Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w10 11/1 maq. 16-17
  • Kamoo Libōpuoa Tsa Moea li re Amang Kateng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo Libōpuoa Tsa Moea li re Amang Kateng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mangeloi ke “Meea Bakeng sa Tšebeletso ea Sechaba”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Mangeloi—Kamoo a Amang Bophelo ba Rōna Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Mangeloi—Na a Ama Bophelo ba Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Kamoo Mangeloi a ka U Thusang Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
w10 11/1 maq. 16-17

Seo re Ithutang Sona ho Jesu

Kamoo Libōpuoa Tsa Moea li re Amang Kateng

Jesu o phetse sebakeng sa moea le Ntate oa hae “pele lefatše le e-ba teng.” (Johanne 17:5) Kahoo, ke eena ea tšoanelehang ka ho fetisisa ho araba lipotso tse latelang.

Na mangeloi a amehile ka rōna?

▪ Jesu o re ruta hore mangeloi a amehile haholo ka batho. O ile a re: “Thabo ea hlaha har’a mangeloi a Molimo ka lebaka la moetsalibe a le mong ea bakang.”—Luka 15:10.

Jesu o ile a senola hore mangeloi a fuoe boikarabelo ba ho hlokomela bahlanka ba Molimo moeeng. Kahoo, Jesu o ile a eletsa barutuoa ba hae ka ho khopisa ba bang, a re: “Iponeleng hore le se ke la nyelisa e mong oa ba banyenyane bana; etsoe kea le bolella hore mangeloi a bona leholimong kamehla a bona sefahleho sa Ntate ea leholimong.” (Matheu 18:10) Ha Jesu a cho joalo, o ne a sa bolele hore molateli e mong le e mong oa hae o na le lengeloi la hae le mo hlokometseng. Empa Jesu o ne a bolela hore mangeloi a sebetsang haufi-ufi le Molimo a amehile haholo ka litho tsa phutheho ea Bokreste.

Diabolose a ka re ntša kotsi joang?

▪ Jesu o ile a lemosa balateli ba hae hore Satane o leka ho thibela batho ho ithuta ’nete ka Molimo. Jesu o ile a re: “Moo leha e le mang a utloang lentsoe la ’muso empa a sa le utloisise, ea khopo oa tla ’me o hloibila se jetsoeng pelong ea hae.”—Matheu 13:19.

Jesu o ile a totobatsa e ’ngoe ea litsela tseo Satane a khelosang batho ka tsona ha a ne a bua ka papiso ea monna ea jalang peō ea koro tšimong. Monna eo o tšoantšetsa Jesu, ha koro eona e tšoantšetsa Bakreste ba ’nete ba tla busa le Jesu leholimong. Leha ho le joalo, Jesu o ile a re sera se ile sa tla ’me sa “jalella mofoka har’a koro.” Mofoka o tšoantšetsa Bakreste ba bohata. “Sera se ileng sa o jala ke Diabolose.” (Matheu 13:25, 39) Joalokaha mofoka ha o hlaha o batla o tšoana le koro, batho ba ipolelang hore ke Bakreste ba ka ’na ba bonahala eka ke barapeli ba ’nete. Malumeli a rutang lithuto tsa bohata a khelosa batho hore ba se ke ba mamela Molimo. Satane o sebelisa bolumeli ba bohata hore batho ba se ke ba ba le kamano le Jehova.

Re ka thibela Satane joang hore a se ke a re ntša kotsi?

▪ Jesu o ile a re Satane ke “’musi oa lefatše.” (Johanne 14:30) Ha Jesu a ne a rapela Molimo o ile a bontša hore na re ka itšireletsa ho Satane joang. Jesu o ile a rapella balateli ba hae ho Ntate oa hae, a re: “U ba lebele ka lebaka la ea khopo. Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše. Ba halaletse ka ’nete; lentsoe la hao ke ’nete.” (Johanne 17:15-17) Ho tseba Lentsoe la Molimo ho ka re sireletsa hore re se ke ra hahlameloa ke moea oa lefatše lena leo Satane a le busang.

Mangeloi a re ama joang kajeno?

▪ Jesu o ile a re: “Qetellong ea tsamaiso ea lintho: mangeloi a tla tsoa ’me a arole ba khopo har’a ba lokileng.” (Matheu 13:49) Hona joale re phela “qetellong ea tsamaiso ea lintho,” ’me batho ba bangata-ngata ba mamela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.—Matheu 24:3, 14.

Empa hase bohle ba ithutang Lentsoe la Molimo ba amohelehang ho eena. Mangeloi a laola mosebetsi oa bahlanka ba Jehova ’me batho ba hlileng ba ratang Molimo ba aroloa ho ba sa batleng ho sebelisa seo ba ithutang sona. Ha Jesu a bua ka ba amoheloang ke Molimo, o ile a re: “Ke bao, ka mor’a ho utloa lentsoe ka pelo e ntle le e molemo, ba le bolokang ’me ba beha litholoana ka mamello.”—Luka 8:15.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 10 ea buka ena e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova. Ha e le Hantle ke eng seo Bibele e se rutang?

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Mangeloi a thusa ho bokella batho ba lipelo li ntle hore ba tle phuthehong ea Bokreste

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela