Na U sa hopola?
Na u thabetse ho bala litokollo tsa morao tjee tsa Molula-Qhooa? Joale, bona haeba u ka arabela lipotso tse latelang:
•Ke hobane’ng ha lipotso tse phahamisitsoeng ho Jobo khaolo ea 38 li lokela ho hapa tlhokomelo esita le kajeno?
Mesebetsi e mengata e hlollang eo Molimo a ileng a e etsa, e ke ke ea utloisisoa ka botlalo esita le ke bo-rasaense ba mehleng ea kajeno. E kopanyelletsa kamoo matla a khoheli a bolokang lefatše le ntse le likoloha sebakeng sa lona, hore hantle-ntle leseli ke eng, lebaka leo ka lona ho nang le mefuta e mengata-ngata ea lipepa tsa lehloa tse fapaneng, kamoo marotholi a pula a bōpehang kateng, le kamoo matla a amehang kateng sefefong sa lialuma.—4/15, leqepheng la 4-11.
•Ke mehlala efe ea Bibele e ka re thusang ho sebetsana ka katleho le ho nyahama?
Asafe, Baruke le Naomi ba ile ba tobana le maikutlo a tepelletsang le a mang a nyahamisang, ’me tlaleho ea Mangolo ea kamoo ba ileng ba sebetsana ka katleho le ho nyahama e ka re thusa.—4/15, leqepheng la 22-4.
•Bahlolohali ba Bakreste ba ka thusoa ka litsela life tse sebetsang?
Ka tsela e bonolo le e hlakileng, metsoalle e ka kōpa ho fana ka thuso. Litho tsa lelapa kapa ba bang ba ka ’na ba e-ba boemong ba ho fana ka thuso ea lichelete kapa lintho tse bonahalang, moo ho hlileng ho hlokahalang. Bakreste-’moho ba ka boela ba thusa ka ho ba thusa ka lerato la botsoalle, ho ba tšehetsa moeeng le ho ba tšelisa.—5/1, leqepheng la 5-7.
•Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho nyala kapa ho nyaloa “feela Moreneng” joalokaha 1 Bakorinthe 7:39 e eletsa?
Hangata ho nyalana le ba sa lumelang ho ’nile ha fella ka tlokotsi. Ho feta moo, ho latela keletso ena ea bomolimo ke taba ea botšepehi bo sa sekisetseng ho Jehova Molimo. Ha re sebetsa tumellanong le Lentsoe la Molimo, lipelo tsa rōna ha li re ahlole. (1 Johanne 3:21, 22)—5/15, leqepheng la 20-1.
•Kaha Jehova ke eena ea ka re tšoarelang libe, ke hobane’ng ha Bakreste ba bolela libe tse tebileng ho banna ba hōlileng ka har’a phutheho?
E, Mokreste o lokela ho batla tšoarelo ea libe tse tebileng ho Jehova. (2 Samuele 12:13) Empa feela joalokaha moprofeta Nathane a ile a thusa Davida, banna ba hōlileng ka har’a phutheho ba ka thusa baetsalibe ba bontšang pako. Ho ea ho baholo ke ho sebetsa tumellanong le tataiso e fanoeng lengolong la Jakobo 5:14, 15.—6/1, leqepheng la 31.
•Ho na le bopaki bofe bo bontšang hore re lokela ho hlokomela likhutsana le bahlolohali ba hlokang?
Tlaleho ea histori e bontša hore ho fana ka tlhokomelo e joalo e ne e le letšoao le khethollang borapeli ba ’nete har’a Baheberu ba boholo-holo hammoho le Bakreste ba pele. (Exoda 22:22, 23; Bagalata 2:9, 10; Jakobo 1:27) Ka Mangolong moapostola Pauluse o ile a kopanyelletsa taeo e hlakileng bakeng sa Bakreste hore ba hlokomele bahlolohali ba hlokang. (1 Timothea 5:3-16)—6/15, leqepheng la 9-11.
•Senotlolo sa bophelo bo thabileng le bo nang le morero ke sefe?
Re lokela ho hlaolela le ho boloka botsoalle bo nepahetseng le Jehova, Ntat’a rōna oa leholimo. Ho ithuta Bibele ke ntho ea bohlokoa, haeba re batla ho etsa joalo.—7/1, leqepheng la 4-5.
•Na motho e mong le e mong o na le moea o sa shoeng o pholohang lefu?
Le hoja batho ba bangata ba lumela hore moea (spirit)—e seng moea (soul)—ha o shoe, Bibele ha e tšehetse khopolo eo. E bontša hore ha motho a e-shoa, o khutlela lerōleng ’me ha a phele. Empa Molimo o na le matla a ho mo khutlisetsa bophelong, kahoo tšepo leha e le efe ea ho phela nakong e tlang, ka tsoho, e matsohong a Molimo. (Moeklesia 12:7)—7/15, leqepheng la 3-6.
•Daniele o ne a le hokae, ha Baheberu ba bararo ba ne ba lekoa lehoatateng la Dura?
Bibele ha e bolele. Mohlomong ka lebaka la boemo ba hae, ho ne ho sa hlokahale hore Daniele a be moo, kapa mohlomong o ne a ile kae-kae ka mosebetsi oa ’muso. Empa re ka kholiseha hore ha aa ka a sekisetsa botšepehi ba hae ho Jehova.—8/1, leqepheng la 31.