Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w09 2/1 leq. 6
  • Na Molimo o na le Lebitso?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Molimo o na le Lebitso?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebitso la Molimo
    Tsoha!—2017
  • Lebitso la Molimo ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
  • Na U Tseba Lebitso la Molimo ’me Ua le Sebelisa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Sebelisa Lebitso la Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
w09 2/1 leq. 6

Na Molimo o na le Lebitso?

Batho ba tloaetse ho araba tjena:

▪ “Lebitso la hae ke Morena.”

▪ “Ha a na lebitso.”

Jesu o itse’ng?

▪ “Joale, le rapele ka tsela ena: ‘Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe.’” (Matheu 6:9) Jesu o ne a lumela hore Molimo o na le lebitso.

▪ “Ke ba tsebisitse lebitso la hao ’me ke tla le tsebahatsa, e le hore lerato leo u nthatileng ka lona le ka ba ho bona ’me ’na ke be bonngoeng le bona.” (Johanne 17:26) Jesu o ile a tsebahatsa lebitso la Molimo.

▪ “Ho hang le ke ke la mpona ho fihlela le re, ‘Ho hlohonolofetse ea tlang ka lebitso la Jehova!’” (Luka 13:35; Pesaleme ea 118:26) Jesu o ne a sebelisa lebitso la Molimo.

MOLIMO ka boeena o re bolella lebitso la hae. Tlaleho e re o ile a re: “Ke ’na Jehova, ke lona lebitso la ka.”a (Esaia 42:8, Bibele ea Sesotho) Lebitso la Seheberu leo Molimo a iphileng lona, ka Sesotho le tsejoa e le Jehova. U ka ’na ua makatsoa ke ho tseba hore lebitso lena le ikhethang la Seheberu le hlaha ka makhetlo a likete ka libukeng tsa pele tsa Bibele tse ngotsoeng ka letsoho. Ha e le hantle, le hlaha ka makhetlo a mangata ho feta lebitso leha e le lefe le leng ka Bibeleng.

Ba bang ba ka ’na ba araba potso e reng, “Lebitso la Molimo ke mang?” ka ho re, “ke Morena.” Karabo eo ha e fane ka boitsebiso ba bohlokoa joaloka ho araba potso e reng, “Ke mang ea hapileng likhetho?” ka ho re, “ke nkhetheng.” Likarabo tseo ka bobeli ha lia hlaka hobane “Morena” le “nkhetheng” hase mabitso.

Ke hobane’ng ha Molimo a ile a re bolella lebitso la hae? O ile a re bolella lona e le hore re ka mo tseba hamolemo. Ho tea mohlala, motho a ka ’na a bitsoa Monghali, Mookameli, Ntate, kapa Ntate-moholo ho itšetlehile ka maemo. Tseo ke litlotla tse re bolellang ho itseng ka motho eo. Empa lebitso la motho eo le re hopotsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e tsebang ka eena. Ka tsela e tšoanang, litlotla tseo tse kang Morena, Ea Matla ’Ohle, Ntate le ’Mōpi, li etsa hore re nahane ka lintho tse sa tšoaneng tseo Molimo a li entseng. Empa ke lebitso la hae feela, Jehova, le re hopotsang ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e tsebang ka eena. Na u ka tseba Molimo hantle u sa tsebe lebitso la hae?

Hase feela hore re lokela ho tseba lebitso leo, empa ke habohlokoa hore re le sebelise. Hobane’ng? Hobane Bibele e re: “E mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.”—Baroma 10:13; Joele 2:32.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Hore u fumane hore na lebitso la Molimo le bolela’ng esita le hore na ke hobane’ng ha liphetolelo tse ling tsa Bibele li se na lona, mohlomong u ka rata ho bala buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova leqepheng la 195-197.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

Motho a ka ’na a bitsoa Monghali, Mookameli, Ntate, kapa Ntate-moholo ho itšetlehile ka maemo. Empa lebitso la motho eo le re hopotsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e tsebang ka eena

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela