Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w11 10/1 leq. 15
  • U ka Fumana “Tsebo ea Molimo”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Fumana “Tsebo ea Molimo”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Rata Matlotlo a Tsoang ho Jehova ka Pelo Eohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Re Fuoe Letlotlo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • “Jehova ka Boeena o Fana ka Bohlale”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • ‘U Ntatele U sa Khaotse’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
w11 10/1 leq. 15

Atamela ho Molimo

U ka Fumana “Tsebo ea Molimo”

JEHOVA MOLIMO o behile letlotlo la bohlokoa haholo moo re ka khonang ho le fumana teng ’me o batla hore re le fumane. Letlotlo lena ha le re fe maruo a lefatše lena, empa le tla re fa ntho e ke keng ea rekoa ka chelete leha e le efe lefatšeng—khotso ea kelello, thabo le bophelo bo khotsofatsang. Letlotlo lee ke eng? Mantsoe a Morena Solomone ea bohlale a tlalehiloeng ho Liproverbia 2:1-6 a fana ka karabo.

Solomone o re letlotlo lena ke “tsebo ea Molimo”—ho bolelang hore, ke ’nete e mabapi le Molimo le merero ea hae e senoloang ka Bibeleng. (Temana ea 5) Letlotlo lena le na le litšobotsi tse ’maloa.

Lithuto tsa ’nete. Bibele e araba lipotso tse kang tsena: Lebitso la Molimo ke mang? (Pesaleme ea 83:18) Ho etsahala’ng ha re e-shoa? (Pesaleme ea 146:3, 4) Re phelela eng? (Genese 1:26-28; Pesaleme ea 115:16) U ne u tla ntša bokae ho reka karabo ea lipotso tsee tsa bohlokoa?

Keletso e bohlale. Bibele e re bolella tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho phela. Ke joang u ka etsang hore lenyalo la hao le tšoarelle? (Baefese 5:28, 29, 33) Ke joang u ka hōlisang bana ka tsela eo ba tla ba le boikarabelo? (Deuteronoma 6:5-7; Baefese 6:4) Ke joang u ka fumanang thabo bophelong? (Matheu 5:3; Luka 11:28) Re sa pheta hape, u nahana joang—likeletso tsa bohlokoa tse mabapi le litaba tsee u ka li reka ka bokae?

Ho tseba sebōpeho sa Molimo le botho ba hae. Bibele ke oona mohloli o ka sehloohong o fanang ka boitsebiso ka Molimo. Molimo o joang? (Johanne 1:18; 4:24) Na oa re tsotella? (1 Petrose 5:6, 7) Litšobotsi tse ling tsa hae tse ikhethang ke life? (Exoda 34:6, 7; 1 Johanne 4:8) U ne u ka re ho tseba ’nete ka Mōpi oa rōna e ka ba bokae?

Ka sebele “tsebo ea Molimo” ke letlotlo la moea. U ka e fumana joang? Leseli la karabo ea potso eo le fumaneha temaneng ea 4 ea Liproverbia khaolo ea 2, moo Solomone a bapisang tsebo ena le “matlotlo a patiloeng.” Ak’u nahane hantle ka taba ena: Letlotlo le patiloeng le ke ke la tsoa moo le patiloeng teng eaba le ipeha ka matsohong a motho. Re lokela ho sebetsa ka matla e le hore re le fumane. Ho joalo le ka tsebo ea Molimo. Letlotlo lena ha e le hantle, le patiloe ka Bibeleng. E le hore re le fumane, re lokela ho sebetsa ka matla.

Solomone o hlalosa hore na re lokela ho etsa’ng e le hore re fumane “tsebo ea Molimo.” Mantsoe a reng “amohela lipolelo tsa ka” le a reng “u sekamisetse pelo ea hao” a bontša hore re lokela ho ikemisetsa ho utloa. (Temana ea 1, 2) Mantsoe a reng “haeba u hoeletsa,” “u ntse u li batla” le a reng “u ntse u li batlisisa,” a bontša hore re lokela ho ikitlaetsa ka matla, re bontše ka tieo hore re ikemiselitse. (Temana ea 3, 4) Ka hona, e le hore re fumane letlotlo leo, re lokela ho ithuta Bibele ka matla, re etse joalo ka lipelo tse ikemiselitseng.—Luka 8:15.

Haeba re nka bohato ba ho etsa joalo, Jehova o tla re thusa ho le fumana. Temana ea 6 e re, “Jehova o fana ka bohlale.” Ke ka thuso ea Molimo feela re ka khonang ho utloisisa linnete tse ka Bibeleng. (Johanne 6:44; Liketso 16:14) U ka kholiseha ka taba ena: Haeba u ikemiselitse ho batlisisa ka Lentsoeng la Molimo, u tla fumana “tsebo ea Molimo”—letlotlo le tla u ruisa bophelong ka tsela e ke keng ea lekanngoa.—Liproverbia 2:10-21.a

Litemana tsa Bibele Tseo U ka li Balang ka October:

◼ Liproverbia 1–21

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara li fana ka thuto ea mahala ea Bibele ho batho bohle ba batlang ho utloisisa Bibele. U ka buisana le tse sebakeng seo u leng ho sona kapa ua ngolla atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela