“Le Ipoloke Leratong la Molimo”
“Le ipoloke leratong la Molimo, ha le ntse le letetse mohau oa Morena oa rōna Jesu Kreste ka tebello ea bophelo bo sa feleng.”—JUDA 21.
1, 2. Jehova o bontšitse joang hore oa re rata, ’me re tseba joang hore ho ke ke ha iketsahalla feela hore a re boloke leratong la hae?
JEHOVA MOLIMO o bontšitse ka litsela tse ngata hore oa re rata. Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore tokisetso ea sehlabelo sa thekollo ke bopaki bo boholo ka ho fetisisa ba hore Jehova oa re rata. Lerato leo Jehova a ratang batho ka lona le leholo hoo a bileng a romela Mora oa hae ea ratoang mona lefatšeng hore a tl’o re shoela. (Joh. 3:16) Jehova o ile a etsa sena hobane o batla hore re phele ka ho sa feleng, ebile o batla hore lerato la hae le re tsoele molemo ka ho sa feleng!
2 Leha ho le joalo, na re ka nka hore ho tla iketsahalla feela hore Jehova a re boloke leratong la hae ho sa tsotellehe hore na re khetha ho etsa’ng? Che. Hobane temaneng ea 21 ea Juda, re fumana keletso ena: “Le ipoloke leratong la Molimo, ha le ntse le letetse mohau oa Morena oa rōna Jesu Kreste ka tebello ea bophelo bo sa feleng.” Poleloana e reng “le ipoloke leratong la Molimo” e fana ka maikutlo a hore ho na le seo ho hlokahalang hore re se etse. Kahoo, ho hlokahala hore re etse’ng e le hore re lule leratong la Molimo?
Re ka Lula Leratong la Molimo Joang?
3. Jesu o ile a re ho ne ho hlokahala eng e le hore a lule leratong la Ntate oa hae?
3 Re fumana karabo ea potso eo mantsoeng ao Jesu a ileng a a bua bosiung ba hae ba ho qetela a le lefatšeng. O ile a re: “Haeba le boloka litaelo tsa ka, le tla lula leratong la ka, feela joalokaha ke bolokile litaelo tsa Ntate ’me ke lula leratong la hae.” (Joh. 15:10) Ho hlakile hore Jesu o ne a nka hore ho boloka litaelo tsa Jehova ke habohlokoa e le hore a lule a e-na le kamano e ntle le Ntate oa hae. Joale, haeba seo se ne se hlokahala ho Mora ea phethahetseng oa Molimo, ka sebele sea hlokahala le ho rōna.
4, 5. (a) Tsela e ka sehloohong eo re ka bontšang hore re rata Jehova ka eona ke efe? (b) Ke hobane’ng ha re se na lebaka la ho hana ho mamela litaelo tsa Jehova?
4 Tsela e ka sehloohong eo re bontšang hore re rata Jehova ka eona, ke ka ho mo mamela. Moapostola Johanne o bontšitse seo ka tsela ena: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae; leha ho le joalo litaelo tsa hae ha li boima.” (1 Joh. 5:3) Ke ’nete hore lefatšeng kajeno batho ba bangata ha ba rate ho mamela. Empa, hlokomela polelo e reng: “Leha ho le joalo litaelo tsa hae ha li boima.” Jehova ha a re kōpe hore re etse ntho eo ho leng teng thata haholo hore re ka e etsa.
5 Ka mohlala: Na u ka kōpa motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo hore a nke ntho eo u tsebang hore e tla ba boima haholo hore a e phahamise? Ho hlakile hore u ke ke ua etsa joalo! Jehova o mosa haholo ho re feta ebile o tseba mefokolo ea rōna haholo ho re feta. Bibele e re tiisetsa hore Jehova “oa hopola hore re lerōle.” (Pes. 103:14) Le ka mohla a ke ke a re kōpa hore re etse ntho eo re ke keng ra e khona. Kahoo, ha re na lebaka la ho hana ho mamela litaelo tsa Jehova. Ho e-na le hoo, re hlokomela hore ho mamela ho re fa monyetla o babatsehang oa ho bontša Ntate oa rōna ea leholimong hore re mo rata e le kannete ’me re batla ho lula leratong la hae.
Mpho e Khethehileng eo Jehova a re Fileng Eona
6, 7. (a) Letsoalo ke eng? (b) Bontša hore na letsoalo le ka re thusa joang hore re lule leratong la Molimo.
6 Lefatšeng lena le rarahaneng leo re phelang ho lona, ho na le liqeto tse ngata tseo re lokelang ho li etsa tse amanang le ho mamela Molimo. Re ka kholiseha joang hore liqeto tsee li lumellana le thato ea Molimo? Jehova o re file mpho e ka re thusang haholo tabeng ena ea ho mamela. Ke letsoalo. Letsoalo ke eng? Ke bokhoni bo khethehileng ba ho itemoha. Le tšoana le moahloli ea ka hare ho rōna, ea re thusang ho hlahloba liqeto tseo re tobanang le tsona bophelong kapa ho nahana ka mehato eo re seng re e nkile le hore re e bone hore na e metle kapa e mebe, e fosahetse kapa e nepahetse.—Bala Baroma 2:14, 15.
7 Re ka sebelisa matsoalo a rōna hamolemo joang? Nahana ka papiso ena. Mohahlauli ea tsamaeang ka maoto o tsamaea lefeelleng le sabaletseng. Ha ho na litsela, mebila le matšoao a tsela. Leha ho le joalo, o tsamaea a iketlile ho ea moo a habileng teng. O khona joang? O na le sesebelisoa se bitsoang sesupa-tsela. Se na le matšoao a sa sisinyeheng a bontšitseng likhutlo tse ’nè tsa lefatše le lenaka la makenete le lulang le supile leboea. Haeba mohahlauli enoa a ne a se na sesupa-tsela sena, o ne a tla lahleha habohloko. Ka tsela e tšoanang, maemong a mangata motho ea se nang letsoalo o ne a tla lahleha habohloko ha a leka ho etsa liqeto tse mabapi le boitšoaro, se nepahetseng le se fosahetseng hammoho le hore na ke sefe se lokileng bophelong.
8, 9. (a) Re lokela ho hopola hore matsoalo a rōna a haelloa hokae? (b) Re ka etsa’ng e le hore re tiise hore matsoalo a rōna a re tsoela molemo e le kannete?
8 Leha ho le joalo, joaloka sesupa-tsela, letsoalo le lona ho na le moo le haelloang teng. Haeba mohahlauli eo a ne a ka beha makenete haufi le sesupa-tsela sa hae, lenaka la sona le ne le ke ke la supa leboea. Ka tsela e tšoanang, ho ne ho tla etsahala joang haeba re ne re ka lumella litakatso tsa lipelo tsa rōna hore li laole liqeto tsa rōna? Litakatso tsa rōna tsa boithati li ne li ka ’na tsa khelosa matsoalo a rōna. Bibele e re lemosa hore “pelo e bolotsana ho feta ntho leha e le efe ’me e tsitlella seo e se batlang.” (Jer. 17:9; Liprov. 4:23) Ho feta moo, haeba mohahlauli eo a ne a se na ’mapa o nepahetseng le oo a ka o tšepang, sesupa-tsela sa hae se ne se sa tl’o mo tsoela molemo o moholo kapa se ne se sa tl’o mo tsoela molemo ho hang. Ka tsela e tšoanang, haeba re sa itšetlehe ka tataiso e tiileng le e sa fetoheng ea Lentsoe la Molimo, e leng Bibele, ho hang matsoalo a rōna a ka ’na a se ke a re thusa. (Pes. 119:105) Ka masoabi, lefatšeng lena batho ba bangata ba etelletsa pele litakatso tsa lipelo tsa bona ’me ha ba ele melao e behiloeng ka Lentsoeng la Molimo hloko hakaalo kapa ha ba e natse ho hang. (Bala Baefese 4:17-19.) Ke ka lebaka leo batho ba bangata ba etsang lintho tse tšabehang hakana le hoja ba e-na le matsoalo.—1 Tim. 4:2.
9 Re lokela ho ikemisetsa hore le ka mohla re se ke ra tšoana le bona! Ho e-na le hoo, a re tsoeleng pele re lumella Lentsoe la Molimo hore le rute matsoalo a rōna le be le a koetlise e le hore a ka re tsoela molemo e le kannete. Re lokela ho mamela matsoalo a rōna a koetlisitsoeng ke Bibele ho e-na le ho lumella litakatso tsa rōna tsa boithati hore li a laole. Ka nako e tšoanang, re lokela ho ikitlaelletsa ho hlompha matsoalo a bara le barali babo rōna ba Bakreste ba ratehang. Re leka ka hohle hore re qobe ho ba khopisa, re ntse re hopola hore e ka ’na eaba matsoalo a barab’abo rōna a boi haholo kapa a ba thibela ho etsa lintho tseo a rōna a sa re thibeleng ho li etsa.—1 Bakor. 8:12; 2 Bakor. 4:2; 1 Pet. 3:16.
10. Ke likarolo life tse tharo bophelong tseo re tla li tšohla?
10 Joale a re ke re hlahlobeng likarolo tse tharo bophelong tseo re ka bontšang ka tsona hore re rata Jehova ka ho mo mamela. Ho hlakile hore karolong ka ’ngoe, letsoalo le tla sebetsa, empa pele ho tsohle, ho tla hlokahala hore le tataisoe ke melao ea Bibele ea boitšoaro e bululetsoeng. Litsela tse tharo tseo re mamelang Jehova ka lerato ka tsona ke tsena: (1) Re rata ba ratoang ke Jehova, (2) re hlompha bolaoli, (3) hape re loanela ho lula re hloekile mahlong a Molimo.
Rata ba Ratoang ke Jehova
11. Ke hobane’ng ha re lokela ho rata ba ratoang ke Jehova?
11 Ea pele, re tlameha ho rata ba ratoang ke Jehova. Batho ba tšoana le seponche tabeng ea litloaelano. Hangata re amohela eng kapa eng e re likolohileng. ’Mōpi oa rōna o tseba hantle hore na litloaelano li ka ba kotsi hakae bathong ba sa phethahalang—le hore na li ka ba molemo hakae. Ka hona o re fa keletso ena e bohlale: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.” (Liprov. 13:20; 1 Bakor. 15:33) Ha ho le ea mong oa rōna ea batlang hore ‘lintho li mo tsamaele hampe.’ E mong le e mong oa rōna o batla ho “hlalefa.” Jehova a ke ke a etsoa hore a be bohlale ho feta kamoo a seng a ntse a le kateng, ebile a ke ke a senngoa ke mang kapa mang. Leha ho le joalo, o re behela mohlala o motle tabeng ea litloaelano. Ak’u nahane—Jehova o khetha batho bafe ba sa phethahalang hore e be metsoalle ea hae?
12. Jehova o khetha metsoalle ea mofuta ofe?
12 Jehova o ile a bitsa mopatriareka Abrahama “motsoalle oa ka.” (Esa. 41:8) Monna enoa e ne e le mohlala o motle oa botšepehi, ho loka le ho mamela—e ne e le monna oa tumelo. (Jak. 2:21-23) Jehova o khetha metsoalle ea mofuta oo. Le kajeno o khetha metsoalle ea mofuta oo. Haeba Jehova o khetha metsoalle e joalo, na hase habohlokoa hore le rōna re khethe metsoalle hantle, e le hore re tsamaee le batho ba bohlale re tle re hlalefe?
13. Re ka thusoa ke eng hore re khethe metsoalle e nepahetseng?
13 U ka thusoa ke eng hore u khethe metsoalle e nepahetseng? U ka susumetsoa ke ho ithuta ka mehlala ea batho bao Bibele e buang ka bona. Nahana ka setsoalle se neng se le teng pakeng tsa Ruthe le matsal’ae Naomi, Davida le Jonathane, kapa Timothea le Pauluse. (Ruthe 1:16, 17; 1 Sam. 23:16-18; Bafil. 2:19-22) Lebaka la bohlokoa ka ho fetisisa le ileng la etsa hore setsoalle sa batho bana se atlehe, ke hore e mong le e mong oa bona o ne a rata Jehova ka lerato la ’nete. Na u ka fumana metsoalle e ratang Jehova kamoo u mo ratang kateng? Kholiseha hore u ka fumana metsoalle e mengata e joalo ka phuthehong ea Bokreste. Metsoalle eo e ke ke ea u lihela, ea etsa hore lintho li u tsamaele hampe moeeng. Ho e-na le hoo, e tla u thusa hore u mamele Jehova, u hatele pele moeeng ’me u jale ka sepheo sa ho jalla moea. (Bala Bagalata 6:7, 8.) E tla u thusa hore u lule leratong la Molimo.
Hlompha Bolaoli
14. Ke lintho life tseo hangata li re thatafalletsang ho hlompha bolaoli?
14 Tsela ea bobeli eo re bontšang ka eona hore re rata Jehova e ama bolaoli. Re tlameha ho bontša hore re hlompha bolaoli. Joale ke hobane’ng ha ka linako tse ling re thatafalloa ke ho etsa see? Lebaka le leng ke hore batho ba litulong tsa bolaoli ha baa phethahala. Ho phaella moo, le rōna ha rea phethahala. Re loana le bofetoheli boo re nang le bona ka tlhaho.
15, 16. (a) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re hlomphe batho bao Jehova a ba fileng boikarabelo ba ho hlokomela batho ba hae? (b) Tsela eo Jehova a ileng a talima Baiseraele ka eona ha ba fetohela Moshe e re ruta ntho efe ea bohlokoa?
15 Kahoo, u ka ’na ua ipotsa, ‘Haeba ho thata hakaalo hore re hlomphe bolaoli, joale ke hobane’ng ha re lokela ho bo hlompha?’ Ha e le hantle, karabo ea potso ena e amana le bobusi. U tla khetha mang hore e be ’musi oa hao? Haeba re khetha Jehova hore e be ’Musi oa rōna, re lokela ho hlompha bolaoli ba hae. Haeba re sa etse joalo, na ka sebele re ka re ke ’Musi oa rōna? Ho feta moo, hangata Jehova o re tataisa ka batho ba sa phethahalang bao a ba fileng boikarabelo ba ho hlokomela batho ba hae. Haeba re ne re ka fetohela batho bao, Jehova o ne a tla nka liketso tsa rōna joang?—Bala 1 Bathesalonika 5:12, 13.
16 Ka mohlala, ha Baiseraele ba ne ba korotlela Moshe ba bile ba mo fetohela, Jehova o ile nka hore ba ne ba fetohela eena. (Num. 14:26, 27) Molimo ha aa fetoha. Haeba re ne re ka fetohela batho bao a ba behileng litulong tsa bolaoli, re ne re tla be re fetohela eena!
17. Re lokela ho loanela ho ba le maikutlo afe a nepahetseng mabapi le ba ikarabellang ka phuthehong?
17 Moapostola Pauluse o senola maikutlo a nepahetseng ao re lokelang ho loanela ho ba le ’ona mabapi le ba ikarabellang ka phuthehong ea Bokreste. O ile a ngola a re: “Mamelang ba etellang pele har’a lōna ’me le ipehe tlaase, kaha ba lula ba lebetse meea ea lōna joaloka ba tla ikarabella; e le hore ba ka etsa sena ka thabo eseng ka ho feheloa, kaha sena se ne se tla ba kotsi ho lōna.” (Baheb. 13:17) Ke ’nete hore ha ho bonolo hore re be le moea ona oa ho mamela le ho ikokobetsa. Leha ho le joalo, hopola hore re sebeletsa ho lula leratong la Molimo. Na eo hase pakane eo re lokelang ho ikitlaelletsa ho e finyella ka hohle-hohle?
Lula U Hloekile Mahlong a Jehova
18. Ke hobane’ng ha Jehova a batla hore re lule re hloekile?
18 Tsela ea boraro eo re bontšang ka eona hore re rata Jehova ke ka hore re loanele ho lula re hloekile mahlong a hae. Hangata batsoali ba sebetsa ka thata ho tiisa hore bana ba bona ba hloekile. Hobane’ng? Lebaka le leng ke hore bohloeki boa hlokahala molemong oa boiketlo le bophelo bo botle ba ngoana. Ho feta moo, ngoana ea hloekileng o etsa hore lelapa labo le hlahe hantle, o bontša hore batsoali ba hae baa mo rata ebile baa mo hlokomela. Ka mabaka a tšoanang, le rōna Jehova o batla hore re hloeke. Oa tseba hore bohloeki boa hlokahala bakeng sa boiketlo ba rōna. O boetse oa tseba hore bohloeki ba rōna bo etsa hore a hlahe hantle, kaha ke Ntate oa rōna ea leholimong. Bohloeki ke ba bohlokoa haholo hobane batho ba ka ’na ba batla ho sebeletsa Molimo hobane ba hlokomela hore ha re tšoane le batho ba lefatše lena le silafetseng.
19. Re tseba joang hore ho hloeka ’meleng ke taba ea bohlokoa?
19 Re lokela ho lula re hloekile ka litsela life? Ka litsela tsohle. Iseraele ea boholo-holo, Jehova o ile a hlakisetsa batho ba hae hore ho hloeka ’meleng e ne e le taba ea bohlokoa. (Lev. 15:31) Molao oa Moshe o ne o akarelletsa lintho tse kang ho lahla lintho tse litšila, ho hloekisa lijana, ho hlapa matsoho le ho hlatsoa maoto le liaparo. (Ex. 30:17-21; Lev. 11:32; Num. 19:17-20; Deut. 23:13, 14) Baiseraele ba ne ba hopotsoa hore Jehova, Molimo oa bona, oa halalela—e leng se bolelang hore o “hloekile,” ebile ha a na “sekoli.” Bahlanka ba Molimo ea halalelang le bona ba lokela ho halalela.—Bala Levitike 11:44, 45.
20. Re lokela ho lula re hloekile ka litsela life?
20 Kahoo, re lokela ho hloeka ka hare le ka ntle. Re loanela ho boloka menahano ea rōna e hloekile. Re khomarela ka botšepehi melaong ea Jehova ea ho hloeka boitšoarong, ho sa tsotellehe hore na boitšoaro ba ho kopanela liphate ba batho ba re potolohileng bo hlephile hakae. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa, re phehella ho boloka borapeli ba rōna bo hloekile, ’me re qoba hore bolumeli ba bohata bo re silafatse ka tsela leha e le efe. Kamehla re hopola temoso e bululetsoeng e tlalehiloeng ho Esaia 52:11 e reng: “Tlohang, tlohang, tsoang mona, le se ke la ama letho le sa hloekang; tsoang har’a eona, le ipoloke le hloekile.” Kajeno, re lula re hloekile moeeng ka ho hana ho ama eng kapa eng e amanang le bolumeli eo Ntate oa rōna ea leholimong a e nkang e sa hloeka. Ka mohlala, ke ka lebaka leo re sa kopaneleng meketeng ea bolumeli ba bohata le matsatsing a phomolo a ratoang haholo lefatšeng kajeno. Ke ’nete hore ha ho bonolo hore re lule re hloekile. Empa batho ba Jehova ba loanela ho etsa joalo, kaha sena se ba thusa hore ba lule leratong la Molimo.
21. Re ka tiisa joang hore re tla lula leratong la Molimo?
21 Jehova o batla hore re lule leratong la hae ka ho sa feleng. Empa e mong le e mong oa rōna o lokela ho ikitlaetsa ka hohle-hohle hore a lule leratong la Molimo. Re ka etsa sena ka hore re latele mohlala oa Jesu ’me re bontše hore re rata Jehova ka hore re mamele litaelo tsa Hae. Haeba re etsa joalo re ka kholiseha hore ha ho letho ‘le ka khonang ho re arohanya le lerato la Molimo le leng ho Kreste Jesu Morena oa rōna.’—Bar. 8:38, 39.
Na U sa Hopola?
• Matsoalo a rōna a ka re thusa joang hore re lule leratong la Molimo?
• Ke hobane’ng ha re lokela ho rata ba ratoang ke Jehova?
• Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re hlomphe bolaoli?
• Ke hobane’ng ha bohloeki e le ba bohlokoa ho batho ba Molimo?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 20]
Buka E Khothalletsang Boitšoaro Bo Botle
Likopanong tsa setereke tsa 2008/2009, ho ile ha lokolloa buka e maqephe a 224, eo sehlooho sa eona se reng “Le Ipoloke Leratong la Molimo.” Buka ee e ncha e ngotsoe ka morero ofe? E etselitsoe ho thusa Bakreste hore ba tsebe melao ea Jehova le hore ba e rate, ’me e bua haholo ka litaba tsa boitšoaro ba Bokreste. Ho ithuta ka hloko buka ea “Le Ipoloke Leratong la Molimo” ho tla matlafatsa kholiseho eo re nang le eona ea hore ho latela melao ea Jehova ke tsela e molemohali ea ho phela hona joale ’me ho ka etsa hore re fumane bophelo bo sa feleng ka moso.
Ho feta moo, buka ena e etselitsoe ho re thusa ho bona hore ho mamela Jehova hase moroalo. Ho fapana le moo, ke tsela ea ho bontša Jehova hore na re mo rata hakae. Kahoo, buka ena e tla re susumelletsa hore re ipotse, ‘Ke hobane’ng ha ke mamela Jehova?’
Ha batho ba bang ba etsa phoso e soabisang ea ho tloha leratong la Jehova, hangata ke ka lebaka la boitšoaro, eseng ka lebaka la se rutoang. Kahoo, ke habohlokoa hakaakang hore re matlafatse lerato la rōna le kananelo ea rōna melaong le melao-motheong ea Jehova e re tataisang bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi! Re kholisehile hore buka ena e ncha e tla thusa linku tsa Jehova lefatšeng lohle hore ka tieo li emele se lokileng, li pake hore Satane ke raleshano ’me ka holim’a tsohle, li lule leratong la Molimo!—Juda 21.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
“Haeba le boloka litaelo tsa ka, le tla lula leratong la ka, feela joalokaha ke bolokile litaelo tsa Ntate ’me ke lula leratong la hae”