Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w09 12/1 maq. 24-25
  • Jeremia ha aa ka a Tlohela Mosebetsi oa Hae

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jeremia ha aa ka a Tlohela Mosebetsi oa Hae
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Letsatsi le Letsatsi Ua Botsa, “Jehova o Hokae?”
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
  • Jeremia ha aa ka a Tlohela ho Bua ka Jehova
    Ruta Bana ba Hao
  • Le be Sebete Joaloka Jeremia
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Jehova o Roma Jeremia ho ea Bolela Molaetsa oa Hae
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
w09 12/1 maq. 24-25

Ruta Bana ba Hao

Jeremia ha aa ka a Tlohela Mosebetsi oa Hae

NA HO na le linako tseo u eeng u nyahame ebe u utloa eka ho molemo ho tlohela ntho eo u e etsang?—a Ba bangata ba ikutloa joalo. Jeremia e monyenyane o ile a ikutloa joalo. Leha ho le joalo, ha aa ka a lumella hore seo batho ba se bua kapa seo ba se etsang se etse hore a tlohele mosebetsi oa hae. A re ke re boneng hore na Jeremia e ne e le motho oa bohlokoa joang ho Molimo, le hoja le eena a ile a nahana hore ho molemo hore a tlohele mosebetsi oa hae.

Pele Jeremia a hlaha, Molimo oa ’nete, Jehova, o ile a mo khetha hore ebe moprofeta ea tla lemosa batho hore ba etsa lintho tse sa thabiseng Molimo. Na ua tseba hore na lilemo hamorao Jeremia o ile a re’ng ho Jehova?—  “Ha ke tsebe ho bua, etsoe ke sa le moshanyana.”

U nahana hore Jehova o ile a re’ng ha a araba Jeremia?—  Ka tsela e bonolo empa a tiile, o ile a re: “U se ke ua re, ‘Ke sa le moshanyana.’ Empa u lokela ho ea ho bohle bao ke tla u romela ho bona; ’me u lokela ho bua ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke tla u laela eona. U se ke ua [tšoha].” Hobane’ng? Jehova o ile a re: “Ke na le uena ho u lopolla.”—Jeremia 1:4-8.

Empa, joalokaha ho bontšitsoe pejana, hamorao Jeremia o ile a nyahama. O ile a nyahamisoa ke hobane o ne a sonngoa ka lebaka la ho sebeletsa Molimo. O ile a re: ‘Letsatsi lohle e mong le e mong oa ntšeha ’me ba nkentse sephoqo.’ Kahoo o ile a etsa qeto ea ho tlohela. O ile a re: “Nke ke ka bua ka [Jehova], ’me ha ke sa tla hlola ke bua ka lebitso la hae.” Empa na o ile a hla a tlohela?

Jeremia o ile a re: ‘Ka pelong ea ka lentsoe la Jehova la e-ba joaloka mollo o tukang o koaletsoeng masapong a ka, ka khathala ke ho le tiisetsa.’ (Jeremia 20:7-9) Le hoja ka linako tse ling Jeremia a ne a tšaba, kaha o ne a rata Jehova, ha aa ka a tlohela. A re ke re boneng hore na Jeremia o ile a sireletsoa joang ka lebaka la hore ha aa ka a tlohela.

Jehova o ile a bolella Jeremia hore a lemose batho hore Jerusalema e tla timetsoa haeba ba sa tlohele mekhoa ea bona e mebe. Ha Jeremia a lemosa batho, ba ile ba halefa eaba ba re: “Monna enoa o tšoaneloa ke kahlolo ea lefu.” Leha ho le joalo, Jeremia o ile a ba kōpa ka tieo hore ba “mamele lentsoe la Jehova.” Eaba o re: ‘Le mpe le tsebe hore, haeba le mpolaea, le bolaea motho ea senang molato etsoe Molimo o nthometse hore ke bue le lōna.’ Na ua tseba hore na joale ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo?—

Bibele e re: “Joale likhosana le batho bohle ba re ho baprista le baprofeta: ‘Motho enoa ha aa tšoaneloa ke kahlolo ea lefu, etsoe o buile le rōna ka lebitso la Jehova Molimo oa rōna.’” Kahoo, Jehova o ile a sireletsa Jeremia kaha ha aa ka a lumella tšabo hore e etse hore a tlohele. Joale a re ke re boneng hore na ho ile ha etsahala eng ka Uria, e leng moprofeta e mong oa Jehova ea ileng a etsa se fapaneng.

Bibele e re: ‘Uria o ile a profeta khahlanong le Jerusalema ka mantsoe a tšoanang le a Jeremia.’ Empa na ua tseba hore na Uria o ile a etsa’ng ha Morena Jojakime a mo halefela?—  O ile a tšoha eaba o tlohela ho etsa thato ea Molimo ’me a balehela Egepeta. Joale morena o ile a romela banna hore ba eo mo batla ’me ba mo khutlise. Ha ba mo fumane, na ua tseba hore na morena eo ea khopo o ile a etsa’ng?—  O ile a bolaea Uria ka sabole!—Jeremia 26:8-24.

U nahana hore ke hobane’ng ha Jehova a ile a sireletsa Jeremia eaba ha a sireletse Uria?—  E ka ’na eaba Jeremia le eena o ne a tšaba joaloka Uria, empa ha aa ka a tlohela ho sebeletsa Jehova eaba oa baleha. Ha aa ka a tlohela. U nahana hore re ka ithuta eng mohlaleng oo oa Jeremia?—  Re ka ithuta hore ka linako tse ling re ka utloa ho le thata ho etsa seo Molimo a re bolellang sona, empa re lokela ho mo tšepa kamehla re be re mo mamele.

a Haeba u bala sehlooho sena le bana, u lokela ho etsa khefu moo ho nang le motoa ’me u emele hore ba arabe.

Lipotso:

  • Molimo o ile a khethela Jeremia mosebetsi ofe?

  • Ke hobane’ng ha Jeremia a ile a utloa eka ho molemo hore a tlohele?

  • Ke hobane’ng ha Jeremia a ile a sireletsoa empa Uria eena a sa ka a sireletsoa?

  • U ithutile eng mohlaleng oa Jeremia?

[Setšoantšo se leqepheng la 25]
    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela