Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w10 11/1 maq. 24-26
  • Ho Tsamaea ho Isa Karolong e Hōle-hōle ea Lefatše

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tsamaea ho Isa Karolong e Hōle-hōle ea Lefatše
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho ba “Likotsing Leoatleng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Mohlala o Bululetsoeng oa Mosebetsi oa Bokreste oa Boromuoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Re U Lome Tsebe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • “Ho Tlala Thabo le Moea o Halalelang”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
w10 11/1 maq. 24-26

Bophelo ba Mehleng ea Bakreste ba Lekholong la Pele la Lilemo

Ho Tsamaea ho Isa Karolong e Hōle-hōle ea Lefatše

“Letsatsing le hlahlamang a tloha le Barnabase ho ea Derbe. Ka mor’a ho bolella motse oo litaba tse molemo le ho etsa barutuoa ba bangata, ba khutlela Lystra le Ikoniamo le Antioke.”—LIKETSO 14:20, 21.

MOTSAMAI o hahloa ke moea o pholileng oa hoseng. O kenya maoto a hae a khathetseng meqathatsong ea hae e seng e tsofetse. O letetsoe ke leeto le leng la ho tsamaea letsatsi kaofela ka maoto.

Letsatsi la hoseng le mo otla ka mahetleng ha a ntse a tsamaea tseleng e lepoqo e fetelang ka nģane ho tšimo ea morara, o paroletsa le morung oa lifate tsa mohloare o bile o hloa maralla. Tseleng o kopana le batsamai ba bang—lihoai tse lebang masimong, bahoebi ba ntseng ba qhoba liphoofolo tsa bona tse jareletseng thepa hammoho le batho ba eang Jerusalema ho ea rapela. Motsamai enoa le bo-mphato oa hae ba bua le motho e mong le e mong eo ba kopanang le eena. Sepheo sa bona ke sefe? Ke ho phethahatsa taelo ea Jesu ea hore e be lipaki tsa hae “ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.”—Liketso 1:8.

Motsamai enoa e ka ’na eaba ke moapostola Pauluse kapa Barnabase kapa e mong oa bo-petsoa-majoeng ba baromuoa ba lekholong la pele la lilemo. (Liketso 14:19-26; 15:22) E ne e le banna ba matla le ba nang le sepheo. Ho ne ho se bonolo ho nka maeto mehleng eo. Ha moapostola Pauluse a hlalosa mathata ao a ileng a kopana le ’ona leoatleng, o re: ‘Ka robeheloa ke sekepe ka makhetlo a mararo, ka hlola bosiu bo le bong le motšehare o le mong bolibeng.’ Ho tsamaea ka maoto le hona ho ne ho se bonolo. Pauluse o ile a re hangata o ne a thulana le ‘likotsi tsa linōka’ le ‘likotsi tsa masholu a litseleng.’—2 Bakorinthe 11:25-27.

Ebe ho ne ho ka ba joang ho tsamaea le baromuoa bao? U ne u ka tsamaea sebaka se sekae ka letsatsi? U ne u tla lokela ho tsamaea u nkile eng, hona u ne u tla sunya hlooho hokae tseleng ha shoalane e tšoara?

Ho Tsamaea ka Maoto Lekholong la pele la lilemo, Baroma ba ne ba entse litsela tse khōlō tse neng li kopanya metse e meholo ea ’muso oo. Litsela tseo li ne li raliloe hantle ’me e le tsa popota. Bongata ba tsona li ne li le bophara ba limithara tse ’nè le halofo, li katiloe ka majoe ’me ka mathōko ho e-na le lintho tse thibellang, ho bile ho e-na le majoe a bontšang bolelele ba tsela. Litseleng tsa mofuta oo, moromuoa ea kang Pauluse o ne a ka tsamaea lik’hilomithara tse 32 ka letsatsi.

Leha ho le joalo, Palestina teng litsela tse ngata li ne li le mpe haholo, li sa katoa, li bile li feta masimong a sa kampeloang le likhohlong. Motsamai o ne a ka ’na a re ptjangptjang! le libatana kapa masholu; kapa kae-kae a fumane tsela e koetsoe.

Motsamai o ne a nka eng ha a kena leetong? Tse ling tsa lintho tsa bohlokoa e ne e le molamu oa ho itšireletsa (1), moalo (2), sepache (3), meqathatso e meng (4), mokotla oa lijo (5), liaparo tsa ho chencha (6), nkho ea letlalo e ka phuthoang habonolo bakeng sa ho kha metsi lilibeng (7), lekuka la metsi (8) le mokotla o moholo oa letlalo oa ho tšela lintho tse ling tsa hae (9).

