Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w09 8/15 leq. 23
  • Na U sa Hopola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U sa Hopola?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba ne ba Rata Lentsoe la Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Buka e “Buang” Lipuo Tse Phelang
    Buka ea Batho Bohle
  • Chesehela Ntlo ea Jehova!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Na U sa Hopola?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
w09 8/15 leq. 23

Na U sa Hopola?

Na u thabetse ho bala litokollo tsa morao-rao tjee tsa Molula-Qhooa? Joale, leka ho bona hore na u ka araba lipotso tse latelang:

• Haeba motho a senyeheloa, na ho na le tšepo ea hore lesea leo le ka tsoha?

Bophelo bo qala nakong ea kemolo. Jehova a ka tsosa batho ho sa tsotellehe hore na ba na le nako e kae kaha “lintho tsohle lia khoneha ho Molimo.” (Mar. 10:27) Leha ho le joalo, Bibele ha e bolele ka ho toba hore na o tla tsosa masea a batsoali ba senyehetsoeng kapa che.—4/15, leqepheng la 12, 13.

• Ke hobane’ng ha re ka rua molemo ka ho ela hloko bohloa, lipela, litsie le lichecheiki?

Libōpuoa tsena tse ’nè li bontša bohlale ba tlhaho. Ka tsela eo li totobatsa bohlale ba Molimo. (Liprov. 30:24-28)—4/15, leqepheng la 16-19.

• Selemo sa 2009 se tšoaea lilemo tse lekholo tsa eng ho Lipaki Tsa Jehova?

Ka 1909 ntlo-khōlō ea mokhatlo oa Watch Tower Bible and Tract Society, e leng mokhatlo oa molao o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova, e ile ea fallisoa Pittsburgh, Pennsylvania, ea isoa Brooklyn, New York, moo e ntseng e tsoela pele ho sebetsa le kajeno.—5/1, leqepheng la 22-24.

• Ke hobane’ng ha Bibele e bua hantle ka ho khutsa?

E bontša hore ho khutsa e ka ba sesupo sa hore motho oa hlompha, ho ka mo thusa ho thuisa ebile ke bopaki ba hore o na le temoho le tlhalohanyo. (Pes. 37:7; 63:6; Liprov. 11:12)—5/15, leqepheng la 3-5.

• John Wycliffe, William Tyndale, Robert Morrison, le Adoniram Judson ba tšoana ka eng?

Kaofela ha bona ba ne ba rata Lentsoe la Molimo ’me ba ile ba le fetolela ka lipuo tse neng li baloa ke batho feela ba tloaelehileng. Wycliffe le Tyndale ba ile ba le fetolela ka Senyesemane, Morrison a le fetolela ka Sechaena athe Judson eena o ile a le fetolela ka Seburma (puo ea Myanmar).—6/1, leqepheng la 8-11.

• Ke marena a makae a Juda a ileng a bontša hore a chesehela ntlo ea Molimo ka tsela e ikhethang?

Marena a 19 a ile a busa karolo e ka boroa ea ’muso oa Juda ’me a mane a ile a bontša cheseho e joalo—’ona ke Asa, Josafate, Ezekiase le Josiase.—6/15, leqepheng la 7-11.

• Na Bakreste bohle ba tlotsitsoeng ka moea ba lefatšeng ba kenya letsoho ho fana ka lijo tsa moea?

Che. Bakreste bohle ba tlotsitsoeng ka moea oa Molimo ke karolo ea sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene, empa ke ba Sehlopha se Busang feela ba tsamaisang mosebetsi oa ho fana ka lijo tsa moea.—6/15, leqepheng la 22-24.

• Ke eng e ileng ea etsa hore masole a Roma a rate seaparo sa Jesu sa ka hare hakaale?

Masole a neng a le teng polaong ea Jesu ha aa ka a arola seaparo sa hae likoto. Ka tloaelo ha ho etsoa seaparo sena ho ne ho nkoa masela a mabeli ebe aa rōkelloa, empa seaparo sa Jesu se ne se se na moroko, e leng se neng se etsa hore e be sa boemo bo phahameng haholo.—7/1, leqepheng la 22.

• Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore lerato ke eona ntho e ka sehloohong e neng e etsa hore tsela eo Jesu a neng a ruta ka eona e fapane le eo baeta-pele ba bolumeli ba neng ba ruta ka eona?

Ho e-na le hore ba rate batho ba se nang maemo sechabeng, baeta-pele bao ba ne ba ba khesa. Ho feta moo, ba ne ba sa rate Molimo. Jesu o ne a rata Ntate oa hae ebile o ne a hauhela batho. (Mat. 9:36) O ne a le bonolo, a e-na le kutloelo-bohloko a bile a le mosa ho bona.—7/15, leqepheng la 15.

• Ke hobane’ng ha ho laola tsela eo chelete e sebelisoang ka eona ho ka ba thata lenyalong, hona banyalani ba ka thusoa ke eng hore ba atlehe?

Hangata ho se lumellane litabeng tsa lichelete ho bakoa ke ho se tšepane kapa ho ba le letsoalo, hape ho ka etsahala hore ebe banyalani ba hōlisitsoe ka litsela tse sa tšoaneng. Lintho tse ’nè tse ka sehloohong tse ka etsang hore ba atlehe ke tsena: Ithuteng hore ha le bua ka litaba tsa lichelete le theole moea, lumellanang hore na le tla talima chelete eo le e amohelang joang, ngolang fatše lintho tseo lelapa le tla sebelisa chelete ho tsona, ebe lea lumellana hore na mang o tla etsa eng.—8/1, leqepheng la 10-12.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela