Na U sa Hopola?
Na u thabetse ho bala litokollo tsa morao tjee tsa Molula-Qhooa? Haeba ho joalo, bona hore na u ka araba lipotso tsena tse latelang:
• Ke eng se ileng sa nolofatsa hore Keresemese e amohelehe Korea?
Ho ne ho e-na le tumelo ea khale Korea le linaheng tse ling mabapi le molimo oa kichine oo ho neng ho nahanoa hore o kena ka chomela ebe o tlisa limpho ka khoeli ea December. Hape, ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, masole a United States a ne a aba limpho le ho fana ka liphallelo likerekeng tsa moo.—12/15, leqepheng la 4, 5.
• Phethahatsong ea Esaia 21:8 (NW), Molimo o na le “molebeli” ofe mehleng ea rōna?
Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea, ba sebeletsang e le sehlopha sa molebeli, ba hlokomelisitse batho ka moelelo oa liketsahalo tsa lefatše tse phethahatsang boprofeta ba Bibele. Ba boetse ba thusitse liithuti tsa Bibele ho khetholla le ho qoba mekhoa le lithuto tseo e seng tsa Mangolo.—1/1, leqepheng la 8, 9.
• “Bara ba Motho ba Poland” e ne e le bo-mang?
E ne e le sehlotšoana sa bolumeli sa lekholong la lilemo la bo16 le la bo17 Poland se neng se khothalletsa ho khomarela Bibele, ka hona se hana lithuto tse atileng tsa kereke, tse kang Boraro-bo-bong, ho kolobetsoa ha masea le mollo oa lihele. Ka mor’a nako, litho tsa sona li ile tsa hlorisoa ka sehlōhō le ho qobelloa hore li qhalanele linaheng tse ling.—1/1, leqepheng la 21-3.
• Ke hobane’ng ha ho ka tšeptjoa boprofeta ba Bibele ho e-na le lipolelo tse etsoang esale pele tsa linohe tsa bokamoso kapa tsa balepi ba linaleli?
Baprofeta-’mōtoana ba batho ha ba tšepahale hobane ba hlokomoloha Jehova le Bibele. Ke boprofeta ba Bibele feela bo ka u thusang ho tseba kamoo liketsahalo li lumellanang kateng le morero oa Molimo, e leng ho tla u tsoela molemo le lelapa la hao ka ho sa feleng.—1/15, leqepheng la 3.
• Bopaki bo bong bo bontšang hore re phela matsatsing a qetello ke bofe?
Re ka bona liphello tsa ho lelekoa ha Satane leholimong. (Tšenolo 12:9) Re phela mehleng ea “morena” oa ho qetela ea boletsoeng ho Tšenolo 17:9-11. Palo ea Bakreste ba ’nete ba tlotsitsoeng e ntse e qepha, leha ho le joalo ho bonahala eka ba bang ba bona ba tla be ba ntse ba le teng lefatšeng ha matšoenyeho a maholo a qala.—1/15, leqepheng la 12, 13.
• Buka ea Habakuke e ngotsoe neng, hona ke hobane’ng ha re lokela ho e thahasella?
Buka ena ea Bibele e ngotsoe hoo e ka bang ka 628 B.C.E. E fupere likahlolo tsa Jehova khahlanong le Juda ea boholo-holo le Babylona. E boetse e sebetsana le kahlolo ea bomolimo e tla tloha e tlela tsamaiso ea hona joale e khopo.—2/1, leqepheng la 8.
• Ke hokae ka Bibeleng moo re ka fumanang keletso e bohlale ea ’mè bakeng sa basali ba nang le bokhoni?
Khaolo ea ho qetela ea buka ea Liproverbia, e leng ea 31, ke mohloli o babatsehang oa keletso e joalo.—2/1, leqepheng la 30, 31.
• Ke hobane’ng ha re ka leboha hore ebe Jehova o re senoletse “kelello ea Kreste”? (1 Bakorinthe 2:16)
Ka thuso ea tlaleho ea Kosepele, Jehova o re thusitse ho ithuta likhopolo, maikutlo, liketso tsa Jesu le lintho tseo a neng a li etelletsa pele. Sena se ka re thusa hore re tšoane le Jesu haholoanyane, haholo mabapi le ho etelletsa pele mosebetsi oa boboleli o pholosang bophelo.—2/15, leqepheng la 25.
• Na Molimo o araba lithapelo kajeno?
E. Le hoja Bibele e bontša hore Molimo ha a arabele lithapelo tsohle, liphihlelo tsa kajeno li paka hore hangata o arabetse batho ba ’nileng ba rapella matšeliso le thuso litabeng tse kang ho rarolla mathata a lenyalo.—3/1, leqepheng la 3-7.
• Ke eng eo re ka e etsang hore re fumane matla a Molimo?
Re ka a kōpa ka thapelo, ra fumana matla a moea Bibeleng, le ho matlafatsoa ke botsoalle ba Bokreste.—3/1, leqepheng la 15, 16.
• Batsoali ba ka thusa bana ba bona joang hore ba rue molemo o moholoanyane libokeng tsa Bokreste?
Ba ka thusa bana ba bona hore ba se ke ba robala, mohlomong ba re ba bo tsipe pele ho liboka. Bana ba ka khothalletsoa ho ngola “lintlha,” mohlomong ka ho etsa letšoao le itseng pampiring lekhetlo ka leng ha ho bitsoa mantsoe kapa mabitso a tloaelehileng.—3/15, leqepheng la 17, 18.
• Ke lintho life tse ling tseo re ka ithutang tsona mohlaleng oa Jobo?
Jobo o ne a etelletsa pele kamano ea hae le Molimo, a sebetsana le batho ba bang ntle ho leeme, a loanela ho tšepahala ho molekane oa hae oa lenyalo, a bontša ho ameha ka bomoea ba lelapa la hae, le ho tiisetsa ka botšepehi ha a lekoa.—3/15, leqepheng la 25-7.
• Na Bibele e na le matšoao a nang le moelelo o patehileng a fanang ka temohisiso melaetseng e ngotsoeng ka mokhoa o poteletseng?
Che. Lipolelo tsa seo ho thoeng ke matšoao a nang le moelelo o patehileng li ka ’na tsa etsoa ka tsela e tšoanang ka libuka tse itseng tsa lefatše. Seo ho thoeng ke matšoao a nang le moelelo o patehileng ka Bibeleng se ne se tla nyopisoa ke ho fetoha ha mopeleto libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tsa Seheberu.—4/1, leqepheng la 30, 31.