Ha ho pelaelo hore tseleng baromuoa ba ne ba teana le bahoebi ba isang thepa e rekisoang limmarakeng tse fapa-fapaneng. Bahoebi bao ba ne ba tšepa litonki kaha li ne li khona ho tsamaea hantle litseleng tseo. Ho ne ho se phoofolo e ’ngoe e neng e ka hloa meepa le ho tsamaea majoeng hantle ho e feta. Ho tlalehoa hore tonki e matla e belesitsoeng thepa e ngata, e ne e ka tsamaea lik’hilomithara tse 80 ka letsatsi. Likosekara le likariki tse huloang ke lipholo tsona li ne li tsamaea butle, li tsamaea lik’hilomithara tse 8 ho ea ho tse 20 feela ka letsatsi. Empa lipholo li ne li ka jara thepa e boima haholo ’me li ne li ipetsa pele maetong a makhutšoaane. Motsamai o ne a ka ’na a fetana le sehlopha sa likamele kapa litonki tsa bahoebi tseleng—tse jareletseng thepa e tsoang likhutlong tse ’nè tsa lefatše. Lenģosa le ne le ka ’na la feta le jahile pere; le potlakisetsa mangolo kapa litaelo tsa morena liahelong tse ka thōko tsa sesole.

Ha shoalane e tšoara, batsamai ba ne ba robala ka thōko ho tsela, litenteng tseo ba neng ba li hloma ka potlako feela. Ba bang ba ne ba ka ’na ba robala matlong a se nang thepa a kampong e hahiloeng ka thōko ho tsela. Libaka tsena tse litšila tse neng li se boemong bo botle li ne li se na tšireletso e ntle hakaalo maemong a mabe a leholimo kapa masholung. Ha ho ne ho khoneha, baromuoa ba ne ba robaletsa malapeng a beng ka bona kapa a balumeli-’moho le bona.—Liketso 17:7; Baroma 12:13.

Ho Tsamaea ka Sekepe Liketsoana li ne li tsamaisa thepa le batho ho iphaphatha ka lebōpo kapa ho ba tšelisa Leoatle la Galilea. (Johanne 6:1, 2, 16, 17, 22-24) Likepe tse ngata tse khōlō li ne li tšela Mediterranean ho lata thepa kapa ho e isa likoung tse hōle. Likepe tsena li ne li fepela Roma ka lijo li bile li tsamaisa ba boholong ’musong hammoho le melaetsa e tlohang koung e ’ngoe e ea ho e ’ngoe.

Bo-ralikepe ba ne ba tsamaisa likepe tsa bona ba itšetlehile ka seo ba se bonang—motšehare ba ne ba sheba lintho tse ba pota-potileng, athe bosiu ba ne ba sheba linaleli. Ka hona, ho tsamaea ka sekepe e ne e ka ’na eaba ho sireletsehile feela ho tloha khoeling ea May ho fihlela bohareng ba September, nakong eo ka tloaelo boemo ba leholimo bo neng bo e-ba botle. Ho robeha ha likepe e ne e le ntho e tloaelehileng.—Liketso 27:39-44; 2 Bakorinthe 11:25.

Hase hore batho ba ne ba khetha ho tsamaea ka sekepe hobane e ne e le ntho e monate ho feta ho tsamaea ka maoto. Likepe tsa thepa, tseo e neng e le tsona tse fumanehang haholo, li ne li sa tsotelle boiketlo ba bapalami. Ba tsamaeang ka sekepe ba ne ba lula ba bile ba robala mokatong o ka holimo oa sona ho sa tsotellehe hore na boemo ba leholimo bo joang. Sebaka se omileng se ka tlas’a mokato oo e ne e le moo ho pakoang thepa ea bohlokoa teng. Bapalami ba ne ba lokela ho itlela le lijo. Ho ne ho fanoa ka metsi a nooang feela sekepeng. Ka linako tse ling, boemo ba leholimo bo ne bo fetoha ka tšohanyetso. Lifefo tse matla tse sa khaotseng le maqhubu a befileng li ne li etsa hore batho ba palameng sekepe ba qete matsatsi a mangata ba forafora.

Ho sa tsotellehe mathata a ho tsamaea ka maoto kapa ka sekepe, baromuoa ba kang Pauluse ba ile ba hasa ‘litaba tse molemo tsa ’muso’ karolong e khōlō ea lefatše eo ba neng ba e tseba mehleng eo. (Matheu 24:14) Lilemo tse ka bang 30 ka mor’a hore Jesu a bolelle barutuoa ba hae hore ba pake ka eena, Pauluse o ile a ngola hore litaba tse molemo li ne li boleloa “pōpong eohle e tlas’a leholimo.”—Bakolose 1:23.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela