Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w09 10/15 maq. 29-31
  • Borapeli ba Lelapa—Boa Hlokahala Hore re Pholohe!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Borapeli ba Lelapa—Boa Hlokahala Hore re Pholohe!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bohlokoa ba ho ba le Nako ea Borapeli ba Lelapa
  • E Tšoare Kamehla
  • Ithuteng Lintho Tseo le ka li Sebelisang
  • Etsa Hore bo be Monate
  • Bo Thusa Malapa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Buka e Thusang Bacha Hore ba Hopole ’Mōpi oa Bona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Malapa a Bakreste—“Le Lule le Lokile”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Na Ngoana oa Hao ‘O Hōlela Polokong’?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
w09 10/15 maq. 29-31

Borapeli ba Lelapa​—Boa Hlokahala Hore re Pholohe!

NAHANA feela hore na ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle’ e tla tšosa hakae! (Tšen. 16:14) Ka lipapiso tse hlakileng, moprofeta Mikea o ile a ngola a re: “Lithaba li tla qhibiliha . . . le likhohlo li tla arohana, joaloka boka ba linotši ka lebaka la mollo, joaloka metsi a tšolleloang sebakeng se motheō.” (Mik. 1:4) Ke tlokotsi efe e tla hlahela batho ba sa sebeletseng Jehova? Lentsoe la Molimo le re: “Ba bolailoeng ke Jehova ba tla ba teng ho tloha pheletsong e ’ngoe ea lefatše ho fihlela pheletsong e ’ngoe ea lefatše.”—Jer. 25:33.

Ka lebaka la litemoso tseo, ke hantle hore lihlooho tsa malapa—tseo boholo ba tsona e leng batsoali ba se nang balekane—li ipotse mabapi le bana ba tsona ba lilemong, ‘Na ba tla pholoha Armagedone?’ Bibele e tiisa hore ba tla pholoha, haeba ho latela lilemo tsa bona, ba tla be ba e-na le kamano e matla le Jehova.—Mat. 24:21.

Bohlokoa ba ho ba le Nako ea Borapeli ba Lelapa

Ha u le motsoali, tiisa hore u etsa sohle seo u ka se khonang ho hōlisa bana ba hao “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baef. 6:4) Ho ithuta Bibele le bana ba hao ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa. Re batla hore bana ba rōna ba tšoane le Bakreste ba Filipi, bao Pauluse a ileng a ba babatsa ka hore ba ne ba mamela Jehova ka boithatelo. O ile a ngola a re: “Baratuoa ba ka, ka tsela eo le ’nileng la mamela ka eona kamehla, eseng nakong ea ho ba teng ha ka feela, empa joale ka ho ithatela ho eketsehileng nakong ea ho ba sieo ha ka, le ’ne le sebeletse poloko ea lōna ka tšabo le thothomelo.”—Bafil. 2:12.

Na bana ba hao ba mamela melao ea Jehova ha u le sieo? Na baa e mamela ha ba le sekolong? U ka thusa bana ba hao joang hore ba kholisehe hore melao ea Jehova e entsoe ka bohlale e le hore e tle e ba tataise le ha u le sieo?

Borapeli ba lelapa bo ka phetha karolo e khōlō hore bo matlafatse tumelo ea bana ba hao mabapi le taba ena. Kahoo, a re ke re tšohleng lintlha tse tharo tsa bohlokoa tse ka etsang hore thuto ea Bibele ea lelapa la hao e atlehe.

E Tšoare Kamehla

Bibele e bontša hore ka linako tse behiloeng, bara ba Molimo ba mangeloi ba bitsetsoa ho eena. (Jobo 1:6) Etsa se tšoanang ka bana ba hao. Hlomamisa letsatsi le nako bakeng sa mantsiboea a lōna a Borapeli ba Lelapa ebe lea e khomarela. Ho phaella moo, khetha nako e ’ngoe eo le ka ithutang ka eona e le hore haeba ho ka ba le se hlahang ka tšohanyetso, le tle le ithute ka nako eo.

Ha likhoeli li ntse li feta, u se ke ua lumella maikutlo a hore ha ho bothata ba letho haeba le tšoara thuto ea lelapa ngope’a-setšoha. Hopola hore bana ba hao ke liithuti tsa hao tsa Bibele tsa bohlokoa ka ho fetisisa. Empa Satane a ka rata ho ba harola. (1 Pet. 5:8) Haeba u tela mantsiboea ana a bohlokoa a Borapeli ba Lelapa e le hore le shebelle thelevishene kapa le etse mosebetsi o mong oo e seng oa bohlokoa, Satane o tla be a hlōtse.—Baef. 5:15, 16; 6:12; Bafil. 1:10.

Ithuteng Lintho Tseo le ka li Sebelisang

Mantsiboea a Borapeli ba Lelapa ha ea lokela ho ba ho ithuta feela tjee. Loanela hore le ithute lintho tseo le ka li sebelisang. Joang? Ka linako tse ling, khetha lihlooho tse amanang le maemo ao ngoana oa hao a ka ’nang a thulana le ’ona matsatsing a tlang kapa libekeng tse tlang. Ka mohlala, e ka ba hantle hore le akarelletse linako tsa ho itlhakisetsa boboleli. Bana ba thabela ho etsa lintho tseo ba khonang ho li etsa hantle. Ho itlhakisetsa linehelano le ho nahana ka litsela tseo ka tsona le ka arabang bahanyetsi, ho tla ba thusa hore ba be sebete haholo likarolong tse sa tšoaneng tsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso.—2 Tim. 2:15.

Le ka boetse la ba le linako tsa ho itlhakisa tse tla thusa bana ba hao hore ba sebetsane le khatello ea lithaka. Khaolo ea 15 ea buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2, e ka sebelisoa e le mokokotlo oa puisano ea lelapa. Karolo ea “Seo U ka se Etsang ha U Hatelloa ke Lithaka” e leqepheng la 132 le 133 e fana ka litlhahiso e bile e fa ngoana oa hao menyetla ea hore a nahane ka likarabo tseo a ka fanang ka tsona a phutholohile. Polelo e botlaaseng ba leqephe la 133 e khothalletsa bacha se latelang: “Kōpa motsoali kapa motsoalle ea hōlileng tsebong hore a u thuse ho itlhakisa ka seo u tla se bua ha u araba lithaka tsa hao.” E ka ba hantle hore nako le nako le etse boitlhakiso bo joalo karolo ea mantsiboea a lōna a Borapeli ba Lelapa.

Borapeli ba lelapa bo fa batsoali monyetla oa hore ba hatise melemo ea hore motho a be le lipakane tsa moea. Ntlheng ena, Bacha Baa Botsa, Buka ea 2, e na le taba ea bohlokoa haholo khaolong ea 38, e nang le sehlooho se reng “Ke Tla Etsa’ng ka Bophelo ba Ka?” Ha le ntse le tšohla khaolo ena, thusa ngoana oa hao hore a hlokomele hore ha motho a etelletsa pele borapeli ba Jehova bophelong ba hae, o nkile tsela e molemohali. Thusa ngoana oa hao hore a be le takatso ea bopula-maliboho, tšebeletso ea Bethele, ho ea Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi, kapa ho phehella tšebeletso ea nako e tletseng ea mofuta o mong.

Tlhokomeliso: Batsoali ba bang ba batlelang bana ba bona se molemohali, ba etsa phoso ea ho beha maikutlo tabeng ea seo ba batlang hore ngoana oa bona a be sona hoo ba hlokomolohang ho mo babatsa ka seo a seng a ntse a se etsa hona joale. Ke ’nete hore ho hotle ho khothalletsa bana ba hao hore ba ipehele lipakane tse ntle tse kang tšebeletso ea Bethele le mosebetsi oa boromuoa. Leha ho le joalo, ha u ntse u etsa joalo, u hlokomele hore u se ke ua khentša ngoana oa hao ka lintho tseo u li lebeletseng eaba ua mo nyahamisa. (Bakol. 3:21) Kamehla u hopole hore mora kapa morali oa hao o lokela ho rata Jehova ka pelo ea hae—eseng ea hao. (Mat. 22:37) Kahoo, fumana litsela tsa ho babatsa ngoana oa hao ka seo a khonang ho se etsa hantle, ’me u hanele tšusumetso ea ho beha maikutlo ho seo a sa se etseng. Hōlisa teboho ea hae ho sohle seo Jehova a se entseng. Ka mor’a moo, tlohela pelo ea ngoana oa hao hore e bontše hore o ananela molemo oa Jehova.

Etsa Hore bo be Monate

Ntlha ea boraro ea bohlokoa e ka etsang hore Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea bo atlehe, ke hore bo be monate. See u ka se finyella joang? Mohlomong ka linako tse ling le ka mamela tšoantšiso e rekotiloeng kapa la shebella la ba la tšohla e ’ngoe ea livideo tsa Lipaki Tsa Jehova. Kapa le ka bala karolo e itseng ea Bibele hammoho, setho se seng le se seng sa lelapa se abeloe hore na se tla bala karolo ea mang.

Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! li na le lihlooho tse babatsehang tseo re ka thehang puisano ea lelapa ho tsona. Ka mohlala, le ka ’na la sebelisa sehlooho se leqepheng la 31 sa makasine e ’ngoe le e ’ngoe ea Tsoha!, se reng “U Tla Araba Joang?” Khatiso ea Molula-Qhooa ea batho ka kakaretso, e fetisa makasine e le ’ngoe lipakeng ebe e latelang e ba le mosebetsi oa ho ithuta oo bana ba ka o etsang o nang le sehlooho se reng “Tsa Bacha ba Rōna.” Mesebetsi ena e fapanyetsana le letoto la lihlooho tse ngoletsoeng bana ba banyenyane ba banana le ba bashanyana le nang le sehlooho se reng “Ruta Bana ba Hao.”

Batsoali bao bana ba bona e leng bacha ba tla khahloa haholo ke letoto la lihlooho tsa Tsoha! tse reng “Bacha Baa Botsa,” hammoho le buka ea Bacha Baa Botsa, Buka ea 2. Ha le sebelisa buka eo, le se ke la hlokomoloha lebokose le nang le sehlooho se reng “U Nahana’ng ka See?” se qetellong ea khaolo e ’ngoe le e ’ngoe. Lebokose lena hase la tlhahlobo feela. Lipotso tse lebokoseng leo li ka sebelisoa e le motheo oa puisano ea lelapa.

Leha ho le joalo, u hlokomele hore nako ea thuto e se ke ea e-ba ea ho emella bana ka lipotso. Ka mohlala, u se ke ua leka ho qobella ngoana oa hao hore a balle holimo seo a se ngotseng maqepheng a nang le sehlooho se reng “Lintlha Tsa Botho” kapa tse likarolong tse ling tsa buka ena moo ngoana a lokelang ho ngola maikutlo a hae. Karolong ea “Molaetsa ho Batsoali,” buka ena e bolela sena leqepheng la 3: “E le ho khothalletsa bacha hore ba lokolohe ka hohle ho ngola maikutlo a bona, u se ke ua phenyekolla libuka tsa bona. Hamorao, ba ka ’na ba lokoloha hore ba bue le uena ka lintho tseo ba li ngotseng.”

Haeba u etsa hore borapeli ba lelapa la hao bo etsoe kamehla le hore le ithute lintho tseo le ka li sebelisang u bile u etsa hore bo be monate, Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba hao haholo. Nako ena e khethehileng ea lelapa e tla etsa hore baratuoa ba hao ba lule ba phela ba bile ba le matla moeeng.

[Lebokose le leqepheng la 31]

Nahana Lintho Tseo le ka li Etsang

“Ha re ne re ithuta le barali ba rōna ba banyenyane, ’na le monna oa ka re ne re tšohla taba ha re lokisetsa seboka sa phutheho, ebe ka mor’a moo re kōpa hore banana ba rōna ba etse setšoantšo se akaretsang taba eo. Ka linako tse ling, re ne re etsa tšoantšiso ea liketsahalo tsa Bibele kapa re e-ba le linako tsa ho itlhakisetsa seo re tla se bua tšimong. Re ne re etsa hore thuto e lokele lilemo tsa bona, e thahasellise, e thuse le hore e be monate.”—J.M., United States.

“E le hore re thuse mora oa seithuti sa ka sa Bibele hore a utloisise hore na ho sebelisa meqolo ho ne ho le joang mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, re ile ra hatisa buka ea Esaia ka mor’a hore re hlakole likhaolo le litemana. Re ile ra kopanya maqephe eaba qetellong ea ’ona ka mahlakoreng a mabeli, re fasa lichupu. Ka mor’a moo, moshanyana enoa o ile a leka ho etsa seo Jesu a ileng a se etsa synagogeng ea Nazaretha. Tlaleho e ho Luka 4:16-21 e bolela hore Jesu o ile “a bula moqolo [oa Esaia] a fumana” karolo eo a neng a e batla. (Esa. 61:1, 2) Leha ho le joalo, ha moshanyana enoa a leka ho mo etsisa, o ile a thatafalloa ho fumana Esaia khaolo ea 61 a sebelisa moqolo oo o molelele o se nang likhaolo le litemana. Ka lebaka la ho khahloa ke bokhoni ba Jesu ba ho sebelisa meqolo, moshanyana enoa o ile a tsota a re: ‘Jesu o ne a tseba litaba tsa hae!’”—Y.T., Japane.

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Linako tsa ho itlhakisa li ka thusa bana ba lōna hore ba sebetsane le khatello ea lithaka

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Loanela ho etsa hore Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea bo be monate

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela