Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w09 12/1 leq. 8
  • “Nako e Behiloeng” e Haufi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Nako e Behiloeng” e Haufi
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U Tla Ela Temoso ea Molimo Hloko?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Na re Phela “Matsatsing a ho Qetela”?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • ’Muso oa Molimo Ke’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
  • Na Kannete re Phela “Matsatsing a ho Qetela?”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
w09 12/1 leq. 8

“Nako e Behiloeng” e Haufi

JOALOKA moprofeta Habakuke, barutuoa ba Jesu le bona ba ne ba labalabela ho bona ha mahlomola a fela. Ha ba se ba ithutile hore ’Muso oa Molimo o tla rarolla mathata a teng lefatšeng, ba ile ba botsa Jesu: “Lintho tsee li tla etsahala neng, ’me pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao [ha u busa u le Morena] le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?” (Matheu 24:3) Ha Jesu a ba araba o ile a re Jehova Molimo ke eena feela ea tsebang nako e tobileng eo ka eona ’Muso oo o tla busa lefatše lohle. (Matheu 24:36; Mareka 13:32) Leha ho le joalo, Jesu hammoho le batho ba bang ba ile ba bolela esale pele hore na ho ne ho tla etsahala eng lefatšeng e tla bontša hore nako eo e haufi.—Sheba lebokose le ka ho le letona.

Na lintho tsee ha lia ata kajeno? Jesu o ile a boela a bolela esale pele hore ho ne ho tla etsoa mosebetsi oa ho ruta batho lefatšeng lohle. O ile a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”—Matheu 24:14.

Ke sona hantle se etsahalang kajeno. Lipaki Tsa Jehova li etsa mosebetsi oo. Linaheng tse ka bang 236, Lipaki tse fetang limilione tse supileng li bolella batho hore na ’Muso oo o tla etsa eng, li bile li ba thusa hore ba phele ka tsela e lumellanang le se lokileng seo Molimo a se hlokang, etsoe ke takatso ea hae ho felisa mahlomola le bohloko bohle. U se ke ua khaotsa ho ithuta ka ’Muso oa Molimo ’me u tla ba le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le se nang mahlomola.

[Lebokose le leqepheng la 8]8]

Mangolo a Bontšang Hore re Matsatsing a ho Qetela

MATHEU 24:6, 7; TŠENOLO 6:4

• Lintoa tseo ho seng tse kileng tsa tšoana le tsona

MATHEU 24:7; MAREKA 13:8

• Litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše

• Khaello ea lijo

LUKA 21:11; TŠENOLO 6:8

• Mafu a seoa

MATHEU 24:12

• Ho eketseha ha tlōlo ea molao

• Lerato le tla fola

TŠENOLO 11:18

• Ho senngoa ha lefatše

2 TIMOTHEA 3:2

• Lerato le tsoileng taolong la chelete

• Ho se mamele batsoali

• Ho ithata ho tlōla

2 TIMOTHEA 3:3

• Ho hloka lerato la tlhaho

• Batho ba sa bulehelang tumellano leha e le efe

• Ho hloka boitšoaro lichabeng ka kakaretso

• Ho ata ha batho ba sa rateng se molemo

2 TIMOTHEA 3:4

• Ho rata menate ho feta Molimo

2 TIMOTHEA 3:5

• Baikaketsi ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste

MATHEU 24:5, 11; MAREKA 13:6

• Ho ata ha baprofeta ba bohata

MATHEU 24:9; LUKA 21:12

• Ho hlorisoa ha Bakreste ba ’nete

MATHEU 24:39

• Batho ba sa tsotelleng temoso ea Bibele

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Lefatšeng lohle, Lipaki Tsa Jehova li ruta batho ka ’Muso oa Molimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela