Messia—Na ke Tšepo ea Sebele?
O ne a ipitsa Moshe. Leha ho le joalo lebitso la hae la ’nete le ile la lebaloa historing. Lekholong la bohlano la lilemo C.E., o ile a pholletsa le sehleke-hleke sa Kreta, a kholisa Bajode moo hore ke eena messia eo ba neng ba mo letetse. O ile a ba bolella hore haufinyane khatello ea bona, kholeho le botlamuoa ba bona bo tla fela. Ba ile ba lumela. Ha letsatsi la tokollo le fihla, Bajode ba ile ba latela “Moshe” hloahloeng e hlahlametseng Leoatle la Mediterranean. O ile a ba bolella hore ba lokela ho itihela metsing ’me leoatle le tla arohana. Ba bangata ba ile ba mamela, ba itihela har’a leoatle le sa kang la arohana. Ba bangata ba ile ba khangoa ke metsi; ba bang ba ile ba pholosoa ke batho ba sebetsang likepeng le batšoasi ba litlhapi. Leha ho le joalo, ho ne ho se moo Moshe a ka fumanoang teng. Messia eo o ne a se a le sieo.
MESSIA ke eng? Mohlomong u ka nahana mantsoe “mopholosi,” “molopolli,” le “moeta-pele.” Batho ba bangata ba nahana hore messia ke motho ea kenyang tšepo le boinehelo ho balateli ba hae, ea tšepisang ho ba ntša khatellong le ho ba isa tokolohong. Kaha histori e khōlō ea batho e le histori ea khatello, ha ho makatse hore ebe bo-messia ba bangata ba joalo ba ile ba hlahella makholong a lilemo. (Bapisa le Moeklesia 8:9.) Empa joaloka ea ipitsang Moshe oa Kreta, hangata bo-messia bana ba lebisitse balateli ba bona masoabing le tlokotsing ho e-na le tokolohong.
“Enoa ke Morena Messia!” Ke kamoo rabbi ea nkoang e le oa bohlokoa Akiba ben Joseph a ileng a lumelisa Simeon Bar Kokhba ka selemo sa 132 C.E. Bar Kokhba e ne e le monna ea matla ea neng a laola lebotho le matla. Bajode ba bangata ba ne ba nahana hore qetellong ke eena monna ea tla felisa khatello ea bona e telele tlas’a taolo ea ’Muso oa Lefatše oa Roma. Bar Kokhba o ile a hlōleha; batho ba likete tse makholo ba naha ea hae ba ile ba shoa.
Lekholong la bo12 la lilemo, messia e mong oa Mojode o ile a hlaha, lekhetlong lena o ile a hlaha Yemen. Ha mo-caliph, kapa ’musi, a ne a batla letšoao la bomessia ba hae, messia enoa o ile a hlahisa hore mo-caliph a mo khaole hlooho ’me tsoho ea hae ea kapele bafung e be eona letšoao. Mo-caliph o ile a lumela morero oo—’me hoo e ne e le ho fela ha messia oa Yemen. Lekholong lona leo la lilemo, monna ea bitsoang David Alroy o ile a bolella Bajode ba Bochabela bo Hare ho itokisetsa ho mo latela ba le mapheong a mangeloi ha ba khutlela Naheng e Halalelang. Ba bangata ba ne ba lumela hore ke messia. Bajode ba Baghdad ba ile ba leta ka mamello holim’a marulelo, ba sa tsotelle le ho hlokomela masholu a neng a utsoa liphahlo tsa bona.
Lekholong la bo17 la lilemo Sabbatai Zevi o ile a hlahella a tsoa Smyrna. O ile a bolela bomessia ba hae ho Bajode ho pholletsa le Europe eohle. Le Bakreste ba ile ba mo mamela. Zevi o ile a tšepisa balateli ba hae tokoloho—kamoo ho bonahalang ka teng, ka ho ba lumella ho etsa sebe ka ntle le boitšoaro. Balateli ba hae ba haufi-ufi ba ne ba etsa mekete e sa laoleheng, ba tsamaea ba le posho, ba etsa bohlola, ’me ba ba le likamano tsa botona le botšehali har’a batho ba amanang haufi, ebe joale ba ikotla ka ho ichapa, ho pitika ba le posho holim’a lehloa, le ho itsetela ka tlas’a lefatše le batang ho fihla molaleng. Ha a e-ea Turkey, Zevi o ile a tšoaroa ’me a bolelloa hore o tlameha ho sokolohela ho Islam kapa a bolaoe. O ile a sokoloha. Ba bangata ba inehetseng ho eena ba ile ba utloa bohloko haholo. Leha ho le joalo, makholong a mabeli a lilemo a latelang, Zevi o ne a ntse a bitsoa messia ke ba bangata.
Bokreste-’mōtoana bo ’nile ba hlahisa karolo ea bona ea bo-messia ka ho tšoanang. Lekholong la bo12 la lilemo, monna ea bitsoang Tanchelm o ile a haha lebotho la balateli ’me a hapa motse oa Antwerp. Messia enoa o ne a ipitsa molimo; o ne a bile a rekisa metsi ao a hlapileng ka oona ho balateli ba hae hore ba a noe joaloka sakaramente! Messia e mong oa “Mokreste” e ne e le Thomas Müntzer oa lekholo la bo16 la lilemo Jeremane. O ile a etella pele phetohelo khahlanong le balaoli ba sebaka seo, a bolella balateli ba hae hore ena e ne e le ntoa ea Harmagedone. O ile a tšepisa hore o tla tšoara likulo tsa likanono tsa lira ka matsoho. Ho e-na le hoo, batho ba hae ba ile ba bolaoa la rita, ’me Müntzer o ile a khaoloa hlooho. Bo-messia ba bang ba joalo ba bangata ba ’nile ba hlahella ho Bokreste-’mōtoana ho theosa le makholo a lilemo.
Malumeli a mang le ’ona a na le batho ba ’ona bao e leng bo-messia. Islam e bolela ka Mahdi, kapa ea tataisitsoeng ka ho loka, ea tla tlisa nako ea toka. Ho Mahindu, ba bang ba ile ba ipolela hore ke bo-avatar, kapa ba tsoetsoeng hape ho tsoa ho melimo e sa tšoaneng. ’Me joalokaha The New Encyclopædia Britannica e hlokomela, “esita le bolumeli boo e seng ba bomessia joaloka Bobuddha bo ile ba hōlisa tumelo har’a sehlopha sa Mahāyāna, ho Buddha Maitreya oa nako e tlang ea tlang ho theoha tulong ea hae ea leholimo ’me a tlise ba tšepahalang paradeiseng.”
Bo-messia ba Lekholo la bo20 la Lilemo
Lekholong la rōna la lilemo, tlhoko ea messia oa sebele e potlakile haholo ho feta leha e le neng pele; joale, hase ho makatsang hore ebe ba bangata ba ipitsa ka tlotla eo. Ka bo-1920, bo-30, le bo-40, Simon Kimbangu le mohlahlami oa hae Andre “Jesus” Matswa ba ne ba thoholetsoa joaloka bo-messia Congo e Afrika. Ba ile ba shoa, empa balateli ba bona ba ne ba ntse ba letetse ho ba bona ba khutla le ho tlisa lilemo tse sekete tsa Afrika.
Hape lekholong lena la lilemo re bone ho ngatafala ha “lihlopha tsa bolumeli tse lekang ho fumana thepa ka matla a boloi” New Guinea le Melanesia. Litho tsa teng li letetse ho bona sekepe kapa sefofane se fihla, se e-na le banna ba basoeu ba tšoanang le bo-messia ba tla ba ruisa le ho ba tlisetsa nako ea thabo le moo ba shoeleng ba tla tsoha.
Lichaba tse tsoetseng pele mesebetsing e meholo ea lifeme le tsona li na le bo-messia ba tsona. Ba bang ke baeta-pele ba bolumeli, joaloka Sun Myung Moon, ea ipolelang hore o hlahlama Jesu Kreste ea ikemiselitseng ho hloekisa lefatše ka lelapa le kopaneng la ba inehetseng ho eena. Le baeta-pele ba lipolotiki ba ile ba leka ho nka boemo ba bomessia, Adolf Hitler e le mohlala o tšabehang oa lekholo lena la lilemo ka puo ea hae e feteletsang litaba haholo ea Puso ea Lilemo tse Sekete.
Lifilosofi le mekhatlo e hlophisitsoeng ea lipolotiki ka ho tšoanang e ile ea finyella boemo ba bomessia. Ka mohlala, The Encyclopedia Americana e hlokomela hore khopolo ea lipolotiki ea Bokomonisi ea Lenin e Tsoang Lithutong tsa Marx e na le moelelo oa bomessia. ’Me mokhatlo oa Machaba a Kopaneng, o thoholetsoa hohle e le oona feela tšepo ea khotso ea lefatše, o bonahala o fetohile mofuta o mong o nkelang messia sebaka ka likelellong tsa ba bangata.
Na ke Tšepo ea Sebele?
Tlhahlobisiso ena e khutšoaane e hlakisa hantle hore histori ea litsamaiso tsa bo-messia hangata ke histori ea thetso, ea litebello tse sa phethahatsoang le litoro tsa lefeela. Joale, ha ho makatse hore ebe batho ba bangata kajeno ba fetohile ba nyatsang tšepo ea messia.
Leha ho le joalo, pele re lahla tšepo ea bomessia ka ho tobileng, re lokela ho ithuta pele hore e tsoa hokae. Ha e le hantle, “messia” ke lentsoe la Bibele. Lentsoe la Seheberu ke ma·shiʹach, kapa “motlotsuoa.” Linakong tsa Bibele, marena le baprista ka linako tse ling ba ne ba khetheloa boemong ba bona ka mokete oa ho tlotsoa, e leng moo oli e nkhang hamonate e neng e tšeloa holim’a hlooho. Ke kahoo lentsoe ma·shiʹach le neng le sebelisoa ka ho nepahala ho bona. Hape ho ne ho e-na le banna ba tlotsitsoeng, kapa ba khethetsoeng boemo bo khethehileng, ka ntle ho mokete oa ho tlotsoa. Moshe o bitsoa “Kreste,” kapa “motlotsuoa,” ho Ba-Heberu 11:24-26, hobane o ile a khethoa joaloka moprofeta le moemeli oa Molimo.
Tlhaloso ena ea messia joaloka “motlotsuoa” e khetholla bo-messia ba Bibele ho bo-messia ba bohata bao re seng re buisane ka bona. Bo-messia ba Bibele ba ne ba sa ikhetha; leha e le hore ba ne ba khethoa ke matšoele a balateli ba ba ratang. Che, ho khethoa ha bona ho ne ho tsoa holimo, ho Jehova Molimo ka boeena.
Leha Bibele e bua ka bo-messia ba bangata, e phahamisa a le mong ka holimo ho bona bohle. (Pesaleme ea 45:7) Messia enoa ke motho oa bohlokoa boprofeteng ba Bibele, senotlolo sa ho phethahatsoa ha litšepiso tsa Bibele tse tsotehang ka ho fetisisa. ’Me kannete Messia enoa o loantšana le mathata ao re tobaneng le oona kajeno.
Mopholosi oa Moloko oa Batho
Messia oa Bibele o sebetsana le mathata a moloko oa batho ka ho ea moo a qalileng teng. Ha batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva, ba fetohela ’Mōpi tlas’a tšusumetso ea sebōpuoa sa moea sa lerabele Satane, ha e le hantle ba ne ba inkela ka ho sa tšoanelang tokelo e felletseng ea ’muso. Ba ne ba batla ho iketsetsa qeto ea hore ke hofe ho nepahetseng le ho fosahetseng. Ka hona ba ile ba ikhula tlas’a ’muso o lerato le o sireletsehileng oa Jehova ’me ba kenya lelapa la batho mofere-fereng le mahlomoleng a ho ipusa, ho se phethahale, le lefu.—Ba-Roma 5:12.
Joale, ke ho lerato hakaakang hore Jehova a khethe nako eo e lefifi historing ea moloko oa batho ho neha moloko oa batho leselinyana la tšepo. Ha a bolela kotlo ho marabele a batho, Molimo o ile a bolela esale pele hore bana ba bona ba ne ba tla ba le mopholosi. Mopholosi ea neng a bitsoa “peō,” o ne a tla etsolla ketso e tšabehang eo Satane a e entseng moo Edene; Peō e ne e tla khoba hlooho ea “noha” eo, e leng Satane, e mo felise ka ho felletseng.—Genese 3:14, 15.
Ho tloha linakong tsa boholo-holo, Bajode ba ne ba talima boprofeta bona e le ba Bomessia. Li-Targum tse ’maloa, mangolo a Bajode a hlapollotsoeng a Mangolo a Halalelang a neng a sebelisoa haholo lekholong la pele la lilemo, li hlalosa hore boprofeta bona bo ne bo tla phethahatsoa “mehleng ea Morena Messia.”
Joale, ha ho makatse hore ho tloha qalong feela, banna ba tumelo ba ne ba tsota tšepiso ena ea ho tla ha Peō, kapa Mopholosi. Ak’u nahane maikutlo a Abrahama ha Jehova a ’molella hore Peō e ne e tla tla ka moloko oa hae, le hore “lichaba tsohle tsa lefatše”—eseng feela litloholo tsa hae—li ne li tla “itlhohonolofatsa” ka Peō eo.—Genese 22:17, 18.
Messia le ’Muso
Hamoraonyana boprofeta bo ile ba amahanya tšepo ena le tebello ea ’muso o molemo. Ho Genese 49:10, setloholoana sa Abrahama Juda se ile sa bolelloa: “Molamu oa borena o ke ke oa tloha ho Juda, kapa lere la bolaoli pakeng tsa maoto a hae, ho be ho fihle Shilo, le lichaba li be li mo utloe.” Ho hlakile hore “Shilo” o ne a tla busa—’me o ne a ke ke a busa Bajode feela empa “lichaba.” (Bapisa le Daniele 7:13, 14.) Bajode ba boholo-holo ba ne ba amahanya Shilo le Messia; ha e le hantle, tse ling tsa li-Targum tsa Bajode li ne li beha “Messia” kapa “morena Messia” sebakeng sa “Shilo.”
Ha leseli la boprofeta bo bululetsoeng le tsoela pele ho khanya haholoanyane, ho hongata ho ile ha senoloa ka puso ea Messia enoa. (Liproverbia 4:18) Morena Davida, oa leloko la Juda, ho 2 Samuele 7:12-16 o ile a bolelloa hore Peō e tla hlaha lelokong la hae. Ho phaella moo, Peō ena e ne e tla ba Morena ea sa tloaelehang. Terone ea hae, kapa bobusi e ne e tla ba teng ka ho sa feleng! Esaia 9:6, 7 e tšehetsa ntlha ena: “Re tsoaletsoe ngoana, re neiloe mora; borena [“’muso,” King James Version] bo beiloe lehetleng la hae, . . . hore a hōlise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng teroneng ea Davida le ’musong oa hae; o tla o tiisa, a o tšehetse ka toka, le ka ho loka, joale le ka ho sa feleng. Cheseho ea Jehova oa makhotla e tla etsa hoo.”
Na u ka nahana ka ’muso o joalo? ’Musi ea nang le toka, ea nang le ho loka, ea thehang khotso ebile a busa ka ho sa feleng. Ke phapang e khōlō hakaakang ho histori e utloisang bohloko ea ho latellana ha bo-messia ba bohata! Ho e-na le ho ba moeta-pele ea thetsang, ea ikhethileng, Messia oa Bibele ke ’musi oa lefatše ea nang le matla oohle le bolaoli bo hlokahalang ho fetola maemo a lefatše.
Tebello ena e bolela ho hoholo linakong tsa rōna tse likhathatso. Ha ho mohla batho ba bileng le tlhoko e tebileng hakaalo ea tšepo e joalo. Leha ho le joalo, kaha ho bonolo hore motho a oele litebellong tsa bohata, ke habohlokoa hore e mong le e mong oa rōna a hlahlobisise potso ena ka hloko: Na Jesu oa Nazaretha e ne e le Messia ea boletsoeng esale pele joalokaha ba bangata ba lumela? Sehlooho se latelang se tla tšohla taba ena.
[Lebokose le leqepheng la 6]
Na ho na le Messia Brooklyn?
Haufinyane liphatlalatso tse manehoang maboteng, liphatlalatso tse khōlō tsa seterateng, le matšoao a neon Iseraele a ile a tsebisa, “Itokisetseng ho tla ha Messia.” Phutuho ena ea phatlalatso ea R1 100 000 e ile ea etsoa ke ba-Lubavitcher, sehlotšoana se feteletsang orthodox haholo sa Majode a Hasidic. Ho na le tumelo e tletseng har’a sehlopha sa litho tse 250 000 ea hore rabbi oa sona e moholo, Menachem Mendel Schneerson oa Brooklyn, New York, ke Messia. Hobane’ng? Schneerson o ruta hore Messia o tla tla molokong ona. ’Me ho latela makasine oa Newsweek, balaoli ba Lubavitcher ba tsitlella hore rabbi ea lilemo li 90 a ke ke a shoa pele Messia a fihla. Ka makholo a lilemo sehlotšoana sena se ’nile sa ruta hore moloko o mong le o mong o hlahisa monna a le mong ea tšoanelehang ho ba Messia. Schneerson o bonahala e le monna ea joalo ho balateli ba hae, ’me ha a e-s’o khethe motho ea tla mo hlahlama. Leha ho le joalo, Newsweek e bolela hore Bajode ba bangata ha ba mo amohele joaloka Messia. Ho latela koranta ea Newsday, mophephetsi oa hae ea lilemo li 96 rabbi Eliezer Schach o ile a ’mitsa “messia oa bohata.”
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Tumelo ea hore Moshe oa Kreta e ne e le messia e ile ea bolaea batho ba bangata