SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA BA MOTSOALLE OA MOLIMO
Na U Tseba Lebitso la Molimo ’me Ua le Sebelisa?
Na ho na le metsoalle ea hao e haufi eo u sa tsebeng mabitso a eona? Ha ho joalo. ’Mè e mong oa Bulgaria ea bitsoang Irina o ile a re: “Re ke ke ra ba metsoalle ea Molimo haeba re sa tsebe lebitso la hae.” Joalokaha ho hlalositsoe sehloohong se fetileng, hoa thabisa hore ebe Molimo o batla hore re be metsoalle ea hae. Ha e le hantle, ka Bibeleng Molimo o itsebisa uena ha a re: “Ke ’na Jehova. Ke lona lebitso la ka.”—Esaia 42:8.
Ha e le hantle, ka Bibeleng Molimo o itsebisa uena ha a re: “Ke ’na Jehova. Ke lona lebitso la ka.”—Esaia 42:8
Na Jehova oa tsotella hore na u tseba lebitso la hae ’me ua le sebelisa kapa che? Nahana ka sena: Lebitso la Molimo le ngotsoeng ka litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse tsebahalang e le Tetragrammaton, le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000 ka Mangolong a pele a Seheberu. Lebitso lena le hlaha hangata ho feta lebitso leha e le lefe le hlahang ka Bibeleng. Ka sebele bona ke bopaki ba hore Jehova o batla hore re tsebe lebitso la hae re be re le sebelise.a
Hangata pele batho e e-ba metsoalle, ba qala pele ka hore ba tsebane mabitso. Na u tseba lebitso la Molimo?
Leha ho le joalo, batho ba bang ba nahana hore kaha Molimo oa halalela ebile o matla ’ohle, ho sebelisa lebitso la hae e ka ba ho mo hlompholla. Ke ’nete hore ho fosahetse ho sebelisa lebitso la Molimo hampe, joalokaha u ke ke ua sebelisa lebitso la motsoalle oa hao hampe. Leha ho le joalo, Jehova o batla hore batho bohle ba mo ratang ba hlomphe lebitso la hae ’me ba le tsebise ba bang. (Pesaleme ea 69:30, 31; 96:2, 8) Hopola hore Jesu o ile a ruta balateli ba hae hore ba rapele ba re: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe.” Re ka kenya letsoho tabeng ea ho halaletsa lebitso la Molimo ka hore re le tsebise ba bang. Ha re etsa joalo, re tla atamela haufi le eena.—Matheu 6:9.
Bibele e bontša hore Molimo o tsotella “ba nahanang ka lebitso la hae.” (Malakia 3:16) Ha Jehova a bua ka batho ba joalo, o re: “Ke tla mo sireletsa hobane o tsebile lebitso la ka. O tla ipiletsa ho ’na, ’me ke tla mo araba. Ke tla ba le eena mahlomoleng.” (Pesaleme ea 91:14, 15) Ho tseba lebitso la Jehova le ho le sebelisa ke habohlokoa haeba re batla ho ba metsoalle ea hae.
a Ka masoabi, Libibele tse ngata ha li na lebitso la Molimo, le hoja le hlaha ka makhetlo a mangata hakaalo ka Mangolong a Seheberu, a tsejoang e le Testamente ea Khale. Ho e-na le hoo, le nketsoe sebaka ke litlotla tse kang “Morena” kapa “Molimo.” E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng mabapi le lebitso la Molimo, sheba leqephe la 195-197 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.