Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 10/1 maq. 9-14
  • “Re Fumane Mesia”!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Re Fumane Mesia”!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Leloko la Jesu
  • Boprofeta bo Amang Messia
  • Ho Tla ha Hae ho Ile ha Profetoa
  • O Tsebahatsoa ho Tsoa Holimo
  • Ke Hobane’ng ha Bajode ba sa ka ba Amohela Jesu?
  • Lebaka Leo ho Ileng ha Hlokahala Hore Messia a Shoe ka Lona
  • “Re Fumane Mesia”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Molimo o Pholosa Batho ka Mesia
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Jesu Kreste—Senotlolo sa Tsebo ea Molimo
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Ba ne ba Lebeletse Mesia
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 10/1 maq. 9-14

“Re Fumane Mesia”!

“Andrease a qala ka ho batla ngoan’abo, Simone, a re ho eena: “Re fumane Mesia,” ke ho re: Kreste.”—JOHANNE 1:41, BPN.

1. Johanne Mokolobetsi o ile a paka eng ka Jesu oa Nazaretha, ’me Andrease o ile a etsa qeto efe ka eena?

ANDREASE o ile a shebela monna oa Mojode ea bitsoang Jesu oa Nazaretha haufi ka nako e telele. Jesu o ne a sa shebahale joaloka morena, kapa motho ea bohlale, kapa rabbi. O ne a se na liaparo tse ntle tsa borena, a se na moriri o moputsoa, kapa matsoho a bonolo le letlalo le khanyang la sefahleho. Jesu o ne a le mocha—a ka ba lilemo tse 30—a na le matsoho a matsoabali le letlalo la sefahleho le chesitsoeng ke letsatsi le kang la motho ea etsang mosebetsi oa matsoho. Kahoo mohlomong Andrease ha aa ka a makala ha a utloa hore ke ’metli. Leha ho le joalo, Johanne Mokolobetsi o ile a re ka monna enoa: “Bonang Konyana ea Molimo.” Letsatsi pele ho moo, Johanne o ile a bua ntho e ’ngoe e neng e makatsa le ho feta: “Ke eena Mora oa Molimo.” Na see e ne e ka ba ’nete? Andrease o ile a qeta nako e itseng a mametse Jesu tsatsing leo. Ha re tsebe hore na Jesu o ile a re’ng; seo re se tsebang ke hore mantsoe a hae a ile a fetola bophelo ba Andrease. O ile a potlakela ho ea batla ngoan’abo, Simone, ’me a re, “Re fumane Mesia”!—Johanne 1:34-41, BPN.

2. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho hlahloba bopaki ba hore na ebe Jesu ke Messia ea tšepisitsoeng kapa che?

2 Andrease le Simone (eo Jesu a ileng a boela a mo reha lebitso la Petrose) hamorao ba ile ba fetoha baapostola ba Jesu. Ka mor’a lilemo tse peli e le morutuoa oa hae, Petrose o ile a re ho Jesu: “U Kreste [Messia], Mor’a Molimo o phelang.” (Mattheu 16:16) Qetellong baapostola ba tšepahalang le barutuoa ba ile ba ipaka hore ba ikemiselitse ho shoela tumelo eo. Kajeno, batho ba tiileng ba limillione ba inehetse ka mokhoa o tšoanang. Empa e le motheong oa bopaki bofe? Ha e le hantle bopaki bo etsa phapang pakeng tsa tumelo le ho lumela ntho ka ntle ho mabaka. (Bona Ba-Heberu 11:1.) Kahoo a re ke re nahaneng ka lintlha tse tharo tse tloaelehileng tsa bopaki bo tiisang hore ka sebele Jesu e ne e le Messia.

Leloko la Jesu

3. Likosepele tsa Mattheu le Luka li qaqisa eng ka leloko la Jesu?

3 Leloko la Jesu ke bopaki ba pele boo Mangolo a Bakreste a Segerike a fanang ka bona ho tšehetsa taba ea hore ke Messia. Bibele e ile ea bolela esale pele hore Messia o ne a tla hlaha lelokong la Morena Davida. (Pesaleme ea 132:11, 12; Esaia 11:1, 10) Kosepele ea Mattheu e qala ka ho re: “Buka ea histori ea Jesu Kreste, mora oa Davida, mora oa Abrahama.” Mattheu o tšehetsa polelo ena e etsoang ka kholiseho ka ho lokolisa leloko la Jesu ka ntate oa hae oa moholisi, Josefa. (Mattheu 1:1-16, NW) Kosepele ea Luka e lokolisa leloko la Jesu ka ’mè oa hae, Maria, e le lata morao ho tloha ho Davida le Abrahama ho ea fihla ho Adama. (Luka 3:23-38)a Ka hona bangoli ba Kosepele ba tšehetsa ka botlalo seo ba se bolelang hore Jesu e ne e le mojalefa oa Davida, ka kutloisiso ea molao le ea tlhaho.

4, 5. (a) Na bahanyetsi ba Jesu ba ile ba belaella hore ke oa leloko la Davida, hona ke hobane’ng ha see se le bohlokoa? (b) Litšupiso tseo e seng tsa Bibele li tšehetsa leloko la Jesu joang?

4 Esita le mohanyetsi ea tletseng lipelaelo ka hore Jesu ke Messia a ke ke a latola polelo ea Jesu ea hore ke mora oa Davida. Hobane’ng? Ho na le mabaka a mabeli. La pele, polelo eo e ne e tletse-tletse Jerusalema ka mashome a lilemo pele motse oo o felisoa ka 70 C.E. (Bapisa le Mattheu 21:9; Liketso 4:27; 5:27, 28.) Haeba polelo eo e ne e le ea bohata, leha e le ofe oa bahanyetsi ba Jesu—kaha ba ne ba le bangata—a ka be a ile a paka bomene-mene ba Jesu ka hore feela a hlahlobe leloko la hae tatellanong ea leloko e neng e le teng litlalehong tsa sechaba.b Empa histori ha e na tlaleho ea motho leha e le ofe ea ileng a belaella hore Jesu ke oa leloko la Morena Davida. Ka ho totobetseng, polelo eo e ne e ke ke ea latoloa. Ntle le pelaelo litlalehong tsa bona Mattheu le Luka ba ile ba kopitsa ka ho toba mabitso a hlokahalang ho paka leloko la hae ho tsoa litlalehong tsa sechaba.

5 Lebaka la bobeli ke hore, mehloli eo e seng ea Bibele e tiisa hore ka kakaretso batho ba ne ba amohela leloko la Jesu. Ka mohlala, Talmud e tlaleha ka rabbi oa lekholong la bone la lilemo ea ileng a hlasela Maria, ’mè oa Jesu ka mahlapa ka hore ‘o entse bootsoa le babetli’; empa serapa sona seo sea lumela hore “e ne e le oa leloko la likhosana le babusi.” Mohlala oa pejana ke rahistori oa lekholong la bobeli la lilemo Hegesippus. O bolela hore ha Cesare oa Roma Domitian a ne a batla ho felisa motho leha e le ofe oa leloko la Davida, lira tse ling tsa Bakreste ba pele li ile tsa nyatsa bara ba bana ba Juda, e leng ngoan’abo Jesu ka bo-’mabona, hore “ke ba lelapa la Davida.” Haeba Juda o ne a tsejoa e le oa leloko la Davida, na le Jesu e ne e se oa leloko la hae? Ka ho ke keng ha latoloa e ne e le oa leloko leo!—Ba-Galata 1:19; Juda 1.

Boprofeta bo Amang Messia

6. Boprofeta bo buang ka Messia ka Mangolong a Seheberu bo bongata hakae?

6 Bopaki bo bong ba hore Jesu e ne e le Messia ke boprofeta bo ileng ba phethahala. Boprofeta bo amang Messia bo bongata Mangolong a Seheberu. Bukeng ea hae The Life and Times of Jesus the Messiah, Alfred Edersheim o thathamisitse lirapa tse 456 tse hlahang Mangolong a Seheberu tseo bo-rabbi ba neng ba nka hore li ama messia. Leha ho le joalo, bo-rabbi ba ne ba na le likhopolo tse ngata tse fosahetseng ka Messia; lirapa tse ngata ho tseo ba buang ka tsona ha li ame messia ho hang. Ho sa le joalo, lirapeng tseo ba sa li nkeng e le tsa bohlokoa ho na le boprofeta bo bongata bo tsebahatsang Jesu e le Messia.—Bapisa le Tšenolo 19:10.

7. Jesu o ile a phethahatsa boprofeta bofe bo bong ba nakong ea ha a le lefatšeng?

7 Har’a boprofeta bona: toropo eo a tsoaletsoeng ho eona (Mikea 5:2; Luka 2:4-11); tlokotsi ea polao e khōlō ea masea e ileng ea etsahala ka mor’a tsoalo ea hae (Jeremia 31:15; Mattheu 2:16-18); o ne a tla bitsoa ho tsoa Egepeta (Hosea 11:1; Mattheu 2:15); babusi ba lichaba ba ne ba tla kopana ho mo felisa (Pesaleme ea 2:1, 2; Liketso 4:25-28); ho ekoa ha hae ka likoto tse 30 tsa silivera (Zakaria 11:12; Mattheu 26:15); esita le mokhoa oo a neng a tla shoa ka ’ona.—Pesaleme ea 22:16, NW, bona mongolo o botlaaseng ba leqephe; Johanne 19:18, 23; 20:25, 27.c

Ho Tla ha Hae ho Ile ha Profetoa

8. (a) Ke boprofeta bofe bo bontšang hore na Messia o ne a tla tla neng? (b) Re tlameha ho tseba lintlha life tse peli e le hore re ka utloisisa boprofeta boo?

8 A re ke re lebiseng tlhokomelo boprofeteng bo le bong feela. Ho Daniele 9:25, Bajode ba ile ba bolelloa hore na Messia o ne a tla tla neng. E baleha tjena: “Tseba ke hona, ’me u utloisise hore, ho tloha taelong e bolelang hore Jerusalema o tla tsosoa, o hahuoe, ha e tsoile, ho fihlisa ho motlotsuoa [“Messia,” NW] Morena, ho tla feta veke tse supileng; ka veke tse mashome a tšeletseng a metso e ’meli.” Ha u bo habahanya feela boprofeta bona bo ka bonahala bo na le moelelo o potelletseng. Empa ka kutloisiso e akaretsang, bo re hloka hore re fumane lintlha tse peli feela tsa boitsebiso: moo ho qaloang teng le bolelele ba nako. Ha re etsa papiso, haeba u ne u na le ’mapa o bontšang letlotlo le patiloeng “litsoe tse 50 ka bochabela ho seliba se leng serapeng sa boikhathollo toropong,” mohlomong u ka fumana litaelo tseo li rarahane—haholo-holo haeba u sa tsebe hore na seliba seo se hokae, kapa hore na ‘setsoe’ se bolelele bo bokae. Na u ne u ke ke ua sebelisa lintlha tseo tse peli hore u fumane moo letlotlo le leng teng? Boprofeta ba Daniele bo batlile bo tšoana le sena, ntle feela le hore rōna re batla nako ea ho qala ’me re lekanya nako e e latelang.

9, 10. (a) Libeke tse 69 li baloa ho tloha kae? (b) Libeke tse 69 li ne li le bolelele bo bokae, hona re tseba see joang?

9 Pele, re hloka moo re tla qala teng, nako eo ‘taelo e ileng ea tsoa ea hore Jerusalema e tsosolosoe ’me e hahuoe hape.’ Joale, ho hlokahala hore re tsebe nako ea ho tloha ntlheng eo, hore na ha e le hantle libeke tsena tse 69 (7 ha u e kopanya le 62) li kae. Ha ho thata ho fumana boitsebiso bona. Ka ho hlakileng Nehemia o re bolella kamoo taelo e ileng ea tsoa ka teng hore ho hahuoe marako a pota-potileng Jerusalema, e ileng ea etsa hore qetellong e be motse o tsosolositsoeng, “ka selemo sa mashome a mabeli sa ho busa ha Artaxerxese.” (Nehemia 2:1, 5, 7, 8) Sena se beha nako eo re qalang ho eona ho 455 B.C.E.d

10 Joale tabeng ea libeke tsena tse 69, na ebe ke libeke tsa sebele tsa matsatsi a supileng? Che, hobane Messia ha a ka a ba teng hoo e ka bang selemo feela ka mor’a 455 B.C.E. Ka hona litsebi tse ngata tsa Bibele le liphetolelo tse ngata (ho kopanyelletsa le Tanakh ea Sejode mongolong o botlaaseng ba leqephe temaneng ena) e lumela hore tsena ke libeke “tsa lilemo.” Khopolo ena ea ‘beke ea lilemo,’ kapa potoloho ea lilemo tse supileng, e ne e tloaelehile ho Bajode ba mehleng ea boholo-holo. Joalokaha ba ne ba boloka letsatsi la sabbatha ka letsatsi le leng le le leng la bosupa, ba ne ba boloka selemo sa sabbatha ka selemo se seng le se seng sa bosupa. (Exoda 20:8-11; 23:10, 11) Kahoo libeke tse 69 tsa lilemo li ne li tla li etsa lilemo tse 7 ha u li atisa ka 69, kapa lilemo tse 483. Re saletsoe feela ke hore re bale. Ha u bala lilemo tse 483 ho tloha ho 455 B.C.E., li re fihlisa ho selemo sa 29 C.E.—e leng sona selemo seo Jesu a ileng a kolobetsoa ka sona ’me a fetoha ma·shiʹach, Messia!—Bona “Seventy Weeks,” Insight on the Scriptures, Moqolo 2, leqephe 899.

11. Re ka arabela joang ba bolelang hore ena ke feela tsela ea kajeno ea ho hlalosa boprofeta ba Daniele?

11 Ba bang ba ka ’na ba hanyetsa ka hore sena empa e le mokhoa oa kajeno oa ho hlalosa boprofeta hore bo tšoanele histori. Haeba ho joalo, ke hobane’ng ha batho ba neng ba phela mehleng ea Jesu ba ne ba lebelletse hore Messia a hlahe ka nako eo? Rahistori oa Mokreste Luka, bo-rahistori ba Roma Tacitus le Suetonius, le rahistori oa Mojode Josephus, le rafilosofi oa Mojode Philo kaofela ba phetse ka nako e batlang e tšoana le ena ’me ba tiisa hore boemo bona ba ho lebella bo ne bo le teng. (Luka 3:15) Kajeno litsebi tse ling li phehella hore ke khatello ea Baroma e ileng ea etsa hore Bajode ba laba-labele ’me ba lebelle Messia mehleng eo. Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha Bajode ba ile ba lebella Messia ka nako eo ho e-na le nakong ea mahloriso a sehlōhō a Bagerike makholong a lilemo a fetileng? Ke hobane’ng ha Tacitus a ile a bolela hore e ne e le “boprofeta ba sephiri” bo ileng ba etsa hore Bajode ba lebelle hore babusi ba matla ba tsoe Judea ’me “ba be le ’muso o akaretsang lefatše lohle”? Abba Hillel Silver, bukeng ea hae A History of Messianic Speculation in Israel, oa lumela hore “Messia o ne a lebelletsoe hoo e ka bang halofong ea lekholo la pele la lilemo C.E.,” eseng ka baka la ho hlorisoa ke Baroma, empa ka baka la “mokhoa oa ho bala nako o neng o tloaelehile ka nako eo,” oo karolo ea ’ona e nkiloeng bukeng ea Daniele.

O Tsebahatsoa ho Tsoa Holimo

12. Ke joang Jehova a ileng a tsebahatsa Jesu e le Messia?

12 Mofuta oa boraro oa bopaki ba hore Jesu ke Messia ke bopaki bo fanoeng ke Molimo ka boeena. Ho ea ka Luka 3:21, 22, ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe, o ile a tlotsoa ka matla a halalelang ka ho fetisisa bokahohleng, e leng moea oa Jehova Molimo ka boeena. Ka lentsoe la hae, Jehova o ile a lumela hore o ne a amohetse Mora oa hae, Jesu. Makhetlong a mang a mabeli, Jehova o ile a bua ka ho toba le Jesu a le leholimong, ka hona a bontša kamohelo ea hae: ka lekhetlo le leng, ka pele ho baapostola ba bararo ba Jesu, ’me lekhetlong le leng, ka pele ho matšoele a bashebelli. (Mattheu 17:1-5; Johanne 12:28, 29) Ho feta moo, mangeloi a ile a romeloa a tsoa leholimong ho tla tiisa boemo ba Jesu e le Kreste, kapa Messia.—Luka 2:10, 11.

13, 14. Jehova o ile a bontša joang hore o amohela Jesu e le Messia?

13 Jehova o ile a bontša kamohelo ea hae bakeng sa motlotsuoa oa hae ka ho mo fa matla a ho etsa mesebetsi e meholo. Ka mohlala, Jesu o ile a bolela boprofeta bo ileng ba qaqisa histori esale pele—bo bong bo bile bo fihla le nakong ea rōna.e O ile a boela a etsa mehlolo, e kang ho fepa matšoele a lapileng le ho phekola ba kulang. O ile a boela a tsosa bafu. Na balateli ba hae ba ile ba iqapela lipale ka liketso tsee tse matla ka mor’a hore li etsahale? Jesu o ile a etsa mehlolo e mengata ka pel’a lipaki tse boneng ka mahlo, ka linako tse ling ho e-na le batho ba likete. Esita le lira tsa Jesu li ne li ke ke tsa latola hore ka sebele o ile a etsa lintho tsena. (Mareka 6:2; Johanne 11:47) Ntle le moo, haeba balateli ba Jesu ba ne ba sekametse ho iqapela litlaleho tse joalo, ke hobane’ng ha ba ile ba toba linnete hakaale ha ba bua ka ho hlōleha ha bona? Ka sebele, na ba ne ba ka ikemisetsa ho shoela tumelo e thehiloeng litšōmong feela tjee tseo ba iqapetseng tsona? Che. Mehlolo ea Jesu ke linnete tsa histori.

14 Bopaki bo fanoeng ke Molimo mabapi le hore Jesu ke Messia bo ile ba ea pele. Ka moea o halalelang o ile a tiisa hore bopaki bo tiisang hore Jesu ke Messia bo ngotsoe fatše ’me bo fetohile karolo ea buka e fetoletsoeng le e abuoeng ka ho fetisisa historing eohle.

Ke Hobane’ng ha Bajode ba sa ka ba Amohela Jesu?

15. (a) Mangolo a pakang Jesu a mo tsebahatsang e le Messia a pharalletse hakae? (b) Ke litebello life tsa Bajode tse ileng tsa etsa hore ba bangata ba latole hore Jesu ke Messia?

15 Joale, ka kakaretso, likarolo tsena tse tharo tsa bopaki li kopanyelletsa linnete tse makholo tse tsebahatsang Jesu e le Messia. Na hoo ha hoa lekana? Ak’u nahane u etsa kōpo ea ho ba le laesense ea ho khanna kapa credit card ebe u bolelloa hore likaroloana tse tharo tsa boitsebiso tseo u nang le tsona ha lia lekana—u tlameha ho tlisa tse makholo. Ke ho sa utloahaleng hakaakang! Joale, ka sebele Jesu o tsebahalitsoe ka ho lekaneng ka Bibeleng. Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha batho ba bangata ba habo Jesu ba ile ba latola bopaki bona kaofela hore e ne e le Messia? Hobane bopaki, le hoja bo le bohlokoa tumelong ea sebele, ha bo tiise hore tumelo e be teng. Ka ho soabisang, batho ba bangata ba lumela seo ba batlang ho se lumela, esita leha ho na le bopaki bo bongata. Tabeng ea Messia, Bajode ba bangata ba ne ba na le likhopolo tse tiileng mabapi le seo ba se batlang. Ba ne ba batla messia oa bopolotiki, ea neng a tla felisa khatello ea Baroma le ho tsosolosetsa Iseraele khanyeng e tšoanang le e neng e le teng mehleng ea Salomone mabapi le lintho tse bonahalang. Joale, ke joang ba neng ba ka amohela mora eo ea ikokobelitseng oa ’metli, motho eo oa Nazaretha ea neng a sa bontše thahasello leha e le efe lipolotiking kapa maruong? Ke joang ka ho khethehileng a neng a ka fetoha Messia ka mor’a ho utloa bohloko le ho shoela thupeng ea tlhokofatso ka tsela e lihlong?

16. Ke hobane’ng ha ho ile ha hlokahala hore balateli ba Jesu ba lokise litebello tsa bona mabapi le Messia?

16 Barutuoa ba Jesu ba ile ba hlonama ka baka la lefu la hae. Ka mor’a tsoho ea hae e khanyang, ka ho totobetseng ba ile ba ba le tšepo ea hore o ne a tla ‘tsosa ’muso oa Iseraele’ hang-hang. (Liketso 1:6) Empa ha baa ka ba latola hore Jesu ke Messia ka hobane feela tšepo ena ea bona ea botho e sa ka ea phethahala. Ba ile ba bontša tumelo ho eena motheong oa bopaki bo bongata bo neng bo le teng, ’me butle-butle kutloisiso ea bona e ile ea hōla; liphiri tsa hlaka. Ba ile ba utloisisa hore Messia o ne a ke ke a phethahatsa boprofeta bohle bo mo amang ka nakoana eo a e phetseng e le motho mona lefatšeng. Boprofeta bo bong bo ne bo bua ka ho tla ha hae ka boikokobetso, a kaletse petsana ea esele, athe boprofeta bo bong bo ne bo bua ka eena a tla khanyeng a kaletse leru! Ke joang boprofeta boo ka bobeli e neng e ka ba ’nete? Ka ho totobetseng ho ne ho hlokahala hore a tle lekhetlo la bobeli.—Daniele 7:13; Zakaria 9:9.

Lebaka Leo ho Ileng ha Hlokahala Hore Messia a Shoe ka Lona

17. Boprofeta ba Daniele bo ile ba hlakisa joang hore ho ne ho hlokahala hore Messia a shoe, hona o ne a tla shoa ka mabaka afe?

17 Ho feta moo, boprofeta bo buang ka Messia bo ile ba hlakisa hore Messia o ne a tlameha ho shoa. Ka mohlala, boprofeta bo ileng ba bolela esale pele hore na Messia o ne a tla tla neng bo ile ba bolela esale pele temaneng e latelang: “Ka mor’a libeke tse mashome a tšeletseng a metso e ’meli [tse latelang libeke tse supileng] motlotsuoa [“Messia,” NW] o tla tlosoa.” (Daniele 9:26) Lentsoe la Seheberu ka·rathʹ le sebelisitsoeng mona e le “tlosoa” ke lentsoe le tšoanang le le neng le sebelisoa bakeng sa kahlolo ea lefu Molaong oa Moshe. Ntle ho pelaelo Messia o ne a tlameha ho shoa. Hobane’ng? Temana 24, (NW) e re fa karabelo: “Ho felisa sebe, ho etsa tefello ea phoso, le ho tlisa ho loka ka ho sa feleng.” Bajode ba ne ba tseba hantle hore ke sehlabelo feela, lefu, se neng se ka hlahisa tefello ea phoso.—Levitike 17:11; bapisa le Ba-Heberu 9:22.

18. (a) Esaia khaolo 53 e bontša joang hore Messia o ne a tlameha ho utloa bohloko le ho shoa? (b) Ho ka bonahala boprofeta boo bo hlahisa ho itoantša hofe?

18 Esaia khaolo 53 e bua ka Messia e le Mohlanka oa Jehova ea khethehileng ea neng a tlameha ho utloa bohloko le ho shoa e le ho koahela libe tsa ba bang. Temana 5 e re: “O hlabetsoe libe tsa rōna, a tetekoa ka baka la makhopo a rōna.” Boprofeta bo tšoanang, ka mor’a ho re bolella hore Messia enoa o tlameha ho shoa “e be sehlabelo bakeng sa libe,” bo senola hore eena Enoa ‘o tla ekeletsoa matsatsi, morero oa Jehova o atlehe matsohong a hae.’ (Temana 10) Na see hase ho itoantša? Ke joang Messia a neng a ka shoa, ebe ‘o ekeletsoa matsatsi’? Ke joang a neng a ka neheloa e le sehlabelo ebe hamorao ‘morero oa Jehova oa atleha matsohong a hae’? Ka sebele, ke joang a neng a ka shoa ebe u shoela ruri a sa phetha boprofeta ba bohlokoa bo mo amang, e leng ba hore o ne a tla busa ka ho sa feleng e le Morena ’me a tlisetse lefatše lohle khotso le thabo?—Esaia 9:6, 7.

19. Tsoho ea Jesu e kopanya boprofeta bo bonahalang bo itoantša bo mabapi le Messia joang?

19 Taba ena e bonahalang e le ho itoantša e ile ea rarolloa ke mohlolo o le mong o hlollang. Jesu o ile a tsosoa bafung. Bajode ba makholo ba lipelo li tšepahalang ba ile ba bona ’nete ena e khanyang ka mahlo. (1 Ba-Korinthe 15:6) Hamorao moapostola Pauluse o ile a ngola: “Motho enoa [Jesu Kreste] o nyehetse sehlabelo se le seng sa libe ka ho sa feleng ’me o lutse letsohong le letona la Molimo, ho tloha ka nako eo o letetse hore lira tsa hae li behoe e le bonamelo ba maoto a hae.” (Ba-Heberu 10:10, 12, 13, NW) E, ke ka mor’a ho tsosetsoa ha Jesu bophelong ba leholimo, le ka mor’a nako ea ho ‘leta,’ moo qetellong a tla beoa teroneng e le Morena ’me a felise lira tsa Ntate oa hae, Jehova. Karolong ea hae e le Morena oa leholimo, Jesu Messia o ama bophelo ba motho e mong le e mong ea phelang hona joale. Ka tsela efe? Sehlooho sa rōna se latelang se tla tšohla sena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ha Luka 3:23, (BPN) e re: “Josefa, mora oa Eli,” ka ho totobetseng e bolela “mora” ka kutloisiso ea “mokhoenyana,” joalokaha Eli e ne e le ntate oa sebele oa Maria.—Insight on the Scriptures, Moqolo 1, maqephe 913-17.

b Rahistori oa Mojode Josephus, ha a fana ka leloko la hae, o hlakisa hore litlaleho tse joalo li ne li le teng pele ho 70 C.E. Kamoo ho bonahalang ka teng litlaleho tsena li ile tsa felisoa le motse oa Jerusalema, tsa etsa hore lipolelo tsa hore ke Messia li hloke bopaki.

c Bona Insight on the Scriptures, Moqolo 2, leqephe 387.

d Ho na le bopaki bo tiileng ho tsoa mehloling ea boholo-holo ea Segerike, ea Babylona, le ea Persia e bontšang hore selemo seo Artaxerxese a qalileng ho busa ka sona e ne e le ka 474 B.C.E. Bona Insight on the Scriptures, Moqolo 2, maqephe 614-16, 900.

e Boprofeteng bo bong bo joalo, o ile a bolela esale pele hore ho ne ho tla hlaha bo-messia ba bohata ho tloha mehleng ea hae ho ea pele. (Mattheu 24:23-26) Bona sehlooho se ka pele ho sena.

U Ne U Tla Arabela Joang?

◻ Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re hlahlobe bopaki bo mabapi le hore na Jesu ke Messia ea tšepisitsoeng kapa che?

◻ Leloko la Jesu le tšehetsa hore ke Messia joang?

◻ Boprofeta ba Bibele bo thusa joang ho paka hore Jesu e ne e le Messia?

◻ Jehova o ile a tiisa joang ho tsebahatsa hore Jesu ke Messia?

◻ Ke hobane’ng ha Bajode ba bangata hakaale ba ile ba latola hore Jesu ke Messia, hona ke hobane’ng ha mabaka aa a ne a sa utloahale?

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Mohlolo ka mong ho e mengata ea Jesu o ile oa fana ka bopaki bo eketsehileng ba hore ke Messia

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela