Na U ‘Metse ka Metso le ho Tiea Motheong’?
NA U kile ua bona ha sefate se seholo se tsukutloa ke moea o matla? Sefate sena se ba tlas’a khatello e khōlō, leha ho le joalo sea mamella. Hobane’ng? Hobane se na le methapo e matla e itsetsepetseng mobung. Re ka tšoana le sefate seo. Ha re thulana le liteko tse kang sefefo bophelong ba rōna, le rōna re ka mamella haeba re lula re ‘metse ka metso re bile re tiile motheong.’ (Baef. 3:14-17) Motheo oo ke eng?
Lentsoe la Molimo le bolela hore “Kreste Jesu [ke] lejoe la sekhutlo la motheo” la phutheho ea Bokreste. (Baef. 2:20; 1 Bakor. 3:11) Kaha re Bakreste, re khothalletsoa hore ‘re tsoele pele re tsamaea bonngoeng le eena, re metse ka metso ’me re ntse re hahuoa ho eena ’me re ntse re tsitsisoa tumelong.’ Haeba re etsa joalo, re tla tseba ho mamella lintho tsohle tse hlaselang tumelo ea rōna—tse akarelletsang “likhang tse susumetsang” tse thehiloeng ‘thetsong ea lefeela’ ea batho.—Bakol. 2:4-8.
“Bophara le Bolelele le Bophahamo le Botebo”
Leha ho le joalo, re ka “mela ka metso” ra ba ra “tsitsisoa tumelong” joang? Tsela e ’ngoe ea bohlokoa eo ho ka boleloang ka eona hore re tebisa metso ea rōna mobung, ke ha re ikitlaelletsa ho ithuta Lentsoe la Molimo le bululetsoeng. Jehova o batla hore re ‘utloisise ka ho phethahetseng kelellong hammoho le bahalaleli bohle hore na bophara le bolelele le bophahamo le botebo ba ’nete ke eng.’ (Baef. 3:18) Ka lebaka leo, ha ho Mokreste ea lokelang ho khotsofalla ho utloisisa lintho ka holimo feela, a khotsofalle ho tseba feela “lintho tsa motheo” tse ka Lentsoeng la Molimo. (Baheb. 5:12; 6:1) Ho e-na le hoo, e mong le e mong oa rōna o lokela ho ba le tjantjello ea hore a tebise kutloisiso ea hae ea linnete tsa Bibele.—Liprov. 2:1-5.
Leha ho le joalo, seo ha se bolele hore ho ba le tsebo e ngata ke sona feela se hlokahalang e le hore re ‘mele ka metso le ho tiea motheong’ ’neteng. Etsoe Satane le eena oa tseba hore na Bibele e reng. Ho na le se seng hape se hlokahalang. Re lokela “ho tseba lerato la Kreste le fetang tsebo.” (Baef. 3:19) Leha ho le joalo, ha re ithuta hobane re rata Jehova re bile re rata ’nete, ho eketsa tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo ho tla matlafatsa tumelo ea rōna.—Bakol. 2:2.
Leka Kutloisiso ea Hao
Hona joale, ak’u bone hore na u utloisisa linnete tse seng kae tsa bohlokoa tse fumanoang ka Bibeleng hakae. Ha u etsa joalo, seo se ka ’na sa u thusa hore u ikakhele ka setotsoana le ho feta ha u etsa thuto ea Bibele ea botho. Ho etsa mohlala, bala litemana tse qalang tsa lengolo leo moapostola Pauluse a neng a le ngoletse Baefese. (Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng “Ho Baefese.”) Ka mor’a ho bala litemana tseo, ipotse, ‘Na ke utloisisa moelelo oa lipoleloana tse hlahang litemaneng tseo tsa Bibele tse ngotsoeng ka mongolo o tšekaletseng lebokoseng lee?’ A re ke re tšohle e le ’ngoe ka nako.
Ba Khethiloe “Pele Lefatše le Thehoa”
Pauluse o ile a ngolla balumeli-’moho le eena a re: “[Molimo] o ile a re khetha esale pele hore re nkeloe ka lapeng re le bara ho eena ka Jesu Kreste.” Ka sebele, Jehova o ile a rera hore o ne a tla nkela batho ba bang ka lapeng la hae le phethahetseng la leholimong. Bara bana ba Molimo ba nketsoeng ka lapeng ba ne ba tla busa le Kreste e le marena le baprista. (Bar. 8:19-23; Tšen. 5:9, 10) Ha Satane a ne a qholotsa bobusi ba Jehova qalong, o ile a fana ka maikutlo a hore ho ne ho e-na le ho phoso ka batho bao Molimo a ba bōpileng. E ile ea e-ba ho loketseng hakaakang hore har’a bona batho bao, Jehova a khethe ba neng ba tla ba le seabo sa hore qetellong ba felise bobe bohle bokahohleng ho akarelletsa le ho felisa mohloli oa bobe e leng Satane Diabolose! Leha ho le joalo, Jehova ha aa ka a hla a khetha batho ba itseng esale pele hore e be bona bao e tla ba bara ba hae ba tla nkeloa ka lapeng. Ho e-na le hoo, Molimo o ile a rera hore ho ne ho tla ba le sehlopha sa batho ba tla busa le Kreste leholimong.—Tšen. 14:3, 4.
Ke “lefatše” lefe leo Pauluse a neng a bua ka lona ha a ne a ngolla Bakreste-’moho le eena a bolela hore bona e le sehlopha ba khethiloe le “pele lefatše le thehoa”? O ne a sa bue ka nako ea pele Molimo a bōpa lefatše kapa batho. Seo se ne se tla be se le khahlanong le molao-motheo oa toka. Adama le Eva ba ne ba ka behoa molato ka liketso tsa bona joang haeba Molimo a ne a se a ntse a rerile hore ba ne ba tla hlōleha le pele a ba bōpa? Joale, ebe Molimo o ile a rera neng hore na o ne a tla lokisa joang boemo bo ileng ba bakoa ke Adama le Eva ha ba ne ba ikopanya le Satane ho fetohela bobusi ba Molimo? Jehova o ile a etsa joalo feela ka mor’a hore batsoali ba rōna ba pele ba mo fetohele, empa e le pele batho ba sa phethahalang ba neng ba ka rekolloa ba e-ba teng.
“Ho ea ka Maruo a Mosa oa Hae o sa Tšoanelang”
Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a re litokisetso tseo ho buuoang ka tsona litemaneng tse qalang tsa Baefese li etsahetse “ho ea ka maruo a mosa oa [Molimo] o sa tšoanelang”? O entse seo e le hore a hatise taba ea hore Jehova o ne a sa tlameha ho rekolla batho ba baetsalibe.
Ha e le hantle, ha ho le ea mong oa rōna ea nang le se ka etsang hore a lokeloe ke thekollo. Leha ho le joalo, Jehova o ile a susumetsoa ke lerato le leholo leo a ratang batho ka lona hore a etse tokisetso e khethehileng ea hore a re pholose. Ha re nahana ka ho se phethahale ha rōna le ka boetsalibe ba rōna, ruri joalokaha Pauluse a boletse, re lopolloa ka lebaka la mosa o sa tšoanelang.
Sephiri se Halalelang sa Morero oa Molimo
Qalong, Molimo ha aa ka a bolela hore na o ne a tla lokisa tšenyo e bakiloeng ke Satane joang. E ne e le ‘sephiri se halalelang.’ (Baef. 3:4, 5) Hamorao, ha phutheho ea Bokreste e se e thehiloe, Jehova o ile a senola hore na o ne a tla phethahatsa morero oa hae ka batho le lefatše joang. Pauluse o ile a hlalosa hore “tekanyong e feletseng ea linako tse behiloeng,” Molimo o ile a theha “tsamaiso,” e leng tsela ea ho tsamaisa lintho e tla etsa hore libōpuoa tsohle tsa hae tse bohlale li be bonngoeng.
Karolo e qalang ea bonngoe boo e qalile ka Pentekonta ea 33 C.E. ha Jehova a ne a qala ho bokella ba neng ba tla busa le Kreste leholimong. (Lik. 1:13-15; 2:1-4) Karolo ea bobeli e ne e tla ba ha ho bokelloa ba tla phela lefatšeng la paradeise ’Musong oa Kreste oa Bomesia. (Tšen. 7:14-17; 21:1-5) Lentsoe lena “tsamaiso,” ha le bolele ’Muso oa Bomesia kaha ’Muso oo o sa ka oa thehoa ho fihlela ka 1914. Ho e-na le hoo, lentsoe lena le bolela tsela eo Molimo a tsamaisang kapa a laolang litaba ka eona e le hore a tsebe ho phethahatsa morero oa hae oa hore ho boele ho be le bonngoe bokahohleng.
U be ea “Hōlileng ka ho Feletseng Matleng a Kutloisiso”
Ha ho pelaelo hore ha u e-na le mekhoa e metle ea ho ithuta, e tla u thusa hore u utloisise ka botlalo “bophara le bolelele le bophahamo le botebo” ba ’nete. Leha ho le joalo, ho boetse ho totobetse hore bophelo ba batho bo potlakileng, bo etsa hore ho be bonolo hore Satane a fokolise—kapa a felise—mekhoa e joalo. U se ke ua mo lumella hore a etse joalo ho uena. Sebelisa “matla a kelello” ao Molimo a u fileng oona hore u be ea “hōlileng ka ho feletseng matleng a kutloisiso.” (1 Joh. 5:20; 1 Bakor. 14:20) Etsa bonnete ba hore u utloisisa hore na ke hobane’ng ha u lumela seo u se lumelang le hore u ka fana ka “lebaka bakeng sa tšepo e ho [uena].”—1 Pet. 3:15.
Nahana eka u ne u le teng Efese ha lengolo la Pauluse le ne le qala ho baloa. Na mantsoe a hae a ka be a sa u susumelletsa hore u batle ho hōla “tsebong e nepahetseng ea Mora oa Molimo”? (Baef. 4:13, 14) Ruri a ka be a u susumelitse! Kahoo, etsa hore mantsoe a Pauluse a bululetsoeng a u susumetse ka tsela e tšoanang kajeno. Ha u rata Jehova ka lerato le matla u bile u e-na le tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la hae, seo se tla u thusa hore u lule u ‘metse ka metso u bile u tiile motheong’ oa Kreste. Ka tsela eo, u tla tseba ho mamella sefefo sefe kapa sefe seo Satane a ka u tsosetsang sona pele lefatše lena le khopo le felisoa ka botlalo.—Pes. 1:1-3; Jer. 17:7, 8.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 27]
“Ho Baefese”
“Ho bokoe Molimo le Ntate oa Morena oa rōna Jesu Kreste, kaha o re hlohonolofalitse ka tlhohonolofatso e ’ngoe le e ’ngoe ea moea libakeng tsa leholimo bonngoeng le Kreste, feela joalokaha a ile a re khetha bonngoeng le eena pele lefatše le thehoa, e le hore re ka halalela ’me ra hloka sekoli ka pel’a hae leratong. Etsoe o ile a re khetha esale pele hore re nkeloe ka lapeng re le bara ho eena ka Jesu Kreste, ho ea ka ho khahloa ha thato ea hae, thorisong ea mosa oa hae o sa tšoanelang o khanyang oo ka mosa a ileng a re neha oona ka moratuoa oa hae. Ka eena re na le tokollo ka thekollo ka mali a eo, e, tšoarelo ea litšito tsa rōna, ho ea ka maruo a mosa oa hae o sa tšoanelang. O ile a etsa hore sena se re atele ka bohlale bohle le kelello e ntle, ka hore o ile a re tsebisa sephiri se halalelang sa thato ea hae. Ke ho ea ka ho khahloa ha hae hoo a ileng a ho rera ka ho eena bakeng sa tsamaiso tekanyong e feletseng ea linako tse behiloeng, e leng, ho bokella lintho tsohle hape ho Kreste, lintho tse maholimong le lintho tse lefatšeng.”—Baef. 1:3-10.