile

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela