Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w09 12/15 maq. 20-24
  • Molimo o Pholosa Batho ka Mesia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo o Pholosa Batho ka Mesia
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Sephiri se Halalelang” sa Mesia se Senoloa Butle-butle
  • Lintho Tse Pakang Hore Jesu ke Mesia
  • Ho Mamela Mesia
  • Ke Hobane’ng ha Mesia a Ile a Lokela ho Shoa?
  • O Phetha Karolo ea Hae e le Mesia
  • Na U Fumane Mesia?
  • “Re Fumane Mesia”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • “Re Fumane Mesia”!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Ke Hobane’ng ha ba Ile ba Hana Mesia?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
w09 12/15 maq. 20-24

Molimo o Pholosa Batho ka Mesia

“Etsoe feela joalokaha ka Adama bohle ba shoa, kahoo hape bohle ba tla phelisoa ka Kreste.”—1 BAKOR. 15:22.

1, 2. (a) Andrease le Filipi ba ile ba etsa joang ha ba kopana le Jesu? (b) Ke hobane’ng ha re ka re re na le bopaki bo bongata bo bontšang hore Jesu ke Mesia ho feta Bakreste ba lekholong la pele la lilemo?

ANDREASE o ne a kholisehile hore Jesu oa Nazaretha e ne e le Motlotsuoa oa Molimo ha a ne a bolella Petrose mor’abo, a re: “Re fumane Mesia.” Filipi o ile a kholiseha ’me o ile a batla motsoalle oa hae Nathanaele, eaba o re ho eena: “Re fumane eo Moshe, Molaong, le Baprofeta ba ileng ba ngola ka eena, Jesu, mora oa Josefa, ea tsoang Nazaretha.”—Joh. 1:40, 41, 45.

2 Na u kholisehile hore Jesu ke Mesia ea tšepisitsoeng, ‘Moemeli oa Jehova ea ka Sehloohong oa poloko’? (Baheb. 2:10) Kajeno, re na le bopaki bo bongata ba hore ke Mesia ho feta boo balateli ba hae ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba e-na le bona. Ho tloha ha Jesu a ne a hlaha ho fihlela a tsosoa bafung, Lentsoe la Molimo le fana ka bopaki bo tletseng ba hore e ne e le Kreste. (Bala Johanne 20:30, 31.) Bibele e boetse e bontša hore Jesu o ne a tla tsoela pele ho phethahatsa karolo ea hae ea ho ba Mesia a le leholimong. (Joh. 6:40; bala 1 Bakorinthe 15:22.) Ka tsela ea tšoantšetso, le uena kajeno u ka re u “fumane Mesia.” Empa nahana pele ka hore na barutuoa bao ba pele ba ile ba fihlela qeto ea hore ba ne ba fumane Mesia joang.

“Sephiri se Halalelang” sa Mesia se Senoloa Butle-butle

3, 4. (a) Barutuoa ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba ka ‘fumana Mesia’ joang? (b) Ke hobane’ng ha u ka bolela hore ke Jesu feela ea neng a ka phethahatsa boprofeta bohle bo buang ka Mesia?

3 Ke hobane’ng ha balateli ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba ka tiisa hore e ne e le Mesia? Jehova o ile a sebelisa baprofeta hore butle-butle ba bolele matšoao a neng a tla khetholla Mesia ea neng a lebeletsoe. Setsebi se seng sa Bibele se tšoantšitse sena le ho kopanya seemahale se entsoeng ka likotoana tsa ’mabole. Nahana ka banna ba bangata bao ho seng mohla ba kileng ba buisana, bao e mong le e mong oa bona a tlang le sekoto sa ’mabole. Haeba likotoana tseo li kopana hantle ho etsa seemahale se feletseng, mohlomong u ne u tla fihlela qeto ea hore ho na le motho eo ka lenyele a ileng a etsa moralo oa hore na likotoana tseo li lokela ho kopanngoa joang eaba o romela monna e mong le e mong sekotoana sa hae. Joaloka sekotoana se seng le se seng sa seemahale seo, boprofeta bo bong le bong bo buang ka Mesia bo ne bo tla fana ka lintlha tsa bohlokoa mabapi le Mesia.

4 Joale, na ho ne ho ka khoneha hore boprofeta bohle bo buang ka Mesia bo phethahale ka mohlolo ho motho a le mong? Mofuputsi e mong o ile a bolela hore menyetla ea hore motho o ne a ka phethahatsa boprofeta bohle bo buang ka Mesia ka tsietsi, “e fokola hoo” ho ka nkoang hore ho hang ke ntho e ke keng ea etsahala. ‘Jesu ke eena feela historing eohle ea ileng a bo phethahatsa.’

5, 6. (a) Satane o tla ahloloa joang? (b) Molimo o ile a senola leloko la “peō” e tšepisitsoeng joang butle-butle?

5 Boprofeta bo buang ka Mesia bo shebane haholo-holo le “sephiri se halalelang” le likarolo tse ngata tseo e leng tsa bohlokoa leholimong le lefatšeng. (Bakol. 1:26, 27; Gen. 3:15) Sephiri seo se ne se akarelletsa kahlolo ea Satane Diabolose, e leng “noha ea pele,” e kentseng batho sebeng le lefung. (Tšen. 12:9) Kahlolo eo e ne e tla phethahatsoa joang? Jehova o ile a bolela esale pele hore “peō” e neng e tla hlahisoa ke “mosali” e ne e tla khoba Satane hlooho. “Peō” eo ho builoeng ka eona esale pele e ne e tla khoba noha hlooho, ebe e felisa sesosa sa bofetoheli, ho kula le lefu. Leha ho le joalo, Molimo o ne a tla lumella Satane hore ka tsela ea tšoantšetso, a ntše “peō” ea mosali leqeba seretheng pele.

6 Butle-butle, Jehova o ’nile a senola hore na “peō” e tšepisitsoeng e ne e tla ba mang. Molimo o ile a hlapanyetsa Abrahama a re: “Ka sebele lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa ka peō ea hao.” (Gen. 22:18) Moshe o ile a profeta hore Enoa e ne e tla ba “moprofeta” e moholo ho Moshe. (Deut. 18:18, 19) Davida o ile a tiisetsoa hore Mesia e ne e tla ba oa leloko la hae le hore e ne e tla ba mojalefa oa ka ho sa feleng oa terone ea Davida ’me hamorao baprofeta ba ile ba tiisa seo.—2 Sam. 7:12, 16; Jer. 23:5, 6.

Lintho Tse Pakang Hore Jesu ke Mesia

7. Ke ka tsela efe ho ka thoe’ng Jesu o tlile a e-tsoa ho “mosali” oa Molimo?

7 Molimo o ile a romela Mora oa hae, e leng pōpo ea hae ea pele, a tsoa mokhatlong oa Hae o kang mosali oa libōpuoa tsa moea tse leholimong, hore e tl’o ba “peō” e tšepisitsoeng. Ho ile ha hlokahala hore Mora oa Molimo ea tsoetsoeng a ’notši ‘a ikhokhothe’ bophelo ba hae ba leholimong ebe o tsoaloa e le motho ea phethahetseng. (Bafil. 2:5-7; Joh. 1:14) Ho ‘koaheloa’ ha Maria ke moea o halalelang ho ile ha tiisa hore se neng se tla tsoaloa se ne se tla “bitsoa se halalelang, Mor’a Molimo.”—Luka 1:35.

8. Jesu o ile a phethahatsa boprofeta bo buang ka Mesia joang ha a ne a itlhahisa hore a kolobetsoe metsing?

8 Boprofeta bo buang ka Mesia bo ile ba bontša hore na Jesu o ne a tla hlahela hokae le hore na o ne a tla hlaha neng. Jesu o ile a hlahela Bethlehema joalokaha ho ne ho boletsoe esale pele. (Mik. 5:2) Lekholong la pele la lilemo, Bajuda ba ne ba lebeletse Mesia ka tjantjello. Kaha ba ne ba lebeletse hore a hlahe, ba bang ba ile ba botsa tjena ka Johanne Mokolobetsi: “Na ekaba mohlomong ke eena Kreste?” Empa Johanne o ile a araba a re: “Ea matla ho mpheta oa tla.” (Luka 3:15, 16) Ha Jesu a ne a le lilemo li 30 ’me a tla ho Johanne ka hoetla selemong sa 29 C.E. hore a mo kolobetse, o ile a itlhahisa ka nako e nepahetseng hore ke Mesia. (Dan. 9:25) Ka mor’a moo, o ile a qala tšebeletso ea hae ea boboleli eo ho eona ho etsahetseng lintho tse ngata ’me o ile a re: “Nako e behiloeng e phethehile, ’me ’muso oa Molimo o atametse.”—Mar. 1:14, 15.

9. Le hoja barutuoa ba Jesu ba ne ba sa tsebe lintho kaofela, ba ne ba kholisehile ka eng?

9 Leha ho le joalo, maikutlo ao batho ba neng ba e-na le ’ona mabapi le lintho tseo ba neng ba li lebeletse a ne a lokela ho lokisoa. Ho loketse hore ebe Jesu o ile a tlotlisoa joaloka Morena, empa e ne e le hona batho ba tla utloisisa ka botlalo hore puso ea hae e ne e le hona e tla tla le hore o ne a tla busa a le leholimong. (Joh. 12:12-16; 16:12, 13; Lik. 2:32-36) Leha ho le joalo, ha Jesu a ne a botsa hore na “Lōna le re ke mang?” Petrose o ile a araba a sa qeaqee a re: “U Kreste, Mora oa Molimo ea phelang.” (Mat. 16:13-16) Petrose o ile a araba ka tsela e tšoanang ha batho ba bangata ba ne ba khaotsa ho latela Jesu hobane ba ne ba khopisitsoe ke thuto e itseng.—Bala Johanne 6:68, 69.

Ho Mamela Mesia

10. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a hatisa hore ke habohlokoa hore batho ba mamele Mora oa hae?

10 Ha Mora oa Molimo ea tsoetsoeng a ’notši a ne a le leholimong, e ne e le motho oa moea ea matla. Ha Jesu a ne a le lefatšeng, e ne e le “moemeli oa Ntate.” (Joh. 16:27, 28) O ile a re: “Seo ke se rutang hase sa ka, empa ke sa ea nthomileng.” (Joh. 7:16) Ha a ne a tiisa hore Jesu ke Mesia nakong eo Jesu a neng a fetoha sebōpeho, Jehova o ile a fana ka taelo ena: “Mo mameleng.” (Luka 9:35) Ka sebele, re lokela ho mamela Enoa ea Khethiloeng kapa re ikokobeletse eena. Seo se hloka hore motho a be le tumelo a be a etse mesebetsi e metle—e leng lintho tse hlokahalang haholo hore motho a thabise Molimo ’me a fumane bophelo bo sa feleng.—Joh. 3:16, 35, 36.

11, 12. (a) Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ha baa ka ba amohela hore Jesu ke Mesia ka mabaka afe? (b) Ke bo-mang ba ileng ba lumela ho Jesu?

11 Le hoja ho ne ho e-na le lintho tse ngata tse neng li paka hore Jesu e ne e le Mesia, boholo ba Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ha baa ka ba mo amohela. Hobane’ng? Hobane ba ne ba e-na le maikutlo a itseng ka Mesia, a akarelletsang hore e ne e tla ba mesia oa lipolotiki ea neng a tla ba lokolla khatellong ea Baroma. (Bala Johanne 12:34.) Kahoo, ba ne ba ke ke ba amohela Mesia ea neng a phethahatsa boprofeta bo bolelang hore o ne a tla nyelisoa, a qojoe ke batho, a rereloe bohloko le ho tloaelana le boloetse ’me qetellong a bolaoe. (Esa. 53:3, 5) Esita le ba bang ba barutuoa ba Jesu ba tšepahalang ba ile ba sareloa ha a ne a sa ba lokolle ka tsela ea lipolotiki. Leha ho le joalo, ba ile ba lula ba tšepahala, ’me ha nako e ntse e e-ea ba ile ba fuoa kutloisiso e nepahetseng.—Luka 24:21.

12 Lebaka le leng leo ka lona batho ba sa kang ba amohela hore Jesu e ne e le Mesia ea tšepisitsoeng, ke lithuto tsa hae tseo ba bangata ba ileng fumana ho le thata hore ba li amohele. Hore motho a kene ’Musong ho ne ho tla hlokahala hore a “itatole,” ‘a je’ nama ea Jesu, a noe mali a hae, a “tsoaloe hape” ’me e se ke ea e-ba “karolo ea lefatše.” (Mar. 8:34; Joh. 3:3; 6:53; 17:14, 16) Batho ba ikhohomosang, ba ruileng le baikaketsi ba ile ba nka hore ho ne ho le thata haholo ho phetha lintho tseo. Leha ho le joalo, Bajuda ba ikokobelitseng hammoho le Basamaria ba ile ba amohela hore Jesu ke Mesia. Basamaria bao ba ile ba re: “Monna enoa kannete-nete ke mopholosi oa lefatše.”—Joh. 4:25, 26, 41, 42; 7:31.

13. Jesu o ile a tsoa leqeba seretheng joang ka tsela ea tšoantšetso?

13 Jesu o ile a bolela esale pele hore o ne a tla ahloloa ke baprista ba ka sehloohong a be a khokhotheloe ke Balichaba empa o ne a tla tsoha ka letsatsi la boraro. (Mat. 20:17-19) Ha a ne a tiisetsa Sanhedrine hore ke “Kreste Mor’a Molimo” ho ile ha boleloa hore oa nyefola. (Mat. 26:63-66) Pilato ha aa ka a fumana “letho le tšoaneloang ke lefu” ho eena, empa kaha Bajuda ba ne ba boetse ba mo qositse ka bofetoheli, Pilato o ile “a nehelana ka Jesu thatong ea bona.” (Luka 23:13-15, 25) Kahoo, ba ile ba “latola” “Moemeli ea ka Sehloohong oa bophelo” ba ba ba rera ho mo bolaea ho sa tsotellehe bopaki bo matla ba hore o ne a romiloe ke Molimo. (Lik. 3:13-15) Mesia o ile a “tlosoa” joalokaha ho ne ho profetiloe, a khokhotheloa thupeng ka Letsatsi la Paseka ea 33 C.E. (Dan. 9:26, 27; Lik. 2:22, 23) Ha a ne a e-shoa lefu lena le sehlōhō, o ile a tsoa leqeba ‘seretheng,’ le neng le profetiloe ho Genese 3:15.

Ke Hobane’ng ha Mesia a Ile a Lokela ho Shoa?

14, 15. (a) Jehova o ile a lumella Jesu hore a shoe ka mabaka afe a mabeli? (b) Jesu o ile a etsa eng ka mor’a hore a tsosoe?

14 Jehova o ile a lumella hore Jesu a shoe ka mabaka a mabeli a bohlokoa. La pele, taba ea hore Jesu o ile a tšepahala ho isa lefung e ile rarolla karolo ea bohlokoa ea “sephiri se halalelang.” O ile a paka ka ho phethahetseng hore motho ea tšepahalang a ka lula a bonahatsa ‘boinehelo ba bomolimo’ a ba a tšehetsa bobusi ba Molimo ho sa tsotellehe hore na o thulana le liteko tse matla hakae tse tsoang ho Satane. (1 Tim. 3:16) La bobeli, joalokaha Jesu a ile a bolela, ‘Mor’a motho o ile a tla ho tla fana ka moea oa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.’ (Mat. 20:28) “Thekollo [ena] e lekanang” e ile ea lefella kotlo ea sebe eo bana ba Adama ba neng ba e jele lefa ’me ea etsa hore ho khonehe hore bohle ba amohelang Jesu e le mokhoa oo Molimo a fanang ka pholoho ka oona, ba fumane bophelo bo sa feleng.—1 Tim. 2:5, 6.

15 Ka mor’a hore a qete matsatsi a mararo a le lebitleng, Kreste o ile a tsosoa ’me ka matsatsi a 40, o ile a itlhahisa ho barutuoa ba hae, e le ho tiisa hore oa phela le ho ba fa litaelo tse ling. (Lik. 1:3-5) Ka mor’a moo, o ile a nyolohela leholimong hore a hlahise ho Jehova molemo oa sehlabelo sa hae sa bohlokoa le hore a emele nako e behiloeng eo ho ba teng ha hae e le Morena eo e leng Mesia ho neng ho tla qala ka eona. Pele ho moo, o ne a e-na le mosebetsi o mongata oo a neng a lokela ho o etsa.

O Phetha Karolo ea Hae e le Mesia

16, 17. Bolela hore na Jesu o phetha karolo efe e le Mesia ka mor’a hore a nyolohele leholimong.

16 Ho theosa le makholo a lilemo ka mor’a hore a tsosoe, ka botšepehi Jesu o ’nile a tsamaisa mesebetsi ea phutheho ea Bokreste eo a ’nileng a e busa e le Morena. (Bakol. 1:13) Ka nako e behiloeng, o ne a tla qala ho sebelisa matla a hae e le Morena oa ’Muso oa Molimo. Boprofeta ba Bibele le liketsahalo tse ling tsa lefatše li tiisa hore o qalile ho busa e le Morena ka 1914, ’me “qetello ea tsamaiso ea lintho” le eona e qalile ka nako eo. (Mat. 24:3; Tšen. 11:15) Nakoana ka mor’a moo, o ile a etella pele mangeloi a halalelang ha ho ne ho lelekoa Satane le bademona ba hae leholimong.—Tšen. 12:7-10.

17 Mosebetsi oa boboleli le oa ho ruta oo Jesu a o qalileng ka 29 C.E., o haufi le ho fihla sehlohlolong. Haufinyane o tla ahlola batho bohle ba phelang. Joale, ho batho ba kang linku ba amohelang hore Jehova o pholosa batho ka eena, o tla re: “[Ruang] ’muso oo le o lokiselitsoeng ho tloha ho thehoeng ha lefatše.” (Mat. 25:31-34, 41) Ba hanang ho amohela hore Jesu ke Morena ba tla timetsoa ha a etella pele mabotho a leholimo hore a felise bobe bohle. Ka mor’a moo, Jesu o tla tlama Satane ebe o mo lihela le bademona ba hae ka “mohohlong.”—Tšen. 19:11-14; 20:1-3.

18, 19. Jesu o finyella eng ha a phethahatsa karolo ea hae e le Mesia, ’me seo se tlisetsa batho ba mamelang eng?

18 Nakong ea Puso ea hae ea Lilemo Tse Sekete, Jesu o tla phethahatsa ka botlalo se boleloang ke litlotla tsa hae tse kang “Moeletsi ea Hlollang, Molimo ea Matla, Ntate oa ka ho sa Feleng, Khosana ea Khotso.” (Esa. 9:6, 7) ’Muso oa hae o tla etsa hore batho ba phethahale, ho akarelletsa le bafu bao a tla ba tsosa. (Joh. 5:26-29) Mesia o tla isa batho ba ikemiselitseng “lilibeng tsa metsi a bophelo,” a thuse batho ba mamelang hore ba be le khotso le Jehova. (Bala Tšenolo 7:16, 17.) Ka mor’a teko ea ho qetela, marabele ’ohle, ho akarelletsa Satane le bademona ba hae, a tla “liheloa ka letšeng la mollo le sebabole,” ’me hlooho ea “noha” e tla silakanngoa ho fihlela e e-shoa.—Tšen. 20:10.

19 Ruri Jesu o phethahatsa karolo ea hae e le Mesia ka tsela e babatsehang haholo le e se nang sekoli! Lefatše la paradeise le tla tlala batho ba lopolotsoeng, ba tla phela ka ho sa feleng ba sa kule ho hang ba bile ba thabile. Lebitso la Jehova le halalelang le tla be le hlakotsoe nyeliso eohle ’me ho tla be ho tlositsoe qoso tokelong ea hae ea ho busa leholimong le lefatšeng. Ruri bohle ba mamelang Motlotsuoa oa Molimo ba tla fumana lefa le babatsehang haholo!

Na U Fumane Mesia?

20, 21. Ke mabaka afe ao u nang le ’ona a hore u bolelle batho ka Mesia?

20 Ho tloha ka 1914 re phetse nakong ea ho ba teng kapa ea pa·rou·siʹa ea Kreste. Le hoja ho ba teng ha hae e le Morena oa ’Muso oa Molimo ho sa bonahale, ho phethahala ha boprofeta ho etsa hore ho totobale. (Tšen. 6:2-8) Leha ho le joalo, feela joaloka Bajuda ba lekholong la pele la lilemo, batho ba bangata kajeno ba iphapanyetsa bopaki ba ho ba teng ha Mesia. Le bona ba batla mesia oa lipolotiki kapa ea tla sebelisa babusi ba lipolotiki ba batho. Leha ho le joalo, uena ua tseba hore hona joale Jesu oa busa e le Morena oa ’Muso oa Molimo. Na ha ua ka ua thabela ho tseba seo? Feela joaloka barutuoa ba lekholong la pele la lilemo, u ile ua susumelletseha hore u re: “Re fumane Mesia.”

21 Kajeno ha u bua le batho ka ’nete, na u totobatsa karolo eo Jesu a e phethang e le Mesia? Ha u etsa joalo, seo se tla matlafatsa kananelo ea hao ka seo a u etselitseng sona, seo a se etsang hona joale le seo e leng hona a tla se phetha. Joaloka Andrease le Filipi, ha ho pelaelo hore u se u buile le beng ka uena le metsoalle ka Mesia. E ka ba hantle hore u bue le bona u le mafolofolo le ho feta, ’me u ba bontše hore ka sebele Jesu Kreste ke Mesia ea tšepisitsoeng, ke tsela eo Molimo a tla lopolla batho ka eona.

Na U ka Hlalosa?

• Barutuoa ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba ka fumana Mesia joang?

• Jesu o ile a shoa ka lebaka la mabaka afe a mabeli?

• Ke sefe seo e leng hona Jesu a tla se etsa ho phethahatsa karolo ea hae e le Mesia?

[Litšoantšo tse leqepheng la 21]

Lekholong la pele la lilemo batho ba ne ba ka tseba joang hore Jesu e ne e le Mesia ea tšepisitsoeng?

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Ha u bua le batho ba bang, na u totobatsa karolo eo Jesu a e phethang e le Mesia?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela