Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w09 9/1 leq. 9
  • Na Chelete e Hlile e Etsa Hore Motho a Thabe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Chelete e Hlile e Etsa Hore Motho a Thabe?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Re Ile ra Batla ’Muso Pele
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Na ba Mahlomoleng ba Tla ke ba be le Khotso?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Na U ka Ikitlaelletsa ho Lemosa ba Bang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Molao oa Lerato o Ngotsoeng Lipelong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
w09 9/1 leq. 9

Na Chelete e Hlile e Etsa Hore Motho a Thabe?

SONIA o hlahetse Spain. Ha e sa le ngoana, o ne a e-ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova le ’mè oa hae. Empa ha a hōla, o ile a fallela London, Engelane, moo qetellong a ileng a sebetsa lefapheng la lichelete le sebetsanang le matsete.

Sonia o ne a rata mosebetsi oa hae. O ne a fumana chelete e ngata a bile a sebetsana le batho ba etsang matsete a chelete e ngata. E ne e le mosebetsi o mo thabisang, a bile a atleha. Hangata Sonia o ne a sebetsa lihora tse 18 ka letsatsi ’me ka linako tse ling o ne a robala lihora tse peli kapa tse tharo feela. O ne a phelela mosebetsi feela. Joale lintho li ile tsa fetoha ka ho panya ha leihlo. Sonia o ile a otloa ke setorouku—mohlomong ka lebaka la bophelo ba hae bo neng bo mo hlokisa phomolo. O ne a le lilemo li 30 feela.

Sonia o ile a shoa lehlakore, ’me lingaka li ne li sa tsebe hantle hore na o tla khona ho buoa hape kapa che. Ka potlako ’mè oa hae o ile a ea Engelane ho ea mo oka. Ha Sonia a qalella ho tsamaea hape, ’mè oa hae o ile a re ho eena, “joale ke se ke tl’o ea libokeng, ’me u tla lokela ho tla le ’na hobane nkeke ka u siea u le mong.” Sonia o ile a lumela. Phello e bile efe?

Ha Sonia a hopola, o re: “Ke ile ka utloa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e buuang moo e le ’nete. Ruri e ne e le litaba tse khahlisang. Ke ile ka thaba ha e mong oa batho ba bangata ba ileng ba ntumelisa ha ke ne ke qala ho ea Holong ea ’Muso a kōpa ho ithuta Bibele le ’na. Metsoalle eo ke neng ke e-na le eona pele e ne e se e sa nketele, empa metsoalle ea ka e mecha e ne e le lerato ebile e ntsotella.”

Hanyane ka hanyane, Sonia o ile a khona ho bua hape, ’me le moeeng o ile a hatela pele hantle. O ile a kolobetsoa le pele selemo se fela. Metsoalle ea hae e mengata e ne e le basebeletsi ba nako eohle ba bolellang batho molaetsa oa Bibele, ’me o ne a bona hore ba lula ba thabile. Sonia o ile a re ka pelong: ‘Le ’na ke batla ho tšoana le bona. Ke batla ho sebeletsa Jehova Molimo ka hohle kamoo nka khonang!’ Hona joale Sonia ke mosebeletsi oa nako eohle ea bolellang batho molaetsa oa Bibele.

Sonia o ithutile’ng ka se ileng sa mo etsahalla? “Le hoja ke ne ke fumana chelete e ngata, ho imeloa kelellong le ho lula ke tšohile hore neng kapa neng mosebetsi o ka ’na oa fela ho ile ha etsa hore ke lule ke tšoenyehile ke bile ke sa thaba. Ke ithutile hore ntho eo e leng ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ke ho ba le kamano e ntle le Ntate oa ka ea leholimong, Jehova. Joale tjena ke thabile e le kannete.”

Moapostola Pauluse o re: “Lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe, ’me ka ho hahamalla lerato lena ba bang ba khelositsoe tumelong ’me ba itlhabile hohle ka bohloko bo boholo.” (1 Timothea 6:10) Sonia a ka paka hore mantsoe ana ke ’nete.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela