“Tlhohonolofatso ea Jehova—Ea Ruisa”
KAOFELA ha rōna re batla ho hlohonolofatsoa. The American Heritage College Dictionary e re litlhohonolofatso li tlatsetsa “thabong, katlehong, kapa naleng.” Kaha Jehova ke Mofani oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng,” tlhohonolofatso e ’ngoe le e ’ngoe ea sebele le ea ka ho sa feleng e tsoa ho ’Mōpi oa rōna ea lerato. (Jakobo 1:17) O tšollela batho bohle litlhohonolofatso, esita le ba sa mo tsebeng. Jesu o ile a re ka Ntate oa hae: “O chabisetsa batho ba khopo le ba molemo letsatsi la hae ’me o nesetsa batho ba lokileng le ba sa lokang pula.” (Matheu 5:45) Leha ho le joalo, Jehova o bontša kameho e khethehileng ka ba mo ratang.—Deuteronoma 28:1-14; Jobo 1:1; 42:12.
Mopesaleme o ile a ngola: “Jehova a ke ke a hanela ba tsamaeang ka ho hloka molato ka ntho leha e le efe e ntle.” (Pesaleme ea 84:11) E, ba sebeletsang Jehova ba phela bophelo bo enneng bo nang le morero. Baa tseba hore “tlhohonolofatso ea Jehova—ea ruisa, ’me ha a e phaelle ka bohloko.” Bibele e boetse e re: “Bao [Jehova] a ntseng a ba hlohonolofatsa ba tla rua lefatše.” (Liproverbia 10:22; Pesaleme ea 37:22, 29) Seo e tla ba tlhohonolofatso e kaakang!
Re ka amohela tlhohonolofatso ea Jehova joang? Har’a tse ling, ho hlokahala hore re hlaolele litšoaneleho tse mo thabisang. (Deuteronoma 30:16, 19, 20; Mikea 6:8) Re lemoha sena mohlaleng oa bahlanka ba bararo ba Jehova ba mehleng ea boholo-holo.
Jehova o Hlohonolofatsa Bahlanka ba Hae
Noe e ne e le mohlanka ea hlaheletseng oa Molimo. Ho Genese 6:8, rea bala: “Noe a fumana kamohelo mahlong a Jehova.” Hobane’ng? Hobane Noe o ne a utloa. Tlaleho e re: “Noe o ne a tsamaea le Molimo oa ’nete.” Noe o ne a boloka melao-motheo ea Jehova e lokileng ’me a utloa litaelo tsa hae. Ka nako ea ha lefatše le ne le tetebetse pefong le litšileng, Noe o ile a susumelletseha ho “etsa ho ea ka sohle seo Molimo a mo laetseng sona. A fela a etsa joalo.” (Genese 6:9, 22) Ka lebaka leo, Jehova o ile a mo laela hore a hahe “areka bakeng sa ho pholosa ba ntlo ea [Noe].” (Baheberu 11:7) Ka tsela ena, Noe le lelapa la hae—le moloko oa batho o tsoileng ho bona—ba ile ba pholoha ha moloko oo o timetsoa. Noe o ile a shoa a e-na le tšepo ea hore o tla tsosoa bafung a lebeletse ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. O ile a amohela litlhohonolofatso tse enneng hakaakang!
Abrahama le eena o ne a e-na le litšoaneleho tse thabisang Jehova. E hlaheletseng ho tsona ke tumelo. (Baheberu 11:8-10) Abrahama o ile a siea bophelo bo mabothobotho Ure le Harane hamorao, ka lebaka la hore o ne a e-na le tumelo tšepisong ea Jehova ea hore peō ea hae e ne e tla ngatafala ’me e fetohe tlhohonolofatso bakeng sa lichaba tsohle. (Genese 12:2, 3) Ho sa tsotellehe ho lekoa ka lilemo tse ngata, tumelo ea hae e ile ea putsoa ha mora oa hae, Isaka, a tsoaloa. Ka eena, Abrahama o ile a fetoha moholo-holo oa sechaba se khethiloeng sa Molimo, sa Iseraele, ’me qetellong a fetoha moholo-holo oa Mesia. (Baroma 4:19-21) Ho feta moo, ke “ntat’a bohle ba nang le tumelo,” ’me o ile a bitsoa “motsoalle oa Jehova.” (Baroma 4:11; Jakobo 2:23; Bagalata 3:7, 29) O ile a phela bophelo bo nang le morero hakaakang, ’me o ile a hlohonolofatsoa ka ho enneng hakaakang!
Nahana hape ka monna ea tšepahalang, e leng Moshe. E ’ngoe ea litšoaneleho tsa hae tse hlaheletseng ke kananelo ea hae bakeng sa lintho tsa moea. Moshe o ile a furalla maruo ’ohle a Egepeta ’me “a tsoela pele a tiile joalokaha eka o bona Ea sa bonahaleng.” (Baheberu 11:27) Ka mor’a lilemo tse 40 a le Midiane, o ile a khutlela Egepeta e le monna-moholo ’me a tobana ka sebete le Faro, morena ea neng a le matla ka ho fetisisa mehleng eo, a kōpa hore barab’abo ba lokolloe. (Exoda 7:1-7) O ile a bona likotlo tse leshome, ho aroha ha Leoatle le Lefubelu le ho timetsoa ha mabotho a Faro. Jehova o ile a mo sebelisa hore a fe Baiseraele Molao le hore e be mokena-lipakeng oa selekane sa Hae le sechaba seo se secha. Ka lilemo tse 40, Moshe o ile a etella pele sechaba sa Iseraele lefeelleng. Bophelo ba hae bo ne bo e-na le morero oa sebele, ’me o ile a fumana litlhohonolofatso tse enneng ka ho hlollang tsa tšebeletso.
Litlhohonolofatso Tsa Kajeno
Litlaleho tsena li bontša hore ka sebele bophelo ba ba sebeletsang Molimo bo na le morero. Ha batho ba Jehova ba hlaolela litšoaneleho tse kang kutlo, tumelo le kananelo bakeng sa lintho tsa moea, ba hlohonolofatsoa ka ho enneng.
Re hlohonolofatsoa joang? Le hoja ba limilione Bokreste-’mōtoaneng ba lapile moeeng, re ka ‘tlala thabo ka lebaka la molemo oa Jehova.’ (Jeremia 31:12) Ka Jesu Kreste le “lekhoba le tšepahalang le le masene,” Jehova o fane ka lijo tse ngata tsa moea tse re thusang hore re lule “tseleng e isang bophelong.” (Matheu 7:13, 14; 24:45; Johanne 17:3) Ho ba hammoho le mokhatlo oa rōna oa Bokreste oa bara ba motho ke tlhohonolofatso e ’ngoe e enneng. Libokeng le liketsahalong tse ling, ho ba le barapeli-’moho le rōna ba bontšang lerato le ba ikemiselitseng ka tieo ho apara “botho bo bocha” ke mohloli oa thabo e khōlō. (Bakolose 3:8-10; Pesaleme ea 133:1) Leha ho le joalo, tlhohonolofatso ea rōna e khōlō ka ho fetisisa ke tokelo ea bohlokoa ea ho ba le kamano ea botho le Jehova Molimo le ea ho latela mehatong ea Mora oa hae, Kreste Jesu.—Baroma 5:1, 8; Bafilipi 3:8.
Ha re nahana ka litlhohonolofatso tse joalo, re hlokomela kamoo tšebeletso ea rōna ho Molimo e hlileng e leng ea bohlokoa kateng. Mohlomong re nahana ka papiso ea Jesu ea mohoebi ea tsamaeang ea neng a batla liperela tse ntle. Mabapi le monna enoa, Jesu o ile a re: “Ha a fumana perela e le ’ngoe e theko e phahameng, a tloha ’me ka potlako a rekisa lintho tsohle tseo a neng a e-na le tsona ’me a e reka.” (Matheu 13:46) Ka sebele ke kamoo re ikutloang kateng ka kamano ea rōna le Molimo, tokelo eo re nang le eona ea ho mo sebeletsa, botsoalle ba rōna ba Bokreste, tšepo ea rōna ea Bokreste le litlhohonolofatso tse ling tsohle tse amanang le tumelo ea rōna. Ha ho letho le bohlokoa bophelong ba rōna ho feta lintho tsena.
Buseletsa Jehova
Kaha rea hlokomela hore Jehova ke Mofani oa mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo, lipelo tsa rōna li susumetsoa hore li bontše kananelo bakeng sa litlhohonolofatso tseo re li amohelang. Re ka etsa seo joang? Tsela e ’ngoe ke ka ho thusa ba bang hore ba fumane litlhohonolofatso tse tšoanang. (Matheu 28:19) Linaheng tse fetang 230, Lipaki tsa Jehova li tšoarehile ka ho etela baahelani ba tsona bakeng sa hore li etse sona sena. Ha li ntse li etsa sena, li sebelisa matlotlo a tsona a fokolang—nako, matla le lintho tse bonahalang—bakeng sa ho thusa ba bang hore “ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.”—1 Timothea 2:4.
Nahana ka bo-pula-maliboho ba lulang Glendale, California, U.S.A. Hoseng ho hong le ho hong ka Moqebelo, ba tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 100 ho ea le ho khutla, bakeng sa ho etela chankaneng e khōlō. Le hoja ba qeta lihora tse seng kae feela ketelong ka ’ngoe ha ba etetse batšoaruoa, ha ba nyahame. E mong oa bona o re: “Ho putsa haholo ho sebeletsa tšimong ena e sa tloaelehang. Re ho etsa ka thabo e khōlō. Re na le batšoaruoa ba bangata haholo ba thahasellang hoo ho leng thata ho ba bona kaofela. Hona joale re ithuta le batho ba bahlano, ’me ba bang ba bane ba kōpile thuto ea Bibele.”
E le hore ba etse mosebetsi ona o pholosang bophelo, basebeletsi ba chesehang ba Bakreste ba thabela ho sebeletsa ba bang ntle ho tefo. Ba bonahatsa boikutlo ba Jesu, ea ileng a re: “Le amohetse ntle ho tefo, le fane ntle ho tefo.” (Matheu 10:8) Ba limilione lefatšeng ka bophara ba kopanetse mosebetsing o tšoanang oa boitelo, ’me ka lebaka leo, matšoele a batho ba tšepahalang aa arabela ’me a fetoha barutuoa. Lilemong tse hlano feela tse fetileng, ba ka bang limilione tse 1,7 ba nehetse bophelo ba bona ho Jehova. Ho hlokomela litlhoko tsa keketseho ena e ntseng e tsoela pele ho hloka hore ho hlahisoe Libibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng esita le hore ho hahoe Liholo tse ncha tsa ’Muso le libaka tse ling tsa liboka. Chelete ea ho finyella litlhoko tsee e tsoa hokae? Kaofela e tsoa menehelong ea boithaopo.
Ka lebaka la bofutsana bo teng likarolong tse ling tsa lefatše, ba bangata ba hula ka thata bakeng sa ho fumanela malapa a bona lintho tse pala tse hlokahalang bophelong. Ho latela makasine ea New Scientist, batho ba limilione tse sekete ba sebelisa bonyane karolo ea 70 lekholong ea moputso oa malapa a bona bakeng sa lijo. Bara le barali babo rōna ba bangata ba Bakreste ba boemong bona. Ho hang ba ke ke ba khona ho ba le lintho tse kang lingoliloeng tsa Bokreste kapa Liholo tse loketseng tsa ’Muso, ntle ho thuso e tsoang ho balumeli-’moho le bona.
Ho hlakile hore sena ha se bolele hore ba joalo ba khotsofaletse hore ba bang ba ba jarele mojaro oa bona. Empa ba hloka thuso. Ha Moshe a ne a khothalletsa Baiseraele hore ba etse hore menehelo ea lintho tse bonahalang e be tsela ea ho leboha Jehova bakeng sa litlhohonolofatso tsa hae, o ile a re: “Mpho ea letsoho la e mong le e mong e lokela ho lekana le tlhohonolofatso eo Jehova Molimo oa hao a u fileng eona.” (Deuteronoma 16:17) Kahoo, ha Jesu a bona mohlolohali a etsa monehelo oa “licheletana tse peli tsa tšepe tsa boleng bo bonyenyane haholo” ka tempeleng, o ile a mo babatsa ho barutuoa ba hae. O ile a etsa sohle seo a neng a ka khona ho se etsa. (Luka 21:2, 3) Ka ho tšoanang, Bakreste ba futsanehileng ba etsa sohle seo ba ka khonang ho se etsa. Haeba khaello e e-ba teng, e ka koaheloa ke menehelo e tsoang ho Bakreste-’moho ba sa futsanehang hakaalo.—2 Bakorinthe 8:13-15.
Ha re buseletsa Molimo ka litsela tse joalo, ke habohlokoa hore re be le sepheo se nepahetseng. (2 Bakorinthe 8:12) Pauluse o ile a re: “E mong le e mong a ke a etse feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae, eseng ka lekhonono kapa ka ho qobelloa, kaha Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.” (2 Bakorinthe 9:7) Ka ho fana ka bolokolohi ho tsoa pelong, re tšehetsa keketseho ea puso ea Molimo e etsahalang hona joale ’me re eketsa le thabo ea rōna.—Liketso 20:35.
Ho kopanela mosebetsing oa boboleli le ho fana ka menehelo ea boithaopo ke litsela tse peli tseo ka tsona re ka buseletsang Jehova bakeng sa litlhohonolofatso tseo a re fileng tsona. Ho khothatsa hakaakang ho tseba hore Jehova o lakatsa ho fana ka tlhohonolofatso ea hae ho batho ba bang ba bangata ba tšepahalang, bao hona joale e ka ’nang eaba ha ba mo tsebe! (2 Petrose 3:9) Kahoo, a re tsoeleng pele ho sebelisa matlotlo a rōna tšebeletsong ea Molimo e le hore re ka fumana ba tšepahalang ’me re ba thuse hore ba hlaolele litšoaneleho tse kang kutlo, tumelo le kananelo. Ka tsela eo, re tla fumana thabo ea ho ba thusa hore ba ‘latsoe ’me ba bone hore Jehova o molemo.’—Pesaleme ea 34:8.
[Lebokose le leqepheng la 28, 29]
Litsela Tseo ba Bang ba Khethang ho Fana ka Tsona Menehelo Bakeng
SA MOSEBETSI OA LEFATŠE LOHLE
Ba bangata ba behella ka thōko, kapa ba lekanyetsa esale pele chelete eo ba e kenyang mabokoseng a monehelo a ngotsoeng “Menehelo Bakeng sa Mosebetsi oa Lefatše Lohle—Matheu 24:14.”
Khoeli ka ’ngoe liphutheho li romela chelete ena ntlo-khōlō ea Lipaki tsa Jehova e Brooklyn, New York, kapa ofising ea lekala ea sebaka seo. Menehelo ea boithatelo ea chelete le eona e ka romeloa ka ho toba ho Accounting Office, Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa ofising ea lekala e sebeletsang naha ea heno. Mabenyane le lintho tse ling tsa bohlokoa le tsona ho ka nehelanoa ka tsona. Lengolo le lekhutšoanyane le bolelang hore lintho tse joalo ke mpho e tobileng le lokela ho tsamaea le menehelo ena.
TOKISETSO EA MENEHELO E FANOANG TLAS’A MAEMO A ITSENG
Chelete e ka ’na ea fanoa ka tokisetso e khethehileng ea hore, haeba ho hlaha se etsang hore ea faneng ka eona a e hloke, chelete eo e tla khutlisetsoa ho eena. Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, ka kōpo ikopanye le Accounting Office ea lekala la sebaka seo.
HO FANA HO RERILOENG
Ho ekelletsa limphong tse tobileng tsa chelete le menehelong ea chelete e fanoang tlas’a maemo a itseng, ho na le mekhoa e meng ea ho fana e ka bang molemo mosebetsing oa ’Muso lefatšeng lohle. Ena e akarelletsa:
Inshorense: Mokhatlo oa Watch Tower o ka ngolisoa e le mojalefa oa inshorense ea bophelo kapa oa tokisetso ea ho tlohela mosebetsi/ea penshene.
Li-stock le Li-bond: Li-stock le li-bond li ka ’na tsa fuoa Mokhatlo oa Watch Tower e le mpho e tobileng.
Litša le Mehaho: Litša le mehaho tse ka rekisoang li ka ’na tsa fuoa Mokhatlo oa Watch Tower ebang ke ka ho li etsa mpho e tobileng kapa ho li boloka ho mong’a tsona, ea ka tsoelang pele a lula ho tsona ha a sa ntse a phela. Ikopanye le ofisi ea lekala naheng ea heno pele u ngolisa setša sefe kapa sefe le mohaho.
Mangolo a Kabo ea Lefa: Thepa kapa chelete e ka ’na ea fuoa Mokhatlo oa Watch Tower e le lefa ka lengolo la kabo ea lefa le entsoeng ka molao.
Haeba u e-na le thahasello tokisetsong leha e le efe ea ho fana hona ho reriloeng, u lokela ho ikopanya le Accounting Office, ka lengolo kapa ka thelefono, atereseng e bontšitsoeng mona ka tlaase kapa ofising ea Mokhatlo e sebeletsang naha ea heno.
ACCOUNTING OFFICE
Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
Private Bag X2067,
Krugersdorp, 1740, South Africa
Thelefono: (011) 761 1000