Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w09 11/15 maq. 18-19
  • Ho Fana ka Nyakallo le ka Pelo Eohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Fana ka Nyakallo le ka Pelo Eohle
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Sebeletsa Molimo re E-na le “Pelo e le ’Ngoe le Moea o le Mong”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Na U Thabela “Tokelo ea ho Fana ka Mosa”?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • ‘A re Hlahiseng Nyehelo ea Jehova’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Hlaolela Moea oa ho Fana
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
w09 11/15 maq. 18-19

Ho Fana ka Nyakallo le ka Pelo Eohle

TABENG ea ho fana, moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “E mong le e mong a ke a etse feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae,” eaba oa eketsa: “Eseng ka lekhonono kapa ka ho qobelloa, kaha Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.” (2 Bakor. 9:7) Jehova ha a qobelle mang kapa mang hore a tšehetse borapeli bo hloekileng. O lumella bahlanka ba hae hore ba bontše boinehelo ba bona ka hore ba fane ka boithatelo le ka nyakallo. Ho tloha khale, batho ba hae ba ’nile ba fana ka thabo. Nahana ka mehlala e meraro.

Ka mor’a hore Jehova a ntše Baiseraele Egepeta, o ile a ba laela hore ba hahe tabernakele. Ho ne ho hlokahala thepa, kahoo sechaba sa Iseraele se ile sa kōptjoa hore se nehele. “E mong le e mong eo pelo ea hae e ileng ea mo susumetsa” o ile a tlisa khauta, silevera, mabenyane le thepa e ’ngoe. Batho ba ile ba fana hoo ho ileng ha ba ha etsoa tsebiso ea hore ba emise ho fana.—Ex. 35:5, 21; 36:6, 7.

Makholo a lilemo hamorao ha ho ne ho hahuoa tempele, batho ba Molimo ba ile ba boela ba e-ba le monyetla oa ho tšehetsa borapeli bo hloekileng. Morena Davida o ile a tšehetsa morero oo ka monehelo o mongata ’me o ile a kōpa ba bang hore le bona ba fane. Ba ile ba etsa joalo ka cheseho. Monehelo oa khauta le silevera feela o ne o lekana le liranta tse libilione tse 840! Sechaba se ile sa thaba kaha se ne se etsetsa Jehova linyehelo tsa boithaopo.—1 Likron. 29:3-9; 2 Likron. 5:1.

Balateli ba pele ba Jesu Kreste le bona ba ile ba bontša moea o tšoanang oa ho fana ba thabile. Letsatsing la Pentekonta ka 33 C.E., batho ba ka bang 3 000 ba ile ba kolobetsoa, ’me bongata ba bona ba ne ba sa lule Jerusalema. E le hore ba nang le ho honyenyane ba lule Jerusalema hore ba ithute haholoanyane ka tumelo ea bona e ncha, Bakreste ba ile ba kopanya matsoho ka nakoana. Barab’abo rōna ba ile ba rekisa thepa ea bona eaba ba tlisa chelete ho baapostola e le hore ho thusoe ba neng ba hloka. E tlameha ebe Jehova o ile a thaba haholo ha a bona ba bontša tumelo e joalo le lerato!—Lik. 2:41-47.

Kajeno, Bakreste ba tsoela pele ho tšehetsa borapeli bo hloekileng ka hore ka seatla se bulehileng le ka nyakallo ba fane ka nako ea bona, matla a bona le chelete ea bona. Lebokoseng le sehloohong sena ho bontšitsoe tse ling tsa litsela tseo u ka etsang sena ka tsona.

[Lebokose le leqepheng la 18, 19]

LITSELA TSEO BA BANG BA KHETHANG HO FANA KA TSONA

MENEHELO BAKENG SA MOSEBETSI OA LEFATŠE LOHLE

Ba bangata ba behella ka thōko, kapa ba lekanyetsa esale pele chelete eo ba e tšelang mabokoseng a monehelo a ngotsoeng “Mosebetsi oa Lefatše Lohle.”

Khoeli le khoeli, liphutheho li romela chelete ena ofising ea Lipaki Tsa Jehova e sebeletsang linaha tsa habo tsona. Menehelo ea boithatelo ea chelete le eona e ka romeloa ka ho toba ho Watch Tower Bible and Tract Society of South Africa, Attention: Accounting Office, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e sebeletsang naha ea heno. (Menehelo ea boithatelo e boletsoeng ka tlaase le eona e ka romeloa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e sebeletsang naha ea heno.) Licheke tse romeloang atereseng e ka holimo li lokela ho ngoloa hore li lefuoe “Watch Tower Society.” Mabenyane le lintho tse ling tsa bohlokoa le tsona li ka fanoa. Ka mor’a moo, ho ka ngoloa lengolo le lekhutšoanyane le tsamaeang le thepa eo le bolelang hore lintho tseo ke mpho.

HO FANA HO RERILOENG

Ho phaella limphong tsa chelete, ho na le mekhoa e meng ea ho fana e ka thusang mosebetsing oa ’Muso o etsoang lefatšeng lohle. Mekhoa ena e akarelletsa e latelang:

Inshorense: Watch Tower Bible and Tract Society of South Africa e ka ngolisoa e le eona e tla fuoa chelete ea inshorense ea bophelo kapa ea tokisetso ea ho tlohela mosebetsi/ea penshene.

Li-stock le Li-bond: Ho ka ’na ha nehelanoa ka li-stock le li-bond ho Watch Tower Bible and Tract Society of South Africa e le mpho kapa ha etsoa hore li oele ho Watch Tower Bible and Tract Society of South Africa ha mong’a tsona a e-shoa.

Setša se Nang le Mehaho: Ho ka ’na ha nehelanoa ka setša se nang le mehaho, ebang ke ka ho fana ka sona kapa haeba e le setša sa bolulo, ka ho lokisetsa hore mong’a sona a tsoele pele a lula ho sona ha a sa ntse a phela. Ikopanye le ofisi ea lekala naheng ea heno pele u ngolisa setša leha e le sefe se nang le mohaho.

Mangolo a Kabo ea Lefa: Thepa kapa chelete e ka ’na ea fuoa Watch Tower Bible and Tract Society of South Africa e le lefa ka ho e ngolisa ka molao lengolong la kabo ea lefa.

Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, u ka ikopanya le Accounting Office, ka ho ngolla atereseng e bontšitsoeng ka tlaase mona, kapa ka ho letsetsa nomorong e ka tlaase, kapa u ka ikopanya le ofisi ea lekala e sebeletsang naha ea heno.

Accounting Office

Watch Tower Bible and Tract Society of South Africa

Private Bag X2067

Krugersdorp

1740

South Africa

Thelefono: 011 761 1000

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela