Ho Sebeletsa Molimo re E-na le “Pelo e le ’Ngoe le Moea o le Mong”
BAJUDA le ba sokolohetseng Bojudeng ba bokanela barutuoa ba Jesu Kreste. Ke Mokete oa Pentekonta ’me baeti bana ba tlile Jerusalema ba e-tsoa libakeng tse hōle joaloka Roma ka bophirima le Parthia ka bochabela. Letšoeleng lena ho utloahala lipuo tse ngata. Leha ho le joalo, barutuoa ba Jesu ba buang le bona ke Bagalelia. Ba bang ba baeti bana ba maketseng baa botsa: “Ho tla joang hore ebe e mong le e mong oa rōna o utloa puo ea hae eo re tsoaletsoeng ho eona?”—Lik. 2:8.
Moapostola Petrose oa ema ’me o hlalosa hore na ke hobane’ng ha mohlolo oo ba o bonang o etsahala. Letšoele leo le amohela molaetsa hang-hang. Batho ba bacha ba likete baa kolobetsoa! (Lik. 2:41) Le hoja phutheho e hōla kapele, e lula e momahane. Mongoli oa Bibele Luka o re: “Letšoele la ba neng ba lumetse le ne le e-na le pelo e le ’ngoe le moea o le mong.”—Lik. 4:32.
Batho ba likete ba ileng ba kolobetsoa ka Pentekonta ea 33 C.E. ba ne ba batla ho lula Jerusalema nako e telele e le hore ba eketse tsebo ea bona ka tumelo ea bona e ncha. Empa ba ne ba tlile ba sa itokisetsa ho lula nako e telele. Kahoo, ho ile ha etsoa tokisetso ea nakoana ea hore ho bokelloe chelete. Balumeli ba bang ba ile ba ithaopela ho rekisa thepa ea bona ’me ba tlisa chelete eo ba e fumaneng ho baapostola hore ba e abele ba hlokang. (Lik. 2:42-47) Ruri ona e ne e le moea o motle haholo oa ho bontša lerato le ho fana!
Kamehla Bakreste ba ’nete ba ’nile ba e-ba le moea o joalo o bontšang lerato le ho fana. Kajeno, phutheho ea Bokreste e ntse e tsoela pele ho sebeletsa Jehova e momahane ka “pelo e le ’ngoe le moea o le mong.” Bakreste ka bomong ba fana ka nako, matla a bona le chelete ka seatla se bulehileng e le hore ho boleloe litaba tse molemo le ho ntšetsa pele litaba tse amanang le ’Muso oa Molimo.—Sheba lebokosele nang le sehlooho se reng “Litsela Tseo ba Bang ba Khethang ho Fana ka Tsona.”
[Lebokose le leqepheng la 6, 7]
LITSELA TSEO BA BANG BA KHETHANG HO FANA KA TSONA
MENEHELO BAKENG SA MOSEBETSI OA LEFATŠE LOHLE
Ba bangata ba behella ka thōko, kapa ba lekanyetsa esale pele chelete eo ba e tšelang mabokoseng a monehelo a ngotsoeng “Mosebetsi oa Lefatše Lohle.”
Khoeli le khoeli, liphutheho li romela chelete ena ofising ea Lipaki Tsa Jehova e sebeletsang linaha tsa habo tsona. Menehelo ea boithatelo ea chelete le eona e ka romeloa ka ho toba ho Watch Tower Bible and Tract Society of South Africa, Attention: Accounting Office, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e sebeletsang naha ea heno. Licheke tse romeloang atereseng e ka holimo li lokela ho ngoloa hore li lefuoe “Watch Tower Society.” Re kōpa u ikopanye le ofisi ea lekala haeba u batla ho fana ka monehelo oa mabenyane le lintho tse ling tsa bohlokoa. Ka mor’a moo, ho ka ngoloa lengolo le lekhutšoanyane le tsamaeang le thepa eo le bolelang hore lintho tseo ke mpho.
HO FANA HO RERILOENG
Ho phaella limphong tsa chelete, ho na le mekhoa e meng ea ho fana e ka thusang mosebetsing oa ’Muso o etsoang lefatšeng lohle. Eona e akarelletsa:
Inshorense: Watch Tower Bible and Tract Society of South Africa e ka ngolisoa e le mojalefa oa inshorense ea bophelo kapa ea tokisetso ea ho tlohela mosebetsi/ea penshene.
Li-stock le Li-bond: Ho ka ’na ha nehelanoa ka li-stock le li-bond ho Watch Tower Bible and Tract Society of South Africa e le mpho.
Setša se Nang le Mehaho: Ho ka ’na ha nehelanoa ka setša se nang le mehaho se ka rekisoang, ebang ke ka ho fana ka sona, kapa haeba e le setša sa bolulo, ka ho lokisetsa hore mong’a sona a tsoele pele a lula ho sona ha a sa ntse a phela. Ikopanye le ofisi ea lekala naheng ea heno pele u ngolisa setša leha e le sefe se nang le mohaho.
Mangolo a Kabo ea Lefa: Thepa kapa chelete e ka ’na ea fuoa Watch Tower Bible and Tract Society of South Africa e le lefa ka ho e ngolisa ka molao lengolong la kabo ea lefa.
Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, u ka ikopanya le Accounting Office, ka ho ngolla atereseng e bontšitsoeng ka tlaase mona, kapa ka ho letsetsa nomorong e ka tlaase, kapa u ka ikopanya le ofisi ea lekala e sebeletsang naha ea heno.
Accounting Office
Watch Tower Bible and Tract Society of South Africa
Private Bag X2067
Krugersdorp
1740
South Africa
Thelefono: 011 761 1000