Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w11 2/1 leq. 3
  • Ke Hobane’ng ha Manyalo a Senyeha?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Manyalo a Senyeha?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tšoaseha Lenyalong le se Nang Lerato
    Tsoha!—2001
  • Na Lenyalo le ka Ema le Tiile Sefefong se Matla?
    Tsoha!—2006
  • Tlhalo—Hantle-ntle Bibele e Re’ng ka Eona?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lipaki Tsa Jehova li Ikutloa Joang ka Tlhalo?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
w11 2/1 leq. 3

Ke Hobane’ng ha Manyalo a Senyeha?

“Bafarisi ba tla ho [Jesu], ba ikemiselitse ho mo leka ’me ba re: ‘Na ho lumelloa ke molao hore monna a hlale mosali oa hae ka lebaka leha e le lefe?’”—Matheu 19:3.

BA BANG ba batho ba mehleng ea Jesu ba ile ba botsa hore na manyalo a ka tšoarella na kapa hona hore na a lokela ho tšoarella. Jesu o ile a re ho bona: “Na ha lea ka la bala hore ea ba bōpileng tšimolohong o ba entse e le e motona le e motšehali ’me a re, ‘Ka lebaka lena monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae ’me o tla khomarela mosali oa hae, ’me bao ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe’? E leng hore ha ba sa le babeli, empa e se e le nama e le ’ngoe. Ka hona, seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.”a (Matheu 19:4-6) Ho hlakile hore morero oa Molimo e ne e le hore lenyalo le tšoarelle.

Linaheng tse ngata kajeno, manyalo a etsang liphesente tse ka bang 40 kapa ho feta aa ‘arohana,’ a qetelle ka tlhalo. Na keletso ea Bibele mabapi le lenyalo e siuoe ke nako habohloko? Na ebe mohlomong manyalo a senyeha hobane tokisetso eo ka boeona e fosahetse?

Nahana ka mohlala ona: Malapa a mabeli a reka mofuta o le mong oa koloi. Banyalani ba lelapa le leng ba hlokomela koloi ea bona hantle ebile ba e khanna ka hloko. Koloi ea bona ha e senyehe. Banyalani ba bang bona ha ba iphe nako ea ho hlokomela koloi ea bona kapa ho ituba ka ho etsa joalo, ebile ba e khanna habohlasoa. Qetellong koloi eo ea senyeha ’me ha ba sa e tsotella. Ebe phoso ke ea mang koloing ee e robehileng—na ke phoso ea koloi ka boeona kapa ke ea beng ba eona? Ho hlakile hore beng ba eona ke bona ba ikarabellang.

Ka tsela e tšoanang, taba ea hore manyalo a mangata aa qhalana ha e bolele hore ho na le moo tokisetso ea lenyalo e fosahetseng teng. Manyalo a limilione a banyalani ba thabileng ke bopaki ba seo. Manyalo a joalo a etsa hore ho be le thabo le botsitso bathong ka bomong, malapeng hammoho le sechabeng ka kakaretso. Empa joaloka koloi, lenyalo le hloka ho hlokomeloa kamehla e le hore le tšoarelle.

Ebang u na le matsatsi kapa lilemo tse mashome u le lenyalong, keletso ea Bibele ea hore na u ka hlokomela le ho matlafatsa lenyalo la hao joang ka sebele e ka u thusa. Ela hloko mehlala e hlahang maqepheng a latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bibele e lumella tlhalo haeba motho e mong a kopanetse likobo le motho eo e seng molekane oa hae.—Matheu 19:9.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela