Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w11 3/1 maq. 30-31
  • Emela Borapeli ba ’Nete!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Emela Borapeli ba ’Nete!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo ea Nyonyang ho Hloka Toka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Timetso ea Sodoma le Gomora
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Jesu o Phekola Batho ka Mohlolo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Moshe o Fuoa Kabelo e Khethehileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
w11 3/1 maq. 30-31

Tsa Bacha

Emela Borapeli ba ’Nete!

Litaelo: Balla mangolo ana moo ho khutsitseng. Ha u ntse u a bala, nka hore u boemong boo. Ipone u le moo. Utloa ha batho bao ba bua. Ikutloe joaloka batho bao ho buuang ka bona. Phelisa seo u se balang.

Batho ba ka sehloohong tlalehong ena: Elia, Akabe le baprofeta ba Baale ba 450

Kakaretso: Elia o fana ka bopaki ba hore Jehova o phahametse Baale.

1 NAHANISISA KA KETSAHALO ENA.—BALA 1 MARENA 18:17-40.

Nka leqephe ’me u toroee moo u nahanang hore Elia o ne a eme teng, moo ho neng ho eme baprofeta ba Baale hammoho le moo lialetare li neng li le hona teng.

U nahana hore lerata e ne e le la mofuta ofe ha u bala ka pherekano e hlalositsoeng temaneng ea 26 ho ea ho ea 29?

․․․․․

U nahana hore Elia o ne a ikutloa joang ha a bua le baprofeta ba Baale?

․․․․․

2 AK’U JE MASAPO A HLOOHO.

Ke hobane’ng ha Elia a ne a lokela ho ba sebete hore a ee ho Akabe a be a etse ntho e neng e tla tlotlolla baprofeta ba Baale ba makholo? (Ntlha e thusang: Bala 1 Marena 18:4, 13, 14.)

․․․․․

U sebelisa mokhoa leha e le ofe oa ho etsa lipatlisiso, fumana ho itseng ka borapeli ba Baale. Ka mohlala, ke lintho life tse neng li etsoa borapeling boo? Borapeli ba Baale bo ile ba ama Baiseraele joang?

․․․․․

U nahana hore ke hobane’ng ha Elia a ile a cheka foro ho potoloha aletare ea Jehova eaba o e tlatsa metsi?

․․․․․

3 SEBELISA SEO U ITHUTILENG SONA. NGOLA SEO U ITHUTILENG SONA MABAPI LE . . .

Sebete se hlokahalang e le hore motho a emele borapeli ba ’nete.

․․․․․

Melemo e ruuoang ke ba bontšang sebete se joalo.

․․․․․

LINTHO TSE LING TSEO U KA ITHUTANG TSONA.

Ke maemong afe bophelong moo u ka bontšang sebete sa ho emela borapeli ba ’nete?

․․․․․

4 U ITHUTILE ENG EA BOHLOKOA TLALEHONG EE, HONA HOBANE’NG?

․․․․․

Haeba u se na Bibele, e kōpe ho Lipaki Tsa Jehova kapa u bale lingoliloeng tse ling tsa Bibele inthaneteng ho www.watchtower.org

[[Lebokose le leqepheng la 31]

Boitsebiso ba Kopano ea Setereke

Boitsebiso ba matsatsi le libaka tsa likopano tsa setereke tsa selemo le selemo bo ka fumanoa Websaeteng ea jw.org.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela