Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w10 5/1 leq. 3
  • Molimo o Kae ha ho le Tjee?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo o Kae ha ho le Tjee?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2006
  • Leqephe la Bobeli
    Tsoha!—2003
  • Ho Hloka Bolulo—Ho Bakoa ke Eng?
    Tsoha!—2005
  • Bana ba Matsoalong
    Tsoha!—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
w10 5/1 leq. 3

Molimo o Kae ha ho le Tjee?

La 11 September, 2001: Ka 8:46 hoseng, sefofane se seholo sa baeti se ile sa thula mohaho o ka leboea oa World Trade Center, New York City—e leng tlhaselo ea bokhukhuni ea pele ho tse ’maloa tse neng li reriloe. Ka mor’a metsotso e 102, ho ne ho se ho shoele batho ba ka bang 3 000.

December 26, 2004

Leoatleng la Indian, tšisinyeho ea lefatše e boholo ba 9,0 sekaleng sa Richter e ile ea baka maqhubu a maholo a kotsi a ileng a ama linaha tse 11, ho akarelletsa le tsa Afrika e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 5 000. Ka letsatsi le le leng feela batho ba 150 000 ba ne ba shoele kapa ba nyametse, ha ba fetang milione bona ba ne ba se na mahae.

La 1 August, 2009: Ntate ea lilemo li 42 le mora oa hae ea lilemo li hlano, ba ne ba palame sethuthuthu sa metsing ha se tla thula boema-kepe bo hahiloeng ka lehong. Ntate o ile a hlokahala hang-hang. Mora eena o ile a phela-phela empa a shoa letsatsing le hlahlamang. Beng ka bona ba neng ba saretsoe ba ile ba re: “Re ne re tšepile hore ho tla etsahala mohlolo ebe oa hlaphoheloa.”

Ha u bala ka litlhaselo tsa bokhukhuni kapa ka likoluoa tsa tlhaho, kapa u hlaheloa ke tlokotsi e itseng, na u ee u ipotse hore na Molimo o bona lintho tse etsahalang? Na u ke u ipotse hore na ebe Molimo o re lahlile? Sehloohong se latelang re tla hlokomela hore Bibele e fana ka karabo e tšelisang.

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 3]

© Dieter Telemans/Panos Pictures

PRAKASH SINGH/AFP/Getty Images

© Dieter Telemans/Panos Pictures

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela